Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 5

Morena o Khantša Leseli la ’Muso

Morena o Khantša Leseli la ’Muso

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Batho ba Molimo ba utloisisa linnete tsa bohlokoa tse mabapi le ’Muso, babusi le bafo ba oona, hammoho le hore ba lokela ho tšepahala

1, 2. Ke ka tsela efe Jesu a ileng a bontša hore ke motsamaisi ea bohlale?

AK’U nahane ho e-na le motho ea le tsamaisang ha le ntse le hahlaula le motse o motle. Uena le bao u tsamaeang le bona ha le tsebe motse ona kahoo le itšetlehile ka motho enoa ea le tsamaisang. Uena le bahahlauli-’moho le uena le labalabela ho tseba ka likarolo tse ling tsa motse tseo le e-s’o li bone. Empa ha u botsa motho ea le tsamaisang ka likarolo tsa motse tseo le e-so li bone, ha a le hlalosetse ka tsona ho fihlela le fihla ho tsona kapa le se le le haufi le tsona. Ha le ntse le tsoela pele, le khahloa ke kamoo a leng bohlale kateng hobane o le bolella seo le hlokang ho se tseba ka nako eo le lokelang ho se tseba ka eona.

2 Bakreste ba ’nete ba tšoana le bahahlauli bao. Re ithuta ka tjantjello ka motse o hlollang ka ho fetisisa, “motse o nang le metheo ea sebele,” e leng ’Muso oa Molimo. (Baheb. 11:10) Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a tataisetsa balateli ba hae tsebong e tebileng haholoanyane ka ’Muso. Na o ile a araba lipotso tsohle tsa bona le ho ba bolella ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mabapi le ’Muso ka nako e le ’ngoe? Che. O ile a re: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale.” (Joh. 16:12) Kaha ke motsamaisi ea bohlale ka ho fetisisa, Jesu ha aa ka a imetsa barutuoa ba hae ka ho ba ruta lintho tseo ba neng ba ke ke ba li jara.

3, 4. (a) Jesu o ’nile a tsoela pele joang ho ruta batho ba tšepahalang ka ’Muso oa Molimo? (b) Re tla hlahloba eng khaolong ee?

3 Jesu o ile a bua mantsoe a tlalehiloeng ho Johanne 16:12 bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatšeng. Ka mor’a lefu la hae, o ne a tla tsoela pele ho ruta batho ba hae ba tšepahalang ka ’Muso oa Molimo joang? O ile a tšepisa baapostola ba hae, a re: “Moea oa ’nete, o tla le tataisetsa ’neteng eohle.” * (Joh. 16:13) Re ka nka moea o halalelang e le motsamaisi ea sa feleng pelo. Jesu o sebelisa moea ho ruta balateli ba hae eng kapa eng eo ba lokelang ho e tseba ka ’Muso oa Molimo—hantle ka nako eo ba hlokang ho e tseba ka eona.

4 A re ke re hlahlobe kamoo moea o halalelang oa Jehova o ’nileng oa tataisa Bakreste ba tšepahalang hore ba be le tsebo e eketsehileng ka ’Muso. Pele, re tla hlahloba kamoo re ileng ra utloisisa hore na ’Muso oa Molimo o qalile ho busa neng. E-be  re hlahloba hore na babusi le bafo ba ’Muso ke bo-mang le hore na ba na le tšepo efe. Qetellong, re tla bona kamoo balateli ba Kreste ba ileng ba utloisisa ka ho hlaka hore na ho hlokahala eng hore ba bontše hore ba tšepahalla ’Muso.

Ho Utloisisa Selemo sa Bohlokoa

5, 6. (a) Liithuti tsa Bibele li ile tsa e-ba le maikutlo afe a fosahetseng mabapi le ho thehoa ha ’Muso le nako ea kotulo? (b) Ke hobane’ng ha liphoso tse kang tseo li sa etse hore re belaele hore Jesu o ne a tataisa balateli ba hae?

