Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 17

Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

Ho Koetlisa Basebetsi ba ’Muso

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Kamoo likolo tsa puso ea Molimo li koetlisang basebetsi ba ’Muso ho phetha likabelo tsa bona

1-3. Jesu o ile a atolosa mosebetsi oa boboleli joang, hona re ka ipotsa lipotso life?

JESU o ile a qeta lilemo tse peli a bolela Galilea. (Bala Matheu 9:35-38.) O ile a etela metse le metsana e mengata, a ruta ka lisynagogeng ’me a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Hohle moo a neng a bolela teng, letšoele le ne le mo latela. Jesu o ile a hlokomela hore “kotulo e khōlō” ’me ho hlokahala basebetsi ba bangata.

2 Jesu o ile a lokisetsa ho atolosa mosebetsi oa boboleli. Joang? Ka hore a romele baapostola ba hae ba 12 hore ba ‘bolele ’Muso oa Molimo.’ (Luka 9:1, 2) E ka ’na eaba baapostola ba ile ba ipotsa hore na ba tla etsa mosebetsi ona joang. Kaha Ntate oa hae oa leholimo o ile a mo koetlisa, ka lerato Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae pele a ba roma.

3 Re ka ipotsa lipotso tse ’maloa: Ntate oa Jesu o ile a mo koetlisa joang? Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae joang? Na kajeno Morena oa Bomesia o koetlisa balateli ba hae hore ba etse tšebeletso ea bona? Haeba ho joalo, o etsa seo joang?

‘Feela Joalokaha Ntate A Nthutile Kea Bua’

4. Ntate oa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae?

4 Jesu o ne a tseba hantle hore o rutiloe ke Ntate oa hae. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Joh. 8:28) Ntate oa Jesu o ile a mo ruta neng, hona o ne a mo rutela hokae? Ho hlakile hore Mora enoa oa Molimo oa letsibolo o ile a qala ho koetlisoa ka mor’a hore a bōptjoe. (Bakol. 1:15) Mora o ile a ba lehlakoreng la Ntate oa hae, ka lilemo tse se nang palo, a shebile ka hloko a bile a mametse ha a ntse a rupeloa ke ‘Morupeli e Moholo.’ (Esa. 30:20) Ka lebaka leo, Mora o ile a fumana thuto e ke keng ea bapisoa le efe kapa efe ka litšobotsi, mesebetsi le merero ea Ntate oa hae.

5. Ntate o ile a fa Mora litaelo life mabapi le tšebeletso eo a neng a tla e etsa lefatšeng?

5 Ka nako e loketseng, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ka tšebeletso eo a neng a tla e etsa lefatšeng. Nahana ka boprofeta bo hlalosang kamano e pakeng tsa Morupeli e Moholo le Mora oa hae oa letsibolo. (Bala Esaia 50:4, 5.) Boprofeta bo bolela hore Jehova o ne a tsosa Mora oa hae “hoseng ho hong  le ho hong.” Papiso ena e bua ka mosuoe ea tsosang morutoana oa hae esale hoseng e le hore a mo rute. Buka e ’ngoe e hlalosang Bibele, e re: “Jehova . . . o mo [Jesu] ruta joalokaha mosuoe a ruta ngoana sekolong ’me o mo ruta seo a lokelang ho se ruta le hore na o lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli joang.” “Sekolong” seo sa leholimo, Jehova o ile a ruta Mora oa hae ‘seo a tla se bolela le seo a tla se bua.’ (Joh. 12:49) Ntate o ile a boela a fa Mora oa hae litaelo tsa hore o lokela ho ruta joang. * Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa kamoo a neng a koetlisitsoe kateng, eseng feela ka ho etsa tšebeletso ea hae empa hape le ka ho koetlisa balateli ba hae hore ba phethe tšebeletso ea bona.

6, 7. (a) Jesu o ile a fa baapostola ba hae koetliso efe, hona e ile ea ba hlomella hore ba etse’ng? (b) Mehleng ea rōna, Jesu o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba fumana koetliso ea mofuta ofe?

