Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO 9

Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”

Litholoana Tsa Mosebetsi Boboleli—“Masimo a Soeufetse . . . Bakeng sa Kotulo”

NTLHA-KHŌLŌ EA KHAOLO

Jehova o entse hore peō ea ’Muso e hōle

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha barutuoa ba ne ba tsielehile? (b) Jesu o ne a bua ka mofuta ofe oa kotulo?

BARUTUOA ba ne ba tsielehile. Jesu o ne a ile a ba bolella sena: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” Ba ile ba talima sebaka seo Jesu a neng a se supa, leha ho le joalo ha baa ka ba bona masimo a soeufetseng empa ba ile bona masimo a matala, e leng ’mala oa harese e sa tsoa mela. E ka ’na eaba ba ile ba ipotsa, ‘Jesu o bua ka kotulo efe? Ho sa ntse ho e-na le likhoeli pele kotulo e tla.’—Joh. 4:35.

2 Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa bue ka kotulo ea sebele. Ho e-na le hoo, o ne a sebelisa boemo bona ho ruta barutuoa ba hae lithuto tse peli tsa bohlokoa tse amanang le kotulo ea moea e leng ho kotuloa ha batho. Lithuto tseo ke life? E le hore re li tsebe, a re ke re hlahlobe tlaleho ena ka ho eketsehileng.

Ba Khothalletsoa ho Sebetsa ’me Baa Thaba

3. (a) E ka ’na eaba ke’ng se ileng sa susumelletsa Jesu hore a re: “Masimo a soeufetse . . . bakeng sa kotulo”? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (b) Jesu o ile a hlakisa seo a neng a bua ka sona joang?

3 Jesu o ne a bua le barutuoa ba hae ka selemo sa 30, a le haufi le motse oa Samaria oa Sikare. Ha barutuoa ba kena motseng, Jesu o ile a sala selibeng moo a ileng a bua le mosali ka linnete tsa Mangolo ’me kapele mosali eo o ile a utloisisa bohlokoa ba lithuto tsa hae. Ha barutuoa ba khutlela ho Jesu, mosali eo o ile a khutlela Sikare ka potlako ho ea bolella baahelani ba hae ka lintho tse hlollang tseo a ithutileng tsona. Baahelani ba hae ba ile ba thabela molaetsa oo haholo hoo ba bangata ba ileng ba potlakela selibeng ho ea kopana le Jesu. Ho ka etsahala hore ebe ka nako eo—ha Jesu a talima masimo ’me a bona sehlopha sa Basamaria se atamela—o ile a re: ‘Talimang masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.’ * Ho bontša hore o ne a sa bue ka kotulo ea sebele, empa ka ea moea, o ile a re: “Mokotuli o . . . bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Joh. 4:5-30, 36.

4. (a) Ke lintho life tse peli tseo Jesu a ileng a li ruta mabapi le kotulo ea moea? (b) Re tla tšohla lipotso life?

4 Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li ruta mabapi le kotulo ea moea? Ea pele, mosebetsi o potlakile. Ha Jesu a re “masimo . . . a soeufetse bakeng sa kotulo”  o ne a khothalletsa hore balateli ba hae ba sebetse. Ha a bontša barutuoa ba hae kamoo mosebetsi o potlakileng kateng, Jesu o ile a re: “Mokotuli o se a amohela moputso.” Ka sebele mosebetsi oa kotulo o ne o se o qalile—ba ne ba sa lokela ho senya nako! Ea bobeli, basebetsi ba thabile. Jesu o ile a re bajali le bakotuli ba tla “thaba hammoho.” (Joh. 4:35b, 36) Feela joalokaha Jesu a ile a thaba ha a bona “Basamaria ba bangata . . . ba beha tumelo ho eena,” barutuoa ba hae le bona ba ne ba tla thaba haholo ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa ho kotula ka moea oohle. (Joh. 4:39-42) Tlaleho ena ea lekholong la pele la lilemo ke ea bohlokoa bakeng sa rōna hobane e bontša se etsahalang kajeno, nakong eo mosebetsi oa kotulo o leng mongata le ho feta. Mosebetsi oa kotulo oa mehleng ea kajeno o qalile neng? Ke bo-mang ba o etsang? Liphello e bile life?

