Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Khaolo ea 5

Tsela ea ho Ikarola Lefatšeng

Tsela ea ho Ikarola Lefatšeng

“Ha le karolo ea lefatše.”—JOHANNE 15:19.

1. Jesu o ile a totobatsa eng bosiung ba hae ba ho qetela e le motho oa nama lefatšeng?

BOSIUNG ba ho qetela boo Jesu a neng a le lefatšeng ka bona e le motho oa nama, o ile a bontša hore o amehile haholo ka boiketlo ba ka moso ba balateli ba hae. O ile a ba a rapela ka taba ena, a re ho Ntate oa hae: “Ha ke u kōpe hore u ba ntše lefatšeng, empa ke kōpa hore u ba lebele ka lebaka la ea khopo. Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:15, 16) Ka kōpo ena e tlohang botebong ba pelo, Jesu o ile a bontša hore o rata balateli ba hae haholo le hore mantsoe ao a neng a a buile ho ba bang ba bona pejana hona bosiung boo, e ne e le a bohlokoa ha a ne a re: “Ha le karolo ea lefatše.” (Johanne 15:19) Ho hlakile hore ruri e ne e le habohlokoa haholo ho Jesu hore kamehla balateli ba hae ba ikarole lefatšeng!

2. “Lefatše” leo Jesu a buileng ka lona ke eng?

2 “Lefatše” leo Jesu a ileng a bua ka lona ke batho kaofela ba ikarohantseng le Molimo, ba busoang ke Satane le ba bokhobeng ba moea oa boithati le oa boikakaso o tsoang ho eena. (Johanne 14:30; Baefese 2:2; 1 Johanne 5:19) Ka sebele, “setsoalle le lefatše [leo] ke bora ho Molimo.” (Jakobo 4:4) Leha ho le joalo, ebe bohle ba batlang ho lula leratong la Molimo ba ka ba lefatšeng joang empa ba ikarotse ho lona? Litsela tse hlano tseo re tla li tšohla tseo ba ka etsang sena ka tsona ke ka ho tšepahala kamehla ’Musong oa Molimo o tlas’a Kreste empa re sa jele paate lipolotiking tsa lefatše, ka ho hana moea oa lefatše, ka ho apara le ho itlhopha ka tsela e hlomphehang le ka ho apara lihlomo tsa moea.

 HO TŠEPAHALA KAMEHLA LE HO SE JELE PAATE

3. (a) Jesu o ne a nka lipolotiki tsa mehleng ea hae joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba sebeletsa e le manģosa? (Akarelletsa mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

3 Jesu ha aa ka a kopanela lipolotiking tsa mehleng ea hae, ho e-na le hoo, o ile a tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho bolela ka ’Muso oa Molimo, e leng puso e tlang ea leholimo eo e neng e tla ba Morena oa eona. (Daniele 7:13, 14; Luka 4:43; 17:20, 21) Kahoo, ha Jesu a ne a le ka pel’a ’Musisi oa Moroma Ponse Pilato o ne a ka re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.” (Johanne 18:36) Balateli ba hae ba tšepahalang ba etsisa mohlala oa hae ka ho tšepahala ho Kreste le ’Muso oa hae le ka ho tsebisa lefatše ka ’Muso ona. (Matheu 24:14) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka hona re manģosa a emeng bakeng sa Kreste. . . . Re le baemeli ba Kreste rea kōpa: ‘Boelanang le Molimo.’” *2 Bakorinthe 5:20.

4. Bakreste bohle ba ’nete ba bontšitse joang hore ba tšepahala ’Musong oa Molimo? (Bona  lebokose le leqepheng la 52.)

4 Kaha manģosa a emela linaha lisele, ha a kena-kenane le litaba tsa lehae tsa linaha tseo a rometsoeng ho tsona; a lula a sa jele paate ho tsona. Leha ho le joalo, manģosa a buella mebuso ea linaha tseo a li emetseng. Balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste bao ‘boahi ba bona bo leng maholimong,’ le bona ba etsa joalo. (Bafilipi 3:20) Ha e le hantle, ba thusitse “linku tse ling” tsa Kreste tse limilione hore li ‘boelane le Molimo’ hobane ba ne ba bolela ka ’Muso ka cheseho. (Johanne 10:16; Matheu 25:31-40) Ka tsela ea tšoantšetso, linku tsena tse ling li sebeletsa e le baemeli ba Kreste, ba thusang barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng. E le mohlape o le mong o kopaneng o buellang ’Muso oa Bomesia, lihlopha tsena tse peli ha li jele paate ho hang litabeng tsa lefatše tsa lipolotiki.—Esaia 2:2-4.

