Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 13

“Molao oa Jehova o Phethahetse”

“Molao oa Jehova o Phethahetse”

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa hlomphe molao, empa rōna re ka ba le boikutlo bofe ka melao ea Molimo?

“TSAMAISO ea molao ke mohohlo o se nang moo o fellang teng, e . . . harola ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Mantsoe ana a hlaha bukeng e ’ngoe e hatisitsoeng morao koana ka 1712. Mongoli oa eona o ne a nyatsa ka matla tsamaiso ea molao eo ho eona ka linako tse ling linyeoe tsa batho li neng li tosa lilemo-lemo ka makhotleng, li phophotha ba batlang toka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona. Linaheng tse ngata, tsamaiso ea molao le ea boahloli e rarahane, e tletse ho hloka toka, khethollo, e bile e lula e hlanama hoo molao o seng o khelloa fatše libakeng tse ngata.

2 Ha ho bapisoa le se ka holimo, ak’u nahane ka mantsoe ana a ngotsoeng lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng: “Molao oa hao ke o rata hakaakang!” (Pesaleme ea 119:97) Ke hobane’ng ha mopesaleme a ne a e-na le boikutlo bo matla ka tsela eo? Ke kahobane molao oo a neng a o rorisa, o ne o sa tsoe ’musong oa lefatše, empa o ne o tsoa ho Jehova Molimo. Ha u ntse u ithuta melao ea Jehova, le uena u ka ’na ua ikutloa u e rata ka ho eketsehileng joaloka mopesaleme. Ho ithuta hoo ho tla u fa leseli le itseng ka moahloli ea ikhethang ka ho fetisisa bokahohleng.

Mofani oa Molao ea Phahameng ka ho Fetisisa

3, 4. Jehova o ipakile e le Mofani oa Molao ka litsela life?

3 Bibele ea re bolella: “O Mong eo e leng mofani oa molao le moahloli.” (Jakobo 4:12) Ha e le hantle, Jehova ke eena feela eo e hlileng e leng Mofani oa Molao. Esita le lihloliloeng tsa leholimo li tsamaisoa ke “melao [ea hae] ea maholimo.” (Jobo 38:33, Bibele ea Sesotho) Limiriade tsa mangeloi a Jehova a halalelang le tsona li tsamaisoa ke molao oa Molimo, kaha li hlophisitsoe ka lihlopha ’me li sebetsa tlas’a taolo ea Jehova e le basebeletsi ba hae.—Pesaleme ea 104:4; Baheberu 1:7, 14.

4 Ka ho tšoanang, Jehova o file moloko oa batho melao. E  mong le e mong oa rōna o na le letsoalo, le bonahatsang boikutlo ba Jehova ka toka. Kaha letsoalo ke mofuta o mong oa molao o ka hare, le ka re thusa ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. (Baroma 2:14) Batsoali ba rōna ba pele ba ne ba hlohonolofalitsoe ka letsoalo le phethahetseng, kahoo ba ne ba hloka melao e seng mekae feela. (Genese 2:15-17) Empa motho ea sa phethahalang o hloka melao e eketsehileng ho mo tataisa bakeng sa ho etsa thato ea Molimo. Jehova Molimo o ile a fa bapatriareka ba kang Noe, Abrahama le Jakobo melao ’me bona ba e fetisetsa ho ba malapa a bona. (Genese 6:22; 9:3-6; 18:19; 26:4, 5) Jehova o ile a iketsa Mofani oa Molao ka tsela e ikhethang ha a sebelisa Moshe ho fa sechaba sa Iseraele lethathamo la litaelo tsa Molao. Litaelo tsena li re neha temohisiso e batsi ka boikutlo ba Jehova ka toka.

Molao oa Moshe—Kakaretso ea Oona

5. Na Molao oa Moshe e ne e le letoto la melao e boima, e rarahaneng, hona ke hobane’ng ha u araba joalo?

5 Ho bonahala batho ba bangata ba nka hore Molao oa Moshe e ne e le letoto la melao e boima, e rarahaneng. Khopolo eo e fosahetse. Lethathamo leo lohle le na le melao e fetang 600. E ka ’na ea utloahala e le mengata, empa ak’u nahane: Qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, melao ea ’muso oa United States e ne e tletse maqephe a 150 000 a libuka tsa molao. Ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse peli ho eketsoa melao e meng e ka bang 600! Kahoo ha re nahana ka lipalo feela, phamphang ea melao ea batho e etsa hore Molao oa Moshe e be seshoainyana feela. Leha ho le joalo, Molao oa Molimo o ne o tataisa Baiseraele likarolong tsa bophelo tseo melao ea kajeno e sa li ameng le ho li ama. Hlahloba kakaretso ea oona.