Morena oa Rōna o Etella Pele Mosebetsi o Moholo ka ho Fetisisa oa Kotulo

5. Ke mang ea etellang pele mosebetsi oa ho kotula lefatšeng, hona pono ea Johanne e bontša joang hore mosebetsi o potlakile?

5 Ponong eo a ileng a e fa moapostola Johanne, Jehova o ile a senola hore o khethile Jesu hore a etelle pele mosebetsi oa ho kotula batho lefatšeng lohle. (Bala Tšenolo 14:14-16.) Ponong ena, Jesu o hlalosoa a roetse moqhaka ’me a tšoere sekele. “Moqhaka oa khauta hloohong [ea Jesu]” o bontša hore ke Morena. Athe “sekele e bohale letsohong la hae” e bontša hore ke Mokotuli. Ha Jehova a ne a sebelisa lengeloi hore le re “lijalo tsa lefatše li butsoitse ka ho phethahetseng,” o ne a bontša hore mosebetsi o potlakile. Ka sebele, “hora ea ho kotula e fihlile”—ha rea lokela ho senya nako! Ha Jesu a arabela taelo ea Molimo e reng “akhela sekele ea hao,” o akhela sekele ea hae ’me o kotula batho ba lefatšeng. Pono ena e hlollang e boetse e re hopotsa hore “masimo . . . a soeufetse bakeng sa kotulo.” Na pono ee e re thusa ho tseba hore na kotulo ea lefatše e qalile neng? Ka sebele ho joalo!

6. (a) “Nako ea kotulo” e ile ea qala neng? (b)  ‘Ho kotula lijalo tsa lefatše’ ho qalile neng? Hlalosa.

6 Kaha pono ea Johanne e ho Tšenolo khaolo ea 14 e bontša Jesu, Mokotuli, a roetse moqhaka (temana ea 14), o ne a se a khethiloe e le Morena ka 1914. (Dan. 7:13, 14) Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a laeloa hore a qale mosebetsi oa kotulo (temana ea 15). Liketsahalo tse tšoanang li bonoa lipapisong tsa Jesu tse mabapi le kotulo ea koro, moo a reng: “Kotulo ke qetello ea tsamaiso ea lintho.” Kahoo, nako ea kotulo le qetello ea tsamaiso ea lintho li qalile ka nako e le ’ngoe—ka 1914. Hamorao “nako ea kotulo” e ile ea qala. (Mat. 13:30, 39) Kaha re se re utloisisa litaba ka ho hlaka, rea hlokomela hore kotulo e qalile lilemo tse seng kae ka mor’a hore Jesu a qale ho busa e le Morena. Pele, ho tloha ka 1914 ho fihlela mathoasong a 1919, Jesu o ile a hloekisa balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Mal. 3:1-3; 1 Pet. 4:17) Eaba ka 1919, ‘ho kotula lijalo tsa lefatše’ hoa qala. Ntle ho tšenyo ea nako, Jesu o ile a  sebelisa lekhoba le tšepahalang le sa tsoa khethoa hore le thuse barab’abo rōna ho hlokomela hore mosebetsi oa ho bolela o potlakile. Nahana ka se ileng sa etsahala.

7. (a) Barab’abo rōna ba ile ba thusoa ke eng ho hlokomela hore mosebetsi oa boboleli o potlakile? (b) Barab’abo rōna ba ile ba khothalletsoa hore ba etse’ng?

7 Ka July 1920, makasine ea The Watch Tower e ile ea re: “Ka mor’a ho hlahloba Mangolo ho hlakile hore kereke e fuoe tokelo ea hore e fane ka molaetsa oa ’muso.” Ka mohlala, mantsoe a moprofeta Esaia a ile a thusa barab’abo rōna hore ba hlokomele hore litaba tsa ’Muso li ne li lokela ho phatlalatsoa lefatšeng lohle. (Esa. 49:6; 52:7; 61:1-3) Le hoja ba ne ba sa tsebe hore na ba tla etsa mosebetsi oo joang, ba ne ba kholisehile hore Jehova o tla ba bontša tsela. (Bala Esaia 59:1.) Ha leseli le ntse le chaba mabapi le hore na mosebetsi oa boboleli o potlakile hakae, seo se ile sa susumelletsa barab’abo rōna hore ba tiise le ho feta mosebetsing oa ho bolela. Barab’abo rōna ba ile ba etsa’ng?