5. Phutheho ea Bokreste e fapana joang le Iseraele ea boholo-holo, ’me phapang ee e iponahatsa joang?

 5 Ho tšepahala ho Kreste hase lona lebaka feela le etsang hore Bakreste ba ’nete ba se ke ba jela paate. Ho fapana le Baiseraele ba boholo-holo, ba neng ba e-na le naha eo ba neng  ba e filoe ke Molimo, rōna re karolo ea mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. (Matheu 28:19; 1 Petrose 2:9) Kahoo, haeba re ne re ka tšehetsa mekha ea lipolotiki ea libakeng tsa habo rōna, seo se ne se tla re sitisa ho bolela molaetsa oa ’Muso ka bolokolohi hape se ne se tla senya bonngoe ba rōna ba Bokreste haholo. (1 Bakorinthe 1:10) Ho feta moo, nakong ea ntoa, re ne re tla loana le balumeli-’moho le rōna, bao re laeloang hore re ba rate. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:10-12) Kahoo, ka lebaka le utloahalang, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba khaotse ho loana. O bile a ba bolella le hore ba rate lira tsa bona.—Matheu 5:44; 26:52; bona  lebokose le nang le sehlooho se reng “Na ke Lula ke sa Jele Paate?” leqepheng la 55.

6. Boinehelo ba hao ho Molimo bo ama kamano ea hao le Cesare joang?

Joaloka Bakreste ba ’nete, re nehetse bophelo ba rōna ho Molimo, eseng ho motho ofe kapa ofe, mokhatlo ofe kapa ofe oa batho le sechaba sefe kapa sefe. Bakorinthe ba Pele 6:19, 20 e re: “Ha le ba lōna, kaha le ile la rekoa ka theko.” Kahoo, ha balateli ba Jesu ba ntse ba neha “Cesare” lintho tse mo tšoanelang tse kang tlhompho, makhetho le ho ipeha tlas’a hae ka tekanyo eo Molimo a e lumeletseng, ba fa “Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17; Baroma 13:1-7) Sena se akarelletsa borapeli ba bona, lerato la bona le bontšoang ka moea oohle le ho mamela ha bona ka botšepehi. Ha ho hlokahala, ba bile ba ikemiselitse ho tella Molimo bophelo ba bona.—Luka 4:8; 10:27; Liketso 5:29; Baroma 14:8.

HO HANA “MOEA OA LEFATŠE”

7, 8. “Moea oa lefatše” ke eng, hona moea oo o ‘sebetsa’ joang ka ho motho?

7 Tsela e ’ngoe eo Bakreste ba ikarolang lefatšeng ka eona ke ka ho hana moea oa lona o mobe. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse moea o tsoang ho Molimo.” (1 Bakorinthe 2:12) O ile a re ho Baefese: ‘Ka nako e ’ngoe le ne le tsamaea ho ea ka lefatše  lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.’—Baefese 2:2, 3.

8 “Moea” oa lefatše ke matla a sa bonahaleng, a susumelletsang ho se mamele Molimo le a ntšetsang pele “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2:16; 1 Timothea 6:9, 10) “Matla” a moea ona a lutse tabeng ea hore o hohela nama e sa phethahalang, o bolotsana, oa phehella ’me, joaloka moea o fokang, o hohle. Ho feta moo, o ‘sebetsa’ ka ho motho ka ho mo fepela butle-butle ka mekhoa e sa ratoeng ke Molimo e kang boithati, boikhohomoso, meharo ea ho batla bophahamo le moea oa boitaolo le oa bofetoheli. * Ka mantsoe a bonolo feela, butle-butle moea oa lefatše o etsa hore mekhoa ea Diabolose e hōle ka pelong ea motho.—Johanne 8:44; Liketso 13:10; 1 Johanne 3:8, 10.

9. Moea oa lefatše o ka kena likelellong le lipelong tsa rōna ka litsela life?

9 Na moea oa lefatše o ka itsetsepela kelellong ea hao le pelong ea hao? E, haeba u sa itebela hantle. (Liproverbia 4:23) Hangata tšusumetso ea oona e qala ka bolotsana, mohlomong ka metsoalle eo ho bonahalang eka ke batho ba molemo empa, ha e le hantle, ba sa rate Jehova. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) U ka boetse ua fumana moea oo o mobe ka lingoliloeng tse sa lokang, ka mecha ea Inthanete e bontšang lintho tsa bokoenehi kapa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, boithabiso bo sa lokang le lipapali tse tletseng tlhōlisano—ka sebele, u ka u fumana ka mang kapa mang kapa ka eng kapa eng e fetisang monahano oa Satane kapa oa tsamaiso ea hae.

