Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA BOROBONG

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

O Ile a Sebetsa Taba ka Masene

1-3. (a) Ke eng e ileng ea hlahisa bothata ho ba ntlo ea Abigaile? (b) Re ka ithuta eng ho mosali enoa ea babatsehang hakaale?

ABIGAILE o ile a lemoha hore mohlankana eo a neng a bua le eena o tšohile. O ne a tšohile ka lebaka le utloahalang. Ho ne ho nkha lefu. Ka nako eona eo, bahlabani ba ka bang 400 ba ne ba le tseleng, ba ikemiselitse ho tla ripitla mang kapa mang e motona oa ntlo ea Nabale, monna oa Abigaile. Hobane’ng?

2 Bothata bona bo ne bo fehluoe ke Nabale. Joalokaha e ne e le mokhoa oa hae, o ne a tšoere motho e mong hampe le ka tsela e bontšang tello. Empa lekhetlong lena o ne a khoathile osele ka leihlong—e leng molaoli ea ratehang oa lebotho la bahlabani le tšepahalang le le koetlisitsoeng hantle. Joale mohlankana e mong ea sebeletsang Nabale, eo mohlomong e neng e le molisa, o ile a tla ho Abigaile, a tšepile hore Abigaile o tla loha leano la ho ba pholosa. Empa na mosali a le mong o ne a tla hle a o bese o tuke khahlanong le lebotho la sesole?

Na mosali a le mong o ne a tla hle a o bese o tuke khahlanong le lebotho la sesole?

3 A re qaleng ka ho ithuta ho se hokae ka mosali enoa ea nang le litšobotsi tse babatsehang. Abigaile e ne e le mang? Bothata boo bo qalile joang? Hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae oa tumelo?

“O ne a le Masene ’me a le Sebōpeho se Setle”

4. Nabale e ne e le motho ea joang?

4 Abigaile le Nabale ba ne ba sa tšoanelane. Nabale o ne a khethile mosali ea molemo haholo, athe Abigaile eena o iphumane a nyetsoe ke monna ea liketso li mpe ka ho fetisisa. Ke ’nete hore monna eo e ne e le ralichelete. Ka hona, o ne a inkela holimo ho feta tekano, empa batho ba bang bona ba ne ba mo talima joang? Ho ka ba thata ho fumana motho ea seolotsoeng joaloka enoa ka Bibeleng. Lebitso la hae ka bolona le bolela “Ea se Nang Kelello,” kapa “Leoatla.” Ebe batsoali ba hae ba ile ba mo reha lebitso leo ha a hlaha kapa o ile a le fumana hamorao ka lebaka la liketso tsa hae? Ebang o ne a le rehiloe kapa che, lebitso leo le ne le tšoanela  liketso tsa hae. Nabale “o ne a le thata ebile a le liketso li mpe.” E ne e le ’mampoli ebile e le letahoa, batho ba ne ba mo tšaba ba bile ba sa mo rate.—1 Sam. 25:2, 3, 17, 21, 25.

5, 6. (a) U nahana hore litšobotsi tsa Abigaile tse khahlisang ka ho fetisisa e ne e le life? (b) E ka ’na eaba ho tlile joang hore Abigaile a nyaloe ke monna ea se nang thuso joalo?

5 Abigaile o ne a fapane le Nabale ka ho feletseng. Lebitso la hae le bolela “Ntate oa ka o Ithabisitse.” Bo-ntate ba bangata baa thaba ha barali ba bona ba le batle, empa ntate ea bohlale o thaba le ho feta ha ngoana oa hae a e-na le botho bo ratehang. Hangata motho e motle ka tlhaho ha a bone ho hlokahala hore a be le litšobotsi tse kang masene, bohlale, sebete le tumelo. Abigaile o ne a se joalo. Bibele e mo babatsa ka hore o ne a le masene ebile a le motle.—Bala 1 Samuele 25:3.