5 Joalokaha re bone Khaolong ea 2 bukeng ena, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa qeta lilemo tse mashome li ntse li bolela hore selemo sa 1914 e ne e tla ba selemo sa bohlokoa ho phethahaleng ha boprofeta ba Bibele. Leha ho le joalo, ka nako eo ba ne ba lumela hore ho ba teng ha Kreste ho qalile ka 1874, hore o qalile ho busa leholimong ka 1878 le hore qetellong ’Muso o ne o ke ke oa thehoa ka ho feletseng ho fihlela ka October 1914. Kotulo e ne e tla tsoela pele ho tloha ka 1874 ho ea ho 1914 ’me e ne e tla fela ha ho bokelloa batlotsuoa leholimong. Na liphoso tse kang tseo li etsa hore re belaele hore na ebe Jesu o ne a tataisa Bakreste bao ba tšepahalang ka moea o halalelang?

6 Le hanyenyane! Nahana hape ka papiso e qalong ea khaolo ena. Na ha bahahlauli ba botsa motsamaisi lipotso ebile ba inahanela lintho tse itseng, seo se bolela hore motsamaisi oa bona ha a tšepahale? Che, ha ho joalo. Ka ho tšoanang, le hoja batho ba Molimo ba leka ho utloisisa lintlha tse mabapi le morero oa Jehova pele e e-ba nako ea hore moea o halalelang o ba tataisetse linneteng tseo, ho hlakile hore Jesu oa ba tataisa. Kahoo, batho ba tšepahalang ba ikemiselitse ho lokisoa ’me ka boikokobetso ba fetola maikutlo a bona.—Jak. 4:6.

7. Molimo o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka hore a ba chabisetse leseli lefe la moea?

7 Lilemo tse ileng tsa latela 1919, Molimo o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka hore a ba chabisetse leseli le eketsehileng la moea. (Bala Pesaleme ea 97:11.) Ka 1925 ho ile ha e-ba le sehlooho sa bohlokoa makasineng ea The Watch Tower se reng “Birth of the Nation” [Ho Tsoaloa ha Sechaba]. Se ile sa bontša bopaki bo kholisang ba Mangolo ba hore ’Muso oa Bomesia o thehiloe ka 1914, e leng se neng se phethahatsa boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 12, bo buang ka papiso ea mosali oa Molimo ea tsoalang ngoana. * Sehlooho seo se ile sa tsoela pele ho bontša hore mahloriso le mathata a ileng a tlela batho ba Jehova lilemong tseo tsa ntoa a ile a bontša ka ho hlaka hore Satane o lihetsoe lefatšeng, “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšen. 12:12.

8, 9. (a) ’Muso oa Molimo ke oa bohlokoa hakae? (b) Re tla hlahloba lipotso life?

8 ’Muso ke oa bohlokoa hakae? Ka 1928, makasine ea The Watch Tower e ile ea hatisa hore ’Muso ke oa bohlokoa ho feta hore batho ba pholohe ka thekollo. Ka sebele, Jehova o tla sebelisa ’Muso oa Bomesia hore a halaletse lebitso la hae, a tlose qoso bobusing ba hae le ho phetha merero eohle ea hae ka batho.

9 Ke bo-mang ba tla busa le Kreste ’Musong oo? Ke bo-mang ba tla busoa ke ’Muso oo lefatšeng? Hona balateli ba Kreste ba lokela ho tšoareha ka mosebetsi ofe?

 Mosebetsi oa ho Bokella Batlotsuoa

10. Batho ba Molimo ba ne ba se ntse ba utloisisa eng ka 144 000?

10 Lilemo tse mashome pele ho 1914, Bakreste ba ’nete ba ne ba se ntse ba utloisisa hore ho tla ba le balateli ba Kreste ba tšepahalang ba 144 000 ba tla busa le eena leholimong. * Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hlokomela hore palo eo e ne e le ea sebele le hore ba akaretsoang palong eo ba ile ba qala ho bokelloa lekholong la pele la lilemo.

11. Bao e neng e tla ba litho tsa monyaluoa oa Kreste ba ile ba e-ba le kutloisiso efe ka mosebetsi oo ba neng ba lokela ho o etsa lefatšeng?

