Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Khaolo ea 9

“Balehelang Bohlola.”

“Balehelang Bohlola.”

“Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”—BAKOLOSE 3:5.

1, 2. Balame o ile a etsa leqheka lefe e le hore a ntše batho ba Jehova kotsi?

MOTŠOASI oa litlhapi o theohela selaong sa hae seo a se ratang ka ho fetisisa sa ho tšoasa litlhapi. O nahanne ka ho tšoasa tlhapi ea mofuta o itseng. O khetha leraba le itseng ’me o akhela khoele ea hae ka metsing. Ka mor’a nakoana, khoele ea tiea, thupa ea kobeha, ’me o hula tlhapi eo a e tšoasitseng. Oa bososela hobane a tseba hore o khethile leraba le nepahetseng.

2 Ka selemo sa 1473 B.C.E., monna e mong ea bitsoang Balame o ile a nahana haholo ka leraba leo a neng a ka le sebelisa. Empa, phofu eo a neng a batla ho e cheha e ne e le sechaba sa Molimo, se neng se hlomme liahelo Lithoteng tsa Moabe, moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Balame o ne a bolela hore ke moprofeta oa Jehova, empa bonneteng e ne e mpa feela e le monna ea meharo ea neng a hiriloe hore a rohake Baiseraele. Leha ho le joalo, ka ho kenella ha Jehova, seo Balame a ileng a khona ho se etsa e ile ea e-ba feela ho hlohonolofatsa Baiseraele. Kaha Balame o ne a ikemiselitse ho fumana moputso oa hae, o ile a nahana hore mohlomong a ka susumelletsa Molimo hore a rohake batho ba hae, haeba feela ba ne ba ka lekoa hore ba etse sebe se feteletseng. A nahanne ka sena, Balame o ile a akhela leraba—e leng basali ba Moabe ba mano.—Numere 22:1-7; 31:15, 16; Tšenolo 2:14.

3. Leqheka la Balame le ile la atleha hakae?

3 Na leqheka lee le ile la sebetsa? Ka tsela e itseng, le ile  la atleha. Banna ba Baiseraele ba mashome a likete ba ile ba inehella molekong oa ho ‘kopanela liphate ho litšila le barali ba Moabe.’ Ba ile ba qala ho rapela melimo ea Moabe, ho akarelletsa le Baale oa Peore, molimo ea manyala oa kemolo, kapa oa ho kopanela liphate. Ka lebaka leo, Baiseraele ba 24 000 ba ile ba timella hona moo moeling oa Naha e Tšepisitsoeng. Eo e ile ea e-ba koluoa e khōlō hakaakang!—Numere 25:1-9.

4. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba likete ba ile ba oela lerabeng la boitšoaro bo bobe?

4 Tlokotsi ee e ile ea bakoa ke’ng? Batho ba bangata ba ile ba e-ba le lipelo tse khopo ka ho suthela hōle le Jehova, eena Molimo ea neng a ba lopolotse Egepeta, a ba fepile lefeelleng le ea ileng a ba etella pele ba sireletsehile ho ea naheng ea tšepiso. (Baheberu 3:12) Ha moapostola Pauluse a nahana ka taba ena, o ile a ngola a re: “Hape re se ke ra tloaela ho etsa bohlola, joalokaha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba oe, ba likete tse mashome a mabeli a metso e meraro ba bona ka letsatsi le le leng.” *1 Bakorinthe 10:8.

5, 6. Ke hobane’ng ha tlaleho ea sebe sa Baiseraele Lithoteng tsa Moabe e le ea bohlokoa ho rōna kajeno?

5 Tlaleho e ho Numere e na le lintho tse ngata tsa bohlokoa  tseo batho ba Molimo, ba haufi le ho kena naheng e tšepisitsoeng ea boemo bo phahameng haholo, ba ka ithutang tsona kajeno. (1 Bakorinthe 10:11) Ka mohlala, tsela eo lefatše le hlanyetsang ho kopanela liphate ka eona e tšoana le ea Bamoabe ba boholo-holo le hoja lona le ho etsa ka tekanyo e khōlō. Ho feta moo, selemo le selemo Bakreste ba likete ba oela boitšoarong bo bobe—e leng lona leraba le ka sehloohong le ileng la tšoasa Baiseraele. (2 Bakorinthe 2:11) Batho ba bang ba kopanelang le batho ba Molimo kajeno ba fetohile tšusumetso e silafatsang ka phuthehong ea Bokreste, ba etsisa Zimri, eo ka sebete a ileng a kena le mosali oa Momidiane liahelong tsa Baiseraele eaba o mo isa tenteng ea hae.—Numere 25:6, 14; Juda 4.

