Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 7

Mekhoa ea ho Paka—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

Mekhoa ea ho Paka—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Batho ba Molimo ba sebelisa mekhoa e fapaneng ea ho bolela e le hore ba finyelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang

1, 2. (a) Jesu o ile a etsa’ng e le hore bongata bo neng bo mo mametse bo mo utloe? (b) Barutuoa ba Kreste ba tšepahalang ba ile ba latela mohlala oa hae joang, hona hobane’ng?

BONGATA bo ile ba bokana haufi le Jesu ka thoko ho leoatle empa Jesu o ile a kena sekepeng ’me a lula hōle le bona. Hobane’ng? Hobane o ne a tseba hore metsi a tla etsa hore lentsoe la hae le utloahale haholoanyane ’me bongata boo bo ne bo tla utloa molaetsa oa hae ka ho hlaka.—Bala Mareka 4:1, 2.

2 Lilemo tse mashome ka mor’a ho thehoa ha ’Muso, barutuoa ba Kreste ba tšepahalang ba ile ba latela mohlala oa hae ka ho sebelisa mekhoa e mecha ea ho ruta ha ba ntse ba bolella batho ba bangata litaba tse molemo tsa ’Muso. Ba tataisoa ke Morena, batho ba Molimo ba tsoela pele ho sebelisa mekhoa e mecha le ho ikamahanya le maemo le theknoloji e ntseng e fetoha. Re batla ho finyella batho ba bangata kamoo re ka khonang pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Nahana ka mekhoa e meng eo re ’nileng ra e sebelisa e le hore re finyelle batho ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. Nahana hape ka litsela tseo ka tsona u ka etsisang tumelo ea batho ba ileng ba hasa litaba tse molemo nakong e fetileng.

Ho Finyella Batho Bangata

3. Ke hobane’ng ha batho ba hloileng ’nete ba ile ba halefa ha re sebelisa likoranta?

3 Likoranta. Mor’abo rōna Russell le metsoalle ea hae ba ile ba hatisa makasine ea Watch Tower ho tloha ka 1879 e le hore ba bolelle batho ba bangata molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, lilemo tse leshome pele ho 1914, Kreste o ile a laola lintho e le hore litaba tse molemo li ka finyella bathong ba bangata haholoanyane. Ho ile ha qala ho etsahala lintho tse ngata ka 1903. Ka selemo seo, Dr. E. L. Eaton, e leng ’muelli oa sehlopha sa baruti ba Maprostanta Pennsylvania, o ile a phephetsa Charles Taze Russell ka makhetlo a ’maloa mabapi le lithuto tsa Bibele. Eaton o ile a ngolla Russell lengolo le reng: “Ke nahana hore ka sebele batho ba ka thabela ho utloa re phehisana phatlalatsa ka lipotso tseo ’na le uena re sa lumellaneng ka tsona.” Russell le metsoalle ea hae le bona ba ne ba nahana joalo eaba ba lokisetsa hore liphehisano  tseo li phatlalatsoe koranteng e tsebahalang ea The Pittsburgh Gazette. Batho ba ile ba rata lihlooho tseo le kamoo Russell a ileng a hlalosa linnete tsa Bibele ka tsela e utloahalang kateng hoo koranta eo e ileng ea phatlalatsa lipuo tsa Russell beke le beke. E tlameha ebe seo se ile sa halefisa batho ba hloileng ’nete hakaakang!

Ka 1914, likoranta tse 2 000 li ne li phatlalatsa lipuo tsa Russell

4, 5. Russell o ile a bontša tšobotsi efe, hona batho ba nang le boikarabelo ba ka etsisa mohlala oa hae joang?