6, 7. (a) Ke eng e khethollang Molao oa Moshe ho molao leha e le ofe o mong, hona taelo e khōlō ka ho fetisisa Molaong oo ke efe? (b) Baiseraele ba ne ba ka bontša joang hore ba amohela bobusi ba Jehova?

6 Molao o ne o phahamisa bobusi ba Jehova. Kahoo, Molao oa Moshe o ke ke oa bapisoa le lethathamo leha e le lefe le leng la melao. Molao o moholo ka ho fetisisa ho oona o ne o re: “Mamela, Uena Iseraele: Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong. U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka  moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle.” Batho ba Molimo ba ne ba lokela ho bontša lerato ho eena joang? Ba ne ba lokela ho mo sebeletsa, ho ikokobelletsa bobusi ba hae.—Deuteronoma 6:4, 5; 11:13.

7 Moiseraele e mong le e mong o ne a bontša hore o amohela bobusi ba Jehova ka ho ikokobelletsa bao a behiloeng tlas’a bolaoli ba bona. Batsoali, marenana, baahloli, baprista, ho qetella ka morena, kaofela ba ne ba emela bolaoli ba Molimo. Jehova o ne a talima ketso leha e le efe ea ho fetohela ba fuoeng bolaoli e le ho fetohela eena. Ka lehlakoreng le leng, ba fuoeng bolaoli ba ne ba ipeha kotsing ea ho halefisa Jehova haeba ba ne ba tšoara batho ba hae ka ho hloka toka kapa ka boikhohomoso. (Exoda 20:12; 22:28; Deuteronoma 1:16, 17; 17:8-20; 19:16, 17) Kahoo mahlakore ka bobeli a ne a ikarabella ho phahamiseng bobusi ba Molimo.

8. Molao o ne o phahamisa tekanyetso ea Jehova ea khalalelo joang?

8 Molao o ne o phahamisa tekanyetso ea Jehova ea khalalelo. Mantsoe “halalela” le “khalalelo” a hlaha ka makhetlo a fetang a 280 Molaong oa Moshe. Molao o ne o thusa batho ba Molimo ho khetholla se hloekileng ho se sa hloekang, o thathamisa lintho tse ka bang 70 tse neng li ka etsa hore Moiseraele e be ea sa hloekang ho ea ka molao. Melao ena e ne e buella bohloeki ba ’mele, lijo le ho lahla litšila. Melao eo e ne e hlahisa melemo e babatsehang ea bophelo bo botle ba ’mele. * Empa e ne e entsoe ka morero o phahameng le ho feta—oa ho boloka batho ba amoheleha ho Jehova, ba arohile mekhoeng ea boetsalibe ea lichaba tse ba potolohileng tse boitšoaro bo hlephileng. Nahana ka mohlala ona.

9, 10. Selekane sa Molao se ne se akarelletsa litaelo life mabapi le ho kopanela liphate le ho tsoala bana, hona melao ee e ne e hlahisa melemo efe?

9 Litaelo tsa selekane sa Molao li ne li re ho kopanela liphate le tsoalo ea ngoana—esita le har’a batho ba lenyalong—ho tlisa  nako e itseng ea ho se hloeke. (Levitike 12:2-4; 15:16-18) Litaelo tseo li ne li sa nyenyefatse limpho tsena tse hloekileng tse tsoang ho Molimo. (Genese 1:28; 2:18-25) Ho e-na le hoo, melao eo e ne e phahamisa khalalelo ea Jehova, e boloka barapeli ba hae ba sa silafala. Ke habohlokoa ho hlokomela hore lichaba tse potolohileng Iseraele li ne li tloaetse ho tsoakanya borapeli le litšebeletso tse akarelletsang ho kopanela liphate le matla a ho ba le bana. Bolumeli ba Bakanana bo ne bo akarelletsa botekatse ba banna le basali. Bo ile ba fella ka boitšoaro bo hlephileng ka ho fetisisa boo e ileng ea e-ba kobo-anela. Ka lehlakoreng le leng, Molao o ne o arola borapeli ba Jehova ka ho feletseng litabeng tsa ho kopanela liphate. * Ho ne ho boetse ho e-na le melemo e meng.

