Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 DOMINICAN REPUBLIC

Tlhaselo e Mabifi

Tlhaselo e Mabifi

‘Li Tla Felisoa’

Borbonio Aybar o ile a kolobetsoa ka la 19 January, 1955, ha mosebetsi oa boboleli o ntse o thibetsoe. Ka mor’a hore a kolobetsoe, o ile a khanna lithuto tse ngata motseng oa Monte Adentro le oa Santiago. Ka 1956 ha thibelo e tlosoa, liithuti tse ling tsa hae li ile tsa kolobetsoa, ho akarelletsa le mosali oa hae.

Mahareng a July 1957, bahlanka ba ’muso ba ile ba tšoara seboka Salcedo e le hore ba lohe mano khahlanong le Lipaki. Mor’abo rōna Aybar o ile a re: “Francisco Prats-Ramírez e ne e le sebui se ka sehloohong. Prats-Ramírez o ile a re: ‘Ka mor’a matsatsi a ’maloa feela, li tla be li felisitsoe ka ho feletseng.’” Matsatsi a ’maloa hamorao ka la 19 July, 1957, mapolesa a ile a tšoara Lipaki Tsa Jehova tsa Blanco Arriba, El Jobo, Los Cacaos le Monte Adentro.

Aybar o re: “Le ’na ke ile ka tšoaroa ’me ra isoa ntlo-khōlō ea sesole e Salcedo. Hang ha re fihla moo, mohlanka ea phahameng oa sesole ea bitsoang Saladín o ile a nchapa. O ne a loloma ke bohale ’me a re tšosa. Ka mor’a moo, re ile ra laeloa hore re etse mela e ’meli, oa banna le oa basali. Balebeli ba teronko ba ne ba raha banna ba bile ba ba otla, basali bona ba ne ba otloa ka melamu ’me ha ba ntse ba re otla ba re, ‘Ke Mok’hatholike, kea bolaea.’”

“Ke balile Bibele ’me kea tseba hore Jehova ke Molimo”

Mor’abo rōna Aybar o ile a lefisoa a ba a ahloleloa ho hlola likhoeli tse tharo teronkong. O ile a re: “Ha re le teronkong, re ile ra eteloa ke molaoli oa lebotho la sesole ea bitsoang Santos Mélido Marte. A re: ‘Ke balile Bibele ’me kea tseba hore Jehova ke Molimo. Ho hang ha le na molato ’me ha le lokele ho kena teronkong empa ke sitoa ho le  lokolla hobane babishopo ba K’hatholike ke bona ba le tšoarisitseng. Ke bona feela ba ka le ntšang mona, kapa Trujillo ka boeena.’”

“E le Hore U Mookameli?”

Morali oa Fidelia Jiménez le bachana ba hae bao a ithutileng Bibele le bona, ba ile ba tšoaroa. Le hoja Fidelia a sa ka a tšoaroa, o ile a ikisa ho ba boholong hore a tšoaroe e le hore a tle a khothatse ba seng ba le teronkong. Ka nako eo, Ludovino Fernández, e leng molaoli ea phahameng oa sesole ea neng a tsebahala ka hore oa ikakasa ebile o khopo, o ile a etela teronkong. A bitsa Fidelia eaba o re ho eena: “E le hore u mookameli?”

Fidelia a re: “Che. Ke lōna baokameli.”

Fernández a mo kharumela a re: “U moruti?”

Fidelia a re: “Che. Jesu ke eena moruti.”

Fernández a re: “Na hase uena ea entseng hore batho baa ba kenngoe teronkong? Ke uena ea ba rutileng akere?”

Fidelia a re: “Che. Batho bana ba tšoeroe hobane ba etsa seo ba ithutileng sona Bibeleng.”

Ka eona nako eo, barab’abo rōna ba babeli ba neng ba tšoeroe e leng Pedro Germán le Negro Jiménez eo e neng e le motsoala oa Fidelia, ba ile ba feta phasejeng. Ba ne ba tlosoa seleng ea motho ea lulang a le mong ’me ba isoa ho e tloaelehileng. Hempe ea Negro e ne e le mali ’me leihlo la Pedro le ruruhile. Ha Fidelia a ba bona, o ile a re ho molaoli, “Na ke eona tsela eo ka eona le tšoarang batho ba lokileng, ba tšepahalang, ba bileng ba tšabang Molimo?” Ha Fernández a hlokomela hore Fidelia ha a mo tšabe, o ile a laela hore a busetsoe seleng ea hae.

Bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ne ba lokela ho ba sebete ho sa tsotellehe khanyetso eo e mabifi ’me ba ile  ba fela ba e-ba sebete. Sena se ile sa bonoa le ke ba boholong ’musong. Ka mohlala, ka la 31 July, 1957, Arzeno Colón e leng mohlahlobi ofising ea mopresidente, o ile a ngolla letona la tsa ka ntle ho naha a re: “Le hoja molao o sa tsoa phatlalatsoa ke lekhotla le etsang molao o re mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ha o molaong, boholo ba tsona bo ntse bo tsoela pele ka mosebetsi oa tsona.”