4 Ho e-s’o ee kae, likoranta tse ngata li ile tsa batla ho hatisa lipuo tsa Russell. Ka 1908, makasine ea Watch Tower e ile ea tlaleha hore lipuo tseo li ile tsa phatlalatsoa “kamehla likoranteng tse 11.” Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba neng ba tloaelane le mosebetsi oa likoranta ba ile ba eletsa Russell hore a tlose liofisi tsa Mokhatlo motseng oa Pittsburgh ’me a li ise motseng o tsebahalang moo ho nang le likoranta tse ngata tse ka phatlalatsang lihlooho tsa Bibele. Ka mor’a ho hlahloba keletso eo le lintlha tse ling, Russell o ile a isa liofisi Brooklyn, New York, ka 1909. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Likhoeli tse seng kae ka mor’a moo, lipuo tsa Russell li ile tsa phatlalatsoa likoranteng tse 400 ’me likoranta tseo li ile tsa ’na tsa eketseha. Ha ’Muso o thehoa ka 1914, likoranta tse ka holimo ho 2 000 li ne li phatlalatsa lipuo tsa Russell ka lipuo tse ’nè!

5 Re ithuta’ng ea bohlokoa tabeng ee? Kajeno batho ba nang le boikarabelo ka mokhatlong oa Molimo ba lokela ho bontša boikokobetso joaloka Russell. Joang? Ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa, ba lokela ho mamela keletso ea ba bang.—Bala Liproverbia 15:22.

6. Linnete tse ileng tsa phatlalatsoa likoranteng li ile tsa ama Ora Hetzel joang?

6 Linnete tsa ’Muso tse ileng tsa phatlalatsoa likoranteng tseo, li ile tsa fetola batho. (Baheb. 4:12) Ka mohlala, Ora Hetzel ea ileng a kolobetsoa ka 1917, e ne e le e mong oa batho ba bangata ba ileng ba qala ho ithuta linnete ka ho bala lihlooho tseo. Ora o ile a re: “Ka mor’a hore ke nyaloe, ke ile ka etela ’mè oa ka Rochester, Minnesota. Ha ke fihla ke ile ka fumana a ntse a seha lihlooho tsa koranta. E ne e le lipuo tsa Russell. ’Mè o ile a mpolella ka seo a ithutileng sona lihloohong tseo.” Ora o ile a amohela linnete tseo a ileng a ithuta tsona ’me e ile ea e-ba ’moleli ea tšepahalang oa ’Muso oa Molimo ka lilemo tse ka bang 60.

7. Ke hobane’ng ha ba ikarabellang ba ile ba hlahloba bocha mokhoa oa ho phatlalatsa litaba tse molemo ka likoranta?

7 Ka 1916, ho ile ha e-ba le liketsahalo tse peli tsa bohlokoa tse ileng tsa etsa hore ba ikarabellang ba hlahlobe bocha mokhoa oa ho phatlalatsa litaba tse molemo ka likoranta. Ea pele, kaha Ntoa e Khōlō e ne e ntse e kupa ka nako eo, ho ne ho le thata ho fumana thepa ea ho hatisa likoranta. Ka 1916, lefapha la rōna la likoranta le Brithani le ile la bua ka bothata boo la re: “Ke likoranta tse 30 feela tse phatlalatsang Lipuo hona joale. Ho ka etsahala hore palo ena e fokotsehe haholo ka lebaka la litheko tsa pampiri tse ntseng li  phahama.” Ea bobeli, Mor’abo rōna Russell o ile a hlokahala ka la 31 October, 1916. Kahoo, makasine ea The Watch Tower ea la 15 December, 1916 e ile ea re: “Kaha Mor’abo rōna Russell o hlokahetse, ho phatlalatsoa ha lipuo [likoranteng] ho ke ke ha hlola ho e-ba teng.” Le hoja mokhoa ona oa ho paka o ile oa khaotsa, mekhoa e meng e kang “Photo-Drama of Creation,” e ile ea atleha haholo.

8. “Photo-Drama of Creation” e ile ea etsoa joang?