6 Na u ipona u le Lithoteng tsa Moabe tsa kajeno? Na ka pel’a hao u bona moputso oa hao, lefatše le lecha leo e leng khale le letetsoe? Haeba ho joalo, etsa sohle se matleng a hao hore u ipoloke leratong la Molimo ka ho mamela taelo e reng: “Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18.

Ho akhela mahlo mahoatateng a Moabe

BOHLOLA KE ENG?

7, 8. “Bohlola” ke eng, ’me ba bo etsang ba kotula joang seo ba se jetseng?

7 Ka tsela eo bo sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, “bohlola” (e leng por·neiʹa ka Segerike) bo bolela ho kopanela liphate ho sa lumelloang ho etsoang ka ntle ho lenyalo le lumelloang ke Mangolo. Bo akarelletsa bofebe, botekatse le ho kopanela liphate ha batho ba sa nyalanang, hammoho le ho nyanyana litho tsa botona kapa tsa botšehali le ho kenya setho sa botona ka morao le ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali tsa motho eo u sa nyalanang le eena. Bo boetse bo akarelletsa le ha lintho tseo li etsoa ke batho ba bong bo tšoanang le ha batho ba robala le liphoofolo. *

8 Mangolo ha a pate taba: Ba etsang bohlola ba ke ke ba  lula ka phuthehong ea Bokreste ebile ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (1 Bakorinthe 6:9; Tšenolo 22:15) Ntle ho moo, esita le hona joale ba itematsa haholo ka hore ha ba tšeptjoe, ba tloha seriti, manyalo a bona a hloka kutloano, ba ba le matsoalo a molato, maloetse, ho ima ho sa batleheng, esita le lefu. (Bagalata 6:7, 8) Ke hobane’ng ha motho a ka ipakela mahlomola a mangata hakaale? Ka masoabi, batho ba bangata ha ba nahane ka liphello tse bohloko ha ba nka bohato ba pele bo fosahetseng—boo hangata bo akarelletsang ho sheba litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso.

BOHATO BA PELE KE LITŠOANTŠO TSE LITŠILA TSE TSOSANG TAKATSO

9. Na litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso ha li kotsi, joalokaha ba bang ba bolela? Hlalosa.

9 Linaheng tse ngata, litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li behoa pooaneng moo ho rekisoang likoranta, ’me li bontšoa pepenene ’minong le thelevisheneng, ebile li tletse hohle Inthaneteng. * Na ha li kotsi joalokaha ba bang ba bolela? Li kotsi! Batho ba shebang litšoantšo tsena le ba balang libuka tsena, ba ka ’na ba tloaela ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho ikhotsofatsa ’me ba ba le “litakatso tsa botona kapa tsa botšehali tse tlotlollang,” tse ka ’nang tsa fella ka ho lemalla ho kopanela liphate, litakatso tse fosahetseng, ho hloka kutloano ho matla lenyalong, esita le ho hlalana. * (Baroma 1:24-27; Baefese 4:19) Mofuputsi e mong o tšoantša ho lemalla ho kopanela liphate le kankere. O re: “Hoa hōla ebile hoa ata. Ho tsoeloa ka thata, ho phekoloa ka thata ebile ho phekoleha ka thata.”