11 Leha ho le joalo, bao e neng e tla ba litho tsa monyaluoa oa Kreste ba ne ba lokela ho etsa mosebetsi ofe ha ba ntse ba le lefatšeng? Ba ile ba hlokomela hore Jesu o ne a batla hore ba etse mosebetsi oa ho bolela le hore o ne a o amahanya le nako ea kotulo. (Mat. 9:37; Joh. 4:35) Joalokaha re bone Khaolong ea 2, ba ne ba nahana hore nako ea kotulo e ne e tla nka lilemo tse 40 ebe ho bokelloa batlotsuoa leholimong. Leha ho le joalo, kaha mosebetsi o ile oa ’na oa tsoela pele ka mor’a hore lilemo tseo tse 40 li fele, ho ne ho hlokahala tlhaloso e eketsehileng. Joale rea tseba hore nako ea kotulo—nako ea ho arola koro le mofoka, e leng ho arola Bakreste ba batlotsuoa ba tšepahalang ho Bakreste ba bohata—e qalile ka 1914. E ne e se e le nako ea ho bokella ba setseng ba sehlopha sa ba eang leholimong.

Selemo sa 1914 e ile ea e-ba qalo ea nako ea kotulo (Sheba serapa sa 11)

12, 13. Papiso ea Jesu ea baroetsana ba leshome le ea litalenta li ile tsa phethahala joang matsatsing a ho qetela?

12 Ho tloha ka 1919 ho ea pele, Kreste o ile a tsoela pele ho tataisa lekhoba le tšepahalang le le masene ho etsa mosebetsi oa boboleli. O ile a etsa mosebetsi oo ha a ne a le lefatšeng. (Mat. 28:19, 20) O ile a boela a bontša hore na balateli ba hae ba tlotsitsoeng e lokela ho ba batho ba mofuta ofe e le hore ba phethe mosebetsi oa boboleli. O ile a etsa seo joang? Papisong ea hae ea baroetsana ba leshome, o ile a bontša hore haeba batlotsuoa ba batla ho ba teng moketeng oa lenyalo leholimong ha Kreste a kopana le “monyaluoa”oa hae oa ba 144 000, ba lokela ho lula ba falimehile moeeng. (Tšen. 21:2) Ha a etsa papiso ea litalenta, Jesu o ile a bontša hore bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba ne ba tla ikitlaetsa ka matla ho etsa mosebetsi oa boboleli oo a ba fileng oona.—Mat. 25:1-30.

13 Lilemong tse lekholo tse fetileng, batlotsuoa ba ile ba  falimeha ’me ba ikitlaetsa ka matla mosebetsing oa boboleli. Ha ho potang hore ba tla putsoa ka lebaka la ho falimeha ha bona! Leha ho le joalo, na nakong ea mosebetsi o moholo oa ho kotula ho ne ho tla bokelloa feela ba setseng ba babusi-’moho le Kreste ba 144 000?

Ho Bokelloa Bafo ba ’Muso!

14, 15. Buka ea The Finished Mystery e ile ea bua ka lihlopha life tse ’nè?

14 Ka nako e telele, banna le basali ba tšepahalang ba ’nile ba batla ho tseba ka “bongata bo boholo” (“bongata bo boholo ba batho,” Bibele ea Sesotho) boo ho buuoang ka bona ho Tšenolo 7:9-14. Ha ho makatse hore pele e e-ba nako ea Kreste ea hore a tsebahatse sehlopha sena se seholo, lintho tse ngata tse ileng tsa buuoa ka taba ena li ile tsa fetoha linnete tse hlakileng le tse bonolo tseo re li tsebang le ho li rata kajeno.

15 Ka 1917, buka ea The Finished Mystery, e ile ea bolela hore ho na le “lihlopha kapa mefuta e ’meli ea batho ba tla pholoha ’me ba phele Leholimong, le lihlopha kapa mefuta e ’meli ea batho ba tla pholoha ’me ba phele lefatšeng.” Lihlopha tseo tse ’nè li ne li tla akarelletsa bo-mang? Sehlopha sa pele e ne e tla ba ba 144 000 ba neng ba tla busa le Kreste. Sa bobeli, e ne e tla ba bongata bo boholo. Ka nako eo ho ne ho lumeloa hore bana e ne e le ba ipitsang Bakreste ba neng ba ntse ba le likerekeng tsa Bokreste ba bohata. Ba ne ba e-na le tumelo empa e seng ka ho lekaneng hore ba emele ’nete. Kahoo, bana ba ne ba tla fuoa boemo bo tlaasana leholimong. Sehlopha sa boraro e ne e le ba neng ba tla phela lefatšeng, “batho ba boholo-holo ba neng ba tšepahala”—ba kang Abrahama, Moshe le ba bang—ba neng ba tla laola sehlopha sa bone, e leng moloko oa batho.