8 Ho paka ka litšoantšo. Russell le metsoalle ea hae ba ile ba sebetsa ka lilemo tse ka bang tharo hore ba etse “Photo-Drama of Creation” e ileng ea lokolloa ka 1914. (Liprov. 21:5) Tšoantšiso eo, e ne e le filimi ea li-slide tse nang le mebala le molumo. Batho ba makholo ba ile ba bapala tšoantšisong eo ea Bibele, esita le liphoofolo li ne li le teng moo. Tlaleho e ileng ea etsoa ka 1913 e re: “Ho ile ha tlisoa liphoofolo  tse ngata e le hore ho etsoe karolo ea pale ea Noe.” Li-slide tse makholo tse neng li sebelisoa li ile tsa takoa ke baetsi ba litšoantšo ba neng ba lula London, New York, Paris le Philadelphia.

9. Ke hobane’ng ha ho ile ha sebelisoa nako le chelete e ngata hakaalo e le hore ho hlahisoe “Photo-Drama”?

9 Ke hobane’ng ha ho ile ha sebelisoa nako le chelete e ngata hakaalo e le hore ho hlahisoe “Photo-Drama”? Qeto e ileng ea nkoa likopanong tse ileng tsa tšoara ka 1913 e re: “Katleho e khōlō ka ho fetisisa e bileng teng likoranteng tsa Amerika ea ho sebelisa lipopae le litšoantšiso litabeng le limakasineng e le hore li fetole maikutlo a batho, le kamoo lifilimi li ileng tsa tuma le ho feto-fetoha kateng, e bontšitse hore ke tsa bohlokoa ’me re lumela hore ho loketse hore joaloka baboleli le barupeli ba Bibele re lokela ho sebelisa mochine oa li-slide e le mokhoa oo baevangeli le barupeli ba ka o sebelisang.”

Mochine oa “Photo-Drama”; Li-slide tsa “Photo-Drama”

10. “Photo-Drama” e ile ea bontšoa ka ho pharaletseng hakae?

10 Ka 1914, “Photo-Drama” e ne e shebelloa metseng e 80 letsatsi le letsatsi. Batho ba ka bang limilione tse robeli ba ile ba shebella filimi ena United States le Canada. Selemong sona seo, “Photo-Drama” e ile ea shebelloa Australia, Brithani, Denmark, Finland, Jeremane, New Zealand, Norway, Sweden le Switzerland. Karolo e nolofalitsoeng ea “Photo-Drama”, e ile ea bapaloa metseng e menyenyane. Filimi eo e nolofalitsoeng e leng “Eureka Drama”, e ne e sa je chelete e ngata ho bile ho le bonolo ho e tsamaisa. Ka 1916, “Photo-Drama” kapa “Eureka Drama” li ne li fetoletsoe ka Searmenia, Sedanishe sa Norway, Sefora, Sejeremane, Segerike, Setaliana, Sepolishe, Sepanishe le Seswedishe.

Ka 1914, “Photo-Drama” e ile ea shebelloa ke batho ba bangata

11, 12. “Photo-Drama” e ile ea ama mohlankana e mong joang, hona o re behetse mohlala ofe?

11 Phetolelo ea Sefora ea “Photo-Drama” e ile ea ama Charles Rohner ea lilemo li 18 haholo. Charles o ile a re: “E ile ea bontšoa motseng oa heso oa Colmar, Alsace, o France. Ho tloha qalong feela, ke ile ka rata litlhaloso tse hlakileng tsa ’nete ea Bibele.”