8. Ke lintho life tse peli mabapi le mosebetsi oa boboleli tseo barab’abo rōna ba ileng ba li utloisisa ka 1921?

8 Ka December 1921, makasine ea The Watch Tower e ile ea re: “Seo e bile selemo se ileng sa atleha ka ho fetisisa kaha batho ba bangata ba ile ba utloa molaetsa oa ’nete ka 1921 ho feta selemo leha e le sefe.” Makasine eo e ile ea tsoela pele ka ho re : “Ho sa na le mosebetsi o mongata oo re lokelang ho o etsa. . . . A re o etseng re thabile.” Hlokomela kamoo barab’abo rōna ba ileng ba utloisisa lintho tse peli mabapi le mosebetsi oa ho bolela tseo Jesu a ileng a li ruta baapostola ba hae: Mosebetsi o potlakile le hore basebetsi ba thabile.

9. (a) Ka 1954, ke’ng seo The Watchtower e ileng ea se bua ka mosebetsi oa kotulo, hona hobane’ng? (b) Lilemong tse 50 tse fetileng, ho bile le keketseho efe ea bahoeletsi? (Sheba chate e reng “ Keketseho ea Lefatše Lohle.”)

9 Lilemong tsa bo-1930, ka mor’a hore barab’abo rōna ba utloisise hore bongata bo boholo ba linku tse ling bo tla amohela molaetsa oa ’Muso, mosebetsi oa boboleli o ile oa eketseha le ho feta. (Esa. 55:5; Joh. 10:16; Tšen. 7:9) Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Palo ea batho ba phatlalatsang molaetsa oa ’Muso e ile ea eketseha ho tloha ho 41 000 ka 1934 ho ea ho 500 000 ka 1953! Makasine ea The Watchtower ea December 1, 1954, e ile ea phethela ka ho re: “Moea oa Jehova le matla a  lentsoe la hae ke tsona tse re thusitseng hore re finyelle mosebetsi ona oa kotulo ea lefatše lohle.” *Zak. 4:6.

 

KEKETSEHO EA LEFATŠE LOHLE

Naha

1962

1987

2013

Australia

15 927

46 170

66 023

Brazil

26 390

216 216

756 455

Fora

18 452

96 954

124 029

Italy

6 929

149 870

247 251

Japane

2 491

120 722

217 154

Mexico

27 054

222 168

772 628

Nigeria

33 956

133 899

344 342

Philippines

36 829

101 735

181 236

U.S. of America

289 135

780 676

1 203 642

Zambia

30 129

67 144

162 370

 

PALO E NTSENG E EKETSEHA EA LITHUTO TSA BIBELE

1950

234 952

1960

646 108

1970

1 146 378

1980

1 371 584

1990

3 624 091

2000

4 766 631

2010

8 058 359

Seo Kotulo e Tla se Finyella—Se Boleloa ka Lipapiso Tse Hlakileng

10, 11. Ke lintlha life tse mabapi le ho hōla ha peō tse totobalitsoeng papisong ea thollo ea mosetareta?

10 Lipapisong tseo Jesu a ileng a li etsa tse buang ka ’Muso, o ile a hlalosa ka ho hlaka hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka mor’a mosebetsi oa kotulo. A re ke re hlahlobe papiso ea thollo ea mosetareta le ea tomoso. Ka ho khetheha, re tla hlahloba kamoo lipapiso tseo li ileng tsa phethahala kateng nakong ea bofelo.