6 Kajeno batho ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha mosali eo ea bohlale a ile a nyaloa ke monna ea se nang thuso joalo. Hopola hore manyalo a mangata a mehleng ea Bibele a ne a reroa ke batsoali. Esita le ha ba ne ba sa rera, ho ne ho ntse ho hlokahala hore batsoali ba lumellane le lenyalo leo. Na ebe batsoali ba Abigaile ba ile ba ratela morali oa bona Nabale ba ba ba rera lenyalo la bona hobane ba ne ba khahluoe ke maruo le botumo ba hae? Kapa na ebe ba ne ba qobeletsoe ke bofuma? Mohlomong ho joalo, empa chelete ha ea ka etsa hore Nabale e be monna oa ’makhonthe.

7. (a) Kajeno batsoali ba lokela ho qoba eng haeba ba batla ho ruta bana ba bona hore ba talime lenyalo ka tsela e nepahetseng? (b) Abigaile o ne a ikemiselitse ho etsa’ng?

7 Batsoali ba bohlale ba ruta bana ba bona hore ba talime lenyalo ka tsela e nepahetseng. Ha ba khothalletse bana ba bona hore ba nyaloe hobane feela ba bona chelete ebile ha ba ba khothalletse ho ratana ba sa le banyenyane haholo hoo ba ke keng ba khona ho jara mesebetsi le boikarabelo ba batho ba baholo. (1 Bakor. 7:36) Leha ho le joalo, ho ne ho se ho se na thuso hore Abigaile a nahane ka lintho tse joalo. Ho sa tsotellehe hore na o ne a nyetsoe ke Nabale ka lebaka lefe, o ne a ikemiselitse ho tšoara thipa ka bohaleng le hoja ho ne ho le thata.

“Mong’a Rōna a a Khobola”

8. Nabale o ne a rohakile mang hona ke hobane’ng ha u ka re seo e ne e le booatla bo boholo?

8 Joale Nabale o ne a thatafallelitse Abigaile lintho ho feta leha e le neng pele. O ne a rohakile Davida. Enoa e ne e le mohlanka oa Jehova ea tšepahalang eo moprofeta Samuele a neng a mo tlotsitse, e le ha a bontša hore Molimo o khethile Davida hore a hlahlame Saule boreneng. (1 Sam. 16:1, 2, 11-13) Ha Davida a ntse a baleha Morena Saule ea mōna ea batlang ho mo bolaea, o ne a lula lefeelleng le bahlabani ba hae ba 600 ba tšepahalang.

9, 10. (a) Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella tlas’a maemo afe? (b) Ke hobane’ng ha Nabale a ne a lokela hore ebe o ile a ananela seo Davida le banna ba hae ba neng ba se etsa? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe oa serapa sa 10.)

9 Nabale o ne a lula Maone empa o ne a sebetsa haufi le Karmele  ’me ho bonahala a ne a e-na le tšimo moo. * Metse eo e ne e le lihlabeng tse makhulo a matala a neng a le matle bakeng sa mehlape ea linku ’me Nabale o ne a e-na le tse 3 000. Leha ho le joalo, libaka tse ling e ne e le lefeella. Ka boroa ho ne ho e-na le lehoatata le sabaletseng la Parane. Ka bochabela, e ne e le tsela e eang Leoatleng la Letsoai e fetang har’a naha e itjang feela e tletseng likhohlo le mahaha. Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella libakeng tseo ’me ha ho potang hore ba ne ba tsoma e le hore ba fumane lijo ebile ba ne ba mamella mathata a mangata. Ba ne ba atisa ho kopana le balisana ba neng ba sebeletsa Nabale oa morui.

10 Masole ao a neng a sebetsa ka thata a ile a tšoara balisana joang? Ho ne ho ka ba bonolo hore a lule a utsoa linku tsa Nabale, empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, a ile a e-ba joaloka lerako le neng le sirelelitse mehlape ea Nabale le bahlanka ba hae. (Bala 1 Samuele 25:15, 16.) Balisa hammoho le linku ba ne ba ka hlaheloa ke likotsi tse ngata. Ho ne ho e-na le libata tse ngata ’me moeli o ka boroa oa Iseraele o ne o le haufi haholo hoo lihlopha tsa masholu tse tsoang linaheng tse ling li neng li atisa ho hlasela. *

11, 12. (a) Davida o ile a bontša masene le tlhompho joang ha a romela molaetsa ho Nabale? (b) Ke eng e neng e le phoso ka tsela eo Nabale a ileng a arabela Davida ka eona?