16. Ke leseli lefe la moea le ileng la khanya ka 1923 le ka 1932?

16 Moea o halalelang o ile oa tataisa balateli ba Kreste joang hore ba be le kutloisiso eo re nang le eona kajeno? Butle-butle, leseli la moea le ile la khanya. Ho tloha mathoasong a 1923, makasine ea The Watch Tower e ile ea bua ka sehlopha sa batho ba se nang takatso ea ho ea leholimong, ba neng ba tla phela lefatšeng tlas’a puso ea Kreste. Ka 1932, The Watchtower e ile ea bua ka Jonadabe, ea ileng a ipapisa le motlotsuoa oa Molimo, Morena oa Moiseraele Jehu, e le hore a mo tšehetse ha a loantša borapeli ba bohata. (2 Mar. 10:15-17) Sehlooho seo se ile sa bontša hore ho na le sehlopha sa batho ba mehleng ena ba tšoanang le Jonadabe ’me sa phaella ka hore Jehova o tla ba pholosa “mahlomoleng a Armagedone” e le hore ba phele mona lefatšeng.

17. (a) Ka 1935, ke leseli lefe la moea le ileng la khanya le ho feta? (b) Bakreste ba tšepahalang ba ile ba etsa’ng ha ba fumana kutloisiso e ncha ka bongata bo boholo? (Sheba lebokose le reng, “ Ho Ile ha re Kokololo!”)

17 Ka 1935, leseli la moea le ile la khanya le ho feta. Kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., bongata bo boholo bo ile ba bitsoa sehlopha sa lefatšeng, joaloka linku papisong ea Jesu e buang ka linku le lipōli. (Mat. 25:33-40) Bongata bo boholo e ne e tla ba karolo ea “linku tse ling,” tseo Jesu a ileng a bua ka tsona a re: “Le tsona ke tla li tlisa.” (Joh. 10:16) Ha  J. F. Rutherford, ea neng a beha puo a botsa a re: “Na bohle ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba ka ema?” batho ba fetang halofo ba neng ba mo mametse ba ile ba ema! O ile a re: “Bonang! Bongata bo boholo!” Ba bangata ba ile ba ameha maikutlo kaha qetellong ba ne ba tseba hore na bokamoso ba bona ke bofe.

18. Balateli ba Kreste ba ile ba ameha ka eng tšebeletsong ea bona, hona liphello e ile ea e-ba life?

18 Ho tloha ka nako eo, Kreste o ’nile a tataisa batho ba hae hore ba amehe ka ho bokella bao e tla ba litho tsa bongata bo boholo bo tla pholoha matšoenyeho a maholo. Qalong, ho ile ha bonahala eka bongata bo boholo bo ne bo se bongata hakaalo. Ka lekhetlo le leng Mor’abo rōna Rutherford o ile a re: “Ho bonahala eka ‘bongata bo boholo’ bo ke ke ba e-ba boholo hakaalo.” Ke ’nete hore kajeno re bona kamoo Jehova a hlohonolofalitseng kotulo haholo kateng, ho tloha ka nako eo! Ka tataiso ea Jesu le moea o halalelang batlotsuoa le metsoalle ea bona ea “linku tse ling” e se e le “mohlape o le mong” o sebeletsang tlas’a ‘molisa a le mong’—joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele.

