Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA LESHOME

O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete

O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete

1, 2. (a) Batho ba mehleng ea Elia ba ne ba sohlokehile ka tsela efe? (b) Elia o ile a tobana le khanyetso efe Thabeng ea Karmele?

ELIA o ne a shebile letšoele ha le ntse le nyoloha butle Thabeng ea Karmele. Le hoja e ne e sa le ka masa, ho ne ho totobetse hore batho bao ba futsanehile ba bile ba lapile. Ba ne ba sohlokiloe ke komello ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng.

2 Har’a bona ho ne ho e-na le baprofeta ba 450 ba Baale ba tsamaeang ba ikonka, ba tletseng boikhohomoso le ba hloileng Elia, moprofeta oa Jehova. Mofumahali Jezebele o ne a bolaile bahlanka ba bangata ba Jehova, empa Elia o ile a hanyetsa borapeli ba Baale ka matla. Joale potso ke hore na, o ne a tla bo hanyetsa halelele hakae? Mohlomong baprista bao ba ne ba nahana hore kaha o ne a le mong too! o ne a ke ke a o besa oa tuka. (1 Mar. 18:4, 19, 20) Morena Akabe le eena o ne a le teng, a palame kariki ea hae ea borena. Le eena o ne a hloile Elia.

3, 4. (a) Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Elia o ile a apareloa ke tšabo ha letsatsi la bohlokoa le chaba? (b) Re tla tšohla lipotso life?

3 Moprofeta enoa ea mong feela o ne a le haufi le ho bona mehlolo. Ha a ntse a shebile batho ba nyoloha thaba, Elia o ne a tseba hore ba ne ba tla tloha ba bona mohlolo oo ba neng ba e-s’o o bone haesale, hore na ke mang ea matla pakeng tsa Molimo le batho ba khopo. O ile a ikutloa joang ha letsatsi leo le chaba? Kaha e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna,” tšabo e ne e ke ke ea mo pota ka thōko. (Bala Jakobo 5:17.) Ka hona, re kholisehile hore ha Elia a ntse a pota-potiloe ke batho bao ba se nang tumelo, hammoho le morena oa bona oa mokoenehi le baprista bao ba babolai, o ne a ikutloa eka o mong too!—1 Mar. 18:22.

4 Leha ho le joalo, ho ne ho tlile joang hore Iseraele e be maqakabetsing aa? Hona ke eng eo u ka ithutang eona tlalehong ee? Nahana ka mohlala oa Elia le hore na o ka re thusa joang kajeno.

Ntoa ea Nako e Telele e Fihla Sehlohlolong

5, 6. (a) Baiseraele ba ne ba loantšana le bothata bofe? (b) Ke joang Morena Akabe a ileng a halefisa Jehova haholo?

5 Nakong ea bophelo ba hae, Elia o ne a shebeletse empa ho se letho  leo a ka le etsang ha ntho e neng e le ntle haholo ka naha ea habo le ka sechaba sa habo, e leng borapeli ba ’nete, e hlokomolohuoa ebile e hatakeloa ka maoto. Ha e le hantle, Iseraele e ne e bile ntoeng ka nako e telele, e leng ntoa pakeng tsa bolumeli ba ’nete le ba bohata, pakeng tsa borapeli ba Jehova Molimo le borapeli ba litšoantšo ba lichaba tse haufi. Mehleng ea Elia, ntoa eo e ne e se e le matla haholo.

6 Morena Akabe o ile a halefisa Jehova haholo. O ile nyala Jezebele, morali oa morena oa Sidone. Jezebele o ne a ikemiselitse ho jala borapeli ba Baale naheng ea Iseraele le ho felisa borapeli ba Jehova. Kapele feela o ile a hula Akabe ka nko. Akabe o ile a hahela Baale tempele le aletare ’me ea hla ea e-ba eena ea ka pele-pele borapeling ba molimo enoa oa bohetene.—1 Mar. 16:30-33.

7. (a) Ke eng e neng e etsa hore borapeli ba Baale bo nyonyehe hakaalo? (b) Mabapi le nako ea komello ea mehla ea Elia, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Bibele ha e ikhanyetse? (Sheba le  lebokose.)

