Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA LESHOME

Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng

Kamoo Libōpuoa Tsa Moea li re Amang Kateng
  • Na mangeloi a thusa batho?

  • Meea e khopo e susumelitse batho joang?

  • Na re lokela ho tšaba meea e khopo?

1. Ke hobane’ng ha re lokela ho batla ho ithuta ka mangeloi?

HANGATA ho tseba motho ea itseng ho akarelletsa ho ithuta ho itseng ka lelapa hae. Ka ho tšoanang, ho tseba Jehova Molimo ho akarelletsa ho tseba ho itseng ka lelapa la hae le entsoeng ka mangeloi. Bibele e re mangeloi ke ‘bara ba Molimo.’ (Jobo 38:7) Kahoo, a phetha karolo efe morerong oa Molimo? Na a phethile karolo e itseng linthong tse etsahetseng historing ea batho? Na mangeloi a ama bophelo ba hao? Haeba aa bo ama, a bo ama joang?

2. Mangeloi a tsoa hokae, hona a makae ka palo?

2 Bibele e bua ka mangeloi ka makhetlo a makholo. A re ke re hlahlobe tse seng kae tsa litemana tseo, e le hore re ithute ho eketsehileng ka mangeloi. A tsoa hokae? Bakolose 1:16 e re: “Lintho tse ling tsohle tse maholimong le tse lefatšeng li ile tsa bōptjoa ho sebelisoa eena [Jesu Kreste].” Ka hona, libōpuoa tsohle tsa moea tse bitsoang mangeloi li bōpiloe ke Jehova Molimo a sebelisa Mora oa hae oa letsibolo. Mangeloi a makae ka palo? Bibele e bontša hore ho ile ha bōptjoa mangeloi a limilione tse makholo, ’me kaofela ha ’ona a matla.—Pesaleme ea 103:20. *

3. Jobo 38:4-7 e re bolella’ng ka mangeloi?

 3 Lentsoe la Molimo, Bibele, le re bolella hore ha lefatše le thehoa, “bara bohle ba Molimo ba [ile ba] qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:4-7) Kahoo mangeloi a bile teng nako e telele pele batho ba bōptjoa, esita le pele lefatše le bōptjoa. Litemana tsena tsa Bibele li boetse li bontša hore mangeloi a na le maikutlo, kaha li re a ile a “hoeletsa ka thabo hammoho.” Hlokomela hore “bara bohle ba Molimo” ba ne ba thabile hammoho. Ka nako eo, mangeloi ’ohle e ne e le karolo ea lelapa le momahaneng le sebeletsang Jehova Molimo.

TŠEHETSO LE TŠIRELETSO EO MANGELOI A FANANG KA EONA

4. Bibele e bontša joang hore mangeloi a tšepahalang a thahasella lintho tseo batho ba li etsang?

4 Ho tloha ha libōpuoa tse tšepahalang tsa moea li bona ha batho ba pele ba bōptjoa, li ile tsa bontša hore li thahasella ka matla lelapa la batho le ntseng le ata le hore li thahasella ho phethahala ha morero oa Molimo. (Liproverbia 8:30, 31; 1 Petrose 1:11, 12) Empa ha nako e ntse e feta, mangeloi a ile a hlokomela hore batho ba bangata ba ile ba khaotsa ho sebeletsa ’Mōpi oa bona ea lerato. Ha ho pelaelo hore sena se ile sa utloisa mangeloi ana a tšepahalang bohloko. Ka lehlakoreng le leng, esita leha motho a le mong feela a khutlela ho Jehova, kamehla “thabo ea hlaha har’a mangeloi.” (Luka 15:10) Kaha mangeloi a amehile ka ho teba ka boiketlo ba batho ba sebeletsang Molimo, re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sebelisitse mangeloi khafetsa ho matlafatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba lefatšeng le ho ba sireletsa. (Baheberu 1:7, 14) Nahana ka mehlala e seng mekae.

“Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.”—Daniele 6:22

5. Re fumana mehlala efe ka Bibeleng ea batho ba ileng ba tšehetsoa ke mangeloi?

5 Mangeloi a mabeli a ile a thusa monna ea lokileng Lota le barali ba hae hore ba pholohe ha ho timetsoa metse e khopo ea Sodoma le Gomora ka hore a ba ntšetse ka ntle ho sebaka seo. (Genese 19:15, 16) Lilemo tse makholo hamorao, moprofeta Daniele o ile a lahleloa ka sekoting sa litau, empa litau  tseo tsa se ke tsa mo ntša kotsi, ka hona a re: “Molimo oa ka o rometse lengeloi la hae ’me la koala melomo ea litau.” (Daniele 6:22) Lekholong la pele la lilemo C.E., lengeloi le ile la lokolla moapostola Petrose chankaneng. (Liketso 12:6-11) Ho feta moo, mangeloi a ile a matlafatsa Jesu ha a qala tšebeletso ea hae lefatšeng. (Mareka 1:13) Nakoana pele Jesu a shoa, lengeloi le ile la itlhahisa ho Jesu “la mo matlafatsa.” (Luka 22:43) E tlameha ebe seo se ile sa khothatsa Jesu hakaakang nakong eo ea bohlokoahali bophelong ba hae!