6 Joalokaha ho boletsoe qalong, Jesu o ile a koetlisa baapostola ba hae joang? Ho latela Matheu khaolo ea 10, o ile a ba fa litaelo tse tobileng mabapi le tšebeletso ea tšimo, ho akarelletsa tse latelang: ba lokela ho bolela hokae (temana ea 5, 6), ba lokela ho bolela molaetsa ofe (temana ea 7), bohlokoa ba ho tšepa Jehova (temana ea 9, 10), ba lokela ho bua le batho joang (temana ea 11-13), ba lokela ho etsa’ng ha batho ba sa ba amohele (temana ea 14, 15), le hore ba lokela ho etsa’ng ha ba hlorisoa (temana ea 16-23). * Koetliso e hlakileng eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae, e ile ea ba hlomella hore ba etelle pele mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo lekholong la pele la lilemo.

7 Ho etsahala’ng mehleng ea rōna? Jesu, Morena oa ’Muso oa Molimo o file balateli ba hae mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa, e leng oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso . . . lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Mat. 24:14) Na Morena oa rōna o re koetliselitse ho etsa mosebetsi oo oa bohlokoa? Ka sebele, ho joalo! A le leholimong, Morena o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba fumana koetliso mabapi le ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho phetha boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong.

Ho Koetlisa Basebetsi ho ba Baevangeli

8, 9. (a) Morero o ka sehloohong oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e ne e le ofe? (b) Liboka tsa har’a beke li u thusitse joang?

8 Ho tloha khale mokhatlo oa Jehova o ’nile oa sebelisa likopano le liboka tsa phutheho, tse kang Seboka sa Tšebeletso, ho koetlisa batho ba Molimo hore ba phethe tšebeletso ea bona. Leha ho le joalo, ho tloha lilemong tsa bo-1940, barab’abo rōna ba etellang pele ntlo-khōlō ba ile ba qala ho lokisetsa hore ho be le likolo tse ’maloa bakeng sa ho koetlisa batho ba Molimo.

9 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Joalokaha re bone khaolong e fetileng, sekolo sena se ile sa qala ka 1943. Na morero oa sekolo see e ne e le feela ho koetlisa liithuti hore li be le bokhoni ba ho fana ka lipuo libokeng? Che. Morero  oa sekolo sena o ka sehloohong e ne e le ho koetlisa batho ba Molimo ho sebelisa mpho ea ho bua e le hore ba rorise Jehova tšebeletsong. (Pes. 150:6) Sekolo sena se ile sa hlomella bara le barali babo rōna ba ingolisitseng ho sona hore ebe basebetsi ba ’Muso ba atlehang le ho feta. Hona joale thupelo eo e fumanoa libokeng tsa har’a beke.

10, 11. Ke bo-mang ba ka eang Sekolong sa Gileade, hona morero oa sekolo see ke ofe?

10 Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se ile sa qala ka Mantaha oa la 1, February, 1943. Qalong, se ne se koetlisa bo-pula-maliboho, le batho ba bang ba tšebeletsong ea nako e tletseng e le hore e il’o ba baromuoa linaheng tse ling. Empa ho tloha ka October 2011, ho se ho koetlisoa feela batho ba seng ba ntse ba le tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng, ba kang bo-pula-maliboho ba khethehileng, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona, Basebeletsi ba Bethele le baromuoa ba tšimong ba sa kang ba ea sekolong sena.

11 Morero oa se rutoang Sekolong sa Gileade ke ofe? Morupeli oa sekolo sena eo e leng khale a li bona o re: “Ke ho matlafatsa tumelo ea liithuti ka ho li khothalletsa hore li ithute Lentsoe la Molimo ka botlalo le ho li thusa ho ba le litšobotsi tse hlokahalang tse tla li thusa ha li tobana le mathata likabelong tsa tsona. Hape, morero o ka sehloohong oa sekolo sena ke ho etsa hore liithuti li be le takatso e matla ea ho etsa mosebetsi oa boevangeli.”—Baef. 4:11.

12, 13. Sekolo sa Gileade se khathile tema efe mosebetsing oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle? Fana ka mohlala.