Ke bohlale ho etsa hore ka lapeng Inthanete e sebelisetsoe pooaneng

10. Re ka sebelisa molao-motheo o ho Jakobo 1:14, 15 ka litsela life? (Bona le  lebokose le ka tlaase mona.)

 10 Nahana ka mantsoe a tlalehiloeng ho Jakobo 1:14, 15, a reng: “E mong le e mong o lekoa ke ho huloa le ho ekoa ke takatso ea hae. Joale takatso, ha e emere, e tsoala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” Kahoo, ha takatso e mpe e kena kelellong ea hao, e leleke ka potlako! Ka mohlala, haeba ka phoso u ka bona litšoantšo tse tsosang takatso, sheba hosele ka potlako, kapa u time k’homphieutha ka potlako, kapa u shebe seteishene se seng sa thelevishene. Etsa eng kapa eng e hlokahalang e le hore u qobe ho inehela takatsong ea boitšoaro bo bobe pele e u imela ’me e u hlōla!—Matheu 5:29, 30.

11. Ha re ntse re loantša litakatso tse fosahetseng, re ka bontša joang hore re tšepa Jehova?

 11 Ka lebaka le utloahalang, Ea re tsebang hantle ho feta kamoo re itsebang kateng oa re eletsa: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna tse lefatšeng mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.” (Bakolose 3:5) Ke ’nete hore ho ka ba thata ho etsa joalo. Empa hopola hore re na le Ntate ea lerato le ea nang le mamello oa leholimo eo re ka ipiletsang ho eena. (Pesaleme ea 68:19) Kahoo, potlakela ho ipiletsa ho eena ha menahano e mebe e kena kelellong ea hao. Rapella “matla a fetang se tloaelehileng” ebe u qobella kelello ea hao hore e nahane ka litaba tse ling.—2 Bakorinthe 4:7; 1 Bakorinthe 9:27; bona lebokose le nang le sehlooho se reng  “Nka Tlohela Mokhoa o Mobe Joang?” leqepheng la 104.

12. ‘Lipelo’ tsa rōna ke eng, hona ke hobane’ng ha re lokela ho li sireletsa?

12 Monna ea bohlale Solomone o ile a ngola a re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) ‘Lipelo’ tsa rōna ke seo re leng sona botebong, seo motho a hlileng a leng sona mahlong a Jehova. Ho feta moo, se tla rera hore na re fumana bophelo bo sa feleng kapa che, ke maikutlo a Molimo ka ‘lipelo’ tsa rōna, eseng seo batho ba re bonang re le sona. Ho joalo feela. Ebile ke habohlokoa joalo feela. E le hore Jobo ea tšepahalang a se ke a sheba mosali ka tsela e sa hloekang, o ile a etsa selekane, kapa tumellano le mahlo a hae. (Jobo 31:1) Ke mohlala o motle hakaakang ho rōna! Mopesaleme o ile a bontša maikutlo a tšoanang ha a ne a rapela a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ea 119:37.

QETO E BOOATLA EA DINA

13. Dina e ne e le mang, ’me o ile a khetha metsoalle ka booatla joang?

13 Joalokaha re bone Khaolong ea 3, metsoalle ea rōna e ka re susumetsa ka matla ho etsa se setle kapa se sebe. (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Nahana ka mohlala oa Dina, morali oa mopatriareka Jakobo. (Genese 34:1) Ho sa tsotellehe  hore o ne a hōlisitsoe hantle, ka booatla o ile a etsa setsoalle le banana ba Bakanana. Bakanana ba ne ba tumme ka boitšoaro bo bobe joaloka Bamoabe. (Levitike 18:6-25) Mahlong a banna ba Bakanana, ba neng ba akarelletsa Shikeme, ‘ea neng a hlompheha ka ho fetisisa ho bohle’ ba ntlo ea ntat’ae, ho ile ha bonahala eka Dina e ne e le moroetsana ea neng a ka lumela hore ho kopaneloe liphate le eena.—Genese 34:18, 19.

14. Tsela eo Dina a ileng a khetha metsoalle ka eona e ile ea hlahisa tlokotsi joang?

14 Ho ka etsahala hore ebe Dina o ne a sa nahana ka ho kopanela liphate ha a ne a bona Shikeme. Leha ho le joalo, Shikeme eena o ile a etsa seo Bakanana ba bangata ba neng ba tla nka hore ke tlhaho ha ba tsoheloa ke takatso ea ho kopanela liphate. Ho hana ha Dina ka tsela leha e le efe ka motsotso oo oa ho qetela ha hoa ka ha thusa letho, hobane o ile a “mo nka” ’me “a mo beta.” Ho bonahala eka hamorao Shikeme o ile a “rata” Dina, empa seo ha sea ka sa fetola seo a neng a mo entse sona. (Genese 34:1-4) Ho feta moo, hase Dina feela ea ileng  a utloa bohloko ka lebaka la ketso eo. Ka lebaka la metsoalle eo a ileng a e khetha, ho ile ha qaleha liketsahalo tse ileng tsa tlisetsa lelapa lohle labo lihlong le sekhobo.—Genese 34:7, 25-31; Bagalata 6:7, 8.