10 Melao eo e ne e ruta ’nete ea bohlokoa. * Etsoe letheba la sebe sa Adama le feta joang ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong? Na hase ka ho kopanela liphate le ka ho tsoala bana? (Baroma 5:12) E, Molao oa Molimo o ne o hopotsa batho ba hae hore sebe se lula se le teng ka linako tsohle. Ha e le hantle, kaofela ha rōna re tsoaletsoe sebeng. (Pesaleme ea 51:5) Re hloka tšoarelo le topollo e le hore re atamele ho Molimo oa rōna ea halalelang.

11, 12. (a) Molao o ne o khothalletsa molao-motheo ofe oa bohlokoa oa toka? (b) Molao o ne o akarelletsa litaelo life tse thibelang ho sotha toka?

11 Molao o ne o phahamisa toka ea Jehova e phethahetseng. Molao oa Moshe o ne o khothalletsa molao-motheo oa tšoaro e lekanang, kapa e tšoanang litabeng tsa toka. Kahoo, Molao o ne o re: “Moea o tla ba bakeng sa moea, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.” (Deuteronoma 19:21) Ka hona, linyeoeng kotlo e ne e  lokela ho tšoanela tlōlo ea molao e entsoeng. Tšobotsi ena ea toka ea Molimo e ne e hlaheletse Molaong kaofela, ’me le kajeno e ntse e le ea bohlokoa bakeng sa ho utloisisa sehlabelo sa Kreste Jesu sa thekollo, joalokaha khaolo ea 14 e tla bontša.—1 Timothea 2:5, 6.

12 Molao o ne o boetse o akarelletsa litaelo tse thibelang ho sotha toka. Ka mohlala, ho ne ho hlokahala bonyane lipaki tse peli ho paka hore qoso ke ea ’nete. Ea fanang ka bopaki ba bohata o ne a lokela ho fuoa kotlo e boima. (Deuteronoma 19:15, 18, 19) Bobolu le tjotjo le tsona li ne li haneloa ka tieo. (Exoda 23:8; Deuteronoma 27:25) Esita le mesebetsing ea bona ea khoebo, batho ba Molimo ba ne ba lokela ho boloka tekanyetso e phahameng ea Jehova ea toka. (Levitike 19:35, 36; Deuteronoma 23:19, 20) Molao oo o phahameng le o lokileng e ile ea e-ba tlhohonolofatso e khōlō ho Iseraele!

Melao e Totobatsang Mohau le ho se ee ka Tšobotsi Kahlolong

13, 14. Molao o ne o buella tšoaro e sa eeng ka tšobotsi le e nang le toka ho lesholu le motho eo le mo senyelitseng joang?

13 Na Molao oa Moshe e ne e le letoto la melao e boima, e se nang mohau? Le hanyenyane! Morena Davida o ile a bululeloa ho ngola: “Molao oa Jehova o phethahetse.” (Pesaleme ea 19:7) Joalokaha a ne a tseba, Molao o ne o khothalletsa mohau le ho se ee ka tšobotsi. O ne o li khothalletsa joang?

14 Linaheng tse ling kajeno, molao o bonahala o khoehlisitsoe ebile o sekametse ka ho batlōli ba molao ho e-na le ho ameha ka ba senyelitsoeng. Ka mohlala, masholu a ka ’na a koalloa chankaneng nako e itseng. Ka nako eo, e ka ’na eaba batho ba senyelitsoeng ba ntse ba lahlehetsoe ke thepa ea bona, empa ho ntse ho le joalo ba tlameha ho ntša lekhetho ho lefella batlōli bao ba molao bolulo le lijo. Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho se na lichankana joalokaha re li tseba kajeno. Ho ne ho behiloe litekanyetso tse tiileng tse lekanyetsang boima ba kotlo. (Deuteronoma 25:1-3) Lesholu le ne le tlameha ho buseletsa motho eo le mo senyelitseng bakeng sa seo le se utsoitseng. Ho feta moo, lesholu le ne le lokela ho ntša tefo e eketsehileng.  E kae? E ne e fapana. Kamoo ho bonahalang kateng, baahloli ba ne ba filoe bolokolohi ba ho sekaseka lintlha tse ’maloa, tse kang pako ea moetsalibe. Sena se ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha puseletso e neng e hlokahala ho lesholu ho latela Levitike 6:1-7 e le ka tlaase ho e boletsoeng ho Exoda 22:7.

