Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 2

’Muso o Thehoa Leholimong

’Muso o Thehoa Leholimong

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Kamoo Molimo a ileng a etsa hore batho ba hae ba itokisetse ho thehoa ha ’Muso

1, 2. Ke ketsahalo efe e khōlō ka ho fetisisa e ileng ea etsahala lefatšeng, hona ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe batho ha baa ka ba bona ha e etsahala?

NA U kile ua ipotsa hore na ho ka be ho bile joang ho phela nakong eo ho ileng ha e-ba le liphetoho tse khōlō haholo historing? Batho ba bangata baa ipotsa. Empa nahana: Haeba u ne u ile ua phela nakong eo ea bohlokoa, na u ka be u ile ua bona liketsahalo tse ka sehloohong tse ileng tsa tlisa phetoho eo? Mohlomong u ka be u sa li bona. Hangata liketsahalo tse amanang le ho felisoa ha mebuso ea khale ’me li ngotsoe libukeng tsa histori, li ile tsa etsahala batho ba bangata ba sa tsebe ebile ba sa li bone. Leha ho le joalo, liphetoho tseo li ama batho ba limilione.

2 Ho thoe’ng ka ketsahalo e khōlō ka ho fetisisa e ileng ea etsahala lefatšeng? Ketsahalo eo e ile ea ama batho ba limilione. Empa, batho ha baa ka ba bona ha e etsahala. Ha e le hantle, re bua ka ho thehoa ha ’Muso oa Molimo leholimong, e leng puso eo e leng khale e tšepisitsoe ea Bomesia, eo haufinyane e tla felisa mebuso eohle ea lefatše. (Bala Daniele 2:34, 35, 44, 45.) Kaha ha ho motho ea ileng a bona ketsahalo eo ea bohlokoa, na re ka fihlela qeto ea hore Jehova o ne a sa batle hore batho ba tsebe ka eona? Kapa ho e-na le hoo, na o ile a etsa hore batho ba hae ba tšepahalang ba itokisetse ketsahalo eo esale pele? A re ke re bone.

“Lenģosa la ka . . . le Tla Hleka Tsela ka Pel’a Ka”

3-5. (a) “Lenģosa la selekane” leo ho builoeng ka lona ho Malakia 3:1 e ne e le mang? (b) Ho ne ho tla etsahala’ng pele “lenģosa la selekane” le ka tla tempeleng?

3 Ho tloha linakong tsa boholo-holo, Jehova o ’nile a etsa hore batho ba hae ba itokisetse ho thehoa ha ’Muso oa Bomesia. Ka mohlala, nahana ka boprofeta ba Malakia 3:1 bo reng: “Bonang! Ke romela lenģosa la ka, ’me le tla hleka tsela ka pel’a ka. Ka tšohanyetso ho tla tla Morena oa ’nete tempeleng ea Hae, eo le mo batlang, le lenģosa la selekane leo le le thabelang.”

4 Mehleng ea kajeno, Jehova, “Morena oa ’nete,” o ile a tla neng ho tla hlahloba ba neng ba sebeletsa lebaleng le lefatšeng la tempele ea hae ea moea? Boprofeta bo bontša hore Jehova o ne a tla tla le “lenģosa la selekane.” Lenģosa leo e ne e le mang? Ha ho e mong haese Morena oa Bomesia, Jesu Kreste! (Luka 1:68-73) Joaloka ’Musi ea neng a sa tsoa hlomamisoa, o ne a tla  hlahloba le ho hloekisa batho ba Molimo lefatšeng.—1 Pet. 4:17.

5 Joale, “lenģosa” le leng leo ho builoeng ka lona pele ho Malakia 3:1 e ne e le mang? Lenģosa leo le ne le tla hlahella nako e telele pele Morena oa Bomesia a e-ba teng. Na ho na le motho ea ileng a “hleka tsela” ka pel’a Morena oa Bomesia, lilemo tse mashome pele ho 1914?

6. Ke mang “lenģosa” leo ho profetiloeng ka lona le ileng la tla pele ho lokisetsa batho ba Molimo lintho tse neng li tla etsahala?

6 Bukeng ena, re tla fumana likarabo tsa lipotso tseo ha re ntse re ithuta ka histori e hlollang ea batho ba Jehova ba mehleng ena. Histori ena e bontša hore bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, ho ile ha e-ba le sehlopha se le seng se senyenyane sa batho ba tšepahalang bao e neng e le bona feela Bakreste ba ’nete har’a ba bangata ba bohata. Sehlopha seo se ile sa tsejoa e le Liithuti Tsa Bibele. Batho ba neng ba se etella pele, e leng Charles T. Russell le metsoalle ea hae e haufi, ka sebele e ile ea e-ba “lenģosa” leo ho profetiloeng ka lona kaha ba ne ba ruta batho ba Molimo Mangolo ’me ba ba lokisetsa lintho tse neng li tla etsahala. A re ke re hlahlobe litsela tse ’nè tseo “lenģosa” le ileng la etsa seo ka tsona.