10. Re ka hana moea oa lefatše joang?

10 Re ka hana moea o kotsi oa lefatše joang ra ba ra ipoloka leratong la Molimo? Ke feela ka hore re sebelise litokisetso tsa moea tsa Jehova ka botlalo le ka hore re rapelle moea o halalelang kamehla. Jehova o phahame haholo ho feta Diabolose  kapa lefatše le khopo le taolong ea Satane. (1 Johanne 4:4) Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re be haufi le Jehova ka ho rapela!

HO APARA LE HO ITLHOPHA KA TSELA E HLOMPHEHANG

11. Moea oa lefatše o susumelitse mekhoa ea moaparo joang?

11 Moea o susumetsang motho o bonoa ka moaparo oa hae, boitlhopho ba hae le bohloeki ba hae. Linaheng tse  ngata, mekhoa ea ho apara e senyehile hoo mophatlalatsi e mong oa thelevishene a ileng a hlalosa hore haufinyane ha ho sa tla ba le moaparo o khethollang matekatse. Tlaleho ea koranta e ’ngoe e ile ea re: “Esita le banana ba ka tlaase ho lilemo tse 13 ba nkehile ke mokhoa ona oa “likete tse khutšoanyane le tse sa bontšeng ho itlhompha.” Mokhoa o mong ke oa ho apara ka tsela e bohlasoa e bontšang moea oa bofetoheli, o tlosang seriti le o bontšang ho se itlhomphe.

12, 13. Ke melao-motheo efe e lokelang ho laola mokhoa oo re aparang ka oona le oo re itlhophang ka oona?

12 Kaha re bahlanka ba Jehova, ho loketse hore ebe re batla ho shebahala hantle ka ho fetisisa, ’me sena se bolela ho apara ka makhethe, ka tsela e hloekileng, e bohehang le e loketseng boemo. Ka linako tsohle, ponahalo ea rōna e lokela ho bontša “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong,” ’me ha lintho tsena li tsamaea le “mesebetsi e molemo” li loketse e mong le e mong—e motona kapa e motšehali—‘ea ipolelang hore o fa Molimo tlhompho ea borapeli.’ Ha e le hantle, ntho e khōlō eo re amehileng ka eona hase ho ikhulela mahlo, empa ke ho ‘ipoloka leratong la Molimo.’ (1 Timothea 2:9, 10; Juda 21) Ha ho pelaelo hore mokhabo o motle ka ho fetisisa oo re batlang ho ba le oona ke oa “motho ea ka sephiring oa pelo . . . , e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:3, 4.

13 Hape, re lokela ho hopola hore mokhoa oo re aparang ka oona le oo re itlhophang ka oona o ka susumetsa tsela eo batho ba nkang borapeli ba ’nete ka eona. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boitlhompho,” ha le sebelisoa mabapi le boitšoaro, le fetisa khopolo ea tlhompho ea borapeli, tšabo e nang le tlhompho le ho hlompha maikutlo a batho ba bang. Kahoo, sepheo sa rōna e lokela ho ba ho nahanela matsoalo a batho ba bang pele re nahana ka litokelo tseo re nahanang hore re na le tsona. Ka holim’a tsohle, re batla ho tlotlisa Jehova le batho ba hae le ho ipuella ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo,  re ntse re etsa “lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakorinthe 4:9; 10:31; 2 Bakorinthe 6:3, 4; 7:1.

Na ponahalo ea ka e tlotlisa Jehova?

14. Tabeng ea ponahalo le tsela eo re itlhoekisang ka eona, re lokela ho ipotsa lipotso life?

14 Mokhoa oo re aparang ka oona le oo re itlhophang ka oona le bohloeki ba rōna ke tsa bohlokoa haholo ha re le tšebeletsong ea tšimo kapa sebokeng sa Bokreste. Ipotse: ‘Na tsela eo ke shebahalang ka eona kapa eo ke itlhoekisang ka eona li etsa hore ke ikhulele mahlo ho sa hlokahale? Na li soabisa batho ba bang? Na ke nka hore litokelo tsa ka linthong tsee ke tsa bohlokoa haholo ho feta ho tšoanelehela ho fuoa mesebetsi ka phuthehong?’—Pesaleme ea 68:6; Bafilipi 4:5; 1 Petrose 5:6.