15. Molao o ne o tiisa joang hore ho sebelisoa mohau le toka ha motho a bolaile e mong ka kotsi?

15 Ka mohau Molao o ne o hlokomela hore liphoso tse ling ha li etsoe ka boomo. Ka mohlala, ha motho a ne a bolaea e mong ka kotsi, o ne a sa lokela ho lefa moea ka moea haeba a ne a ka nka khato e loketseng ka ho balehela ho o mong oa metse ea setšabelo e neng e hasa-hasane ho pholletsa le Iseraele. Ka mor’a hore baahloli ba tšoanelehang ba hlahlobe taba ea hae, o ne a lokela ho lula motseng oa setšabelo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa. Ka mor’a moo o ne a tla lokoloha ho itulela hohle moo a ka khethang ho lula teng. Kahoo o ne a rua molemo mohaung oa Molimo. Ka nako e tšoanang, molao ona o ne o hatisa hore bophelo ba motho ke ba bohlokoa haholo.—Numere 15:30, 31; 35:12-25.

16. Molao o ne o sireletsa litokelo tse itseng tsa botho joang?

16 Molao o ne o sireletsa litokelo tsa botho. Nahana ka litsela tseo ka tsona o neng o sireletsa ba kolotang. Molao o ne o thibela ho kena ka lapeng la motho ea kolotang ho nka thepa ea hae e le tebeletso bakeng sa kalimo. Ho e-na le hoo, ea kolotoang o ne a lokela ho ema ka ntle ’me a emele ea kolotang hore a mo tlisetse tebeletso. Kahoo, lehae la motho le ne le sa lokela ho hlaseloa. Haeba ea kolotoang a ne a ka nka seaparo sa ka ntle sa ea kolotang e le tebeletso, o ne a lokela ho se khutlisa ha shoalane e tšoara, kaha ea kolotang o ne a ka ’na a se hloka bakeng sa ho iphuthumatsa bosiu.—Deuteronoma 24:10-14.

17, 18. Baiseraele ba ne ba fapane joang le lichaba tse ling litabeng tsa ntoa, hona hobane’ng?

17 Esita le lintoa li ne li laoloa tlas’a Molao. Batho ba Molimo ba ne ba sa lokela ho loana ka morero oa ho khotsofatsa takatso feela tjee ea matla kapa ea ho hlōla, empa e ne e lokela ho ba baemeli ba Molimo ‘Lintoeng tsa Jehova.’ (Numere 21:14) Maemong a mangata, Baiseraele ba ne ba lokela ho qala ka ho fa ba lireng monyetla oa hore ba inehele. Haeba motse o hana tumellano  eo, joale Iseraele e ne e ka o lika-liketsa—empa le teng ho ea ka melao ea Molimo. Ho fapana le masole a mangata ho theosa le histori, bahlabani ba lebotho la Iseraele ba ne ba sa lumelloa ho beta basali kapa ho bolaea larita. Ba ne ba bile ba lokela ho hlompha tikoloho, ba sa lokela ho rema lifate tsa sera tsa litholoana. * Mabotho a mang a ne a se na lithibelo tseo.—Deuteronoma 20:10-15, 19, 20; 21:10-13.

18 Na u nyarosoa ke ho utloa hore linaheng tse ling bana ba koetlisetsoa ho ba masole? Iseraeleng ea boholo-holo, ho ne ho se mohlankana ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea kenang lebothong. (Numere 1:2, 3) Esita le monna ea seng a tiile o ne a lokolloa haeba a le boi ka ho feteletseng. Monna ea sa tsoa nyala o ne a behelloa ka thōko selemo sohle e le hore pele a kena tšebetsong eo e kotsi, mohlomong a ka ba le mojalefa. Ka tsela ena, Molao o ne o hlalosa hore monna ea sa tsoa nyala o ne a ka khona ho ‘thabisa’ mosali oa hae e mocha.—Deuteronoma 20:5, 6, 8; 24:5.