12 Sekolo sa Gileade se khathile tema efe mosebetsing oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle? Ho tloha ka 1943, batho ba fetang 8 500 ba ile ba koetlisoa sekolong sena * ’me baromuoa ba koetlisitsoeng ho sona ba sebelelitse linaheng tse ka holimo ho 170. Baromuoa ba sebelisa thupelo ea bona hamolemo ka ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli le ho koetlisa ba bang hore ba etse se tšoanang. Linaheng tse ngata, baromuoa ba ile ba etella pele mosebetsi likarolong tse neng li e-na le baboleli ba ’Muso ba fokolang.

13 Nahana ka se ileng sa etsahala Japane, moo mosebetsi oa boboleli o ileng oa khaotsa nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše. Ka August 1949, ho ne ho e-na le baboleli ba ka tlaase ho ba leshome. Leha ho le joalo, ha selemo seo se fela, ho ne ho e-na le baromuoa ba 13 ba tsoang Gileade ba neng ba phathahane ka mosebetsi oa boboleli Japane. Ba bang ba bangata ba ile ba latela. Qalong, baromuoa ba ne ba sebetsa haholo litoropong tse khōlō, empa hamorao, ba ile ba ea metseng e meng. Ka cheseho baromuoa ba ile ba khothalletsa batho ba neng ba ithuta le bona le ba bang hore ba nke bopula-maliboho. Boiteko ba baromuoa bo ile ba etsa hore ho be le liphello tse molemo. Hona joale, ho na le baboleli ba ’Muso ba ka holimo ho 216 000 Japane ’me ba ka etsang liphesente tse 40 ba bona, ke bo-pula-maliboho! *

14. Likolo tsa puso ea Molimo li fana ka bopaki bofe bo matla? (Sheba le lebokose le reng, “ Likolo Tse Koetlisang Basebeletsi ba ’Muso,” leqepheng la 188.)

 14 Likolo tse ling tsa puso ea Molimo. Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho, Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste le Sekolo sa Bibele sa Barab’abo Rōna ba Masoha; likolo tsena li thusitse bohle ba ileng ba koetlisoa ho tsona hore ba hōle moeeng le hore ba etelle pele ka cheseho mosebetsing oa boevangeli. * Likolo tsena tsohle ke bopaki bo matla ba hore Morena oa rōna o hlomeletse balateli ba hae hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.—2 Tim. 4:5.

Ho Koetlisa Barab’abo Rōna ho Etsa Mesebetsi e Khethehileng

15. Banna ba etellang pele ba etsisa Jesu joang?

15 Na u sa hopola boprofeta ba Esaia bo buang ka hore Molimo o ile a ruta Jesu? “Sekolong” seo sa leholimong Mora o ile a ithuta hore ‘ka lentsoe a tsebe ho araba ea khathetseng.’ (Esa. 50:4) Jesu o ile a sebelisa thuto eo hobane ha a ne a le lefatšeng o ne a khatholla batho “ba sehlang le ba imetsoeng.” (Mat. 11:28-30) Banna ba etellang pele, ba etsisa Jesu ka hore ba khatholle bara le barali babo bona. Ka lebaka leo, likolo  tseo li ’nile tsa thusa barab’abo rōna hore ba be le bokhoni ba ho sebeletsa balumeli ’moho le bona.

16, 17. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso ke ofe? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

16 Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. Sekolo sena se ile sa qala ka la 9 March, 1959, South Lansing, New York. Balebeli ba tsamaeang hammoho le bahlanka ba phutheho ba ile ba memeloa ho ba teng sekolong sena se neng se nka khoeli. Hamorao, lithuto tse neng li tšoaroa ka Senyesemane feela, li ile tsa fetoleloa lipuong tse ling ’me butle-butle, barab’abo rōna lefatšeng lohle ba ile ba fumana koetliso sekolong sena. *

Mor’abo rōna Lloyd Barry o ruta Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, Japane ka 1970

17 Ha Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1962 e bua ka morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, e ile ea re: “Kaha re lula re phathahane, molebeli oa phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e lokela ho ba monna ea khonang ho hlophisa bophelo ba hae e le hore a hlokomele batho bohle ka phuthehong le ho etsa hore ba thabe. Ka nako e tšoanang ha a lokela ho hlokomela phutheho ho feta ba lelapa la hae empa o lokela ho hlaphoheloa kelellong. Bahlanka ba phutheho lefatšeng lohle ba fumane monyetla o babatsehang hakaakang oa hore ba be teng Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso, e le hore ba fumane koetliso  e tla ba thusa ho etsa lintho tseo Bibele e reng balebeli ba lokela ho li etsa!”—1 Tim. 3:1-7; Tite 1:5-9.