15. Ke hobane’ng ha Lentsoe la Molimo le sa beha letoto la litaelo tabeng ea moaparo, boitlhopho le tsela ea ho itlhoekisa?

15 Bibele ha ea behela Bakreste letoto la litaelo bakeng sa moaparo, boitlhopho le tsela ea ho itlhoekisa. Jehova ha a batle ho re amoha bolokolohi ba rōna ba ho khetha kapa ba ho nahana. Ho fapana le moo, o batla hore re be batho ba butsoitseng ba nahanang ka melao-motheo ea Bibele le “bao ka tšebeliso, matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Ho feta tsohle, o batla hore re laoloe ke lerato—e leng lerato la ho rata Molimo le moahelani. (Mareka 12:30, 31) Bolokolohing boo ba rōna ba ho ikhethela, motho a  ka khetha mefuta e sa tšoaneng haholo ea moaparo le boitlhopho. Bopaki ba sena bo ka bonoa har’a matšoele a batho ba Jehova ba apereng liaparo tse mebala-bala le ba thabileng, ho sa tsotellehe hore na ba bokane hokae lefatšeng.

HO BOLOKA MAHLO A RŌNA A TALIMILE “NǴA E LE ’NGOE”

16. Moea oa lefatše o hanyetsa thuto ea Jesu joang, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life?

16 Moea oa lefatše oa thetsa ’me o qobella ba bangata hore ba batle thabo cheleteng le linthong tse bonahalang. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Le hoja Jesu a ne a sa buelle hore batho ba itšoare ka thata-thata kapa ba itšotle, o ile a ruta hore bophelo le thabo ea sebele ke tsa “ba elang hloko  tlhoko ea bona ea moea” le bao mahlo a bona a lulang a talimile “nģa e le ’ngoe,” e leng mahlo a talimileng haholo kamanong ea bona le Molimo. (Matheu 5:3; 6:22, 23) Ipotse: ‘Na kannete ke lumela seo Jesu a neng a se ruta, kapa na ke susumetsoa ke “ntate oa leshano”? (Johanne 8:44) Lipolelo tsa ka, lipakane tsa ka, lintho tseo ke li etelletsang pele le tsela eo ke phelang ka eona, li bontša’ng?’—Luka 6:45; 21:34-36; 2 Johanne 6.

17. Bolela e meng ea meputso e fumanoang ke batho bao mahlo a bona a lulang a talimile nģa e le ’ngoe.

17 Jesu o ile a re: “Bohlale bo pakoa ke mesebetsi ea bona hore bo lokile.” (Matheu 11:19) Nahana feela ka e meng ea meputso e fumanoang ke bao mahlo a bona a lulang a talimile nģa e le ’ngoe. Tšebeletso ea ’Muso e ba khatholla e le kannete. (Matheu 11:29, 30) Ba qoba ho tšoenyeha ho sa hlokahale, kahoo ba phema bohloko ba ho imeloa kelellong le maikutlong. (1 Timothea 6:9, 10) Kaha ba khotsofalletse ho ba le lintho tse hlokahalang bophelong, ba na le nako e eketsehileng ea ho ba le malapa a bona le metsoalle ea bona ea Bakreste. Ka lebaka leo, ho ka etsahala hore ba robale hantle bosiu. (Moeklesia 5:12) Ba fumana thabo e khōlō e tlisoang ke ho fana, ’me ba fana ka tsela efe kapa efe e khonehang. (Liketso 20:35) ’Me ba “ateloa ke tšepo” ebile ba ba le khotso moeeng le khotsofalo. (Baroma 15:13; Matheu 6:31, 32) Ka sebele ha ho na melemo e fetang ena!

HO NKA “LIHLOMO TSE FELETSENG TSA NTOA”

18. Bibele e hlalosa sera sa rōna, mekhoa ea sona le mofuta oa ntoa ea rōna joang?

18 Ba ipolokang leratong la Molimo ba boetse ba sireletsoa moeeng khahlanong le Satane ea sa batleng ho ba amoha thabo feela empa ea batlang le ho ba amoha bophelo bo sa feleng. (1 Petrose 5:8) Pauluse o itse: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng  e le ‘loana,’ le fetisa maikutlo a hore ha re loane re le hōle joalokaha eka re sebakeng se patehileng se sireletsehileng, empa re loana re le haufi re kampana le sera. Ho feta moo, mantsoe “mebuso,” “balaoli” le “babusi ba lefatše,” a bontša hore litlhaselo tse tsoang sebakeng sa moea li hlophisitsoe hantle ebile li etsoa ka morero.