6. (a) Mangeloi a sireletsa batho ba Molimo joang kajeno? (b) Re tlil’o hlahloba lipotso life?

6 Kajeno, mangeloi ha a sa itlhahisa ka tsela e bonahalang ho batho ba Molimo lefatšeng. Le hoja batho ba ke ke ba a bona, mangeloi a matla a Molimo a ntse a sireletsa batho ba hae, haholo-holo nthong leha e le efe e kotsi moeeng. Bibele e re: “Lengeloi la Jehova le hlomme liahelo ho pota-pota ba mo tšabang, lea ba pholosa.” (Pesaleme ea 34:7) Ke hobane’ng ha mantsoe ao a lokela ho re tšelisa haholo? Hobane ho na le libōpuoa tse khopo tsa moea tse kotsi tse batlang ho re felisa! Ke life? Li tsoa hokae? Li etsa’ng ho leka ho re ntša kotsi? E le hore re fumane karabo lipotsong tseo, a re ke re hlahlobe ho se hokae ketsahalo e ’ngoe e etsahetseng qalong ea histori ea batho.

LIBŌPUOA TSA MOEA TSEO E LENG LIRA TSA RŌNA

7. Satane o ile a atleha ho isa bohōleng bofe ho etsa hore batho ba furalle Molimo?

7 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 3 ea buka ena, lengeloi le leng le ile la hōlisa takatso ea ho busa ba bang, kahoo la fetohela Molimo. Hamorao lengeloi leo le ile la tsejoa ka hore ke Satane Diabolose. (Tšenolo 12:9) Ka mor’a lilemo tse ka bang 1 600 Satane a thetsitse Eva, o ile a atleha ho etsa hore hoo e batlang e le motho e mong le e mong a furalle Molimo haese batho ba seng bakae feela ba tšepahalang, ba kang Abele, Enoke le Noe.—Baheberu 11:4, 5, 7.

8. (a) Ho tlile joang hore mangeloi a mang e be bademona? (b) Bademona ba ile ba tlameha ho etsa’ng e le hore ba phonyohe Moroallo oa mehleng ea Noe?

 8 Mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a fetohela Jehova. A ile a siea libaka tsa ’ona lelapeng la Molimo la leholimo, a theohela lefatšeng, ’me a inkela ’mele ea nama. Hobane’ng? Ho Genese 6:2 rea bala: “Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.” Empa Jehova Molimo ha aa ka a lumella liketso tsa mangeloi ana hammoho le tšenyo eo li e bakileng har’a moloko oa batho hore li tsoele pele. O ile a tlisa moroallo oa lefatše o ileng oa felisa batho  bohle ba khopo ’me a sireletsa feela bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Genese 7:17, 23) Kahoo, mangeloi ao a marabele, kapa bademona, a ile a tlameha ho hlobola ’mele ea ’ona ea nama eaba a khutlela leholimong e le libōpuoa tsa moea. A ne a nkile lehlakore la Diabolose, eo joale a ileng a fetoha “’musi oa bademona.”—Matheu 9:34.

9. (a) Ho ile ha etsahala’ng ka bademona ha ba khutlela leholimong? (b) Re tlil’o hlahloba eng mabapi le bademona?

9 Ha mangeloi ao a sa mameleng a khutlela leholimong, a ile a nkoa e le melahloa, joaloka ’musi oa ’ona, Satane. (2 Petrose 2:4) Le hoja hona joale a se a ke ke a inkela ’mele ea batho, a ntse a e-na le tšusumetso e mpe haholo bathong. Ha e le hantle, bademona bana ba thusa Satane ho ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Tšenolo 12:9; 1 Johanne 5:19) Joang? Bademona ba sebelisa ka ho khetheha litsela tse reretsoeng ho khelosa batho. (2 Bakorinthe 2:11) A re hlahlobe litsela tse ling tseo ba li sebelisang.