11 E tlameha ebe e ne e le boikarabelo bo boholo ho Davida hore a fepe banna bao kaofela ba neng ba e-na le eena lefeelleng. Kahoo ka letsatsi le leng Davida o ile a romela manģosa a leshome ho Nabale ho ea kōpa thuso. Davida o ile a a romela ka nako e ntle. E ne e le nako e monate ea ha ho kutoa linku, nakong ea ha ka tloaelo batho ba ne ba fana haholo ba bile ba keteka. Hape, Davida o ile a ba hlokolosi ha a khetha mantsoe, a bua ka boikokobetso le ka tlhompho. O ile a ba a re “mora oa hao Davida,” mohlomong e le tsela ea ho bontša hore o hlompha Nabale joaloka motho e moholo. Nabale o ile a etsa’ng?—1 Sam. 25:5-8.

12 O ile a loloma ke bohale! Ha mohlanka eane ea boletsoeng qalong a hlalosetsa Abigaile se etsahetseng, o ile a re: “Mong’a rōna [o ile] a a khobola.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Kaha o ne a le lekhonatha, Nabale o ile a komakoma a etsa lerata ka bohobe ba hae, metsi hammoho le nama eo a e hlabileng. O ile a soma Davida, a mo khella fatše a ba a mo bapisa le mohlanka ea balehileng ho mong’a hae. Mohlomong Nabale o ne a nahana joaloka Saule ea neng a hloile Davida. Banna bao ka bobeli ba ne ba sa talime litaba joaloka Jehova. Molimo o ne a rata Davida ebile o ne a mo nka joaloka morena oa Iseraele oa ka moso, eseng joaloka lekhoba la lerabele.—1 Sam. 25:10, 11, 14.

13. (a) Davida o ile a etsa’ng ka ka mor’a hore Nabale a mo rohake? (b) Ke’ng seo molao-motheo o ho Jakobo 1:20 o re ruta’ng sona mabapi le seo Davida a ileng a se etsa?

 13 Ha manģosa a tlalehela Davida se etsahetseng, o ile a tuka ke bohale. O ile a laela mabotho a hae: “E mong le e mong a hlomele ka sabole ea hae!” Ka mor’a hore Davida ka boeena a hlomele, o ile a etella pele banna ba hae ba 400 ha ba futuha. O ile a ikana hore o il’o bolaea monna e mong le e mong oa ntlo ea Nabale. (1 Sam. 25:12, 13, 21, 22) Ho ne ho utloahala hore na ke hobane’ng ha a ne a halefile, empa tsela eo a neng a batla ho bontša khalefo ea hae ka eona e ne e fosahetse. Bibele e re: “Khalefo ea motho ha e hlahise ho loka ha Molimo.” (Jak. 1:20) Ebe joale Abigaile o ne a ka sireletsa ba ntlo ea hae joang hore ba se ke ba oeloa ke tlokotsi?

“Ho Hlohonolofatsoe ho ba le Kelello ha Hao”

14. (a) Ke ka tsela efe Abigaile a ileng a nka bohato ba ho lokisa phoso eo Nabale a neng a e entse? (b) Tsela eo Nabale le Abigaile ba neng ba fapane ka eona e re ruta ntho efe ea bohlokoa? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

14 Ka tsela e itseng, re se re bone hore Abigaile o se a nkile bohato ba ho lokisa phoso ena e tšabehang. Ho fapana le monna oa hae, Nabale, eena o ile a mamela. Mohlankana eo o ile a re ka Nabale: “Ke motho ea se nang molemo haholo ho bua le eena.” * (1 Sam. 25:17) Ka bomalimabe, kaha Nabale o ne a inka e le oa bohlokoa ho tlōla tekano, batho ba ne ba mo tseba e le motho ea sa ikemisetsang ho mamela mang kapa mang. Boikakaso ba mofuta oo ke ntho e tloaelehileng haholo le mehleng ena. Empa mohlankana enoa o ne a tseba hore Abigaile ha a joalo, e leng seo ntle ho tikatiko, se ileng sa mo susumelletsa hore a mo bolelle bothata bona.