18. Batho ba Molimo ba rua molemo joang Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso?

18 Batho ba Molimo kaofela ba ruile molemo Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso? Joang? Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona sekolong ba khatholla balumeli-’moho le bona, joalokaha Jesu a ne a etsa. Na ha u thabe ha moholo kapa mohlanka ea sebeletsang a u etela, a bua le uena ka mosa a bile a u mamela ka hloko ha u bua le eena? (1 Bathes. 5:11) Ruri banna ba joalo ba tlisa thabo liphuthehong tseo ba leng ho tsona!

19. Komiti ea Thuto e hlokomela likolo life tse ling, hona likolo tseo li etselitsoe’ng?

19 Likolo tse ling tsa puso ea Molimo. Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e hlokomela likolo tse koetlisang barab’abo rōna ba etellang pele ka mokhatlong. Likolo tseo li etselitsoe ho thusa barab’abo rōna ba etellang pele, ba kang baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang le litho tsa Komiti ea Lekala, ho phetha boikarabelo ba bona bo bongata ka katleho. Thupelo e thehiloeng Bibeleng e fanoang likolong tsena e thusa barab’abo rōna hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Molimo le hore ba sebelise melao-motheo ea Mangolo ha ba sebelisana le mohlape oa bohlokoa oo Jehova a ba fileng boikarabelo ba hore ba o hlokomele.—1 Pet. 5:1-3

Tlelase ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Malawi, ka 2007

20. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bolela hore kaofela ha rōna re “rutoa ke Jehova,” hona u ikemiselitse ho etsa’ng?

20 Ha ho pelaelo hore Morena oa Bomesia o entse bonnete ba hore balateli ba hae ba koetlisoa ka ho feletseng. Koetliso ena e tsoa ho Jehova, ea ileng a koetlisa Mora oa hae ’me Mora oa hae eena a koetlisa balateli ba hae. Ke kahoo Jesu a neng a ka bolela hore kaofela ha rōna re “rutoa ke Jehova.” (Joh. 6:45; Esa. 54:13) A re ikemisetseng ho rua molemo ka ho feletseng ha Morena oa rōna a re koetlisa. Hape, re lokela ho hopola hore morero o ka sehloohong oa koetliso ena ke ho re thusa hore re be le kamano e matla le Jehova le ho phetha tšebeletso ea rōna ka botlalo.

^ ser. 5 Re tseba joang hore Ntate o rutile Mora hore a rute joang? Nahana ka sena: Ha Jesu a ne a sebelisa lipapiso tse ngata ha a ruta, o ne a phethahatsa boprofeta bo ileng ba ngoloa lilemo tse makholo pele a tsoaloa. (Pes. 78:2; Mat. 13:34, 35) Ho hlakile hore Mongoli oa boprofeta boo, Jehova, o ne a se a ntse a tseba hore Mora oa hae o ne a tla ruta a sebelisa lipapiso.—2 Tim. 3:16, 17.

^ ser. 6 Likhoeli hamorao, Jesu o ile “a khetha ba bang ba mashome a supileng ’me a ba romela ka bobeli” hore ba il’o bolela. O ile a boela a ba koetlisa.—Luka 10:1-16.

^ ser. 12 Liithuti tse ling li ile Sekolong sa Gileade ka makhetlo a fetang le le leng.

^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na baromuoa ba tsoang Gileade ba ile ba khatha tema joang linaheng tse ling, sheba khaolo ea 23 ea buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo.

^ ser. 14 Likolo tse peli tse qetellang li nketsoe sebaka ke Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso.

^ ser. 16 Hona joale baholo bohle ba ka koetlisoa Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso se tšoaroang ka mor’a lilemo tse ’maloa hape se tšoaroa ka linako tse fapaneng. Ho tloha ka 1984 bahlanka ba sebeletsang ba ile ba koetlisoa sekolong sena.