Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 18

Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

Mesebetsi ea ’Muso e Tšehetsoa Joang ka Lichelete?

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Batho ba Jehova ba tšehetsa mosebetsi oa ’Muso joang ka lichelete, hona hobane’ng?

1, 2. (a) Mor’abo rōna Russell o ile a re’ng ho moruti ea neng a batla ho tseba hore na mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele o tšehetsoa joang? (b) Re tla tšohla eng khaolong ee?

KA LETSATSI le leng moruti oa Kereke ea Reformed, ea neng a batla ho tseba hore na mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele o tšehetsoa joang ka lichelete o ile a tla ho Mor’abo rōna Charles T. Russell.

Mor’abo rōna Russell o ile a re: “Ha re batle batho koleke.”

Moruti o ile a botsa a re: “Le fumana chelete joang?”

Russell o ile a araba a re: “U ke ke ua kholoa ha nka u bolella ’nete. Ha batho ba tla libokeng, ha ba bone sekotlolo sa koleke se ntse se feta ka pel’a bona. Empa baa bona hore ho hlokahala chelete. Ba re, ‘Holo ena e hahuoe ka chelete . . . Nka tšehetsa joang?’”

Moruti eo ha aa ka a lumela seo Mor’abo rōna Russell a neng a mo bolella sona.

Russell o ile a tsoela pele ka ho re: “Ke u bolella ’nete e tsoileng matsoho. Batho baa mpotsa hore na ba ka tšehetsa mosebetsi ona joang. Ha motho a e-na le bonyane bo itseng o batla ho bo sebelisetsa mosebetsi oa Morena. Haeba motho a se na chelete, ha re mo qobelle hore a e ntše.” *

2 Ka sebele Mor’abo rōna Russell o ne a bua “’nete e tsoileng matsoho.” Ho tloha khale batho ba Molimo ba ’nile ba ithaopela ho ntša menehelo bakeng sa ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Khaolong ena, re tla hlahloba mehlala eo e hlahang ka Mangolong le se etsahalang mehleng ea rōna. Ha re ntse re hlahloba kamoo mesebetsi ea ’Muso e tšehetsoang kateng ka lichelete kajeno, e mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa, ‘Ke joang nka tšehetsang ’Muso?’

‘E Mong le e Mong ea Nang le Pelo e Ratang a Tlise Monehelo’

3, 4. (a) Jehova o na le tšepo efe ho barapeli ba hae? (b) Baiseraele ba ile ba tšehetsa mosebetsi oa ho haha tabernakele joang?

3 Jehova o tšepa barapeli ba hae. Oa tseba hore ha ho hlokahala, ba tla thabela ho bontša boinehelo ba bona ka ho ithaopela ho fana. Nahana ka mehlala e ’meli ea mehleng ea Baiseraele.

4 Ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta, Jehova o ile a  ba bolella hore ba hahe tente e nyenyane kapa tabernakele moo ba tla mo rapela teng. Ho haha mohaho oo le ho etsa thepa ea oona, ho ne ho tla hloka matlotlo a mangata. Jehova o ile a laela Moshe hore a fe batho monyetla oa ho tšehetsa mosebetsi oo, o ile a re: ‘E mong le e mong ea nang le pelo e ratang a tlise monehelo oa Jehova.’ (Ex. 35:5) Batho bao ba neng ba tsoa ‘mofuteng o mong le o mong oa bokhoba’ ba ile ba etsa’ng? (Ex. 1:14) Ba ile ba tšehetsa mosebetsi ona ka lipelo tsa bona tsohle, ba fana ka khauta, silevera le matlotlo a mang—e ka ’na eaba boholo ba matlotlo ao a ne a tsoa ho Baegepeta. (Ex. 12:35, 36) Baiseraele ba ile ba fana ka lintho tse ngata hoo ba ileng ba “thibeloa ho [li] tlisa.”—Ex. 36:4-7.

5. Baiseraele ba ile ba etsa’ng ha Davida a ba fa monyetla oa ho ntša menehelo bakeng sa ho tšehetsa ho hahoa ha tempele?

5 Lilemo tse ka bang 475 hamorao, Davida o ile a ntša “thepa ea [hae] e khethehileng” ’me a fana ka chelete bakeng sa ho haha tempele, e leng mohaho oa pele o neng o emela borapeli ba ’nete lefatšeng. Eaba o fa Baiseraele ba habo monyetla oa hore le bona ba fane, ha a re: “Ke mang ea ithaopelang ho tlatsa letsoho la hae kajeno ka mpho bakeng sa Jehova?” Batho ba ile “ba etsetsa Jehova linyehelo tsa boithaopo ka pelo e feletseng.” (1 Likron. 29:3-9) Kaha Davida o ne a tseba hore ha e le hantle menehelo eo e ne e tsoa hokae, o ile a rapela Jehova a re: “Etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho uena, ’me re u file se tsoang letsohong la hao.”—1 Likron. 29:14.