KAMOO BADEMONA BA KHELOSANG KATENG

10. Tšebelisano le meea ke eng?

10 Bademona ba sebelisa tšebelisano le meea e le hore ba khelose batho. Ho sebelisana le meea ke ho itsoakanya le bademona ka tsela e tobileng kapa ka ho sebelisa motho ea itseng e le mokena-lipakeng. Bibele e nyatsa tšebelisano le meea ’me e re lemosa hore re se ke ra ikamahanya le letho le amanang le eona. (Bagalata 5:19-21) Bademona ba sebelisa tšebelisano le meea ka tsela e tšoanang le eo batšoasi ba litlhapi ba sebelisang leraba ka eona. Motho ea tšoasang litlhapi o sebelisa maraba a sa tšoaneng ho tšoasa mefuta e sa tšoaneng ea litlhapi. Ka ho tšoanang, meea e khopo e sebelisa mefuta e sa tšoaneng ea tšebelisano le meea ho laola batho ba mefuta eohle.

11. Bonohe ke’ng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho bo qoba?

11 Tsela e ’ngoe eo bademona ba e sebelisang ho tšoasa batho ke bonohe. Bonohe ke’ng? Ke ho leka ho tseba bokamoso kapa ntho e itseng e sa tsejoeng. Mefuta e meng ea bonohe ke  bonohe ba linaleli, ho sebelisa litaola, ho sheba bolo ea kristale, ho bala mela ea seatla le ho batla lipontšo kapa litšupiso tsa mohlolo litorong. Le hoja batho ba bangata ba nahana hore ho sebelisa bonohe ha ho kotsi, Bibele e bontša hore ha e le hantle linohe li sebelisana le meea e khopo. Ka mohlala, Liketso 16:16-18 e bua ka “modemona oa bonohe” ea neng a nolofalletsa ngoanana e mong ho ba le “tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.” Empa tsebo eo e ile ea mo lahlehela ha ho ntšoa modemona eo ho eena.

Bademona ba thetsa batho ka litsela tse sa tšoaneng

12. Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho leka ho buisana le bafu?

12 Tsela e ’ngoe eo bademona ba e sebelisang ho khelosa batho ke ea ho ba khothalletsa ho buisana le bafu. Batho ba saretsoeng ka lebaka la ho shoeloa ke eo ba mo ratang ba atisa ho thetsoa ke likhopolo tse fosahetseng ka bafu. Motho ea buisanang le meea a ka ’na a fana ka boitsebiso bo khethehileng kapa a ka ’na a bua ka lentsoe le kang la mofu. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba kholoa hore bafu ba hlile baa phela le hore ho buisana le bona ho tla thusa ba phelang hore ba mamelle ho sareloa ha bona. Empa ha e le hantle “matšeliso”  leha e le afe a joalo ke a bohata ’me a kotsi. Hobane’ng? Hobane bademona ba ka etsisa lentsoe la mofu le ho fa motho ea buisanang le meea boitsebiso bo itseng ka mofu. (1 Samuele 28:3-19) Ho feta moo, joalokaha re ithutile Khaolong ea 6, bafu ha ba phele. (Pesaleme ea 115:17) Kahoo “leha e le mang ea botsang bafu” o khelositsoe ke meea e khopo ’me o etsa se khahlanong le thato ea Molimo. (Deuteronoma 18:10, 11; Esaia 8:19) Ka hona, e-ba hlokolosi ho qoba leraba lena le kotsi leo bademona ba le sebelisang.

13. Ke’ng seo ba bangata bao ka nako e ’ngoe ba neng ba tšaba bademona ba khonneng ho se etsa?

13 Meea e khopo ha e khelose batho feela empa e boetse ea ba tšosa. Kajeno, Satane le bademona ba hae baa tseba hore ba saletsoe ke “nako e khutšoanyane” feela pele ba tlosoa tseleng, ’me ba mabifi ho feta leha e le neng pele. (Tšenolo 12:12, 17) Leha ho le joalo, batho ba likete bao ka nako e ’ngoe ba neng ba phela ka ho tšaba meea eo e khopo ba khonne ho itokolla. Ba itokolotse joang? Motho a ka etsa’ng esita le haeba a se a ntse a sebelisana le meea?

TSELA EA HO HANYETSA MEEA E KHOPO

14. Joaloka Bakreste ba Efese ba lekholong la pele la lilemo, re ka etsa’ng ho itokolla meeeng e khopo?

14 Bibele e re bolella kamoo re ka hanyetsang meea e khopo kateng le kamoo re ka itokollang kateng ho eona. Nahana ka mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, motseng oa Efese. Ba bang ba bona ba ne ba sebelisana le meea pele e e-ba Bakreste. Ba ile ba etsa’ng ha ba etsa qeto ea ho itokolla tšebelisanong le meea? Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle.” (Liketso 19:19) Bakreste bao ba bacha ba ile ba behela ba batlang ho hanyetsa meea e khopo kajeno mohlala ha ba chesa libuka tsa bona tsa boselamose. Batho ba batlang ho sebeletsa Jehova ba lokela ho lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le tšebelisano le meea. Hoo ho akarelletsa libuka, limakasine, libaesekopo, litšoantšo le lirekoto tsa ’mino tse khothalletsang tšebelisano le meea le  tse etsang hore e bonahale eka ea ipiletsa ebile ea thabisa. Ho boetse ho akarelletsa ho lahla lithatho kapa lintho tse ling tse roaloang e le hore motho a itšireletse bobeng.—1 Bakorinthe 10:21.

