Selelekela sa Karolo ea 13
Jesu o tlile lefatšeng ho fana ka bophelo ba hae ho batho ba sa phethahalang. Le hoja a shoele, o hlotse lefatše. Jehova o ne a tšepahala ho Mora oa hae ’me o ile a mo tsosa bafung. Ka boikokobetso Jesu o ile a sebeletsa batho ba bang, a ba a ba tšoarela ha ba etsa liphoso, ho fihlela a khokhotheloa thupeng. Ka mor’a ho tsosoa bafung, Jesu o ile a hlaha ho barutuoa ba hae. O ile a ba ruta ho etsa mosebetsi oa bohlokoa oo a neng a ba file oona. Thusa ngoana oa hao ho bona hore o lokela ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa.
KAROLONG ENA
THUTO EA 87
Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena
Jesu o fa baapostola ba hae litaelo tsa bohlokoa bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le bona lefatšeng.
THUTO EA 88
Jesu oa Tšoaroa
Judase Iscariota o etella pele mokhopi oa batho ba nkileng lisabole le melamu ho ea jareteng ea Gethesemane e le hore ba tšoare Jesu.
THUTO EA 89
Petrose o Latola Jesu
Ho ile ha etsahala’ng lebaleng la ntlo ea Kaifase? Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a le ka lekhotleng?
THUTO EA 93
Jesu o Khutlela Leholimong
Empa pele a nyolohela leholimong, o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tsa bohlokoa.