7 Ke eng e neng e etsa hore borapeli ba Baale bo nyonyehe hakaalo? Bo ile ba khelosa Baiseraele, ba etsa hore ba bangata ba furalle Molimo oa ’nete. Hape e ne e le bolumeli bo litšila le bo sehlōhō. Bo ne bo e-na le matekatse a tempele a banna le a basali, bo e-na le mekete e tletseng boitšoaro bo hlephileng, bo bile bo etsa bana mahlabelo. Ka lebaka la lintho tsena, Jehova o ile a romela Elia ho Akabe ho mo tsebisa ka komello e neng e tla ba teng ho fihlela moprofeta oa Molimo a re e fele. (1 Mar. 17:1) Ho ile ha feta lilemo tse ’maloa pele Elia a khutlela ho Akabe ’me a mo bolella hore a bokelle sechaba le baprofeta ba Baale Thabeng ea Karmele. *

Ka tsela e itseng, litšobotsi tse ka sehloohong tse neng li khetholla borapeli ba Baale li ntse li le ngata le kajeno

8. Tlaleho ee e mabapi le borapeli ba Baale e bolela’ng ho rōna kajeno?

8 Leha ho le joalo, ntoa ee e bolela’ng ho rōna kajeno? Ba bang ba ka ’na ba nahana hore borapeli ba Baale ha bo re ame hona joale, hobane ha rea pota-potoa ke litempele le lialetare tsa Baale. Empa tlaleho ena hase histori feela tjee. (Bar. 15:4) Lentsoe “Baale” le bolela “mong’a” kapa “monghali.” Jehova o ile a bolella sechaba sa hae hore se lokela ho khetha hore e be eena “baale” oa sona kapa monghali eo e leng monna oa sona. (Esa. 54:5) Na ua lumela hore kajeno batho ba ntse ba sebeletsa benghali ba bangata ntle le Molimo ea Matla ’Ohle? Ebang batho ba lelekisa chelete, mosebetsi, monyaka oa ho kopanela liphate, kapa o mong oa melimo e mengata e rapeloang ho e-na le Jehova, baa khetha hore na mong’a bona ke mang. (Mat. 6:24; bala Baroma 6:16.) Ka tsela e itseng, litšobotsi tse ka sehloohong tse neng li khetholla borapeli ba Baale li ntse li le ngata le kajeno. Ha re nahana ka ntoa eo ea boholo-holo pakeng  tsa Jehova le Baale e ka re thusa hore re khethe ka bohlale mabapi le hore na ke mang eo re tla mo sebeletsa.

Ba ne ba ‘Qeaqea’ Joang?

9. (a) Ke’ng e neng e etsa hore Thaba ea Karmele e be sebaka se loketseng ho pepesa borapeli ba Baale? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Elia o ile a re’ng ho batho?

9 Ha u le tlhōrōng ea Thaba ea Karmele, u ne u ka khona ho bona ka ho hlaka—ho tloha khohlong e tlaase ea molapo o phoroselang ea Kishone ho ea Leoatleng le Leholo le haufi (Leoatle la Mediterranean) ho ea fihla lithabeng tsa Lebanone tse hōjana ka leboea. * Empa ha letsatsi leo la bohlokoa le chaba, boemo bo ne bo sa jese litheohelang. Naha ena e kileng ea nona eo Jehova a neng a e file litloholo tsa Abrahama  e ne e bonahala e le thokoa. E ne e se e omeletse ke ho tlaboloa ke letsatsi habohloko, e senyehile ka lebaka la ho hloka kelello ha sechaba sa Molimo! Ha batho bao ba khobokana, Elia o ile a ba atamela ’me a re: “Le tla ’ne le qeaqee halelele hakae pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng? Haeba Jehova ke Molimo oa ’nete, mo lateleng; empa haeba Baale ke eena, mo lateleng.”—1 Mar. 18:21.

10. Batho ba mehleng ea Elia ba ne ba ntse ba ‘qeaqea pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng’ joang, hona ke ’nete efe ea bohlokoa eo ba neng ba e lebetse?

10 Elia o ne a bolela’ng ha a re batho ba ne ba ‘qeaqea pakeng tsa maikutlo a mabeli a fapaneng’? Batho bao ba ne ba sa hlokomele hore ba ne ba lokela ho khetha pakeng tsa ho rapela Jehova le ho rapela Baale. Ba ne ba nahana hore ba ka ba rapela ka bobeli—hore ba ka thabisa Baale ka mekete ea bona e nyonyehang ba be ba kōpe mohau ho Jehova Molimo. Mohlomong ba ne ba nahana hore Baale o ne a tla hlohonolofatsa lijalo tsa bona le mehlape ea bona ’me “Jehova oa mabotho” eena a ba sireletse ntoeng. (1 Sam. 17:45) Ba ne ba lebetse ’nete ea bohlokoa—eo le kajeno ba bangata ba ntseng ba sa e tsebe. Jehova ha a arolelane borapeli le mang kapa mang. O batla boinehelo bo khethehileng ebile o tšoaneloa ke bona. Borapeli leha e le bofe bo isoang ho eena bo tsoakantsoeng le mofuta o itseng oa borapeli, ha bo amohelehe ho Molimo, ebile ke manyala ho eena!—Bala Exoda 20:5.