Ho Rapela ka ’Nete

7, 8. (a) Lilemong tsa bo-1800, ke bo-mang ba ileng ba pepesa thuto ea leshano ea hore moea ha o shoe? (b) C. T. Russell le metsoalle ea hae e haufi ba ile ba pepesa lithuto life tse ling tsa leshano?

7 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa rapela ka matla ha li ntse li ithuta; li ne li lumellana, li bokella le ho hatisa lithuto tse hlakileng tsa ’nete. Ka lilemo tse makholo Bokreste ba bohata bo ’nile ba apareloa ke lefifi la moea kaha lithuto tse ngata tsa bona li ne li simolohile boheteneng. Mohlala o ka sehloohong ke thuto ea hore moea ha o shoe. Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1800, batho ba ’maloa ba tšepahalang ba neng ba ithuta Bibele ba ile ba hlahloba thuto ena ’me ba fumana hore ha e tšehetsoe ke Lentsoe la Molimo. Henry Grew, George Stetson le George Storrs, ba ile ba ngola le ho fana ka lipuo ka sebete, ba pepesa leshano leo la Satane. * Seo ba ileng ba se ngola se ile sa ama C. T. Russell le metsoalle ea hae haholo.

8 Sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele se ile sa fumana hore lithuto tse ling tse amanang le thuto ea hore moea ha o shoe le tsona li ne li ferekanya ebile e le leshano—ka mohlala, thuto ea hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong kapa ea hore Molimo o hlokofatsa meea ea batho ba khopo mollong o sa feleng oa lihele. Russell le metsoalle ea hae e haufi ba ile ba pepesa mashano ao ka ho hatisa lihlooho tse ngata, libuka, lipampitšana le ka lipuo tse ileng tsa phatlalatsoa likoranteng.

9. Makasine ea Zion’s Watch Tower e ile ea pepesa thuto ea bohata ea Boraro-bo-bong joang?

9 Ka ho tšoanang, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa pepesa thuto ea bohata ea Boraro-bo-bong, e neng e hlomphuoa haholo. Ka 1887, Zion’s Watch Tower e ile ea re: “Mangolo a bolela ka ho hlaka hore Jehova le Morena Jesu ke batho ba babeli ba fapaneng ’me a hlalosa hore na ha e le hantle ba amana joang.” Sehlooho seo se ile sa bontša hore hoa makatsa hore ebe “khopolo ea  Boraro-bo-bong—e leng Molimo a le mong ho ba bararo empa ka nako e tšoanang e le melimo e meraro ho a le mong—e ile ea ata hakaalo le ho amoheloa. Empa taba ea hore e atile ebile e ea amoheloa e bontša kamoo kereke e neng e robetse kateng ha sera se ntse se e thatela ka lithuto tse fosahetseng.”

10. Makasine ea Watch Tower e ile ea bontša joang hore 1914 e ne e le selemo sa bohlokoa?

10 Joalokaha lebitso la eona, e leng Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence le bontša, makasine ena e ne e amehile ka ho teba ka boprofeta bo mabapi le ho ba teng ha Kreste. Batlotsuoa ba tšepahalang ba ileng ba ngola makasine eo ba ile ba hlokomela hore boprofeta ba Daniele bo mabapi le “linako tse supileng,” bo ne bo amana le nako ea ho phethahala ha merero ea Molimo mabapi le ’Muso oa Bomesia. Ho tloha lilemong tsa bo-1870, ba ile ba tšoaea 1914 e le selemo seo linako tseo tse supileng li neng li tla fela ka sona. (Dan. 4:25; Luka 21:24) Le hoja barab’abo rōna ba nakong eo ba ne ba sa utloisise ka botlalo bohlokoa ba selemo seo, ba ile ba phatlalatsa seo ba neng ba se tseba ’me le kajeno re ntse re bona liphello tsa seo ba ileng ba se phatlalatsa.

11, 12. (a) Mor’abo rōna Russell o ile a isa tlotla ho mang ka seo a neng a se ruta? (b) Mosebetsi o neng o etsoa ke Russell le metsoalle ea hae e ne e le oa bohlokoa hakae lilemong tse mashome pele ho 1914?

11 Russell kapa metsoalle ea hae, ha baa ka ba ithorisa ka  hore ke bona ba fumaneng linnete tseo tsa bohlokoa tsa moea le hore baa li utloisisa. Russell o ile a hlokomela hore ba utloisisitse linnete ka lebaka la batho ba li fumaneng pele ho bona. Ka holim’a tsohle, o ile a isa tlotla ho Jehova Molimo, ea rutang batho ba Hae seo ba hlokang ho se tseba, ka nako eo ba hlokang ho se tseba ka eona. Ho hlakile hore Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba Russell le metsoalle ea hae ba ho khetholla ’nete lithutong tsa leshano. Ha lilemo li ntse li e-ea ba ile aroha le ho feta ho Bokreste ba bohata.

Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae ba ne ba buella linnete tsa Bibele

12 Mosebetsi oo banna bao ba tšepahalang ba ileng ba o etsa ha ba buella lithuto tsa ’nete lilemong tse mashome pele ho 1914, ka sebele o ne o hlolla! Morao koana The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence ea November 1, 1917, e ile ea re: “Batho ba limilione kajeno ba ikutloa ba lokolohile tšabong e neng e bakoa ke lithuto tsa mollo oa lihele le lithuto tse ling tsa leshano . . . Leqhubu la ’nete, le qalileng lilemong tse fetang tse mashome a mane tse fetileng, le ntse le phahama ’me le tla tsoela pele ho phahama ho fihlela le aparela lefatše lohle; bahanyetsi ba ka thibela ’Nete hore e se ke ea namela lefatšeng ka bophara, empa ka ho etsa joalo, ho tšoana le ha ba leka ho khutlisetsa maqhubu a matla leoatleng ka lefielo le tloaelehileng.”

13, 14. (a) “Lenģosa” le ile la lokisetsa Morena oa Bomesia tsela joang? (b) Re ka ithuta’ng ho barab’abo rōna ba lilemong tse fetang lekholo tse fetileng?

13 Nahana ka sena: Na batho ba ka be ba ile ba itokisetsa ho ba teng ha Kreste haeba ba ne ba sa tsebe phapang pakeng tsa Jesu le Ntate oa hae, Jehova? Ka sebele ba ne ba ke ke! Hape ba ne ba ke ke ba itokisa haeba ba ne ba nahana hore bophelo ba ho se shoe ke mpho e fuoang batho bohle eseng feela balateli ba ’maloa ba Kreste; kapa haeba ba ne ba nahana hore Molimo o hlokofatsa batho mollong oa lihele ka ho sa feleng ba se na tšepo ea ho pholoha! Ntle ho pelaelo, “lenģosa” le ile la lokisetsa Morena oa Bomesia tsela!

14 Rōna re lokela ho etsa’ng kajeno? Re ka ithuta’ng ho barab’abo rōna ba lilemong tse fetang lekholo tse fetileng? Le rōna re lokela ho ba babali le liithuti tse hloahloa tsa Lentsoe la Molimo. (Joh. 17:3) Ha batho ba ntse ba lapa moeeng ka lebaka la ho rata lintho tsa lefatše, e se eka takatso ea rōna ea lijo tsa moea e ka ’na ea matlafala!—Bala 1 Timothea 4:15.

“Tsoang ho Eena, Sechaba sa Ka”

15. Butle-butle Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lemoha eng? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

15 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ruta batho hore ba lokela ho tsoa likerekeng tsa lefatše. Ka 1879, Makasine ea Watch Tower e ile ea bua ka “kereke ea Babylona.” Na e ne e bua ka bo-mopapa? Kereke ea Roma e K’hatholike? Ka lilemo tse makholo likereke tsa Boprostanta li ile tsa bolela hore Babylona eo boprofeta ba Mangolo bo buang ka eona ke Kereke e K’hatholike. Leha ho le joalo, butle-butle Liithuti Tsa Bibele li ile tsa lemoha hore likereke tsohle tsa Bokreste ba bohata ke karolo ea “Babylona” ea mehleng ena. Hobane’ng? Hobane kaofela ha tsona li ne li ruta lithuto tsa bohata tse kang tseo ho builoeng ka tsona ka  holimo. * Ha nako e ntse e e-ea lingoliloeng tsa rōna li ile tsa bua ka ho toba le ho feta ka seo litho tse tšepahalang tsa likereke tsa Babylona li lokelang ho se etsa.

16, 17. (a) Ke joang Buka ea Boraro ea Millennial Dawn le makasine ea Watch Tower li ileng tsa khothalletsa batho hore ba ikarole bolumeling ba bohata? (b) A mang a mabaka a ileng a etsa hore batho ba se ke ba ela litemoso tseo hloko ke afe? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

16 Ka mohlala, ka 1891, Buka ea Boraro ea Millennial Dawn e ile ea bua ka hore Molimo o lahlile Babylona ea mehleng ena ’me e ile ea re: “Likereke tsohle tsa Bokreste ba bohata li lahliloe.” E ile ea phaella ka hore bohle “ba sa lumellaneng le lithuto tsa bohata le mekhoa ea likereke ba lokela ho ikarola ho tsona.”

17 Ka January 1900, makasine ea Watch Tower e ile ea khalemela batho bao mabitso a bona a ntseng a le likerekeng tsa Bokreste ba bohata ’me ba ipuella ka ho re, “Ke lumellana le ’nete ka hohle-hohle ’me ke ka seoelo ke eang kerekeng.” Sehlooho seo se ile sa botsa sa re: “Empa na ho loketse hore motho a se ke a tsoa ka ho feletseng Babylona? Na ke hona ho mamela hoo . . . ’me na see ke sona se thabisang le se amohelehang ho Molimo? Ka sebele hase sona. Motho [setho sa kereke] eo o kene selekaneng le kereke eo phatlalatsa ’me o lokela ho phela ho latela seo a ikanetseng sona ho fihlela . . . a itokolla phatlalatsa.” Ha lilemo li ntse li e-ea molaetsa oo o ile oa ba matla le ho feta. * Bahlanka ba Jehova ba lokela ho itokolla ka ho feletseng bolumeling ba bohata.

18. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore batho ba tsoe Babylona e Moholo?

18 Haeba litemoso tsa hore batho ba tsoe Babylona e Moholo li sa ka tsa boleloa khafetsa, na Kreste joaloka Morena ea sa tsoa hlomamisoa a ka be a ile a ba le sehlopha se itokisitseng sa bahlanka ba tlotsitsoeng lefatšeng? Che, hobane ke Bakreste ba lokolohileng litleneng tsa Babylona feela ba ka rapelang Jehova ka “moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24) Na le rōna kajeno re ikemiselitse ho itokolla bolumeling ba bohata? A re tsoeleng pele re mamela taelo e reng: “Tsoang ho eena, sechaba sa ka.”—Bala Tšenolo 18:4.

Ho Bokana Bakeng sa Borapeli

19, 20. Ke joang Watch Tower e ileng ea khothalletsa batho ba Molimo hore ba bokane hammoho bakeng sa borapeli?

19 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ruta hore balumeli ba lokela ho bokana hammoho borapeling, ha ho khoneha. Ha hoa lekana hore feela Bakreste ba ’nete ba tsoe bolumeling ba bohata. Ho boetse ho hlokahala hore ba kopanele borapeling bo hloekileng. Ho tloha ka limakasine tsa pele, makasine ea Watch Tower e ile ea khothalletsa babali hore ba bokane hammoho bakeng sa borapeli. Ka mohlala, ka July 1880, Mor’abo rōna Russell o ile a fana ka tlaleho mabapi le leeto la ho fana ka lipuo leo a ileng a le nka, o ile a bolela kamoo liboka tseo e ileng ea e-ba tse khothatsang kateng. Eaba o khothalletsa babali hore ba ngole likarete tse mabapi le hore na ba ikutloa joang ka ho bokana hammoho ’me tse ling tsa tsona li ne li tla hatisoa makasineng. Lebaka e ne e le lefe? O ile a re: “Re tsebiseng . . . kamoo Morena a le hlohonolofatsang kateng; ha le ntse le bokana le ba nang le tumelo e babatsehang joaloka ea lōna.”

Charles Russell o na le sehlopha sa pele sa Liithuti tsa Bibele Copenhagen, Denmark, ka 1909

 20 Ka 1882, sehlooho se reng “Ho Bokana Hammoho” se ile sa hlaha ho makasineng ea Watch Tower. Sehlooho seo se ile sa khothalletsa Bakreste hore ba tšoare liboka “e le hore ba ka hahana, ba khothatsana le ho matlafatsana.” Se ile sa re: “Ha ho tsotellehe hore na ho na le motho ea rutehileng kapa ea nang le bokhoni bo itseng har’a lōna. E mong le e mong o lokela ho tla le Bibele, leqephe le pene ’me le sebelise tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e hlahang Bibeleng, . . . ka hohle kamoo ho ka khonehang. Khethang sehlooho; le kōpe tataiso ea Moea e le hore le utloisise; le bale, le nahane, le bapise lengolo ka lengolo ’me ha ho potang hore ha le etsa seo le tla fumana ’nete.”

21. Phutheho ea Allegheny, Pennsylvania, e ile ea beha mohlala ofe mabapi le ho tšoara liboka le ho lisa litho tsa phutheho?

21 Ntlo-khōlō ea Liithuti Tsa Bibele e ne e le Allegheny, Pennsylvania, U.S.A. Liithuti tsa Bibele li ile tsa beha mohlala o motle ka ho bokana hammoho e le ha li mamela keletso e bululetsoeng e ho Baheberu 10:24, 25. (E bale.) Hamorao, mor’abo rōna ea hōlileng ea bitsoang Charles Capen o hopola a e-ba teng libokeng tseo esale moshanyana. O ile a ngola a re: “Ke ntse ke hopola temana e neng e takiloe leboteng la holo ea  kopano ea Mokhatlo. ‘Moruti oa lōna o mong, e leng Kreste, ’me lōna bohle le bana ba motho a le mong.’ Ke ne ke lula ke hopola temana eo—ha ho na baruti har’a batho ba Jehova.” (Mat. 23:8) Mor’abo rōna Capen o ile a hopola kamoo liboka tseo li neng li haha kateng ebile li khothatsa, o boetse o hopola le kamoo Mor’abo rōna Russell a neng a etsa boiteko bo matla ba ho lisa setho se seng le se seng sa phutheho kateng.

22. Batho ba tšepahalang ba ile ba etsa’ng ha ba khothalletsoa hore ba be teng libokeng tsa Bokreste, hona re ka ithuta’ng ho bona?