11 Papiso ea thollo ea mosetareta. Motho o ile a jala thollo ea mosetareta. E ile ea hōla ’me ea fetoha sefate seo linonyana li fumanang bolulo makaleng a sona. (Bala Matheu 13:31, 32.) Ke lintlha life tse mabapi le ho hōla ha peō tse totobalitsoeng papisong ee? (1) Tsela eo peō e hōlang ka eona ea hlolla. Le hoja e le “nyenyane ka ho fetisisa ho lipeō tsohle”, ea hōla ’me e ba sefate se ‘hlahisang makala a maholo.’ (Mar. 4:31, 32) (2) Re kholisehile hore ho tla ba le khōlo. Jesu o ile a re, ‘Ha peō e jetsoe, ea hōla.’ Ha a re ‘E ka ’na ea hōla.’ Ho e-na le hoo o re: ‘Ea hōla.’ Ha ho na ntho e ka e thibelang hore e hōle. (3) Ha peō ena e hōla e ba sefate se seholo hoo ‘linonyana tsa leholimo li khonang ho fumana bolulo tlas’a moriti oa sona.’ Lintlha tsee tse tharo li amana joang le kotulo ea moea ea kajeno?

12. Papiso ea thollo ea mosetareta e amana joang le kotulo ea kajeno? (Sheba le chate “ Palo e Ntseng e Eketseha ea Lithuto Tsa Bibele.”)

12 (1) Khōlo: Papiso ena e totobatsa ho hōla ha molaetsa oa ’Muso le phutheho ea Bokreste. Ho tloha ka 1919, ho ’nile ha bokelloa bakotuli ba chesehang ka phuthehong ea Bokreste e tsosolositsoeng. Ka nako eo, palo ea basebetsi e ne e fokola empa e ile ea eketseha ka potlako. Ha e le hantle, ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1900 ho fihlela kajeno, palo eo e ile ea eketseha ka tsela e hlollang. (Esa. 60:22) (2) Kholiseho: Ha ho na ntho e ileng ea thibela hore phutheho ea Bokreste e hōle. Ho sa tsotellehe hore na peō e ile ea kopana le litšitiso tse kae, e ile ea ’na ea tsoela pele ho hōla. (Esa. 54:17) (3) Sebaka sa bolulo: “Linonyana tsa leholimo” tse fumanang bolulo makaleng a sefate li tšoantšetsa batho ba limilione ba lokileng ba tsoang linaheng tse ka bang 240 ba ileng ba utloa molaetsa oa ’Muso ’me ba tla ka phuthehong ea Bokreste. (Ezek. 17:23) Ha ba le moo ba ithuta ka Molimo ’me ba fumana khatholoho le tšireletso.—Esa. 32:1, 2; 54:13.

Papiso ea thollo ea mosetareta e bontša hore batho ba ka phuthehong ea Bokreste ba fumana bolulo le tšireletso (Sheba serapa sa 11 le 12)

13. Papiso ea tomoso e totobatsa lintlha life tse amanang le khōlo?

13 Papiso ea tomoso. Ka mor’a hore mosali a tšele tomoso hlameng ea bohobe, tomoso eo e belisa hlama kaofela. (Bala Matheu 13:33.) Ke lintlha life tse amanang le khōlo tse totobalitsoeng papisong ee? A re ke re hlahlobe lintlha tse peli. (1) Khōlo e etsa hore ho be le liphetoho. Tomoso ea ata “ho fihlela hlama eo kaofela e betse.” (2) Khōlo ea nama. Tomoso e  belisa ‘litekanyo tse tharo tse khōlō tsa phofo’ e leng hlama kaofela. Lintlha tsee tse peli li amana joang le kotulo ea moea ea kajeno?

14. Papiso ea tomoso e amana joang le kotulo ea kajeno?

14 (1) Liphetoho: Tomoso e tšoantšetsa molaetsa oa ’Muso ’me hlama e emela moloko oa batho. Feela joalokaha tomoso e etsa hore ho be le phetoho ka mor’a hore e kopanngoe le phofo, ka ho tšoanang, molaetsa oa ’Muso o fetola batho ka mor’a hore ba o utloe. (Bar. 12:2) (2) Ho Nama:  Ho ata ha tomoso ho tšoantšetsa ho nama ha molaetsa oa ’Muso. Tomoso e belisa hlama kaofela. Ka ho tšoanang, molaetsa oa ’Muso o namme “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) Sena se bontša hore esita le linaheng tseo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng, molaetsa oa ’Muso o tla nama, le hoja khōlo eo e sa bonahale.