15, 16. Re ka fumana bohlale ba ’nete joang? (Bona le  lebokose le leqepheng la 109.)

15 Haeba Dina o ile a ithuta thuto ea bohlokoa, o ile a ithuta  eona habohloko. Ha ho hlokahale hore batho ba ratang Jehova le ba mo mamelang ba ithute habohloko joalo bophelong. Kaha ba mamela Molimo, ba khetha ho ‘tsamaea le batho ba bohlale.’ (Liproverbia 13:20a) Kahoo ba utloisisa “tsela eohle ea se molemo” ’me ba qoba mathata le bohloko bo sa hlokahaleng.—Liproverbia 2:6-9; Pesaleme ea 1:1-3.

16 Bohlale bo tsoang ho Molimo bo ka fumanoa ke bohle ba bo batlang le ba nkang khato ea hore ba bo fumane ka ho phehella thapelong le ka ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le lingoliloeng tse lokiselitsoeng ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang. (Matheu 24:45; Jakobo 1:5) Boikokobetso le bona ke ba bohlokoa, ’me bo bontšoa ka ho ikemisetsa ho mamela keletso ea Mangolo. (2 Marena 22:18, 19) Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a lumela ka molomo hore pelo ea hae e ka ba bolotsana le hore e ka tsitlella seo e se batlang. (Jeremia 17:9) Empa ha ho hlokahala hore a thusoe, na o tla ikokobetsa hore a amohele keletso le thuso tseo a li fuoang ka ho toba le ka lerato?

17. Hlalosa boemo bo ka ’nang ba hlaha ka lapeng, ’me u bontše hore na ntate a ka tšohla taba joang le morali oa hae.

17 Nahana ka boemo bona. Ntate o hanela morali oa hae le mohlankana oa Mokreste ho intša ba le bang. Ngoanana o re: “Ntate, u bolela hore ha u ntšepe? Ha ho letho le phoso leo re tla le etsa!” Ho ka etsahala hore ebe o rata Jehova ebile o nahanne botle feela, empa na o ‘tsamaea ka bohlale bo tsoang ho Molimo’? Na o ‘balehela bohlola’? Kapa na ka booatla o ‘tšepa pelo ea hae’? (Liproverbia 28:26) Mohlomong u ka nahana ka melao-motheo e eketsehileng e ka thusang ntate eo le morali oa hae ha ba tšohla taba ena.—Bona Liproverbia 22:3; Matheu 6:13; 26:41.

JOSEFA O ILE A BALEHELA BOHLOLA

18, 19. Ho ile ha hlaha teko efe bophelong ba Josefa, ’me o ile a e sebetsa joang?

18 Mocha e mong ea neng a e-na le boitšoaro bo botle ea neng a rata Molimo le ea ileng a balehela bohlola ke Josefa, khaitseli ea Dina ka malapa. (Genese 30:20-24) Ha Josefa  e sa le ngoana, o ile a bona litholoana tsa booatla ba khaitseli ena ea hae. Ha ho pelaelo hore ho hopola ketsahalo ena hammoho le takatso ea Josefa ea hore a lule leratong la Molimo, li ile tsa mo sireletsa lilemo hamorao ha a ne a le Egepeta ’me mosali oa mong’a hae a ne a leka ho mo eka “letsatsi le letsatsi.” Ha e le hantle, kaha Josefa e ne e le lekhoba o ne a ke ke a itokolla habonolo feela eaba oa tsamaea! O ne a tlameha ho sebetsa boemo ka bohlale le ka sebete. Sena o ile a se etsa ka ho ’na a hana mosali oa Potifaro le ka hore qetellong, a mo balehe.—Genese 39:7-12.