22 Batho ba tšepahalang ba ile ba etsisa mohlala ona ’me ba latela litaelo tse ileng tsa fanoa. Ho ile ha thehoa liphutheho liprofinseng tse kang Ohio le Michigan, hammoho le Amerika Leboea le linaheng tse ling. Nahana ka sena: Na batho ba tšepahalang ba ka be ba itokiselitse ho ba teng ha Kreste haeba ba ne ba sa ka ba koetlisetsoa hore ba mamele keletso e bululetsoeng ea ho bokana hammoho bakeng sa borapeli? Ho hlakile hore ba ne ba ke ke! Rōna re lokela ho etsa’ng kajeno? Le rōna re lokela ho ikemisetsa ho ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla, re etse sohle seo re ka se khonang ho rapela hammoho le ho hahana moeeng.

Ho Cheseha Boboleling

23. Watch Tower e ile ea hlakisa joang hore batlotsuoa bohle e lokela ho ba baboleli ba ’nete?

23 Liithuti Tsa Bibele li ile tsa ruta hore batlotsuoa bohle e lokela ho ba baboleli ba ’nete. Ka 1885, Watch Tower e ile ea re: “Ha rea lokela ho lebala hore setho se seng le se seng sa sehlopha sa batlotsuoa, se tlotselitsoe ho bolela (Esa. 61:1), se bitselitsoe tšebeletso.” Makasine ea 1888 e ile ea re: “Mosebetsi oa rōna o hlakile . . . Haeba re iphapanyetsa oona ’me re ipehela  mabaka, ka sebele re tla be re le bahlanka ba botsoa, re ipaka re sa tšoanelehe hore re ka ba batlotsuoa.”

24, 25. (a) Ke joang Russell le metsoalle ea hae ba ileng ba etsa ho fetang feela ho khothalletsa batho ho etsa mosebetsi oa boboleli? (b) Morekisi e mong oa libuka o ile a hlalosa mosebetsi oa hae joang ‘matsatsing a pele ho e-ba le likoloi’?

24 Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae, ba ile ba etsa ho fetang feela ho khothalletsa batho ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ba ile ba boela ba hatisa lipampitšana tse neng li bitsoa Bible Students’ Tracts, tseo hamorao li ileng tsa bitsoa Old Theology Quarterly. Babali ba Watch Tower ba ile fuoa lipampitšana tsena e le hore ba li abele batho mahala.

Re lokela ho ipotsa, ‘Na mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa bophelong ba ka?’

25 Batho ba ileng ba etsa tšebeletso ka nako e tletseng ba ne ba bitsoa barekisi ba libuka tsa bolumeli. Charles Capen, eo ho builoeng ka eena ka holimo, e ne e le e mong oa bona. Hamorao o ile a re: “Ke ne ke sebelisa li-’mapa tse neng li entsoe ke Lefapha le Hlahlobang Mobu le Mafika la ’Muso oa United States e le hore li ntataise hore ke khone ho koahela tšimo ea Pennsylvania. Li-’mapa tsena li ne li bontša litsela tsohle, e leng se neng se etsa hore ke finyelle likarolo tsohle tsa setereke se seng le se seng ka maoto. Ka linako tse ling, ka mor’a leeto la matsatsi a mararo ke haola le naha, ke nka liodara tsa libuka tsa Studies in the Scriptures, ke ne ke hira pere le kariki e le hore ke ise libuka tseo ho batho ba li odarileng. Hangata ha ke phirimelloa ke ne ke robala matlong a bo-rapolasi. Ao e ne e le matsatsi a pele ho e-ba le likoloi.”

Morekisi oa libuka tsa bolumeli. Hlokomela “Chart of the Ages” e ngotsoeng lehlakoreng la kariki

26. (a) Ke hobane’ng ha batho ba Molimo ba ne ba lokela ho etsa mosebetsi oa boboleli e le hore ba itokisetse ho busa ha Kreste? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona?

26 Ka sebele ho ne ho hlokahala sebete le cheseho e le hore batho ba mehleng eo ba etse mosebetsi oa boboleli. Haeba Bakreste ba ’nete ba ne ba sa ka ba rutoa bohlokoa ba mosebetsi oa boboleli, na ba ka be ba ile ba itokisetsa ho busa ha Kreste? Ho totobetse hore ba ne ba ke ke! Lebaka ke hore, mosebetsi oo e ne e tla ba ntho e hlaheletseng e bontšang ho ba teng ha Kreste. (Mat. 24:14) Batho ba Molimo ba ne ba lokela ho itokisetsa ho etsa hore mosebetsi oo o pholosang bophelo e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Le rōna kajeno re lokela ho ipotsa: ‘Na mosebetsi oa boboleli ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka? Na kea itela e le hore ke etse mosebetsi oo ka botlalo?’

’Muso oa Molimo oa Thehoa!

27, 28. Ke’ng seo moapostola Johanne a ileng a se bona ponong, hona Satane le bademona ba hae ba ile ba etsa’ng ha ’Muso o thehoa?