15. Mantsoe a ho Esaia 60:5, 22 a phethahetse joang? (Sheba lebokose le reng, “ Jehova o Entse Hore ho Khonehe,” le le reng “Kamoo ‘Ea Fokolang’ a Fetohileng ‘Sechaba se Matla.’”)

15 Lilemo tse ka bang 800 pele Jesu a pheta lipapiso tseo, Jehova o ile a sebelisa Esaia ho bolela esale pele kamoo kotulo e tla ba khōlō kateng le thabo eo kotulo eo e tla e tlisa. *  Jehova o hlalosa hore batho ba tla tla mokhatlong oa hae “ba tsoa hōle.” O itšoantša le “mosali” eo kajeno a emeloang ke masala a batlotsuoa ba lefatšeng ’me o re: “U tla bona ’me ka sebele u tlale thabo, ’me pelo ea hao e tla thothomela e kokomohe, hobane leruo la leoatle le tla leba ho uena; maruo a lichaba a tla tla ho uena.” (Esa. 60:1, 4, 5, 9) Mantsoe ao ke ’nete hakaakang! Ka sebele kajeno batho ba nang le nako e telele ba sebeletsa Jehova, ba thabile haholo ha ba hlokomela kamoo palo ea bahoeletsi ba ’Muso linaheng tsa bona e eketsehileng kateng, ho tloha ho ba ’maloa ho fihla ho ba likete tse ngata.

Ke Hobane’ng ha Bahlanka Bohle ba Jehova ba E-na le Lebaka la ho Thaba?

16, 17. Lebaka le leng leo ‘mojali le mokotuli ba thabang hammoho’ ka lona ke lefe? (Sheba le lebokose le reng “ Kamoo Lipampitšana Tse Peli li Ileng Tsa Ama Batho ba Babeli Amazon.”)

16 Hopola hore ha Jesu a ne a bua le baapostola ba hae o ile a re: “Mokotuli o . . . bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng, e le hore mojali le mokotuli ba ka thaba hammoho.” (Joh. 4:36) Re ka “thaba hammoho” joang kotulong ea lefatše lohle? Ka litsela tse ngata. A re ke re hlahlobe tse tharo.

17 Ea pele, rea thaba ha re bona seo Jehova a se entseng mosebetsing ona. Ha re bolela molaetsa oa ’Muso, re jala peō. (Mat. 13:18, 19) Ha re thusa motho e mong hore e be morutuoa oa Kreste, re kotula litholoana. Kaofela ha rōna re thabisoa ke hore Jehova o entse hore peō ea ’Muso e “’ne e mele, e be e hōle.” (Mar. 4:27, 28; Bibele ea Sesotho) Peō e ’ngoe eo re e jalang e hōla hamorao ’me e kotuloa ke ba bang. E ka ’na eaba u ile ua hlaheloa ke ntho e tšoanang le ea Joan, morali’abo rōna ea lulang Brithani ea ileng a kolobetsoa lilemo tse 60 tse fetileng. O ile a re: “Ke ’nile ka kopana le batho ba ileng ba mpolella hore ke ile ka jala peō lipelong tsa bona ha ke ne ke ba bolella molaetsa lilemo tse ngata tse fetileng. Lipaki tse ling li ile tsa ithuta Bibele le bona ke sa tsebe ’me batho bao e ile ea e-ba bahlanka ba Jehova. Ke thabisoa ke hore peō eo ke ileng ka e jala e ile ea hōla ’me ea kotuloa.”—Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.

18. Ke lebaka lefe le tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 3:8 le etsang hore re thabe?

18 Ea bobeli, re lula re thabile ha re hopola seo Pauluse a ileng a se bua ha a re: “Motho e mong le e mong o tla amohela moputso oa hae ho ea ka mosebetsi oa hae.” (1 Bakor. 3:8) Motho o fumana moputso ho latela mosebetsi oa hae eseng ho latela seo a se finyellang mosebetsing oo. Mantsoe ao a khothatsa hakaakang ho batho ba sebetsang tšimo eo batho ba bangata ba sa thabeleng molaetsa! Mahlong a Molimo, Paki e ’ngoe le e ’ngoe e etsang mosebetsi oa ho jala e ‘beha litholoana tse ngata’ ’me e ea thaba.—Joh. 15:8; Mat. 13:23.

