Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA BOTŠELELA

Bafu ba Hokae?

Bafu ba Hokae?
  • Ho etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa?

  • Ke hobane’ng ha re e-shoa?

  • Na e ka ba ho tšelisang ho tseba seo e leng ’nete ka lefu?

1-3. Batho ba botsa lipotso life ka lefu, hona malumeli a sa tšoaneng a araba ka litsela life?

TSENA ke lipotso tseo batho ba ’nileng ba ipotsa tsona ka lilemo tse likete. Ke lipotso tsa bohlokoa. Ho sa tsotellehe hore na re bo-mang kapa re phela hokae, e mong le e mong oa rōna o angoa ke likarabo tsa lipotso tsena.

2 Khaolong e fetileng, re buile kamoo sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste se buletseng batho tsela e isang bophelong bo sa feleng kateng. Hape re ithutile hore Bibele e bolela esale pele hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Empa hona joale, bohle rea shoa. Morena Solomone ea bohlale o ile a re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa.” (Moeklesia 9:5) Re leka ho lelefatsa bophelo ba rōna ka hohle kamoo re ka khonang. Leha ho le joalo, rea ipotsa hore na ho tla etsahala’ng ka rōna ha re e-shoa.

3 Ha batho bao re ba ratang ba e-shoa, re utloa bohloko. Re ka ’na ra botsa: ‘Ho etsahetse’ng ka bona? Na ba utloa bohloko? Na ba re sirelelitse? Na re ka ba thusa? Na re tla ke re boele re ba bone?’ Malumeli a lefatše a araba lipotso tsena ka litsela tse sa tšoaneng. A mang a ruta hore haeba u motho ea lokileng, u tla ea leholimong empa haeba u phela ka boitšoaro bo litšila, u tla cha sebakeng sa tlhokofatso. A mang a ruta hore ha batho ba shoa ba fetela sebakeng sa moea ho ea kopana le baholo-holo ba bona moo. A mang ’ona a ruta  hore bafu ba ea sebakeng sa meea e shoeleng ho ea ahloloa ba ntan’o fuoa ’mele o mong kapa ba tsoaloe bocha ka ’mele osele.

4. Malumeli a mangata a ruta khopolo efe ea motheo mabapi le lefu?

4 Lithuto tsena kaofela tse rutoang ke malumeli a sa tšoaneng li ruta khopolo e le ’ngoe ea motheo—ea hore karolo e itseng ea rōna e tsoela pele e phela ha ’mele o e-shoa. Hoo e batlang e le malumeli ’ohle, a bileng teng nakong e fetileng le a teng hona joale, a bolela hore ka tsela e itseng re lula re phela ka ho sa feleng re e-na le matla a ho bona, ho utloa le ho nahana. Empa na hoo ho ka etsahala? Litho tsa rōna tsa kutlo, hammoho le menahano ea rōna, li amana le tšebetso ea rōna ea boko. Lefung, boko bo khaotsa ho sebetsa. Mehopolo ea rōna, maikutlo a rōna le litho tsa rōna tsa kutlo ha li tsoele pele li sebetsa li le ling ka tsela e itseng ea mohlolo. Lia shoa ha boko bo khaotsa ho sebetsa.

HA E LE HANTLE HO ETSAHALA’NG LEFUNG?

5, 6. Bibele e ruta’ng ka boemo ba bafu?

5 Jehova o tseba se etsahalang lefung, kaha ke eena Ea bōpileng boko. O tseba seo e leng ’nete, ’me o hlalosa boemo ba bafu ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele. E ruta ka ho hlaka hore: Ha motho a e-shoa, o khaotsa ho ba teng. Lefu le fapane le ho phela. Bafu ha ba bone ebile ha ba utloe kapa hona ho nahana. Ha ho letho ho rōna le tsoelang pele le phela ha ’mele o e-shoa. Ha re na moea o sa shoeng. *

Lelakabe le ile hokae?

6 Ka mor’a hore Solomone a bontše hore ba phelang baa tseba hore ba tla shoa, o ile a ngola a re: “Ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” A ntan’o hlakisa ’nete ena ea motheo ha a re bafu ha ba khone ho rata kapa ho hloea le hore “ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale [lebitleng].” (Moeklesia 9:5, 6, 10) Pesaleme ea 146:4 le eona e re ha motho a shoa, “menahano ea hae ea timela.”  Rea shoa ’me ha re tsoele pele re phela ha ’mele o e-shoa. Bophelo ba rōna bo tšoana le lelakabe la kerese. Ha lelakabe leo le tima, ha ho moo le eang teng. Lea fela.