Mor’abo rōna Rutherford o ne a sa tsebe hore na bongata bo boholo bo ne bo tla ba bongata hakae (Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Nathan H. Knorr, Joseph F. Rutherford, le Hayden C. Covington

19. Re ka etsa’ng hore bongata bo boholo bo eketsehe?

19 Batho ba bangata ba tšepahalang ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, ba busoa ke Kreste le babusi-’moho le eena ba 144 000. Ruri hoa thabisa ho nahana ka tsela eo Kreste a ileng a tataisa batho ba Molimo hore ba be le kutloisiso e hlakileng ea Mangolo mabapi le tšepo ka bokamoso! Ka sebele ke tokelo ho bolella batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ka tšepo eo! A re etseng mosebetsi ona ka mafolofolo ho ea ka maemo a rōna, e le hore bongata bo boholo bo tsoele pele bo eketseha le hore bo tlotlise lebitso la Jehova le ho feta!—Bala Luka 10:2.

Bongata bo boholo bo ntse bo eketseha

Re ka Bontša Joang Hore re Tšepahalla ’Muso?

20. Mokhatlo oa Satane o akarelletsa mekhatlo efe, hona Bakreste ba lokela ho etsa’ng ho bontša hore baa tšepahala?

20 Ha batho ba Molimo ba ntse ba tsoela pele ho ithuta ka ’Muso, ba ne ba boetse ba hloka ho utloisisa ka botlalo hore na ho bolela’ng ho tšepahalla puso ea leholimo. Tabeng ena, ka 1922, makasine ea The Watch Tower e ile ea bolela hore ho na le mekhatlo e ’meli, oa Jehova le oa Satane ’me oa Satane o akarelletsa mekhatlo ea khoebo, ea bolumeli le ea lipolotiki. Batho ba tšepahallang ’Muso oa Molimo o busoang ke Kreste, ha baa lokela ho ikamahanya ka tsela e sa lokelang le mokhatlo leha e le ofe oa Satane. (2 Bakor. 6:17) Seo se bolela’ng?

21. (a) Lekhoba le tšepahalang le ’nile la lemosa batho ba Molimo ka likhoebo tse khōlō joang? (b) Ka 1963, The Watchtower e ile ea senola eng ka “Babylona e Moholo”?

21 Lijo tsa moea tse tsoang ho lekhoba le tšepahalang li ’nile tsa pepesa ho se tšepahale ha likhoebo tse khōlō le ho lemosa batho ba Molimo hore ba se ke ba rata maruo ka ho feteletseng. (Mat. 6:24) Ka tsela e tšoanang, lingoliloeng tsa rōna li ’nile tsa pepesa karolo ea mokhatlo oa Satane e leng bolumeli. Ka 1963, The Watchtower e ile ea bontša ka ho hlaka hore “Babylona e Moholo” hase feela Bokreste ba bohata empa ha e le hantle ke ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata. Kahoo, joalokaha re tla bona Khaolong ea 10 ea buka ena, batho ba Molimo  linaheng tsohle le litsong tsohle ba thusitsoe ho ‘Tsoa ho eena’, ka hore ba itlhatsoe litšila tsohle tsa mekhoa ea bolumeli ba bohata.—Tšen. 18:2, 4.

22. Nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, batho ba bangata ba Molimo ba ile ba utloisisa keletso e ho Baroma 13:1 joang?

22 Leha ho le joalo, ho thoeng ka karolo ea lipolotiki ea mokhatlo oa Satane? Na Bakreste ba ne ba tla kenella lintoeng le likhohlanong tsa lichaba? Nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše, Liithuti Tsa Bibele li ne li utloisisa hore balateli ba Kreste ha baa lokela ho bolaea batho ba bang. (Mat. 26:52) Empa, batho ba bangata ba ne ba nahana hore keletso e ho Baroma 13:1 ea hore ba mamele “balaoli ba phahameng,” e bolela hore ba lokela ho kenela sesole, ho apara liaparo tsa masole le ho tšoara libetsa; empa haeba ho thoe ba bolaee ba lireng, ba lokela ho thunyetsa moeeng.

23, 24. Nakong ea Ntoa ea Bobeli ea Lefatše, Bakreste ba ne ba utloisisa Baroma 13:1 ka tsela efe, hona ba ile ba tataisetsoa hore ba be le kutloisiso e nepahetseng joang?