6. Ke hobane’ng ha ho hlokahala chelete ho etsa mosebetsi oa ’Muso kajeno, hona re ka ipotsa lipotso life?

6 Ho ne ho sa hlokahale hore Moshe kapa Davida ba qobelle batho ba Molimo hore ba fane. Ho e-na le hoo, batho ba ne ba fana ka ho rata. Kajeno batho ba Molimo ba etsa’ng? Rea tseba hore mesebetsi ea ’Muso oa Molimo e hloka ho tšehetsoa ka chelete. Ho hlokahala chelete e ngata ho hatisa le ho aba Libibele le lingoliloeng tsa Bibele, ho haha libaka tsa borapeli le mehaho ea lekala le ho e boloka e le boemong bo botle le ho fana ka thuso ho balumeli-’moho le rōna nakong ea likoluoa. Kahoo, re ka botsa lipotso tsena tsa bohlokoa: Chelete e hlokahalang e fumanoa hokae? Na balateli ba Morena ba lokela ho khannoa ka morao hore ba fane?

“E ke ke ea Kōpa Kapa Hona ho Qekisa Batho Hore ba e Tšehetse”

7, 8. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba sa kōpe kapa ba sa qekise batho hore ba ba fe chelete?

7 Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hana ho etsisa likereke tsa Bokreste ba bohata ka ho etsa maano a ho batla chelete. Khatiso ea bobeli ea makasine ea Watch Tower, tlas’a sehlooho se reng, “Na U Batla ea ‘Zion’s Watch Tower’?” Russell o ile a re: “Re lumela hore motšehetsi oa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, ’me ka lebaka leo re ke ke ra kōpa kapa hona ho qekisa batho hore ba e tšehetse. Ha Ea reng: ‘Silevera ke ea ka, le khauta ke ea ka,’ a se a sa fane ka chelete e hlokahalang, re tla utloisisa hore ke nako ea ho khaotsa ho hatisa  makasine ena.” (Hag. 2:7-9) Ho se ho fetile lilemo tse fetang 130 joale makasine ea Molula-Qhooa le mokhatlo o e hatisang li le teng!

8 Batho ba Jehova ha ba kōpe batho chelete. Ha ba fetise likotlolo tsa koleke kapa hona ho romela mangolo a kōpang chelete. Ha ba etse lirafole kapa ho rekisa e le hore ba fumane chelete. Ba ntse ba tšoareletse ho seo Watch Tower e ileng ea se bua nakong e fetileng ha e re: “Re bona ho sa lokela hore re kōpe batho chelete e le hore re ntšetse pele mosebetsi oa Morena joalokaha likereke li etsa . . . Re nahana hore ho batla chelete ka ho sebelisa mekhoa e itseng ka lebitso la Morena ho ka mo halefisa ebile a ke ke a amohela seo ’me a ke ke a hlohonolofatsa motho ea fanang ka chelete kapa mosebetsi o etsoang.” *

“E Mong le e Mong a ke a Etse Feela Joalokaha a Entse Qeto e Tiileng Pelong ea Hae”

9, 10. Lebaka le leng leo re etsang menehelo ea boithatelo ka lona ke lefe?

9 Kajeno, ha ho hlokahale hore bafo ba ’Muso ba khannoe ka morao hore ba fane. Ho e-na le hoo, re thabela ho sebelisa chelete ea rōna le matlotlo a mang ho tšehetsa mesebetsi ea ’Muso. Ke hobane’ng ha re ikemiselitse hakaale ho fana? Nahana ka mabaka a mararo.

10 La pele, re ithaopela ho ntša menehelo hobane re rata Jehova ’me re batla ho “etsa lintho tse khahlisang mahlong a hae.” (1 Joh. 3:22) Ka sebele, Jehova oa thaba ha morapeli oa hae a fana ho tsoa pelong ka bolokolohi. A re ke re hlahlobe mantsoe a moapostola Pauluse a buang ka ho fana. (Bala 2 Bakorinthe 9:7.) Mokreste oa ’nete ha a leqe ho fana ebile ha a fane ka lekhonono. Ho e-na le hoo, o fana hobane a entse “qeto e tiileng pelong ea hae.” * Seo se bolela hore o fana ka mor’a hore a nahane ka tlhoko e teng le hore na a ka thusa joang. Jehova o rata motho ea joalo, kaha Bibele e re: “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” Phetolelo e ’ngoe e beha taba ena tjena: “Molimo o rata batho ba ratang ho fana.”