SEO JESU A SE BUILENG KA LEFU

7. Jesu o ile a hlalosa lefu joang?

7 Jesu Kreste o ile a bua ka boemo ba bafu. O buile ka bona ha a bua ka Lazaro, eo a neng a mo tloaetse, ’me joale a se a shoele. Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse.” Barutuoa ba ne ba nahana hore Jesu o bolela hore Lazaro o robetse, o ntse a hlaphoheloa bokuling. Empa o ne a sa bolele seo. Jesu o ile a ba hlalosetsa a re: “Lazaro o shoele.” (Johanne 11:11-14) Hlokomela hore Jesu o ile a bapisa lefu le ho phomola le ho robala. Lazaro o ne a se leholimong kapa liheleng tse tukang. O ne a sa ea ho mangeloi kapa ho balimo. Lazaro ha aa ka a tsoaloa bocha e se e le motho e mong. O ne a phomotse lefung, joalokaha eka o robetse boroko bo tebileng bo se nang litoro. Litemana tse ling le tsona li bapisa lefu le boroko. Ka mohlala, ha morutuoa Setefane a tlepetsoa ka majoe ho fihlela a e-shoa, Bibele e re o ile “a robala lefung.” (Liketso 7:60) Moapostola Pauluse le eena o ile a ngola ka batho ba bang ba mehleng ea hae ba neng ba “robetse” lefung.—1 Bakorinthe 15:6.

Jehova o bōpetse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng

8. Re tseba joang hore Molimo o ne a sa rera hore batho ba shoe?

8 Na qalong Molimo o ne a rerile hore batho ba shoe? Che! Jehova o ne a etselitse batho hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng. Joalokaha re ithutile pejana bukeng ena, Molimo o ile a beha banyalani ba pele paradeiseng e ntle. O ne a ba file bophelo bo phethahetseng ba ’mele. Jehova o ne a ba batlela se molemo feela. Na ho na le motsoali leha e  le ofe ea lerato ea ratang ha bana ba hae ba hlokofatsoa ke botsofali le lefu? Ka sebele ha a eo! Jehova o ne a rata bana ba hae ’me a batla hore ba phele ka thabo ka ho sa feleng lefatšeng. Bibele e re ka batho: “[Jehova] o kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.” (Moeklesia 3:11) Molimo o re bōpile re e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng. ’Me o re betletse tsela ea hore takatso eo e phethahale.

 LEBAKA LEO BATHO BA SHOANG KA LONA

9. Jehova o ile a behela Adama thibelo efe, hona ke hobane’ng ha ho ne ho se thata ho mamela taelo eo?

9 Joale, ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? E le hore re fumane karabo, re lokela ho hlahloba se etsahetseng nakong eo ka eona ho neng ho phela monna le mosali a le mong feela mona lefatšeng. Bibele e re: “Jehova Molimo a melisa lefatšeng sefate se seng le se seng se lakatsehang ponong ea motho le se molemo bakeng sa lijo.” (Genese 2:9) Empa o ile a beha thibelo e le ’ngoe. Jehova o ile a re ho Adama: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) Ho ne ho se thata ho mamela taelo ena. Ho ne ho e-na le lifate tse ling tse ngata tseo Adama le Eva ba neng ba ka ja litholoana tsa tsona. Empa taelo ena e ne e ba fa monyetla o ikhethang oa ho bontša teboho ho Ea ba fileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa bophelo bo phethahetseng. Ha ba ne ba e mamela ba ne ba tla be ba bontša hore ba hlompha bolaoli ba Ntate oa bona oa leholimo le hore ba batla tataiso ea hae e lerato.

10, 11. (a) Ho tlile joang hore banyalani ba pele ba se ke ba mamela Molimo? (b) Ke hobane’ng ha ho se mamele ha Adama le Eva e bile taba e tebileng?