27 Qetellong selemo sa bohlokoa sa 1914 se ile sa fihla. Joalokaha ho boletsoe qalong ea khaolo ena, ha ho motho ea ileng a bona liketsahalo tse hlollang tse neng li etsahala leholimong. Leha ho le joalo, moapostola Johanne o ile a fuoa pono e hlalosang liketsahalo ka tsela ea tšoantšetso. Ak’u nahane sena: Johanne o ile a bona “pontšo e khōlō” leholimong. “Mosali” oa Molimo—e leng mokhatlo oa hae oa libōpuoa tsa moea o leholimong—ke moimana ’me o tsoala ngoana oa moshanyana. Re bolelloa hore haufinyane, ngoana enoa oa tšoantšetso, o tla “lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe.” Leha ho le joalo, ka mor’a hore ngoana eo a tsoaloe, o ile a “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.” Ho ile ha utloahala lentsoe le phahameng leholimong,  le re: “Joale ho hlahile poloko le matla le ’muso oa Molimo oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae.”—Tšen. 12:1, 5, 10.

28 Ha ho pelaelo hore seo Johanne a ileng a se bona ponong, e ne e le ho thehoa ha ’Muso oa Bomesia. Ka sebele pono eo e ne e le e hlollang, empa hase bohle ba ileng ba e thabela. Satane le bademona ba hae ba ile ba loantša mangeloi a tšepahalang, a neng a etelloa pele ke Mikaele kapa Kreste. Phello e bile efe? Rea bala: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.”—Tšen. 12:7, 9.

Ka 1914, Liithuti tsa Bibele li ile tsa hlokomela ka ho hlaka pontšo ea ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng

29, 30. Ka mor’a ho thehoa ha ’Muso oa Bomesia, maemo a ile a fetoha joang (a) lefatšeng? (b) leholimong?

29 Nako e telele pele ho 1914, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa bolela hore nako ea matšoenyeho e ne e tla qala selemong sona seo. Empa le tsona li ne li sa tsebe hore li ne li hlile li nepile. Joalokaha pono ea Johanne e bontša, Satane o ne a tla halefela batho le ho feta: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšen. 12:12) Ka 1914, ho ile ha qhoma ntoa ea pele ea lefatše ’me pontšo ea ho ba teng ha Kreste e le morena ea matla e ile ea qala ho phethahala lefatšeng ka bophara. Ho ile ha qaleha ‘matsatsi a ho qetela’ a tsamaiso ena ea lintho.—2 Tim. 3:1.

30 Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le thabo leholimong. Satane le bademona ba hae ba ile ba lelekoa leholimong ’me ba ne ba ke ke ba hlola ba le beha moo. Tlaleho ea Johanne e re: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!” (Tšen. 12:12) Kaha maholimo a ne a se a hloekisitsoe ’me Jesu a behiloe teroneng e le Morena, ’Muso oa Bomesia o ne o se o loketse ho busa batho ba Molimo lefatšeng. ’Muso o ne o tla etsa’ng? Joalokaha re bone qalong ea khaolo ena, Kreste e le “lenģosa la selekane” o ne a tla qala ka ho hloekisa bahlanka ba Molimo mona lefatšeng. Seo se ne se tla bolela’ng?

Nako ea Teko

31. Ke’ng seo Malakia a ileng a se profeta mabapi le nako ea ho hloekisa, hona boprofeta boo bo ile ba qala ho phethahala joang? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

31 Malakia o ile a profeta hore mosebetsi oa ho hloekisa o ne o tla ba boima. O ile a ngola a re: “Ke mang ea tla mamella letsatsi la ho tla ha hae, ’me ke mang ea tla ema ha a hlaha? Etsoe o tla ba joaloka mollo oa mohloekisi le joaloka lokho ea bahlatsoi.” (Mal. 3:2) Ruri seo e ile ea e-ba ’nete! Ho tloha ka 1914, batho ba Molimo ba ile ba tobana le mathata le liteko tse boima. Ha Ntoa ea Pele ea Lefatše e ntse e kupa, Liithuti Tsa Bibele tse ngata li ile tsa hlorisoa hampe ’me tsa koalloa chankaneng. *

32. Ke’ng se ileng sa tsosa moferefere har’a batho ba Molimo ka mor’a 1916?

32 Ho ile ha boela ha tsoha moferefere le ka phuthehong. Ka 1916, Mor’abo rōna Russell o ile a hlokahala a le lilemo li 64, e leng se ileng sa tšosa batho ba Molimo. Ha a shoa, ho ile ha bonahala hore batho ba bang ba ne ba behile tšepo ea bona ho eena ka ho feteletseng. Le hoja ba bangata ba ne ba se ba mo  hlompha joalokaha eka baa mo rapela, Mor’abo rōna Russell o ne a sa batle seo ho hang. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore ka mor’a lefu la hae ba ne ba ke ke ba tsoela pele ba fumana ’nete ’me ba bang ba ile ba hanyetsa ka bohale boiteko bo neng bo etsoa ba hore ho tsoeloe pele. Seo se ile sa etsa hore bokoenehi bo qale, e leng se ileng sa tlisa karohano ka phuthehong.