Bana ba Mozambique le bona ba rata ho fana

11. Ke’ng se re susumelletsang ho fa Jehova limpho tse molemo ka ho fetisisa?

11 La bobeli, re ntša menehelo hobane re batla ho leboha Jehova ka ho re hlohonolofatsa. Nahana ka molao-motheo ona o hlahang Molaong oa Moshe. (Bala Deuteronoma 16:16, 17.) Ha monna oa Moiseraele a ne a e-ea meketeng e meraro ea selemo le selemo, o ne a fana ka mpho e neng e “lekana le tlhohonolofatso eo Jehova” a neng a mo file eona. Kahoo, pele monna e mong le e mong a ea moketeng, o ne a lokela ho nahana kamoo Jehova a mo hlohonolofalitseng kateng, a hlahlobe pelo ea hae ebe o etsa qeto ea hore na o lokela ho tlisa mpho e joang. Ka tsela e tšoanang, ha re nahana ka litsela tse ngata tseo Jehova a re hlohonolofatsang ka tsona, re susumelletseha ho mo fa mpho e molemo ka ho fetisisa.  Ho fana ka lintho tsa rōna ka lipelo tsohle, ho bontša hore re ananela litlhohonolofatso tseo Jehova a re fang tsona.—2 Bakor. 8:12-15.

12, 13. Ho ithaopela ha rōna ho fana ho bontša joang hore re rata Morena, hona motho ka mong a ka nehela ka bokae?

12 La boraro, ha re ithaopela ho fana, re bontša hore re rata Morena Jesu Kreste. Joang? Hlokomela seo Jesu a ileng a se bolella barutuoa ba hae bosiung ba ho qetela a le lefatšeng. (Bala Johanne 14:23.) Jesu o ile a re: “Haeba leha e le mang a nthata, o tla boloka lentsoe la ka.” “Lentsoe” la Jesu le akaretsa taelo ea hae ea hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. (Mat 24:14; 28:19, 20) Re boloka “lentsoe” leo ka ho etsa sohle se matleng a rōna—re sebelisa nako, matla le lintho tsa rōna—ho ntšetsa pele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ka ho etsa joalo, re bontša hore re rata Morena oa Bomesia.

13 Ka sebele, joaloka bafo ba tšepahalang ba ’Muso, re batla ho tšehetsa ’Muso ka pelo eohle ka ho ntša menehelo ea chelete. Re etsa seo joang? Eo ke qeto ea botho. Motho le  motho o fana ka seo a se khonang. Leha ho le joalo, balumeli-’moho le rōna ba bangata ha ba na chelete e kaalo. (Mat 19:23, 24; Jak 2:5) Empa le bona ba ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova le Mora oa hae ba ananela esita le menehelo e menyenyane e tsoang pelong.—Mar 12:41-44.

Chelete e Fumanoa Joang?

14. Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa fana ka lingoliloeng joang?

14 Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa kōpa monehelo ha li fana ka lingoliloeng tsa Bibele. Monehelo oo o ne o le monyenyane hoo le batho ba se nang chelete e kaalo, ba neng ba ka khona ho fumana lingoliloeng. Ke ’nete hore ha motho a ne a bonahala a thahasella empa a sa khone ho ntša monehelo, baboleli ba ’Muso ba ne ba mo siela sengoliloeng. Seo ba neng ba se batla ke hore batho ba tšepahalang ba fumane lingoliloeng e le hore ba li bale le ho rua molemo ho tsona.

15, 16. (a) Ka 1990, Sehlopha se Busang se ile sa qala ho fetola tsela eo re fanang ka lingoliloeng ka eona joang? (b) Menehelo ea boithatelo e ntšoa joang? (Sheba le lebokose le reng “ Menehelo ea Rōna e Sebelisoa Joang?”)

15 Ka 1990, Sehlopha se Busang se ile sa qala ho fetola tsela eo re fanang ka lingoliloeng ka eona. Ho tloha selemong seo, batho ba United States ba ne ba ka fumana lingoliloeng ebe bona ba ntša kamoo ba ka khonang kateng. Lengolo le neng le ea liphuthehong tsohle tsa United States le ile la re: “Bahoeletsi le batho ba bang ba tla fumana limakasine le libuka ntle le hore ba kōpuoe kapa hona ho bolelloa hore ho hlokahala monehelo pele ba li fumana.  . . Mang kapa mang ea batlang ho ntša monehelo hore a khahlanyetse litšenyehelo tsa mosebetsi oa rōna oa ho ruta, a ka etsa joalo, empa a ka fumana libuka ebang o ntša monehelo kapa che.” Tokisetso eo e ile ea bontša hore mosebetsi oa rōna ke oa boithaopo le ho hlakisa hore “ha re rekise lentsoe la Molimo.” (2 Bakor. 2:17) Ha nako e ntse e-ea, tokisetso ea monehelo oa boithatelo e ile ea kenngoa tšebetsong makaleng a lefatše lohle.