10 Ka masoabi, banyalani bao ba pele ba ile ba khetha ho se mamele Jehova. Satane o ile a botsa Eva a sebelisa noha, a re: “Na ehlile Molimo o itse le se ke la ja tsa sefate se seng le se seng se serapeng?” Eva a araba a re: “Re ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa ha e le ho ja litholoana tsa sefate se har’a serapa, Molimo o itse, ‘Le se ke la ja tsa sona, che, le se ke la li ama e le hore le se ke la shoa.’”—Genese 3:1-3.

11 Satane a re: “Ka sebele le ke ke la shoa. . . . Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:4, 5) Satane o ne a batla hore Eva a lumele  hore o tla rua molemo haeba a ka ja tholoana e hanetsoeng. Ho ea ka Satane, Eva o ne a ka iketsetsa qeto ea hore na se nepahetseng le se fosahetseng ke sefe; o ne a ka iketsetsa seo a se ratang. Satane o ile a boela a re Jehova o ba thetsitse ka se tla etsahala haeba ba ka ja tholoana eo. Eva o ile a kholoa Satane. Kahoo a nka tholoana ’me a e ja. A ntan’o e fa le monna oa hae, ’me le eena a e ja. Ha baa e ja hobane ba hloka tsebo. Ba ne ba tseba hantle hore ba etsa seo Molimo a itseng ba se ke ba se etsa. Ka ho ja tholoana eo, ba ile ba tlōla ka boomo taelo e bonolo le e utloahalang. Ba ile ba bontša hore ba tella Ntate oa bona oa leholimo le bolaoli ba hae. Ha ho letho  le ka lokafatsang ho hlompholla ha bona ’Mōpi oa bona ea lerato!

12. Ke’ng e ka ’nang ea re thusa ho utloisisa hore na Jehova o ile a ikutloa joang ha Adama le Eva ba khetha ho mo fetohela?

12 Ka mohlala: U ne u ka ikutloa joang haeba ngoana eo u mo hōlisitseng le ho mo hlokomela a sa u mamele ka tsela e bontšang hore ha a u hlomphe ebile ha a u rate? Seo se ne se tla u utloisisa bohloko haholo. Joale, ak’u nahane kamoo e tlamehang ebe Jehova o ile a utloa bohloko kateng ha Adama le Eva ba khetha ho mo fetohela.

Adama o ne a tsoa lerōleng, ’me o ile a khutlela lerōleng

13. Jehova o ile a re ho tla etsahala’ng ka Adama lefung, hona see se bolela’ng?

13 Jehova o ne a se na lebaka la hore a boloke Adama le Eva ba sa mameleng ba phela ka ho sa feleng. Ba ile ba shoa, feela joalokaha a ne a boletse. Adama le Eva ba ile ba khaotsa ho ba teng. Ha baa ka ba fetela sebakeng sa moea. Re tseba sena ka lebaka la seo Jehova a ileng a se bolella Adama ha a mo bitselitse hore a tl’o ikarabella ka ho se mamele ha hae. Molimo o ile a re: “U [tla] khutlela mobung, kaha u ntšitsoe ho oona. Etsoe u lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Molimo o ne a entse Adama ka lerōle la lefatše. (Genese 2:7) Pele ho moo, Adama o ne a le sieo. Kahoo, ha Jehova a ne a re Adama o tla khutlela lerōleng, O ne a bolela hore Adama o tla khutlela boemong ba ho se be teng. Adama o ne a sa tl’o phela joalo feela kaha lerōle leo a entsoeng ka lona le sa phele.

14. Ke hobane’ng ha re e-shoa?

14 Adama le Eva ba ka be ba ntse ba phela kajeno, empa ba ile ba shoa hobane ba ile ba khetha ho se mamele Molimo, kahoo ba etsa sebe. Rōna re shoa hobane boetsalibe ba Adama le lefu li fetetse baneng bohle ba hae. (Baroma 5:12) Sebe seo se tšoana le boloetse bo tšabehang bo futsoang boo motho a ke keng a bo phema. Se fella ka lefu, e le thohako. Lefu ke sera, hase motsoalle. (1 Bakorinthe 15:26) Re lokela ho leboha hakaakang hore ebe Jehova o fane ka thekollo ho re pholosa ho sera see se tšabehang!