33. Ho ile ha etsahala’ng ha seo batho ba Molimo ba neng ba se lebeletse se sa phethahale?

33 Bothata bo bong e ne e le hore, lintho tseo batho ba neng ba li lebeletse ha lia ka tsa phethahala. Le hoja makasine ea Watch Tower e ile ea bontša ka nepo hore Linako Tsa Balichaba li ne li tla fela ka 1914, barab’abo rōna ba ne ba ntse ba e-s’o utloisise se neng se tla etsahala ka selemo seo. (Luka 21:24) Ba ne ba nahana hore ka 1914, Kreste o ne a tla lata sehlopha sa monyaluoa sa batlotsuoa e le hore se e’o busa le eena leholimong. Seo ha sea ka sa etsahala. Qetellong ea 1917, makasine ea The Watch Tower e ile ea phatlalatsa hore kotulo ea lilemo tse 40 e ne e tla fela nakong ea selemo, ka 1918. Empa mosebetsi oa boboleli ha oa ka oa fela. O ile oa tsoela pele o hōla le ka mor’a nako eo. Makasine eo e ile ea hlalosa hore nako ea kotulo e ne e felile empa ho ne ho setse nako ea ho bokella. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ile ba khaotsa ho sebeletsa Jehova ka lebaka la ho soetseha.

34. Ka 1918, ho ile ha tsoha teko efe e ileng ea nyahamisa batho ba Molimo, hona ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste ba bohata ba ile ba nahana hore batho ba Molimo ba “shoele”?

34 Ka 1918, ho ile ha tsoha teko e ileng ea nyahamisa batho ba Molimo. J. F. Rutherford, ea ileng a hlahlama C. T. Russell mosebetsing oa ho etella pele batho ba Molimo, o ile a tšoaroa hammoho le barab’abo rōna ba supileng ba neng ba e-na le boikarabelo ka phuthehong. Nyeoe ea bona e ile ea tšoaroa ka leeme ’me ba ahloleloa ho hlola nako e telele chankaneng e khōlō Atlanta, Georgia, U.S.A. Ka nako eo, ho ile ha bonahala eka mosebetsi oa batho ba Molimo o ke ke oa hlola o tsoela pele. Baruti ba bangata ba Bokreste ba bohata ba ile ba thaba. Ba ile ba nahana hore kaha “baeta-pele” ba chankaneng, ntlo-khōlō e Brooklyn e koetsoe ’me mosebetsi oa boboleli o ne o le kotsing ea ho thibeloa Amerika le Europe, Liithuti tseo tsa Bibele tse tenang li ne li “shoele”—li ne li ke ke tsa hlola li tšoenya. (Tšen. 11:3, 7-10) Ba ne ba fositse hakaakang!

Nako ea ho Tsosolosoa!

35. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a lumella hore balateli ba hae ba fete litekong, hona o ile a etsa’ng ho ba thusa?

35 Lira tsa ’nete li ne li sa tsebe hore Jesu o ile a lumella hore batho ba hae ba fete litekong tseo, hobane ka nako eo, Jehova o ne a lutse “e le mohloekisi le mohlatsoi oa silevera.” (Mal. 3:3) Jehova le Mora oa hae Jesu ba ne ba tseba hantle hore batho ba tšepahalang ba ne ba tla feta litekong tseo tse kang mollo ba hloekisitsoe, ba hlatsoitsoe ’me ba tšoaneleha le ho feta ho sebeletsa Morena. Ho tloha mathoasong a 1919, ho ile ha hlaka hore moea oa Molimo o ile oa etsa seo lira tsa batho ba hae li neng li nahana hore se ke ke sa khoneha. Batho ba tšepahalang ba ile ba tsosolosoa! (Tšen. 11:11) Ka nako eo, ka sebele Kreste  o ile a phethahatsa tšobotsi e ka sehloohong e neng e tla ba pontšo ea matsatsi a ho qetela. O ile a beha “lekhoba le tšepahalang le le masene,” e leng sehlopha se senyenyane sa batlotsuoa se neng se tla etella batho ba hae pele ka hore se abe lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.—Mat. 24:45-47.

36. Ke’ng e bontšang hore batho ba Molimo ba ile ba tsosolosoa moeeng?

36 Mor’abo rōna Rutherford le metsoalle ea hae ba ile ba lokolloa chankaneng ka la 26 March, 1919. Hang-hang ho ile ha lokisetsoa hore ho tšoaroe kopano ka September. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ho qaloe makasine ea bobeli, e neng e tla bitsoa The Golden Age. Makasine ena e ne e tla tsamaisana le ea The Watch Tower ’me e ne e tla sebelisoa tšebeletsong ea tšimo. * Selemong sona seo ho ile ha hatisoa koranta ea pele ea Bulletin, eo hona joale e bitsoang kemiso ea liboka ea Bophelo le Tšebeletso ea Rōna. Ho tloha qalong feela, haesale e khothalletsa batho ho etsa mosebetsi oa boboleli. Ha ho pelaelo hore ho tloha ka 1919 tšebeletso ea ntlo le ntlo e ile ea e-ba mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa.