11. U nahana hore mantsoe a Elia ha a le Thabeng ea Karmele, a ka re thusa joang hore re hlahlobe borapeli ba rōna le lintho tse tlang pele bophelong ba rōna?

11 Kahoo, Baiseraele bao ba ne ba ‘qeaqea’ joaloka motho ea lekang ho tsamaea litseleng tse peli ka nako e le ’ngoe. Batho ba bangata kajeno, ba etsa phoso e tšoanang, ba lumella “bo-baale” ba bang hore ba kenelle bophelong ba bona, ebe ba qhelela borapeli ba Molimo ka thōko. Ho mamela boipiletso ba Elia ba hore ba khaotse ho qeaqea ho ka re thusa hore re boele re hlahlobe borapeli ba rōna le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rōna.

Teko ea Bohlokoa

12, 13. (a) Elia o ile a re ho etsoe teko efe? (b) Re ka bontša joang hore re tšepa Jehova joaloka Elia?

12 Ka mor’a moo Elia o ile a re ho etsoe teko. E ne e le bonolo haholo. Baprista ba Baale ba ne ba lokela ho haha aletare ’me ba behe sehlabelo holim’a eona; ebe ba rapela molimo oa bona hore a hotetse mollo. Elia le eena o ne a tla etsa se tšoanang. O ile a re: “Molimo . . . ea arabelang ka mollo ke eena Molimo oa ’nete.” Elia o ne a tseba hantle hore na Molimo oa ’nete ke mang. Tumelo ea hae e ne e le matla hoo a sa kang a tsilatsila ho fa baprofeta ba Baale monyetla o mong le o mong. O ile a re baprofeta bao ba Baale e be bona ba qalang. Kahoo ba ile ba khetha poho ea sehlabelo ’me ba rapela Baale. *1 Mar. 18:24, 25.

 13 Mehleng ea rōna mehlolo ha e sa le eo. Leha ho le joalo, Jehova ha aa fetoha. Re ka mo tšepa joalokaha Elia a ne a mo tšepile. Ka mohlala, ha ba bang ba sa lumellane le seo Bibele e se rutang, ha rea lokela ho tšaba ho ba lumella hore ba ntše maikutlo a bona pele. Joaloka Elia, re ka ba le tumelo ea hore Molimo oa ’nete o tla rarolla khang eo. Re etsa sena ka ho se itšetlehe ka bohlale ba rōna, empa ka ho itšetleha ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, le etselitsoeng “ho otlolla lintho.”—2 Tim. 3:16.

Elia o ne a bona hore borapeli ba Baale ke ba bohata e le kannete ’me o ne a batla hore batho ba Molimo ba iponele seo

14. Elia o ile a re’ng ha a soma baprofeta ba Baale, hona hobane’ng?

14 Baprofeta ba Baale ba ile ba lokisa sehlabelo sa bona eaba ba hoeletsa molimo oa bona. Ba ile ba hooa ka ho pheta-pheta ba re: “Baale, re arabe!” Ba ile ba etsa sena ka metsotso ’me metsotso ea fetoha lihora. Bibele e re: “Empa ho ne ho se na lentsoe, ’me ho ne ho se na ea arabang.” Motšehare o moholo Elia o ile a qala ho ba soma, a phoqa a re mohlomong Baale o ne a phathahane hoo a sitoang ho ba araba, a re o ne a le ntloaneng a ithusa, kapa o ne a robetse ’me ho hlokahala hore a tsosoe. Elia o ile a re ho balotsana bao: “Hoeletsang ka mantsoe a phahameng.” Ho hlakile hore o ne a bona hore borapeli ba Baale ke ba bohata e le kannete ’me o ne a batla hore batho ba Molimo ba iponele seo.—1 Mar. 18:26, 27.

