Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

 Seo Batsoali ba Bang ba se Buang

Ha bana ba hao ba ntse ba hōla, u ka ba thusa joang hore ba hlokomele bohlokoa ba ho mamela? U ka ba ruta joang mesebetsi e tla ba tsoela molemo ha ba ntse ba hōla? Hlokomela seo batsoali ba bang lefatšeng ka bophara ba se buileng.

HO KHONA HO SEBELISANA LE BA BANG LE HO ETSA MESEBETSI EA LAPENG

“Nakong ea ha re ja hammoho re buisana ka hore na letsatsi la rōna le bile joang, ’me ngoana ka mong o ithuta ho mamela. Ha ba bona rōna joaloka batsoali re mametse ka ho se fele pelo, seo se ba thusa hore le bona ba hlomphane ’me ba itlhomphe.”—Richard oa Brithani.

“Hoa thabisa ho bona bana ba rōna ba hlomphana le ho bona ba khona ho rarolla mathata a bona ba sa kōpe thuso ea rōna. Hape ha ba tšabe ho bua le batho ba baholo.”—John oa Afrika Boroa.

“Ha kea phethahala, ’me ka linako tse ling ke utloisa bana ba ka bohloko ke sa hlokomela. Ha seo se etsahala, ke habohlokoa haholo hore ke kōpe tšoarelo.”—Janelle oa Australia.

“Re koetlisa bana ba rōna hore ba khone ho etsa mesebetsi e tloaelehileng ea lapeng. Ho ba ruta hore ba etse mesebetsi e tla tsoela ba bang molemo ho etsa hore lintho li tsamaee hantle ka lapeng ’me ho etsa hore bana ba khotsofale hobane ho na le seo ba se finyeletseng.”—Clive oa Australia.

“Ke habohlokoa hore bana ba rutoe ho utloisisana, ho hlomphana le ho tšoarelana le hoja ho se bonolo ho etsa joalo.”—Yuko oa Japane.

BOHLOEKI LE BOPHELO BO BOTLE

“Re rutile bana ba rōna ho itlhapisa ba sa le banyenyane, ’me ra etsa hore ba natefeloe ke ho hlapa ka hore re ba rekele sesepa se bōpehileng joaloka ntho e itseng, shampoo e ka botlolong e bōpehileng joaloka popae le seponche sa ho hlapa se kang phoofolo e itseng.”—Edgar oa Mexico

“Ha re ne re lula moo ho neng ho se na pompo ea metsi, ke ne ke etsa bonnete ba hore ke beha sesepa le nkho e nang le metsi sebakeng se loketseng e le hore re ka hlapa matsoho hang ha re kena ka tlung.”—Endurance oa Nigeria.

“Re fa bana lijo tse matlafatsang letsatsi le letsatsi, ’me re ea ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ja lijo tse nang le phepo. Bana ba thahasella ho tseba hore na ke kenya lintho life lijong ha ke pheha, kahoo ke ba lumella hore ba nthuse ho pheha. Ho sebetsa ’moho ho re bulela monyetla oa ho buisana.”—Sandra oa Brithani.

“Ke habohlokoa ho ikoetlisa, ’me re leka ho behela bana mohlala o motle. Bana ba rōna ba thabela ha re matha, re sesa, re bapala tenese kapa basketball kapa re palama libaesekele hammoho re le lelapa. Baa ithuta hore ho ikoetlisa ho bohlokoa ebile ho monate.”—Keren oa Australia.

“Bana ba hloka ho qeta nako ba e-na le batsoali ba bona. Ha ho letho le ka nkelang seo sebaka—ebang ke chelete, limpho kapa maeto. Ke khetha ho sebetsa mosebetsi oa hoseng feela ha bana ba le sekolong. Ebe thapama, ke qeta nako le bona.”—Romina oa Italy.

KHALEMELO

“Re hlokometse hore hase mokhoa o le mong feela o atlehang ha re khalemela bana; empa ho ea ka maemo. Ka linako tse ling ho hlokahala hore re buisane le bona ’me ka linako tse ling ho hlokahala hore re ba thibele ho etsa lintho tse itseng tseo ba li ratang.”—Ogbiti oa Nigeria.

“Re kōpa bana ba rōna hore ba re bolelle hore na re ba file litaelo life, e le ho tiisa hore baa li utloisisa. Ebe re etsa kamoo re lumellaneng le bona kateng. Haeba re batla hore bana ba rōna ba etse seo re ba laetseng sona, re tlameha ho phetha karolo ea rōna ka hore ha ba sa mamele re ba latsoise liphello tsa hona.”—Clive oa Australia.

“Ke fumane ho sebetsa hore ke iname ha ke khalemela bana ba ka e le hore re shebane mahlong. Sena se etsa hore ba ’mamele hantle. Se boetse se ba thusa hore ba bone sefahleho sa ka, se bontšang tsela eo ke ikutloang ka eona ha ke bua le bona.”—Jennifer oa Australia.

“Re leka ho qoba ho bua mantsoe a kang, ‘Ha ho mohla le mamelang,’ le hoja seo e ka ’na eaba ke ’nete. Hape ha re khalemele bana ka pel’a ba bang. Rea ba hoesheletsa kapa re buele le bona ka thōko moo re leng bang.”—Rudi oa Mozambique.