15. Re lokela ho etsa’ng e le hore re hanyetse makhotla a khopo a moea?

15 Ka mor’a lilemo tse itseng Bakreste ba Efese ba sentse libuka tsa bona tsa boselamose, moapostola Pauluse o ile a ba ngolla a re: “Re loana . . . le makhotla a moea a khopo.” (Baefese 6:12) Bademona ba ne ba e-s’o tele. Ba ne ba ntse ba leka ho ba hatella. Kahoo, Bakreste bao ba ne ba lokela ho etsa’ng hape? Pauluse o ile a re: “Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo [Satane].” (Baefese 6:16) Haeba thebe ea rōna ea tumelo e hlile e tiile, re tla khona ho hanyetsa makhotla a khopo a moea ka matla le ho feta.—Matheu 17:20.

16. Re ka matlafatsa tumelo ea rōna joang?

16 Kahoo, re ka matlafatsa tumelo ea rōna joang? Ka ho ithuta Bibele. Ho tiea ha lerako ho itšetlehile haholo ka ho tiea ha motheo oa lona. Ka ho tšoanang, ho tiea ha tumelo ea rōna ho itšetlehile haholo ka motheo oa eona, e leng tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Haeba re bala Bibele le ho ithuta eona letsatsi le letsatsi, tumelo ea rōna e tla tiea. Joaloka lerako le tiileng, tumelo e joalo e tla re sireletsa tšusumetsong ea meea e khopo.—1 Johanne 5:5.

17. Ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re hanyetse meea e khopo?

17 Bakreste bao ba Efese ba ne ba lokela ho etsa’ng hape? Ba ne ba hloka tšireletso e eketsehileng kaha ba ne ba phela motseng o tletseng bodemona. Kahoo Pauluse o ile a re ho bona: “Ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli . . . le [tsoele] pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.” (Baefese 6:18) Kaha le rōna re phela lefatšeng le tletseng bodemona, ke habohlokoa hore re rapele Jehova ka tieo hore a re sireletse e le hore re hanele meea e khopo. Ha e le hantle, ho hlokahala hore re sebelise lebitso la Jehova ha re rapela. (Liproverbia 18:10) Kahoo, re lokela ho lula re rapela Molimo hore a “re lopolle ho ea khopo,” Satane Diabolose. (Matheu 6: 13) Jehova o tla arabela lithapelo tse joalo tse etsoang ka tieo.—Pesaleme ea 145:19.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re tla hlōla ntoeng ea rōna e khahlanong le libōpuoa tse khopo tsa moea? (b) Ho tla arajoa potso efe khaolong e latelang?

18 Meea e khopo e kotsi, empa ha ho hlokahale hore re lule re e tšohile haeba re hanyetsa Diabolose ’me re ikatametsa haufi le Molimo ka ho etsa thato ea Hae. (Jakobo 4:7, 8) Meea e khopo e na le matla a sehetsoeng meeli. E ile ea fuoa kotlo mehleng ea Noe, ’me e tjametsoe ke kahlolo ea ho qetela e tlang. (Juda 6) U hopole hape hore re sirelelitsoe ke mangeloi a Jehova a matla. (2 Marena 6:15-17) Mangeloi ao a thahasella ka matla ho re bona re atleha ho hanyetsa meea e khopo. Ho joalokaha eka mangeloi ao a lokileng aa re thoholetsa. Kahoo a re luleng haufi le Jehova le lelapa la hae la libōpuoa tse tšepahalang tsa moea. E se eka hape re ka qoba mofuta o mong le o mong oa tšebelisano le meea ’me ra lula re sebelisa keletso e Lentsoeng la Molimo. (1 Petrose 5:6, 7; 2 Petrose 2:9) Joale re ka kholiseha hore re tla hlōla ntoeng ea rōna khahlanong le libōpuoa tse khopo tsa moea.

19 Empa ke hobane’ng ha Molimo a mameletse meea ee e mebe le bokhopo hore e utloise batho bohloko hakaale? Potso eo e tla arajoa khaolong e latelang.

^ ser. 2 Tšenolo 5:11 e re ka mangeloi a lokileng: “Palo ea ’ona e ne e le limiriade tsa limiriade,” kapa “likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse mashome.” (NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Kahoo Bibele e bontša hore ho ile ha bōptjoa mangeloi a limilione tse makholo.