16 Menehelo ea boithatelo e etsoa joang? Liholong Tsa ’Muso tsa Lipaki Tsa Jehova ho na le mabokose a monehelo. Batho ba ka tšela menehelo eo ka mabokoseng kapa ba ka e romela ka ho toba mokhatlong ofe kapa ofe oa molao o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova. Selemo le selemo ho ba le sehlooho sa Molula-Qhooa se bontšang kamoo batho ba ka ntšang menehelo e joalo ea boithaopo kateng.

Chelete e Sebelisoa Joang?

17-19. Hlalosa kamoo menehelo e sebelisoang kateng bakeng sa (a) mosebetsi oa lefatše lohle, (b) kaho ea Liholo Tsa ’Muso lefatšeng lohle le (c) litšenyehelo tsa phutheho.

17 Mosebetsi oa lefatše lohle. Chelete e sebelisetsoa ho lefella litšenyehelo tse bang teng ha ho etsoa mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle. Litšenyehelo tseo li akarelletsa ho hatisa libuka tse ajoang lefatšeng lohle, ho haha le ho boloka liofisi tsa makala le mahae a Bethele a le boemong bo botle le ho tsamaisa likolo tsa puso ea Molimo. Ho feta moo, chelete e boetse e sebelisetsoa ho hlokomela baromuoa, balebeli ba  tsamaeang le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Menehelo ea rōna e boetse e sebelisetsoa ho thusa balumeli-’moho le rōna linakong tsa likoluoa. *

18 Kaho ea Liholo Tsa ’Muso lefatšeng lohle. Chelete e sebelisetsoa ho thusa liphutheho tse hlokang ho haha Holo ea ’Muso kapa ho e ntlafatsa. Ha ho ntse ho amoheloa menehelo, ho ba le chelete ea ho thusa liphutheho tse ling. *

19 Litšenyehelo tsa phutheho. Chelete e sebelisetsoa ho lefa litšenyehelo tsa phutheho le ho etsa hore Holo ea ’Muso e lule e le boemong bo botle. Baholo ba ka ’na ba etsa tlhahiso ea hore chelete e ’ngoe e romeloe ofising ea lekala ea naha ea habo bona e le hore e sebelisetsoe ho ntšetsa pele mosebetsi oa lefatše lohle. Maemong a joalo, baholo ba bolella phutheho qeto eo ba e entseng. Haeba phutheho e amohela qeto eo, chelete eo e tla romeloa. Mor’abo rōna ea hlokomelang chelete ea phutheho o lokisetsa ho balla phutheho tlaleho ea lichelete, khoeli le khoeli.

20. U ka hlompha Jehova joang ka “lintho tsa hao tsa bohlokoa”?

20 Ha re nahana ka mosebetsi o mongata o amanang le ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa lefatšeng lohle, re susumelletseha ho “hlompha Jehova ka lintho tsa [rōna] tsa bohlokoa.” (Liprov. 3:9, 10) Lintho tsa rōna tsa bohlokoa li akarelletsa matla a rōna a ’mele, a kelello le hore re bontše tumelo ea rōna. Re batla ho sebelisa lintho tsena tsa bohlokoa ka botlalo ha re etsa mosebetsi oa ’Muso. Leha ho le joalo, hopola hore lintho tsa rōna li akarelletsa chelete le lintho tseo re nang le tsona. A re ikemisetseng ho fana ka sohle seo re ka se khonang, ka nako eo re khonang ka eona. Ha re ntša menehelo ka ho rata re hlompha Jehova ’me re bontša hore re tšehetsa ’Muso oa Bomesia.

^ ser. 10 The Watch Tower, July 15, 1915, leqepheng la 218-219.

^ ser. 8 The Watch Tower, August 1, 1899, leqepheng la 201.

^ ser. 10 Setsebi se seng se re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “entse qeto” “le bolela hore motho o se a ikemiselitse esale pele.” Se phaella ka ho re: “Le hoja motho a thaba ha a fana, ho ntse ho hlokahala hore a rere esale pele le hore a fane kamehla.”—1 Bakor. 16:2.

^ ser. 17 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le tšebeletso ea ho thusa nakong ea likoluoa, sheba Khaolo ea 20.

^ ser. 18 E le hore u fumane boitsebiso mabapi le kaho ea Liholo Tsa ’Muso, sheba Khaolo ea 19.