“Bana ba ruteha habonolo, ’me ba rata ho etsisa batho ba bang. Ka lebaka leo, re lokela ho loantša tšusumetso e mpe ea bana bao ba kenang sekolo le bona, ea mecha ea phatlalatso le ea batho ba ba potolohileng ’me re ba thuse hore ba be le boitšoaro bo botle bo thehiloeng melao-motheong e hloekileng. Ho tseba melao ea boitšoaro e hloekileng ho ba thusa hore ba hanele ntho leha e le efe e ka ba ntšang kotsi.”—Grégoire oa Democratic Republic of the Congo.

“Khalemelo e lokela ho ba e tiileng, e loketseng le e sa feto-fetoheng. Bana ba lokela ho tseba liphello tsa liphoso tsa bona hape ba tsebe hore u ema lentsoeng la hao.”—Owen oa Engelane.

 [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21

 [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

PALE EA LELAPA LE LENG

Kamoo Motsoali ea se Nang Molekane a ka Atlehang Kateng

Puisano le Lucinda Forster

Ke mathata afe ao u tobanang le ’ona joaloka motsoali ea se nang molekane?

Ho ba motsoali ka bohona ke mosebetsi o thata, empa joaloka motsoali ea se nang molekane, ke thatafalloa ho laola nako le ho lula ke le sehlahlo. Ho nka nako ho ruta bana melao-motheo le melao ea boitšoaro ’me ka nako e tšoanang re be le monyetla oa ho phomola le oa ho tšeha hammoho. Hangata ke lokela ho tela nako ea ka ea ho phomola e le hore ke etse mesebetsi ea lapeng.

U etsa joang e le hore u lule u buisana le barali ba hao?

Ka mor’a tlhalo, bana ba ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba halefile. Ke elelletsoe hore ha mathata a hlaha, ke habohlokoa hore ke bue le bona re shebane mahlong ’me ke etse joalo ke khobile matšoafo. Ke emela hore maikutlo a rōna a kokobele, ebe ke leka ho buisana le bona ka lintho tseo ke amehileng ka tsona ke sa feteletse lintho. Ke ba kōpa hore ba ntše maikutlo, ebe ke ba mamela ka hloko le ho bontša hore ke ananela maikutlo a bona e le kannete. Ke thahasella ho ba thusa ka mesebetsi ea bona ea sekolo ’me kea ba babatsa ka seo ba se etsang. Re lula re e-ja hammoho tafoleng re phutholohile. Hape ke lula ke ba bolella hore kea ba rata.

U ba khalemela ka tsela efe?

Bana ba lokela ho beheloa meeli, ’me ke habohlokoa hore ba fuoe litaelo tse sa feto-fetoheng. Ke leka ho ba mosa empa hape ke tiee. Ke lokela ho behelana mabaka le bana ba ka le ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha boitšoaro bo itseng bo fosahetse. Ke boetse ke leka ho etsa hore ba ntše maikutlo pele ke ba khalemela, e le hore ke fumane hore na ke hobane’ng ha ba ile ba itšoara ka tsela e itseng. Haeba e le ’na ea phoso—ka mohlala, haeba ke sa utloisisa se hlileng se etsahetseng—ke kōpa tšoarelo.

U ruta bana ba hao joang hore ba hlomphe batho ba bang?

Ke ba hopotsa seo Jesu a se rutileng—hore ba tšoare batho ba bang ka tsela eo ba batlang hore ba ba tšoare ka eona. (Luka 6:31) Ke khothalletsa bana ba ka hore ba itharollele mathata ka hohle kamoo ba ka khonang, ’me ke ba ruta bohlokoa ba ho arabela ka bonolo le ka mosa leha ba halefile.

Le ikhatholla ka tsela efe?

Hase kamehla re khonang ho nka maeto a phomolo, kahoo re sheba likoranteng hore na ke lintho life tseo re ka li etsang tse sa bitseng chelete e ngata. Re ea lipikiniking kapa libakeng tseo ho jaloang limela tse kang lipalesa ho tsona. Re jala litlama tse natefisang lijo serapeng sa rōna ’me re thabela ho khetha tseo re tla li sebelisa ha re pheha. Ke habohlokoa hore re be le nako ea boikhathollo esita le haeba ke ho qeta nako serapeng sa boikhathollo se sebakeng sa habo rōna.

Ke lintho life tse u thabisang ’me u fumane melemo efe?

Ho phela lelapeng la motsoali ea se nang molekane ho bile boima ho rōna, empa re atamelane haholoanyane hape re ithutile ho ananela litlhohonolofatso tseo re nang le tsona. Ke thabisoa ke ho bona kamoo botho ba ngoana ka mong bo ntlafalang kateng ha a ntse a hōla. Hona joale ba thabela ho qeta nako le ’na, ’me ke ananela ho ba le bona. Baa elelloa ha ke sa thaba ’me ka linako tse ling baa nhaka e le hore ba ntšelise. Ke thaba haholo ha ba mpontša lerato ka tsela eo. Habohlokoa le ho feta, re latsoitse lerato la ’Mōpi ea tsotellang ea re thusitseng ho feta maemong a mangata a thata. Bibele e mphile matla a hore ke ’ne ke leke ho ba motsoali ea molemo.—Esaia 41:13.

[Setšoantšo]

Lucinda le barali ba hae, e leng Brie le Shae