12 Ka mor’a moo, Charles o ile a kolobetsoa ’me ka 1922 a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. E ’ngoe ea likabelo tsa hae tsa pele e ile ea e-ba ho bontša batho ba Fora “Photo-Drama.” Ha a hlalosa mosebetsi ona Charles o ile a re: “Ke ile ka fuoa mesebetsi e fapaneng—ke bapala violin, ke sebetsa liak’haonteng le lefapheng la lingoliloeng. Ke ile ka boela ka abeloa hore ke khutsise bamameli pele lenaneo le qala. Ka nako ea khefu, re ne re fana ka lingoliloeng. Re ne re abela mora kapa morali’abo rōna karolo e itseng ea batho bao a neng a lokela ho ba fa lingoliloeng ka holong. Ho feta moo, re ne re beha litafole tse nang le lingoliloeng monyako oa holo.” Ka 1925, Charles o ile a sebeletsa Bethele e Brooklyn, New York. O ile a fuoa kabelo ea ho tsamaisa sehlopha sa ’mino oa liletsa bakeng sa seea-le-moea se secha sa WBBR.  Ka mor’a hore re hlahlobe mohlala oa Mor’abo rōna Rohner, re ka ipotsa, ‘Na ke ikemiselitse ho amohela kabelo leha e le efe eo ke e fuoang e le ho thusa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso?’—Bala Esaia 6:8.

13, 14. Seea-le-moea se ile sa sebelisoa joang ho phatlalatsa litaba tse molemo? (Sheba le lebokose le reng “ Mananeo a Seea-le-Moea a WBBR” le le reng “ Kopano e ke Keng ea Lebaleha.”)

13 Seea-le-moea. Lilemong tsa bo-1920, mosebetsi oa ho bapala “Photo-Drama” o ile oa fokotsoa empa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso ka seea-le-moea ho ile ha atleha. Ka la 16 April, 1922, Mor’abo rōna Rutherford o ile a fana ka puo ea hae ea pele seea-le-moeeng a le Metropolitan Opera House e Philadelphia, Pennsylvania. Batho ba ka bang 50 000 ba ne ba mametse puo ea hae e neng e re “Millions Now Living Will Never Die.” Eaba ka 1923, ho hasoa kopano seea-le-moeeng ka lekhetlo la pele. Ho phaella ho sebeliseng liea-le-moea tsa lefatše, ba ikarabellang ba ile ba etsa qeto ea hore ho ka ba molemo hore re be le seea-le-moea sa rōna ’me se ile sa hahoa Staten Island, New York ’me sa ngolisoa e le WBBR. Khaso ea pele e ile ea e-ba ka la 24 February, 1924.

Ka 1922, batho ba ka bang 50 000 ba ile ba mamela puo e reng “Millions Now Living Will Never Die” ka seea-le-moea

14 Ha e hlalosa morero oa WBBR, makasine ea The Watch Tower ea December 1, 1924, e ile ea re: “Re lumela hore ho paka ka seea-le-moea ke mokhoa o baballang chelete le o atlehang ka ho fetisisa oa ho bolela litaba tse molemo o kileng oa etsoa.” E ile ea phaella ka hore: “Haeba Morena a bona ho le molemo hore re hahe liea-le-moea tse ling e le hore re phatlalatse ’nete, o tla fana ka chelete.” (Pes. 127:1) Ka 1926, batho ba Jehova ba ne ba e-na le liea-le-moea tse tšeletseng. Tse peli li ne li le United States—sa WBBR se ne se le New York ’me sa WORD se le haufi le Chicago. Tse ling tse ’nè li ne li le Canada, profinseng ea Alberta, British Columbia, Ontario le Saskatchewan.

15, 16. (a) Baruti ba Canada ba ile ba etsa’ng ha ba utloa ka ho phatlalatsoa ha linnete liea-le-moeeng? (b) Lipuo tsa seea-le-moea le mosebetsi oa ntlo le ntlo li ile tsa sebelisana joang?

15 Baruti ba Bokreste ba bohata ba ile ba hlokomela khaso ena e neng e pharaletse ea linnete tsa Bibele. Albert Hoffman ea neng a tseba ka mosebetsi o neng o etsoa seea-le-moeeng se Saskatchewan, Canada o ile a re: “Batho ba bangata ba ile ba qala ho tseba ka Liithuti tsa Bibele [joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo]. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo babatsehang ho fihlela ha ka 1928 baruti ba hatella ba boholong ’me liea-le-moea tsohle tsa Liithuti tsa Bibele tse Canada li ile tsa amohuoa lilaesense.”

