Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bamasorete ba kopitsa Mangolo ka hloko

 SEHLOOHO SE KA NTLE | HO TLILE JOANG HORE EBE BIBELE E NTSE E LE TENG?

Molaetsa oa Bibele ha oa Fetoha

Molaetsa oa Bibele ha oa Fetoha

BOTHATA: Le hoja Bibele e ne e ngolletsoe linthong tse bolang ’me ho na le bahanyetsi ba lekang ho e felisa, molaetsa oa eona o ntse o le teng ho fihlela kajeno. Bakopitsi le bafetoleli ba bang ba ’nile ba leka ho fetola molaetsa oa Bibele. Ba ile ba leka ho etsa hore o lumellane le lithuto tsa bona ho e-na le hore ba fetole lithuto tsa bona hore li lumellane le seo Bibele e se rutang. Nahana ka mehlala ena:

  • Libaka tsa borapeli: Lilemong tsa bo-301 le 200 pele ho mehla ea Jesu, bangoli ba phetolelo e bitsoang Pentateuch ba ile ba ikenyetsa mantsoe a reng: “Aargaareezem (Thabeng ea Gerizime). ’Me moo u lokela ho haha aletare,” lengolong la Exoda 20:17. Basamaria ba ne ba batla hore Mangolo a lumellane le khopolo ea bona ea ho haha tempele “Aargaareezem,” kapa Thabeng ea Gerizime.

  • Thuto ea Boraro-bo-bong: Lilemo tse ka bang 300 ka mor’a hore Bibele e ngoloe, mongoli e mong ea lumelang Thutong ea Boraro-bo-bong o ile a ikenyetsa mantsoe a reng “leholimong, Ntate, Lentsoe le Moea o Halalelang: kaofela ke ntho e le ’ngoe.” O ile a kenya mantsoe ao lengolong la 1 Johanne 5:7. Mantsoe ao a ne a le sieo Bibeleng ea pele. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Ho tloha ka selemo sa 501 ho ea pele, mantsoe ao a ile a fumanoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Selatine sa Khale le Bibeleng ea Selatine ea Vulgate.

  • Lebitso la Molimo: Bafetoleli ba bangata ba ile ba tlosa lebitso la Molimo Bibeleng hobane Bajuda ba ne ba lumela hore lebitso la Molimo ha lea lokeloa ho bitsoa. Bafetoleli bana ba ile ba kenya litlotla tse kang “Molimo” kapa “Morena,” moo ho hlahang lebitso la Jehova. Ka Bibeleng, litlotla tsena ha li sebelisoe ha ho buuoa ka Mōpi feela empa li boetse li fuoa batho, lintho tse sebelisoang borapeling ba bohata le Diabolose.—Johanne 10:34, 35; 1 Bakorinthe 8:5, 6; 2 Bakorinthe 4:4. *

MOLAETSA OA BIBELE O NEPAHETSE: Le hoja bakopitsi ba bang ba Bibele ba ne ba sa tsotelle ba bile ba le  bolotsana, bangata ba ne ba le bohlale ’me ba le hlokolosi haholo ha ba etsa mosebetsi. Lilemong tsa bo-501 le 801 mehleng ea Jesu, Bamasorete ba ile ba kopitsa Mangolo a Seheberu ka puo ea habo bona. Ba ne ba bala mantsoe le litlhaku ho etsa bonnete ba hore ha ho na liphoso tseo ba li entseng. Ha ba bona eka ho na le liphoso Bibeleng eo ba fetolelang ho tsoa ho eona, ba ne ba ngola seo ka mahlakoreng. Bamasorete ba ne ba sa batle ho fetola molaetsa oa Bibele ka tsela leha e le efe. Moprofesa e mong o ile a re: “Ho fetola molaetsa oa eona ka boomo e ne e tla ba tlōlo ea molao e mpe ka ho fetisisa eo ba neng ba ka e etsa.”

Libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho li thusa litsebi tsa Bibele mehleng ena ho bona liphoso tseo bakopitsi ba ileng ba li etsa. Ho etsa mohlala, haesale baeta-pele ba bolumeli ba ruta batho hore liphetolelo tsa Bibele ea Selatine li na le molaetsa o nepahetseng. Leha ho le joalo, ba ile ba ikenyetsa mantsoe a mang lengolong la 1 Johanne 5:7 joalokaha a boletsoe pejana sehloohong sena. Phoso ena e ile ea boela ea kena Phetolelong ea Senyesemane ea King James. Empa libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa fumanoa li ile tsa bontša’ng? Bruce o ile a re: “Polelo eo [e ho 1 Johanne 5:7] ha e hlahe libukeng tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho (Sesyria, Secopt, Searmenia, Seethiopia, Searabia, Seslavone), haese feela libukeng tsa Selatine.” Ka lebaka lena, phetolelo e ntlafalitsoeng ea King James le Libibele tse ling li tlositse polelo eo e fosahetseng.

Chester Beatty P46, moqolo oa Bibele o entsoeng ka loli oa selemo sa 200

Na libuka tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho li bontša hore molaetsa oa Bibele o nepahetse? Litsebi tsa Bibele li ile tsa sebelisa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ileng ea fumanoa ka 1947 ho bapisa Mangolo a Seheberu a ngotsoeng ka mongolo oa Bamasorete le meqolo ea Bibele e ngotsoeng lilemong tse likete tse fetileng. Mosebeletsi e mong oa sehlopha sa bahlophisi ba Meqolo ea Leoatle le Shoeleng o ile a re moqolo o le mong feela “o fana ka bopaki bo tiileng ba hore ho fetisoa ha molaetsa oa Bibele ke bakopitsi ba Bajuda ho nepahetse ebile ho entsoe ka hloko.”

Laebrari e ’ngoe ea Ireland e na le libuka tse ngata tsa Mangolo a Segerike tse ngoletsoeng loling. Libuka tse ling tse fumanehang moo ke tse ngotsoeng lilemo tse ka bang 100 ka mor’a hore Bibele e ngoloe. Dikishinari e ’ngoe e ile ea re: “Le hoja meqolo e entsoeng ka loli e fana ka lintlha tse ling tse eketsehileng, e boetse e tiisa ho nepahala ha likarolo tsa Bibele.”

“Ho ka boleloa ka nepo hore ha ho buka e ’ngoe ea khale e ’nileng ea kopitsoa ka ho nepahala joaloka ena”

MELEMO E BILE EFE?: Libuka tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho li ntlafalitse molaetsa oa Bibele ho e-na le ho o fetola. Ha Frederic Kenyon a ne a bua ka Mangolo a Segerike a Bakreste o ile a re: “Ha ho na buka le ha e le efe ea khale e nang le bopaki bo bongata bo e tšehetsang joaloka ena. Hape ha ho setsebi sa Bibele se ka hanang hore molaetsa oa eona o nepahetse ebile oa utloahala.” Mabapi le mangolo a Seheberu teng, setsebi se seng sa Bibele e leng William Henry se ile sa re: “Ho ka boleloa ka nepo hore ha ho buka e ’ngoe ea khale e ’nileng ea kopitsoa ka ho nepahala joaloka ena.”

^ ser. 6 Ho fumana lintlha tse ling, sheba Appendix A4 le A5 ho New World Translation of the Holy Scriptures, e fumanehang ho www.jw.org.