Ho fapana le Nabale, Abigaile o ne a ikemiselitse ho mamela

15, 16. (a) Abigaile o ile a bontša joang hore o ne a tšoana le mosali ea nang le bokhoni ea hlalosoang bukeng ea Liproverbia? (b) Ke hobane’ng ha ketso ea Abigaile e ne e se ho se hlomphe bohlooho ba monna oa hae ea neng a e-na le tokelo ea ho tseba se etsahalang?

15 Abigaile o ile a nahana ka potlako eaba o tlōla matjato. Bibele e re: “Hang-hang Abigaile a potlaka.” Ka makhetlo a mane tlalehong ena e le ’ngoe, ho sebelisitsoe poleloana e reng mosali enoa o ile “a potlaka.” O ile a lokisetsa Davida le banna ba hae matletsetletse a lijo. Ho ne ho e-na le bohobe, veine, nama ea nku, lijo-thollo tse halikiloeng, lipolokoe tsa morara o omisitsoeng le tsa lifeiga. Ho hlakile hore Abigaile o ne a tseba hantle hore na ka tlung ea hae ho na le eng ’me ke eena ea neng a tsamaisa mesebetsi ea ntlo ea hae, hantle feela joaloka mosali ea nang le bokhoni eo hamorao a hlalosoang bukeng ea Liproverbia. (Liprov. 31:10-31) O ile a re ba bang  ba bahlanka ba hae ba mo etelle pele ka lijo, eaba o ba latela a le mong. Bibele e re: “Empa ha aa ka a re letho ho monna oa hae Nabale.”—1 Sam. 25:18, 19.

16 Na see se bolela hore Abigaile o ne a sa hlomphe bohlooho ba monna oa hae, ea neng a e-na le tokelo ea ho tseba se etsahalang? Che; u se ke ua lebala hore Nabale o ne a ile a ba lonya ho mohlanka oa Jehova ea tlotsitsoeng, e leng se neng se ka ’na sa fella ka hore ho bolaoe batho ba bangata ba se nang molato ba ntlo ea Nabale. Haeba Abigaile a ne a sa nka bohato boo, na seo se ne se ka bolela hore o ema le monna oa hae? Tabeng ena, o ne a lokela ho nka ho ikokobelletsa Molimo e le habohlokoa ho feta ho ikokobelletsa monna oa hae.

17, 18. Abigaile o ile a bua le Davida joang, o ile a re’ng, hona ke eng e ileng ea etsa hore mantsoe a hae a ame pelo ea Davida?

17 Ka mor’a nako e seng kae, Abigaile o ile a kopana le Davida le banna ba hae. O ile a boela a potlaka, lekhetlong lena e le ha a theoha tonki ea hae ’me a inamela Davida. (1 Sam. 25:20, 23) Eaba o bolella Davida se hlileng se leng pelong ea hae, a etsa kōpo e matla ho eena hore a mpe a hauhele monna oa hae le ba ntlo ea hae. Ke eng e ileng ea etsa hore mantsoe a hae a ame pelo ea Davida?

“Ka kōpo, e-re lekhabunyane la hao le bue moo u ntseng u utloa”

18 O ile a itjarisa molato ona eaba o kōpa hore Davida a mo tšoarele. O ile a toba taba a bontša hore monna oa hae o ne a se na kelello joalokaha lebitso la hae le bontša, mohlomong a fana ka maikutlo a hore Davida o ne a tla itheola seriti haeba a ka otla motho oa mofuta oo. Kaha o ne a elelloa hore Davida o loana “lintoa tsa Jehova,” o ne a lumela hore Davida ke moemeli oa Jehova. O ile a boela a bontša hore o ne a tseba hore Jehova o tšepisitse Davida borena, kaha o ile a re: “Jehova . . . ka sebele o tla u beha hore u be moeta-pele oa Iseraele.” Ho feta moo, o ile a khothalletsa Davida hore a se ke a etsa letho le tla etsa hore a be molato oa mali kapa seo hamorao e tlang ho ba “sesosa sa ho thekesela”—kamoo ho bonahalang kateng a buella taba ea ho ba le letsoalo le molato. (Bala 1 Samuele 25:24-31.) Ruri ao e ne e le mantsoe a mosa le a amang pelo!