19 Nahana: Hoja Josefa a ’na a thuisa ka ho ratana le mosali eo kapa a nahana kamehla ka ho kopanela liphate, na a ka be a ile a khona ho tšepahala? Mohlomong a ka be a sa khona. Ho e-na le ho nahana ka lintho tsa boetsalibe, Josefa o ile a nka hore kamano ea hae le Jehova ke ea bohlokoa ’me sena se ile sa totobatsoa ke mantsoe a hae ho mosali oa Potifaro. O ne a ee a re: “Mong’a ka . . . ha aa nkhanela ka letho haese uena, hobane u mosali oa hae. Kahoo nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”—Genese 39:8, 9.

20. Jehova o ile a sebeletsa Josefa litaba joang?

20 Nahana feela hore na Jehova o ile a thaba hakae ha a shebelletse Josefa e mocha, a le hōle le lelapa labo, empa a tšepahala letsatsi le letsatsi. (Liproverbia 27:11) Hamorao, Jehova o ile a sebetsa litaba hore Josefa a se ke a lokolloa feela chankaneng empa le hore hape e be tona-khōlō le molaoli oa  lijo Egepeta! (Genese 41:39-49) Mantsoe a Pesaleme ea 97:10 ke ’nete hakaakang ha a re: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang se sebe. O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba khopo”!

21. Mora e mong oabo rōna e mocha oa naheng e ’ngoe ea Afrika o ile a bontša joang hore o sebete litabeng tsa boitšoaro?

21 Ka tsela e tšoanang kajeno, bahlanka ba bangata ba Molimo ba bontša hore ba ‘hloile se sebe, ’me ba rata se molemo.’ (Amose 5:15) Mora e mong oabo rōna e mocha oa naheng e ’ngoe ea Afrika o hopola hore ngoanana e mong eo a neng a le sehlopheng se le seng le eena sekolong, ka sebete o ile a ithaopela hore a ka robala le eena haeba mor’abo rōna a ne a ka mo thusa tlhahlobong ea thuto ea lipalo. O re: “Ke ile ka hana tlhahiso eo ka potlako. Ka lebaka la ho lula ke tšepahala, ke na le seriti ebile kea itlhompha, e leng lintho tsa bohlokoa haholo ho feta khauta le silevera.” Ke ’nete hore sebe se ka ’na sa ‘thabisa ka nakoana,’ empa hangata boithabiso bo fetang kapele joalo bo baka bohloko bo bongata. (Baheberu 11:25) Ho feta moo, hase letho ha bo bapisoa le thabo ea ka ho sa feleng e tlisoang ke ho mamela Jehova.—Liproverbia 10:22.

AMOHELA THUSO E TSOANG HO MOLIMO EA MOHAU

22, 23. (a) Haeba Mokreste a etsa sebe se seholo, ke hobane’ng ha ho ke ke ha thoe ha ho sa na tšepo? (b) Ho na le thuso efe bakeng sa mofosi?

22 Kaha ha rea phethahala, kaofela re loanela ho laola litakatso tsa nama le ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. (Baroma 7:21-25) Jehova o hlokomela sena, ’me oa “hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:14) Leha ho le joalo, ka linako tse ling Mokreste a ka ’na a etsa sebe se seholo. Na ha ho le joalo ha ho sa na tšepo? Che! Ke ’nete hore joaloka Morena Davida, mofosi a ka ’na a kotula litholoana tse babang. Leha ho le joalo, kamehla Molimo o lula a “itokiselitse ho tšoarela” ba soabileng le ba ‘bolelang libe tsa bona pepenene.’—Pesaleme ea 86:5; Jakobo 5:16; Liproverbia 28:13.

23 Ho phaella moo, ka mosa Molimo o file phutheho ea Bokreste “limpho tseo e leng banna”—e leng balisa ba  butsoitseng moeeng ba tšoanelehang le ba chesehelang ho thusa. (Baefese 4:8, 12; Jakobo 5:14, 15) Sepheo sa bona ke ho thusa mofosi hore a tsosolose kamano ea hae le Molimo ’me, ka mantsoe a monna ea bohlale, hore a ‘fumane pelo’ e le hore a se ke a pheta sebe seo.—Liproverbia 15:32.