15. Taba ea baprista ba Baale e bontša joang hore ke booatla ho khetha monghali e mong ntle ho Jehova?

15 Ha ba utloa seo, baprista ba Baale ba ile ba ferekana le ho feta, “ba hoeletsa ka mantsoe a phahameng ’me ba itšeha ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli le ka marumo ho ea ka tloaelo ea bona, ho fihlela ba entse hore ba tšolohe mali.” Empa ha hoa thusa! “Ho ne ho se na lentsoe, ho ne ho se na ea arabang, ’me ho sa eloe hloko.” (1 Mar. 18:28, 29) Ka sebele, Baale o ne a le sieo. E ne e mpa e le ntho feela e qapiloeng ke Satane e le leraba la ho khelosa batho hore ba se ke ba rapela Jehova. ’Nete ke hore ho khetha monghali e mong ntle ho Jehova ho fella ka masoabi, esita le lihlong.—Bala Pesaleme ea 25:3; 115:4-8.

Karabo

16. (a) E ka ’na eaba batho ba ile ba hopola eng ha Elia a tsosolosa aletare ea Jehova Thabeng ea Karmele? (b) Elia o ile a boela a bontša ka ho etsa eng hore o tšepile Molimo oa hae?

16 Ha le e-ea malikelong, e ile ea e-ba nako ea hore Elia a etse sehlabelo. O ile a lokisa aletare ea Jehova eo ho se nang pelaelo ea hore e ne e qhaqhiloe ke lira tsa borapeli bo hloekileng. O ile a sebelisa majoe a 12, mohlomong a hopotsa ba bangata sechabeng seo sa Iseraele  sa meloko e leshome hore ba ne ba ntse ba tlameha ho boloka Molao o ileng oa fuoa meloko e 12. Ka mor’a moo o ile a lokisa sehlabelo sa hae eaba o tšela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka metsi ho fihlela e ba metsi tee!, mohlomong o ne a nkile metsi a tsoang Leoatleng la Mediterranean le neng le le haufi. O ile a cheka foro ho pota-pota aletare ’me a e tlatsa metsi. Feela joalokaha a ile a fa baprofeta ba Baale monyetla o mong le o mong hore ba atlehe, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho etsa hore Jehova a se ke a atleha—seo se bontša kamoo a neng a tšepile Molimo oa hae kateng.—1 Mar. 18:30-35.

Thapelo ea Elia e ile ea bontša hore o ne a ntse a rata sechaba sa habo, etsoe o ne a labalabela ho bona ha Jehova a ‘khutlisa lipelo tsa sona’

17. Thapelo ea Elia e ile ea bontša joang hore ke lintho life tseo a li nkang e le tsa bohlokoa, hona re ka etsisa mohlala oa hae joang ha re etsa lithapelo tsa botho?

17 Ha tsohle li se li lokile, Elia o ile a rapela. Thapelo ea Elia e ne e hlakile ebile e le bonolo ’me e ile ea bontša hore na o ne a nka lintho life e le tsa bohlokoa. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore o ne a batla hore ho tsebahale hore Jehova, eseng Baale, ke “Molimo Iseraele.” Hape, o ne a batla hore bohle ba tsebe hore eena e ne e le mohlanka oa Jehova; thoriso eohle le tlotla li ne li lokela ho isoa ho Molimo. Qetellong, o ile a bontša hore o ne a ntse a rata sechaba sa habo, etsoe o ne a labalabela ho bona ha Jehova a ‘khutlisa lipelo tsa sona.’ (1 Mar. 18:36, 37) Ho sa tsotellehe masisa-pelo a neng a bakiloe ke ho se tšepahale ha bona, Elia o ne a ntse a ba rata. Ha re rapela Molimo, na re ka bontša hore le rōna re amehile ka lebitso la Molimo, re ikokobelitse ’me re qenehela ba bang ba hlokang thuso?

18, 19. (a) Jehova o ile a araba thapelo ea Elia joang? (b) Elia o ile a laela batho hore ba etse’ng, hona ke hobane’ng ha baprista ba Baale ba ne ba sa tšoaneloe ke ho bontšoa mohau?

18 Pele Elia a rapela, mohlomong letšoele le ne le ipotsa hore na ho ne ho tla bonahala Jehova e le molimo oa bohata joaloka Baale na. Leha ho le joalo, ka mor’a thapelo eo, ho ne ho se ho sa hlokahale hore le ipotse. Bibele e re: “Eaba mollo oa Jehova oa theoha ’me o chesa nyehelo ea secheso le likotoana tsa patsi le majoe le lerōle, ’me oa nyeka metsi a neng a le ka forong.” (1 Mar. 18:38) E bile karabo e hlollang hakaakang! Ebe batho ba ile ba ikutloa joang?