19. Davida o ile arabela joang ho seo Abigaile a ileng a se bua, hona ke hobane’ng ha a ile a mo babatsa?

19 Davida o ile a etsa joang? O ile a amohela seo Abigaile a neng a mo tliselitse sona eaba o re: “Ho bokoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea u rometseng letsatsing lena ho tla kopana le ’na! Ho hlohonolofatsoe ho ba le kelello ha hao, ’me ho hlohonolofatsoe uena ea nthibetseng letsatsing lena ho kena molatong oa mali.” Davida o ile a mo babatsa kaha ka sebete o ile a nka khato ka potlako ho mo khahlanyetsa, ebile o ile a lumela hore Abigaile o entse hore a se ke a ba le molato oa mali. O ile a re ho eena: “Nyolohela ntlong ea hao ka khotso,” a ba a re ka boikokobetso: “Ke mametse lentsoe la hao.”—1 Sam. 25:32-35.

“Lekhabunyane la Hao ke Lena”

20, 21. (a) Ke’ng e babatsehang ka hore ebe Abigaile o ile a ikemisetsa ho khutlela ho monna oa hae? (b) Abigaile o ile a bontša ho ba sebete le ho ba masene joang ha a khetha nako ea ho bua le Nabale?

20 Ka mor’a hore a tsamaee, ha ho pelaelo hore Abigaile o ile a lula a  nahana ka ketsahalo eo; ebile o ne a bone phapang pakeng tsa monna eo ea tšepahalang le ea mosa le monna oa hae ea neng a ikentse ’mampoli. Empa ha aa ka a lulela ho touta ka taba eo. Tlaleho eo e re: “Hamorao Abigaile a kena [kapa “a fihla,” BPN] ho Nabale.” Ka sebele, o ile a khutlela ho monna oa hae a ikemiselitse ho etsa sohle se matleng a hae ho tla ba mosali oa ’makhonthe. O ne a lokela ho mo bolella hore o iselitse Davida le banna ba hae mpho ea lijo. Nabale o ne a e-na le tokelo ea ho tseba seo. O ne a boetse a lokela ho mo bolella ka tlokotsi eo a e thibetseng pele a e utloa ka batho ba bang, e leng se neng se ka mo tlotlolla ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, o ne a sitoa ho mo bolella ka nako eo. Nabale o ne a entse mokete oa semetletsa joaloka morena ’me o ne a tahiloe a re fu!—1 Sam. 25:36.

Abigaile o ile a bontša sebete ka hore a bolelle Nabale seo a se entseng ho pholosa bophelo ba hae

21 Abigaile o ile a boela a bontša sebete le masene, a letela hoseng ho hlahlamang ha monna oa hae a hlaphohetsoe. Ka nako eo kelello e ne e tla be e itse etlo! ’me a khona ho utloa seo a se buang, empa le teng ho ne ho tla be ho le kotsi hobane monna oa hae o ne a ka ’na a mo ja ka meno. Ho ntse ho le joalo, o ile a mo bolella sohle se etsahetseng. Ha ho potang hore o ne a lebeletse hore o tla loloma ke bohale, mohlomong a be a mo otle. Leha ho le joalo, o ile a lula moo, a sa sisinyehe.—1 Sam. 25:37.

22. Ho ile ha etsahala’ng ka Nabale, hona re ka ithuta’ng mabapi le liketso tsohle tsa ho hatelloa le ho hlekefetsoa ha litho tsa lelapa?