23 Ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e qhoma ka 1939, makasine ea The Watchtower e ile ea bua ka ho teba ka ho se tšehetse mebuso ea lipolotiki. Sehlooho seo se ile sa bontša ka ho hlaka hore ho hang Bakreste ha baa lokela ho kenella lintoeng le likhohlanong tsa lichaba tsa lefatše la Satane. Eo e ile ea e-ba keletso e nakong hakaakang! Balateli ba Kreste ba ile ba sireletsoa hore ba se ke ba e-ba le molato oa mali joaloka lichaba tse ileng tsa loana ntoeng eo. Leha ho le joalo, ka 1929, lingoliloeng tsa rōna li ile tsa bolela hore balaoli ba phahameng bao ho buuoang ka bona ho Baroma 13:1 e ne e se babusi ba lefatše empa ke Jehova le Jesu. Ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba utloisise taba eo ka ho nepahetseng.

 24 Moea o halalelang o ile oa tataisa balateli ba Kreste hore ba be le kutloisiso e nepahetseng ka 1962, ha ho ne ho hatisoa lihlooho tsa bohlokoa tse buang ka Baroma 13:1-7, ho The Watchtower ea November 15 le ea December 1. Qetellong batho ba Molimo ba ile ba utloisisa molao-motheo oo Jesu a ileng a bua ka oona mantsoeng a hae a tsebahalang a reng: “Le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Luka 20:25) Joale, Bakreste ba ’nete ba ne ba se ba utloisisa hore balaoli ba phahameng ke mebuso ea lefatše lena ’me Bakreste ba lokela ho ipeha ka tlaase ho eona. Leha ho le joalo, ba ne ba tla etsa seo ka tsela e lekanyelitsoeng. Haeba balaoli ba lefatše ba re kōpa hore re se ke ra mamela Jehova Molimo, re araba joaloka baapostola ha ba ne ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Khaolong ea 13 le ea 14 ea buka ena, re tla ithuta ka ho eketsehileng mabapi le kamoo batho ba Molimo ba ileng ba sebelisa molao-motheo ona kateng ka hore ba se ke ba tšehetsa mebuso ea lefatše lena.

Ke tokelo e kaakang ho bolella ba bang ka tšepo e ka Bibeleng ea bophelo bo sa feleng!

25. Ke hobane’ng ha u ananela hore ebe u tataisoa ke moea o halalelang hore u utloisise linnete tsa ’Muso oa Molimo?

25 Nahana ka sohle seo balateli ba Kreste ba ’nileng ba se rutoa ka ’Muso lilemong tse lekholo tse fetileng. Re ithutile hore na ’Muso oa Molimo o ile oa thehoa neng leholimong le hore na ke oa bohlokoa hakae. Re utloisisa ka ho hlaka hore ho na le batho ba nang le tšepo ea ho phela leholimong le ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng. Re boetse rea tseba hore na ke joang re ka tšepahallang ’Muso oa Molimo ha ka nako e tšoanang re ipeha tlas’a balaoli ba lefatše ka tsela e lekanyelitsoeng. Ipotse, ‘Na nkabe ke tseba linnete tsee, haeba Jesu Kreste ha aa ka a tataisa lekhoba la hae le tšepahalang lefatšeng hore le li utloisise le ho li ruta? Re thaba hakaakang hore ebe re tataisoa ke Kreste le moea o halalelang!

^ ser. 3 Ho ea ka buka e ’ngoe ea litšupiso, lentsoe la Segerike e leng “tataisa,” temaneng eo le bolela “ho bontša tsela.”

^ ser. 7 Pele ho moo, ho ne ho nahanoa hore pono eo e ne e le mabapi le ntoa pakeng tsa bolumeli ba ’Muso oa Roma le Kereke ea Roma e K’hatholike.

^ ser. 10 Ka June 1880, makasine ea Zion’s Watch Tower e ile ea bolela hore ba 144 000 e ne e tla ba Bajuda ba tlhaho ba tla beng ba sokolohile ka 1914. Leha ho le joalo, hamorao ka 1880, ho ile ha hatisoa sehlooho se neng se fana ka kutloisiso e batlang e tšoana le eo esale re e-na le eona ho tloha nakong eo.