37. Lilemo tse ileng tsa latela 1919, batho ba bang ba ile ba bontša joang hore ha ba tšepahale?

37 Mosebetsi oa boboleli o ile oa tsoela pele o hloekisa bahlanka ba Kreste, hobane batho ba ikhohomosang ba ne ba sa  ikemisetsa ho etsa mosebetsi oo o etsoang ke batho ba ikokobelitseng. Batho ba neng ba sa ikemisetsa ho etsa mosebetsi oo, ba ile a ikarola ho ba tšepahalang. Lilemo tse ileng tsa latela 1919, batho ba sa kang ba tšepahala ba ile ba halefa eaba ba etselletsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova le ho hatisa libuka tse buang mashano ka bona ’me ba tšehetsa bahlorisi ba bahlanka bao ba Jehova.

38. Ho atleha le ho hlōla ha balateli ba Kreste lefatšeng ho re fa kholiseho efe?

38 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe litlhaselo tseo, balateli ba Kreste ba lefatšeng ba ile ba tsoela pele ho atleha le ho hōla moeeng. Ha re nahana kamoo ba ileng ba atleha le ho hlōla kateng, seo se re kholisa hore ka sebele ’Muso oa Molimo o oa busa! Ke ka tšehetso le ka tlhohonolofatso ea Molimo feela—eo a fanang ka eona ka Mora oa hae le ka ’Muso oa Bomesia—sehlopha sa batho feela ba sa phethahalang se ka hlōlang Satane le tsamaiso ea hae e khopo!—Bala Esaia 54:17.

Mor’abo rōna Rutherford o fana ka puo e susumetsang kopanong likhoeli tse seng kae feela ka mor’a hore a lokolloe chankaneng

39, 40. (a) Tse ling tsa litšobotsi tsa buka ee ke life? (b) Ho ithuta buka ee ho tla u tsoela molemo joang?

39 Likhaolong tse tla latela, re tla hlahloba seo ’Muso oa Molimo o se finyeletseng lefatšeng lilemong tse lekholo esale o thehoa leholimong. Karolo ka ’ngoe ea buka ena e tla akaretsa tšobotsi e ikhethang ea mosebetsi oa ’Muso mona lefatšeng. Khaolong e ’ngoe le e ’ngoe, ho tla ba le lebokose la tlhahlobo le tla re thusa ho tseba hore na ha e le hantle ’Muso ke oa sebele hakae ho rōna. Likhaolong tse qetellang, re tla tšohla hore na re ka lebella eng ha ’Muso o fihla haufinyane, o felisa tsamaiso ena e khopo ’me o tlisa lefatše la paradeise. Ho ithuta buka ee ho tla u tsoela molemo joang?

40 Satane o batla hore u se ke ua ba le tumelo ho ’Muso oa Molimo. Empa Jehova o batla ho matlafatsa tumelo ea hao e le hore e u sireletse ’me u lule u le matla. (Baef. 6:16) Kahoo, re u khothalletsa hore u rapelle tataiso ea Molimo ha u ntse u bala buka ena. Tsoela pele u ntse u ipotsa, ‘Na ’Muso oa Molimo ke oa sebele ho ’na? Haeba e le oa sebele ho uena, u tla tšehetsa ’Muso oo ka botšepehi letsatsing leo bohle ba phelang ba tla bona hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele ’me oa busa!

^ ser. 7 E le hore u ithute ka ho eketsehileng ka Grew, Stetson le Storrs, sheba buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 45-46.

^ ser. 15 Le hoja Liithuti Tsa Bibele li ile tsa bona ho hlokahala hore li ikarole ho mekhatlo ea bolumeli eo e neng e le metsoalle ea lefatše, li ile tsa qeta lilemo tse ngata li talima batho ba neng ba lumela thekollo ’me ba ipolela hore ba inehetse ho Molimo joaloka barab’abo bona, le hoja batho bao e ne e se Liithuti Tsa Bibele.

^ ser. 17 A mang a mabaka a ileng a etsa hore batho ba se ke ba ela litemoso tseo hloko, e ne e le hobane li ne li sebetsa haholo ho mohlatsoana oa Kreste oa ba 144 000. Re tla bona Khaolong ea 5 hore pele ho 1935 ho ne ho nahanoa hore “bongata bo boholo ba batho” bo hlalositsoeng ho Tšenolo 7:9, 10 ho Bibele ea Sesotho, bo ne bo tla akarelletsa litho tsa bolumeli ba Bokreste ba bohata ’me e ne e tla ba karolo ea bobeli ea batho ba eang leholimong ba fuoa moputso ka lebaka la hore ba ile ba ema le Kreste ho fihlela qetellong.

^ ser. 31 Ka September 1920, makasine ea The Golden Age (eo hona joale e leng Tsoha!) e ile ea hatisa sehlooho se ikhethang se neng se bua ka liketsahalo tsa kamoo batho ba neng ba hlorisoa ka sehlōhō kateng nakong ea ntoa, tse neng li etsahala Canada, Engelane, Jeremane le United States. Leha ho le joalo, batho ba phetseng lilemong tse lekholo pele ho ntoa ea pele ea lefatše ha baa ka ba hlorisoa ka tsela eo.

^ ser. 36 Ka lilemo tse ngata, makasine ea Molula-Qhooa e ne e sebelisoa haholo ke litho tsa mohlatsoana e le ho ba matlafatsa.