“Eaba mollo oa Jehova oa theoha”

19 Kaofela ha bona ba ile ba hooa ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” (1 Mar. 18:39) Qetellong ba ile ba bona seo e leng ’nete. Empa ba ne ba ntse ba e-s’o bontše tumelo. Ha e le hantle, ho lumela hore Jehova ke Molimo oa ’nete ka mor’a ho bona mollo o theoha leholimong ka mor’a thapelo, ha ho bontše hakaalo hore motho o na le tumelo. Kahoo, Elia o ile a batla hore ba bontše tumelo ka tsela e ’ngoe hape. O ile a re ba etse seo ba neng ba  lokela hore ebe ba se entse lilemong tse ngata tse fetileng—e leng ho boloka Molao oa Jehova. Molao oa Molimo o ne o re baprofeta ba bohata le barapeli ba litšoantšo ba bolaoe. (Deut. 13:5-9) Baprista bao ba Baale e ne e le lira tse khōlō tsa Jehova Molimo ’me ba ne ba hanyetsa merero ea hae ka boomo. Na ba ne ba lokela ho bontšoa mohau? Empa bona ha baa ka ba bontša bana ba se nang molato mohau, ba ileng ba chesoa ba ntse ba phela, ho etsetsa Baale mahlabelo ka bona. (Bala Liproverbia 21:13; Jer. 19:5) Banna bao ba ne ba sa lokela ho hauheloa ho hang! Kahoo, Elia o ile a laela hore ba bolaoe ’me ba ile ba fela ba bolaoa.—1 Mar. 18:40.

20. Ke hobane’ng ha e le ho sa utloahaleng hore bahlahlobisisi ba mehleng ena ea rōna ba tšoenyehe ka ho bolaoa ha baprista ba Baale ke Elia?

20 Bahlahlobisisi ba kajeno ba ka ’na ba nyatsa tsela eo teko ena ea Thabeng ea Karmele e ileng ea fella ka eona. Batho ba bang ba tšoha hore batho ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng ba ka nka hore ho loketse ho ba mabifi khahlanong le batho ba malumeli a mang. Ka masoabi, kajeno ho na le batho ba bangata ba mabifi ba chesehelang bolumeli ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, Elia o ne a sa chesehe ka ho feteletseng. O ne a phethahatsa kahlolo e lokileng ea Jehova. Ntle ho moo, Bakreste ba ’nete baa tseba hore ba ke ke ba etsisa Elia eaba le bona ba se ba bolaea ba khopo. Ho e-na le hoo, ba latela taelo e eang ho barutuoa bohle eo Jesu a ileng a e bolella Petrose, ha a re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Mat. 26:52) Jehova o tla sebelisa Mora oa hae ho phethahatsa toka ea Hae nakong e tlang.

21. Mohlala oa Elia ke oa bohlokoa joang ho Bakreste ba ’nete kajeno?

21 Boikarabelo ba Mokreste oa ’nete ke ho phela bophelo bo bontšang hore o na le tumelo. (Joh. 3:16) Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho etsisa banna ba tšepahalang joaloka Elia. Ha aa ka a rapela melimo e meng ntle ho Jehova ’me o ne a khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang. Ka sebete o ile a pepesa bolumeli ba bolotsana boo Satane a neng a bo sebelisa e le leraba ho khelosa batho ho Jehova. Ho e-na le ho tšepa bohlale ba hae le ho iketsetsa kamoo a ratang kateng, o ile a tšepa hore Jehova o tla lokisa litaba. Elia o ile a emela borapeli ba ’nete. E se eka kaofela ha rōna re ka bontša tumelo e tšoanang le ea hae!

^ ser. 9 Ka ho tloaelehileng Thaba ea Karmele e ne e tlokoma e le talana, kahobane ha meea e mongobo e tsoang leoatleng e nyoloha matsoapong a eona, pula e ne e atisa ho na ’me ho ba le phoka e ngata. Ho bonahala thaba ena e ne e le sebaka sa bohlokoa ho barapeli ba Baale, kaha ba ne ba nka hore Baale ke eena ea tlisang pula. Kahoo, Thaba ea Karmele e neng e omme e ne e le sebaka se setle sa ho pepesa borapeli ba Baale hore ke ba bohata.

^ ser. 12 Hoa thahasellisa hore ebe Elia o ile a re ho bona: “Le se ke la . . . hotetsa” sehlabelo. Litsebi tse ling li bolela hore ka linako tse ling barapeli ba joalo ba litšoantšo ba ne ba sebelisa lialetare tse nang le mokoti o patehileng ka fatše e le hore ho bonahale eka mollo o hotelitsoe ka mohlolo.