 HO TSEBA ’NETE KA SE ETSAHALANG LEFUNG HO RUISA MOLEMO

15. Ke hobane’ng ha e le ho tšelisang ho tseba seo e leng ’nete ka se etsahalang lefung?

15 Seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu sea tšelisa. Joalokaha re bone, bafu ha ba utloe bohloko ebile ha ba na mathata. Ha re na lebaka la ho ba tšaba, kaha ba ke ke ba re ntša kotsi. Ha ba hloke thuso ea rōna, ebile ba ke ke ba re thusa. Re ke ke ra bua le bona le bona ba ke ke ba bua le rōna. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba itlameletsa ka hore ba ka thusa bafu, ’me batho ba kholoang baeta-pele bao ba ba fa chelete. Empa ho tseba ’nete hoa re sireletsa hore re se ke ra thetsoa ke ba rutang mashano ao.

16. Ke mang ea susumelitseng lithuto tse rutoang ke malumeli a mangata, hona o li susumelitse ka tsela efe?

16 Na bolumeli ba hao bo lumellana le seo Bibele e se rutang ka bafu? A mangata ha a lumellane le sona. Hobane’ng? Hobane lithuto tsa ’ona li susumelitsoe ke Satane. O sebelisa bolumeli ba bohata ho etsa hore batho ba lumele hore ha ’mele o e-shoa, ba il’o phela sebakeng sa moea. Lena ke leshano leo Satane a le kopanyang le mashano a mang ho etsa hore batho ba furalle Jehova Molimo. Joang?

17. Ke hobane’ng ha thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng e hlompholla Jehova?

17 Joalokaha ho boletsoe pejana, malumeli a mang a ruta hore haeba motho a phela ka boitšoaro bo litšila, o tla cha ka ho sa feleng tlhokofatsong ea mollo ha a shoa. Thuto ena e hlompholla Molimo. Jehova ke Molimo ea lerato eo le ka mohla a ke keng a hlokofatsa batho ka tsela ena. (1 Johanne 4:8) U ne u ka ikutloa joang ka motho ea otlang ngoana ea sa mameleng ka hore a behe matsoho a ngoana mollong? Na u ne u tla hlompha motho eo? Ha e le hantle, na u ka rata ho mo tseba? Ka sebele u ke ke! U tla mo nka e le motho ea sehlōhō ka tsela e makatsang. Empa Satane o batla hore re lumele hore Jehova o hlokofatsa batho mollong ka ho sa feleng—ka lilemo tse libilione!

18. Ho rapela bafu ho thehiloe leshanong lefe la bolumeli?

 18 Satane o boetse o sebelisa malumeli a mang ho ruta hore ha batho ba e-shoa ba fetoha meea, eo ba phelang ba lokelang ho e hlompha. Ho ea ka thuto ena, meea ea bafu e ka ba metsoalle e matla kapa lira tse tšabehang. Batho ba bangata ba kholoa leshano lena. Ba tšaba bafu ’me baa ba hlompha le ho ba rapela. Ho fapana le seo, Bibele e ruta hore bafu ba robetse le hore re lokela ho rapela Molimo a le mong feela oa ’nete, e leng Jehova, ’Mōpi oa rōna le Mofani oa tsohle.—Tšenolo 4:11.

19. Ho tseba ’nete ka se etsahalang lefung ho re thusa ho utloisisa thuto efe e ’ngoe ea Bibele?

19 Ho tseba ’nete ka bafu ho u sireletsa hore u se ke ua khelosoa ke mashano a bolumeli. Ho boetse ho u thusa ho utloisisa lithuto tse ling tsa Bibele. Ka mohlala, u nka tšepiso ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e le taba ea sebele, ha u hlokomela hore batho ha ba fetele sebakeng se itseng sa moea ha ba shoa.

20. Ho tla tšohloa potso efe khaolong e latelang?

20 Mehleng ea boholo-holo, monna ea lokileng Jobo o ile a botsa, a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” (Jobo 14:14) Na motho ea sa pheleng ea robetseng lefung a ka tsosoa? Seo Bibele e se rutang ka taba ena se tšelisa haholo, joalokaha khaolo e latelang e tla bontša.

^ ser. 5 Ho fumana tlhaloso ea mantsoe moea “soul” le moea “spirit,” ka kōpo bona Sehlomathiso se leqepheng la 208-11.