Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1915

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1915

 MOLULA-QHOOA oa March 1, 1915 o ile oa re: “Re phela nakong ea teko. Na nakong e fetileng re ne re le mafolofolo hobane feela re ne re nahana hore ka tsela e hlollang re tla nka ’mele oa moea ka 1914, kapa re ne re le mafolofolo hobane re tšepahala re bile re rata MORENA, Molaetsa oa Hae le baena?” Ka 1915, Liithuti tse ling Tsa Bibele li ne tsa loantšana le maikutlo a ho nyahama. Empa ha e le lefatše lona le ne le ntoeng ea sebele.

Ntoa e Khōlō eo hamorao e ileng ea bitsoa Ntoa ea I ea Lefatše, e ne e kupa Europe. Ho sebelisoa ha makoloi le likepe tsa ntoa ho ile ha mpefatsa ntoa eo hoo e ileng ea ama baahi ba bangata ka ho fetisisa. Ka mohlala, ka 1915, likepe tsa Jeremane tse tsamaeang ka tlas’a metsi li ne li feta khafetsa Great Britain. Ka la 7 May, 1915, se seng sa likepe tsena tsa Jeremane se ile sa tebisa sekepe sa baeti sa Brithani se bitsoang Lusitania ’me ha hlokahala batho ba fetang 1 100.

Ha li Itšunya-tšunye Litabeng Tsa Ntoa

Liithuti Tsa Bibele li ne li sa batle ho kenella ntoeng ena. Leha ho le joalo, li ne li sa utloisise hore na ha e le hantle ke’ng se boleloang ke ho se nke lehlakore ntoeng. Le hoja li ne li sa ithaopele ho ba masole, tse ling li ne li lumela ho kena sesoleng ha li qobelloa empa li leka ka matla hore li etse mesebetsi e meng ea sesole e sa amaneng le ho loana. Tse ling li ne li re haeba li ka qobelloa ho ea ntoeng, li “tla thunya ka holim’a hlooho ea oa lireng.”

Molula-Qhooa oa July 15, 1915, o ile oa bua ka phihlelo ea lesole la Mohungary le ileng la kolobetsoa nakong eo le neng le ikoka maqeba a ntoa ’me hamorao la khutlela ntoeng. Ha Molula-Qhooa oo o tsoela pela o re: “[Masole a Hungary] a ne a behile a Russia merebele ka limithara tse 240, ’me a fuoa taelo e reng a hlasele. Mor’abo rōna oa Mohungary o ne a le ka thōko ka letsohong le letšehali. O ile a leka ho ipholosa ka hore a amohe lesole la Russia leo a neng a tjamelane le lona  thipa. Empa a hlokomela hore lesole leo le lona le batla ho mo amoha ea hae . . . Lesole leo la Russia le ile la lihela thipa ea lōna fatše. Ha mora eo oa bo rōna a shebisisa lesole leo a neng a nka hore ke sera sa hae, o ile a bona sepele sa ‘Sefapano le Moqhaka’ seaparong sa hae! Lesole la Russia le lona e ne e le mor’abo rōna!” *

Molula-Qhooa oa September 1, 1915, o ne o e-na le sehlooho se reng, “Boemo ba Mokreste Ntoeng,” se ileng sa hlalosa pono ea Bakreste ka ho ea ntoeng kapa ho kenela tšebeletso ea sesole. Se ile sa re: “Ho ba lesole hammoho le ho apara seaparo sa sesole ho bolela hore motho o lumela ho phetha boikarabelo le mosebetsi oa sesole. . . . Na ha Mokreste a etsa joalo o tsamaisana le thuto ea Bokreste?” Ka mor’a nako, ho ile ha hlaka hore ho hang Bakreste ha baa lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa ntoa.

Liphetoho Ntlo-Khōlō

Ka 1915, litho tse 70 tsa lelapa la Bethele la New York li ile tsa kōptjoa hore li ee tšimong ka lebaka la khaello ea chelete. Ho ile ha thoe: “Ho entsoe qeto ea ho fokotsa litšenyehelo mafapheng ’ohle e le hore mokhatlo o se ke oa ikenya likolotong kapa oa sitisa mosebetsi ka tsela e itseng.”

Clayton J. Woodworth le bara ba bang babo rōna ba babeli ba ile ba tekena lengolo le tsoang ho barab’abo rōna ba 70 ba neng ba kōpiloe ho ea tšimong. Lengolo leo le ile la hlaha Molula-Qhooeng oa May 1, 1915. Bara bao babo rōna ba ile ba re le hoja ba tsamaea “ba thabile ebile baa leboha ka litlhohonolofatso le tlotla” eo ba bileng le eona ha e ntse e le ‘litho tsa Lelapa la Bethele.’ ”

Le hoja ho ne ho le boima ha bara bao babo rōna ba fuoa kabelo e ncha, seo se ile sa ba fa monyetla oa hore ba bontše  hore na ha e le hantle baa tšepahala. Na ba ne ba tla lula ba tšepahala ho Molimo kapa ba ne ba tla utloa bohloko? Mor’abo rōna Woodworth o ile a tsoela pele ho bolela litaba tse molemo, ’me hamorao a khutlela Bethele moo ka 1919 e ileng ea e-ba mohlophisi oa pele oa makasine ea The Golden Age, eo hona joale e leng Tsoha! E ile ea e-ba mohlophisi oa eona ho fihlela ka 1946.

Menyetla e Meng ea Tšebeletso

Selemong seo se mahlonoko, Molula-Qhooa o ile oa khothalletsa barab’abo rōna ho tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli. Ba ile leka ho thusa haholo-holo batho ba bontšitseng thahasello nakong e fetileng. Molula-Qhooa oa December 15, 1915 o ile oa re: “Re na le lethathamo la mabitso a batho ba tsoang likarolong tsohle tsa naha ba rometseng likarete ba kōpa lingoliloeng. Re le khothalletsa ho ba etela . . . ’me le bone hore na ba ntse ba thahasella.” Sepheo e ne e le ho ba thusa hore ba hatele pele “e le hore ba chesehe tšebeletsong ea Molimo ’me ba rate ’Nete.”

Haesale ho tloha ka nako eo ho le bohlokoa hore Bakreste ba phathahane ka mesebetsi e amanang le ’Muso. Molula-Qhooa oa February 15, 1915 o ile oa re: “Rōna ba ntseng ba hlaphohetsoe moeeng re lokela ho ba mahlahahlaha tšebeletsong ea Molimo.” Bahlanka ba Molimo ba ne ba lokela ho ba malala-a-laotsoe. Molula-Qhooa o ile oa tsoela pela oa re: “Re lokela ho lebela. Re lebele eng? Pele ho tsohle re lokela ho itebela, e le hore re se ke ra oela marabeng a tsamaiso ena.”

Temana ea selemo ea 1916 e neng e thehiloe ho Baroma 4:20 (Bibele ea Sesotho) e ile ea khothalletsa barab’abo rōna ho lula ba le “matla tumelong.” Lengolo lena le ne le tla khothatsa barab’abo rōna ba tšepahalang hore ba sebetsane le mathata ao ba neng ba tla thulana le ’ona selemong se latelang.

^ ser. 4 Liithuti Tsa Bibele li ne li qhoaela sepele se nang le sefapano le moqhaka e le letšoao la boitsebahatso. Letšoao lena le ’nile la hlaha leqhepheng le kapele la Molula-Qhooa ka nako e telele. Empa mathoasong a bo-1930, Lipaki Tsa Jehova li ne li se li khaolitse ho sebelisa letšoao leo.