19. Hlalosa lihlomo tsa moea tsa Mokreste.

19 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bofokoli le ho haelloa hoo re nang le hona, re ka hlōla. Joang? Ka hore re nke “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.” (Baefese 6:13) Baefese 6:14-18 e hlalosa lihlomo tsena tjena: “Ka hona, le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe ka hohle ka ’nete, ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka, le maoto a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo. Hape, le amohele helmete [kapa, tšepo] ea poloko, le sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo, ha ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.”

20. Boemo ba rōna bo fapana joang le ba lesole la sebele?

20 Kaha lihlomo tsena tsa moea ke tokisetso e tsoang ho Molimo, ka sebele li tla re sireletsa, hafeela re li apara ka linako tsohle. Ho fapana le masole a sebele, a ka ’nang a nka nako e telele a sa loane, Bakreste ba ntoeng e se nang khefu ea lefu le bophelo e sa tl’o lala ho fihlela Molimo a timetsa lefatše la Satane ’me a kenya meea eohle e khopo ka mohohlong. (Tšenolo 12:17; 20:1-3) Kahoo, u se ke ua tela haeba u loana le bofokoli kapa litakatso tse fosahetseng, hobane bohle re tlameha ho ‘iteteka’ e le hore re lule re tšepahala ho Jehova. (1 Bakorinthe 9:27) Ka sebele, nakong eo re sa loaneng ke hona ha re lokela ho tšoenyeha!

21. Re ka hlōla feela ha re etsa joang ntoeng ea rōna ea moea?

21 Ho feta moo, re ke ke ra hlōla ntoa ena ka matla a rōna. Kahoo, Pauluse o re hopotsa ka bohlokoa ba ho rapela Jehova  “ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.” Ka lehlakoreng le leng, re lokela ho mamela Jehova ka ho ithuta Lentsoe la hae le ka hore ha monyetla o mong le o mong o hlaha, re be moo “masole” a habo rōna a leng hona teng, hobane ha re bang ntoeng ena! (Filemone 2; Baheberu 10:24, 25) Ba etsang lintho tsena tsohle ka botšepehi, ba ke ke ba hlōla feela empa hape ba tla sireletsa tumelo ea bona ka matla ha e qholotsoa.

ITOKISETSE HO SIRELETSA TUMELO EA HAO

22, 23. (a) Ke hobane’ng ha ka linako tsohle re lokela ho itokisetsa ho sireletsa tumelo ea rōna, ’me re lokela ho ipotsa lipotso life? (b) Re tla tšohla taba efe khaolong e latelang?

22 Jesu o itse: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . lefatše le le hloile.” (Johanne 15:19) Kahoo, Bakreste ba lokela ho itokisetsa ho sireletsa tumelo ea bona ka linako tsohle ’me seo ba se etsa ka tlhompho le ka maikutlo a bonolo. (1 Petrose 3:15) Ipotse: ‘Na kea utloisisa hore na ke hobane’ng ha ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova li etsa lintho tse sa lumellaneng le maikutlo a tloaelehileng a batho ba bang? Ha ke thulana le bothata boo, na ke kholisehile ka ho feletseng hore se buuoang ke Bibele le sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se nepahetse? (Matheu 24:45; Johanne 17:17) Tabeng ea ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova, na ke itokiselitse hore ha ke na ho etsa se fapaneng le se etsoang ke batho ba bang feela empa hape ke motlotlo ka hore ebe ke fapane le bona?’—Pesaleme ea 34:2; Matheu 10:32, 33.

23 Leha ho le joalo, hangata takatso ea rōna ea ho ikarola lefatšeng e lekoa ka litsela tse poteletseng haholo. Ka mohlala, joalokaha ho boletsoe pejana, Diabolose o leka ho hohella bahlanka ba Jehova lefatšeng ka boithabiso ba lefatše. Re ka khetha joang boithabiso bo molemo bo tla re khatholla le bo tla re siea re e-na le matsoalo a hloekileng? Re tla tšohla taba ena khaolong e latelang.

^ ser. 3 Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E., Kreste o sebelelitse e le Morena phuthehong ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng. (Bakolose 1:13) Ka 1914, Kreste o ile a fuoa matla a ho ba morena ‘’musong oa lefatše.’ Kahoo, hona joale Bakreste ba tlotsitsoeng le bona ba sebeletsa e le manģosa a ’Muso oa Bomesia.—Tšenolo 11:15.

^ ser. 8 Bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 321-5, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.