“FUMANA PELO”

24, 25. (a) Mohlankana ea hlalositsoeng ho Liproverbia 7:6-23 o ile a bontša joang hore ‘pelo ea hae e ne e haelloa’? (b) Re ka “fumana pelo” joang?

24 Bibele e bua ka batho bao ‘lipelo tsa bona li haelloang’ le ba ‘fumanang lipelo.’ (Liproverbia 7:7) Ka lebaka la ho se butsoe moeeng le ho se be le boiphihlelo tšebeletsong ea Molimo, motho “eo pelo ea hae e haelloang” a ka ’na a haelloa ke temoho le ho etsa liqeto tse molemo. Joaloka mohlankana ea hlalositsoeng ho Liproverbia 7:6-23, a ka ’na a oela habonolo sebeng se seholo. Leha ho le joalo, “ea fumanang pelo” o hlahloba motho ea ka hare ka ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le ka thapelo. A ntse a sa phethahala joalo, o etsa hore menahano ea hae, litakatso tsa hae, maikutlo a hae le lipakane tsa hae bophelong li lumellane le seo Molimo a se amohelang. Kahoo, “o rata moea oa hae,” kapa o itsoela molemo, ’me “o tla fumana se molemo.”—Liproverbia 19:8.

25 Ipotse: ‘Na ke kholisehile ka ho feletseng hore melao ea Molimo e nepahetse? Na ke lumela ka tieo hore ho e khomarela ho fella ka thabo e fetisisang?’ (Pesaleme ea 19:7-10; Esaia 48:17, 18) Haeba u e-na le pelaelo leha e le e nyenyane feela, leka ho rarolla bothata boo. Nahanisisa ka liphello tsa ho hlokomoloha melao ea Molimo. Ho phaella moo, ‘latsoa ’me u bone hore Jehova o molemo’ ka hore u phelele ’nete le ka hore u tlatse kelello ea hao ka menahano e metle—e leng lintho tsa ’nete, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang le tse khabane. (Pesaleme ea 34:8; Bafilipi 4:8, 9) U ka kholiseha hore ha u etsa sena haholo, u tla hōlisa lerato la hao ho Molimo, u rate seo a se ratang, ’me u hloee seo a se hloileng. Josefa e ne e le motho ea sa phethahalang. Leha ho le joalo, o ile a khona ho ‘balehela bohlola’ hobane o ile a lumela hore ka  lilemo tse ngata Jehova a mo bōpe, le hore a mo fe pelo. E se eka ho ka ba joalo le ka uena.—Esaia 64:8.

26. Ho tla tšohloa eng ea bohlokoa likhaolong tse latelang?

26 ’Mōpi oa rōna ha aa ka a etsa litho tsa rōna tsa ho etsa bana e le lintho tsa ho bapala tseo ho ithabisoang ka tsona, empa o li etselitse hore re etse bana le ho thabela likamano tse haufi-ufi lenyalong. (Liproverbia 5:18) Maikutlo a Molimo ka lenyalo a tla tšohloa likhaolong tse peli tse latelang.

^ ser. 4 Kamoo ho bonahalang kateng, palo e boletsoeng ho Numere e ne e akarelletsa “ba ka sehloohong sechabeng” ba ileng ba bolaoa ke baahloli, bao palo ea bona e neng e ka ba banna ba 1 000, le ba neng ba bolailoe ke Jehova ka ho toba.—Numere 25:4, 5.

^ ser. 7 Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa July 15, 2006, o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, moo ho tšohloang se boleloang ke ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng.

^ ser. 9 Poleloana e reng “litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso” e sebelisitsoeng mona e bolela lintho tse bontšoang litšoantšong, libukeng, kapa melaetseng ea lintho tse fosahetseng tse reretsoeng ho tsosa takatso ea ho kopanela liphate. Litšoantšo tsena e ka ’na ea e-ba tsa batho ba emeng kapa ba lutseng ka mokhoa o tsosang takatso kapa tse bontšang batho ba babeli kapa ho feta ba kopanelang liphate ka mokhoa o nyonyehang ka ho fetisisa.

^ ser. 9 Leqepheng la 218-19 la Sehlomathiso ho tšohloa taba ea ho pholla litho tsa botona le botšehali ho ikhotsofatsa.