19. (a) Ho latela boprofeta ba Jesu bo ho Matheu 24:14, ke’ng se re thabisang? (b) Re lokela ho lula re hopola eng haeba re sa atlehe ho etsa barutuoa?

19 Ea boraro, re thabisoa ke hore mosebetsi oa rōna o phethahatsa boprofeta. Nahana ka karabo eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae ha ba ne ba botsa ba re: “Pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” O ile  a ba bolella hore e ’ngoe ea lipontšo e ne e tla ba mosebetsi oa boboleli o neng o tla etsoa lefatšeng lohle. Na o ne a bua ka mosebetsi oa ho etsa barutuoa? Che. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki.” (Mat. 24:3, 14) Kahoo, ho bolela ka ’Muso, e leng ho jala peō, ke eona pontšo. Ha re ntse re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re lula re hopola hore le hoja re sa atlehe ho etsa barutuoa, rea atleha hobane re fana ka “bopaki.” * Ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, re phethahatsa boprofeta ba Jesu ’me re na le tlotla ea ho sebetsa re le “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Leo ke lebaka le leholo hakaakang la ho thaba!

“Ho Tloha Bochaba-Tsatsi Esita le ho Isa Bophirima-Tsatsi”

20, 21. (a) Mantsoe a ho Malakia 1:11 a phethahala joang? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le mosebetsi oa kotulo, hona hobane’ng?

20 Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a thusa baapostola ba hae hore ba hlokomele hore mosebetsi oa ho kotula o ne o potlakile. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, Jesu o ’nile a thusa barutuoa ba hae ba mehleng ena hore ba hlokomele se tšoanang. Batho ba Molimo ba entse seo ka hore ba ikitlaetse ka matla mosebetsing ona. Ha e le hantle, ha ho letho le ka thibelang mosebetsi oa kotulo. Joalokaha moprofeta Malakia a ile a bolela, mosebetsi oa boboleli o etsoang kajeno o etsoa “ho tloha bochaba-tsatsi esita le ho isa bophirima-tsatsi.” (Mal. 1:11) Ka sebele, ho tloha bochaba-tsatsi ho ea bophirima-tsatsi, ho sa tsotellehe hore na ba hokae, bajali le bakotuli ba sebetsa le ho thaba hammoho. Hape, ho tloha bochaba-tsatsi ho ea bophirima-tsatsi—ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea, kapa letsatsi lohle—re sebetsa re potlakile.

21 Kajeno ha re nahana ka lilemo tse 100 tse fetileng ’me re bona kamoo sehlopha sa bahlanka ba Molimo se senyenyane se ileng sa hōla ’me ea e-ba “sechaba se matla,” ka sebele lipelo tsa rōna lia ‘thothomela le ho kokomoha’ ke thabo. (Esa. 60:5, 22) E se e ka thabo eo le lerato la rōna ho Jehova, “Mong’a kotulo,” li ka susumelletsa e mong le e mong oa rōna ho tsoela pele a kenya letsoho ho phetheng mosebetsi o moholo ka ho fetisisa oa kotulo!—Luka 10:2.

^ ser. 3 E ka ’na eaba ha Jesu a ne a bolela hore ‘masimo a soeufetse’ o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka liaparo tse telele tsa Basamaria bao a neng a ba bona ba atamela.

^ ser. 9 E le hore u ithute ka lilemo tseo le lilemo tse mashome tse ileng tsa latela, re u khothalletsa hore u bale leqephe la 425-520 la buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo moo ho buuoang ka mosebetsi oa kotulo o ileng oa finyelloa ho tloha ka 1919 ho ea ho 1992.

^ ser. 15 E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le boprofeta bona, sheba Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II, leqepheng la 303-320.

^ ser. 19 Liithuti Tsa Bibele li ne li se ntse li utloisisa ’nete eo ea bohlokoa. Makasine ea Zion’s Watch Tower ea November 15, 1895, e re: “Haeba ho ka bokelloa koro e nyenyane, bonyane bopaki ba ’nete bo ka fanoa. . . . Bohle ba ka bolela kosepele.”