16 Ho sa tsotellehe ho koaloa ha liea-le-moea tsa rōna tse Canada, lipuo tsa Bibele li ile tsa tsoela pele ho hasoa liea-le-moeeng tse ling. (Mat. 10:23) E le hore mananeo ao a atlehe, makasine ea The Watch Tower le ea The Golden Age (eo hona joale e bitsoang Tsoha!) li ne li ngotse lethathamo la liea-le-moea tse hasang linnete tsa Bibele e le hore baboleli ba tsamaeang ka ntlo le ntlo ba ka khothalletsa batho hore ba mamele lipuo liea-le-moeeng tseo. Phello e bile efe? Bulletin  (eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) ea January 1931 e ile ea re: “Ho hasa lipuo seea-le-moeeng ho ile ha susumetsa barab’abo rōna ba bolelang ka ntlo le ntlo haholo. Re ile ra fumana litlaleho tse ngata tse neng li bolela hore batho ba mamela liea-le-moea tseo ’me ka lebaka la ho mamela lipuo tsa Mor’abo rōna Rutherford, ba ne ba bala libuka tseo ba neng ba li fuoa.” Bulletin e ile ea re mosebetsi oa ho hasa lipuo seea-le-moeeng le oa ho bolela ka ntlo le ntlo ke “mekhoa e ’meli ea bohlokoa ea ho bolela ea mokhatlo oa Morena.”

17, 18. Le hoja maemo a ile a fetoha, seea-le-moea se ile sa ’na sa tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bohlokoa joang?

17 Lilemong tsa bo-1930, ho sebelisa ha rōna liea-le-moea tse ling ho ile ha hanyetsoa haholo. Kahoo, bofelong ba 1937 batho ba Jehova ba ile ba ikamahanya le maemo. Ba ile ba khaotsa ho phatlalatsa lipuo ka seea-le-moea ’me ba ameha haholo ka ho etsa tšebeletso ea ntlo le ntlo. * Leha ho le joalo, seea-le-moea se ile sa ’na sa tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bohlokoa oa ho hasa molaetsa oa ’Muso linaheng tse hōle kapa linaheng tse seng tlas’a tšusumetso ea lipolotiki. Ka mohlala, ho tloha ka 1951 ho ea ho 1991 seea-le-moea se West Berlin, Jeremane, se ne se hasa lipuo tsa Bibele kamehla e le hore batho ba neng ba lula karolong e ka Bochabela ea Jeremane ba utloe molaetsa oa ’Muso. Ka lilemo tse 30 ho tloha ka 1961, seea-le-moea sa sechaba se Suriname, Amerika Boroa se ile sa hasa lenaneo la metsotso e 15 le neng le hasa linnete tsa Bibele. Ho tloha ka 1969 ho ea ho 1977, mokhatlo o ile oa rekota mananeo a 350 a neng a e-na le sehlooho se reng “All Scripture Is Beneficial.” United States, ho ne ho e-na le liea-le-moea tse 291 tse neng li hasa mananeo ao liprofinseng tse 48. Ka 1996, seea-le-moea se seng Apia e leng motse-moholo oa Samoa, se ile sa hasa lenaneo la beke le beke le bitsoang “Answers to Your Bible Questions.”

18 Ho ea bofelong ba lilemo tsa bo 1900, seea-le-moea ha sea ka sa hlola se sebelisoa bakeng sa ho bolela litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ho ile ha sebelisoa mokhoa o mong oa theknoloji o neng o tla thusa hore ho finyelloe batho ba bangata ka ho fetisisa.

19, 20. Ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba ile ba etsa Websaete ea jw.org, hona e atlehile hakae? (Sheba le lebokose le reng “ JW.ORG.”)