22 Bothata e ne e le eng ka monna eo? “Pelo ea hae [e ile] ea shoa ka hare ho eena, ’me a ba joaloka lejoe.” Mohlomong o ile a otloa ke mofuta o itseng oa setorouku. Leha ho le joalo, o ile a shoa ka mor’a matsatsi a ka bang a leshome hamorao—empa e ne e se hakaalo hore o bolailoe ke bokuli. Tlaleho e re: “Jehova [o ile] a otla Nabale, hoo a ileng a shoa.” (1 Sam. 25:38) Ha Molimo a qeta ho liha kahlolo eo e lokileng, Abigaile o ile a lokoloha lenyalong leo le bosula. Le hoja mehleng ena Jehova a sa kenelle ebe o ahlola batho ka mohlolo, tlaleho ena ke khopotso e ntle ea hore o bona liketso tsohle tsa ho hatelloa le ho hlekefetsoa ha litho tsa lelapa. Ha nako ea hae e loketseng e fihla, o tla etsa hore ho rene toka ka linako tsohle.—Bala Luka 8:17.

23. Abigaile o ile a hlohonolofatsoa ka tsela efe hape, hona o ile a bontša joang hore tokelo eo a e fumaneng ha ea mo mathela hloohong?

23 Ntle le ho lokoloha lenyalong leo le bosula, Abigaile o ne a tla hlohonolofatsoa ka tsela e ’ngoe. Ha Davida a utloa hore Nabale o shoele, o ile a romela manģosa a hae hore a e’o mo kōpela Abigaile hore e be mosali oa hae. Ha Abigaile a utloa seo o ile a re: “Lekhabunyane la hao ke lena hore e be lekhabunyane le hlatsoang maoto a bahlanka ba moren’a ka.” Ho  hlakile hore taba ea hore e ne e tla ba mosali oa Davida ha ea ka ea mo mathela hloohong; o ile a ba a ithaopela ho ba lekhabunyane la bahlanka ba hae! Joale re boetse re bala hore o ile a potlaka, lekhetlong lena e le ho itokisetsa ho ea ho Davida.—1 Sam. 25:39-42.

24. Abigaile o ile a tobana le mathata afe bophelong ba hae bo bocha, empa monna oa hae le Molimo oa hae ba ne ba mo nka joang?

24 Sena se ne se sa bolele hore joale Abigaile a ke ke a hlola a e-ba le mathata; hase kamehla bophelo ba Abigaile le Davida bo neng bo tla ba bonolo. Davida o ne a se a ntse a nyetse Akinoame ’me le hoja Molimo a ne a lumeletse lenyalo la sethepu mehleng eo, le ne le e-na le mathata a lona a ikhethang ho basali ba tšepahalang. Ntle ho moo, Davida e ne e e-s’o be morena; o ne a tla lokela ho feta litšitiso le mathata a itseng pele a sebeletsa Jehova ka tsela eo. Empa ha Abigaile a ntse a oa a tsoha le Davida, a ba a qetella a mo tsoaletse mora, o ile a elelloa hore o nyetsoe ke monna ea mo ratang le ea mo sireletsang. Ka lekhetlo le leng o ile a ba a mo pholosa matsohong a batho ba neng ba mo koetetse! (1 Sam. 30:1-19) Ka tsela eo, Davida o ile a etsisa Jehova Molimo, ea ratang le ea ananelang basali ba mofuta oo ba masene, ba sebete le ba tšepahalang.

^ ser. 9 Ena hase Thaba ea Karmele e tummeng e hōle haholo ka leboea moo hamorao moprofeta Elia a ileng a tobana le baprofeta ba Baale. (Sheba Khaolo ea 10.) Motse ona oa Karmele o ne o le qetellong ea lefeella le ka boroa.

^ ser. 10 E ka ’na eaba Davida o ne a nka hore ho sireletsa beng ba masimo le mehlape ea bona sebakeng seo e ne e le tšebeletso eo a e etsetsang Jehova Molimo. Mehleng eo, e ne e le morero oa Jehova hore bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo ba lule naheng eo. Kahoo, ho ba sireletsa ho lira tse ba hlaselang haesita le ho lihlopha tsa masholu a tsoang linaheng tse ling e ne e le mofuta o itseng oa tšebeletso e halalelang.

^ ser. 14 Mantsoe ao mohlankana eo a ileng a a sebelisa a bolela “mora oa beliale (ea se nang thuso).” Tsela eo Libibele tse ling li fetolelang polelo ena ka eona li hlalosa Nabale e le motho “ea ke keng a mamela mang kapa mang,” ka mantsoe a mang, “ho bua le eena ke ho itšenyetsa nako.”