19 Inthanete. Ka 2013, batho ba fetang libilione tse 2,7, e leng hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše, ba ile ba sebelisa Inthanete. Ho hakanngoa hore batho ba ka bang libilione tse peli ba kena inthaneteng ba sebelisa li-smartphone le li-tablet. Lipalo tseo li ntse li eketseha lefatšeng lohle empa batho ba bangata ka ho fetisisa ba sebelisang Inthanete ke ba Afrika, moo ho nang le batho ba fetang limilione tse 90 ba kenang Inthaneteng ka selefouno. Sena se ile sa fetola tsela eo batho ba amohelang boitsebiso ka eona ka ho feletseng.

 20 Ho tloha ka 1997, batho ba Jehova ba ile ba sebelisa Inthanete. Ka 2013, Websaete ea jw.org e ile ea fumaneha ka lipuo tse 300 ’me batho ba ne ba ka ikopiletsa boitsebiso bo amanang le Bibele ka lipuo tse fetang 520. Letsatsi le letsatsi batho ba fetang 750 000 ba kena Websaeteng ena. Ho phaella ho shebelleng livideo, khoeli le khoeli batho ba limilione tse 3 ba kopitsa libuka, ba limilione tse 4 ba kopitsa limakasine ’me ba limilione tse 22 ba kopitsa lipina.

21. U ithutile’ng ho se ileng sa etsahalla Sina?

21 Websaete ea jw.org ke mokhoa o matla oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, esita le linaheng tseo mosebetsi oa rōna oa boboleli o thibetsoeng. Ka mohlala, mathoasong a 2013, monna ea bitsoang Sina o ile a kena websaeteng ea jw.org eaba o letsetsa ntlo-khōlō e United States a batla boitsebiso bo eketsehileng ka Bibele. Ke hobane’ng ha see se ne se makatsa? Sina o hōliselitsoe lelapeng la Mamosleme ’me o lula motseng o hōle o naheng eo mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o thibetsoeng. Ka mor’a hore Sina a letsetse ntlo-khōlō, o ile a etsetsoa litokisetso tsa hore a khanneloe thuto ea Bibele ke Paki e lulang United States, habeli ka beke. O ne a khanneloa thuto ho sebelisoa video ka Inthanete.

Ho Ruta Batho ka Bomong

22, 23. (a) Na mekhoa e ileng ea sebelisoa ho finyella batho ba bangata e ile ea nkela tšebeletso ea ntlo le ntlo sebaka? (b) Morena o hlohonolofalitse mosebetsi oa rōna joang?

22 Mekhoa eo re ileng ra e sebelisa hore re finyelle batho ba bangata, e kang likoranta, “Photo-Drama”, liea-le-moea le Websaete li ne li sa etsetsoa hore li nkele tšebeletso ea ntlo le ntlo sebaka. Hobane’ng? Hobane batho ba Jehova ba ile ba  ithuta mohlaleng oa Jesu. O ne a sa pakele bongata feela, empa o ne a amehile haholo ka ho thusa batho ka bomong. (Luka 19:1-5) Jesu o ile a boela a ruta barutuoa ba hae hore ba etse se tšoanang ’me a ba fa molaetsa oo ba lokelang ho fana ka ’ona. (Bala Luka 10:1, 8-11.) Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 6, ba ikarabellang ba ’nile ba khothalletsa bahlanka ba Jehova hore ba buisane le batho lifahleho li talimane.—Lik. 5:42; 20:20.

23 Lilemo tse lekholo ka mor’a hore ’Muso o thehoe, bahoeletsi ba fetang limilione tse 7,9 ba ruta ba bang ka merero ea Molimo. Ha ho pelaelo hore Morena o hlohonolofalitse mekhoa eo re ’nileng ra e sebelisa ho phatlalatsa ’Muso. Joalokaha khaolo e latelang e tla bontša, Jesu o re file lisebelisoa tseo re li hlokang e le hore re phatlalatse litaba tse molemo lichabeng tsohle, melokong eohle le malemeng ’ohle.—Tšen. 14:6.

^ ser. 17 Ka 1957, ba ikarabellang ba ile ba etsa qeto ea ho koaloa seea-le-moea sa rōna sa ho qetela sa WBBR se neng se le New York.