19. Molao o ne o akarelletsa litokisetso life tse neng li sireletsa basali, bana, malapa, bahlolohali le likhutsana?

19 Molao o ne o boetse o sireletsa basali, bana le malapa, o ba hlokomela. O ne o laela batsoali hore ba hlokomele bana ba bona le ho ba rupela kamehla ka lintho tsa moea. (Deuteronoma 6:6, 7) O ne o thibela mekhoa eohle ea ho kopanela liphate ha batho ba amanang haufi, o laela hore ho fanoe ka kotlo ea lefu. (Levitike, khaolo ea 18) O ne o boetse o thibela bofebe, bo atisang ho qhala malapa le ho senya tšireletseho le ho hlomphana ka lapeng. Molao o ne o sireletsa bahlolohali le likhutsana ’me o thibela ka hohle-hohle ho ba tšoara ka leeme.—Exoda 20:14; 22:22-24.

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha Molao oa Moshe o ne o lumella sethepu har’a Baiseraele? (b) Ke hobane’ng ha Molao o ne o fapane le tekanyetso eo hamorao Jesu a ileng a e hlomamisa bocha tabeng ea tlhalo?

20 Leha ho le joalo, ntlheng ena ba bang ba ka ’na ba ipotsa,  ‘Ke hobane’ng ha Molao o ne o lumella sethepu?’ (Deuteronoma 21:15-17) Re lokela ho hlahloba melao eo ho ea ka maemo a nako eo. Ba ahlolang Molao oa Moshe ka litekanyetso le litloaelo tsa kajeno ka sebele ha ba na ho o utloisisa. (Liproverbia 18:13) Tekanyetso ea Jehova, eo a e behileng morao koana Edene, e ne e le hore lenyalo e be kopano ea ka ho sa feleng pakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong. (Genese 2:18, 20-24) Leha ho le joalo, nakong eo ka eona Jehova a neng a fa Iseraele Molao, litloaelo tse kang ho nyala sethepu li ne li se li metse ka metso ka lilemo tse makholo. Jehova o ne a tseba hantle hore khafetsa “sechaba [sa hae] se melala e sataletseng” se ne se tla hlōleha ho mamela esita le litaelo tsa motheo, tse kang tse thibelang borapeli ba litšoantšo. (Exoda 32:9) Kahoo, ka bohlale o ile a khetha hore a se ke a fetola litloaelo tsohle tsa bona tsa lenyalo ka nako eo. Leha ho le joalo, hopola hore Jehova ha aa ka a theha sethepu. Empa o ile a sebelisa Molao oa Moshe ho laola sethepu har’a batho ba hae le ho thibela ho sebelisa tloaelo eo hampe.

21 Ka ho tšoanang, Molao oa Moshe o ne o lumella monna ho hlala mosali oa hae ka mabaka a ’maloa a tebileng. (Deuteronoma 24:1-4) Jesu o ile a re sena ke tumello eo Molimo a neng a e file Bajuda “ka lebaka la bothata ba lipelo” tsa bona. Leha ho le joalo, tumello eo e ne e le ea nakoana. Jesu o ile a boela a hlomamisa tekanyetso ea Jehova ea qalong ea lenyalo ho balateli ba hae.—Matheu 19:8.

Molao o ne o Khothalletsa Lerato

22. Molao oa Moshe o ne o khothalletsa lerato ka litsela life, hona ho bo-mang?

22 Na u ka nahana ka tsamaiso ea molao e khothalletsang lerato kajeno? Molao oa Moshe o ne o khothalletsa lerato ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. Bukeng ea Deuteronoma feela, lentsoe “lerato” le hlaha ka libōpeho tse sa tšoaneng ka makhetlo a fetang 20. Taelo ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa Molaong oohle e ne e le e reng: “U rate oa heno joalokaha u ithata.” (Levitike 19:18; Matheu 22:37-40) Batho ba Molimo ba ne ba sa lokela ho bontšana lerato leo e le bona feela empa ba ne ba lokela  ho le bontša le ho bajaki ba har’a bona, ba ntse ba hopola hore Baiseraele le bona e ne e kile ea e-ba bajaki. Ba ne ba lokela ho rata mafutsana le ba mahlomoleng, ba ba thuse ka lintho tse bonahalang ’me ba se ke ba nka monyetla ka tšotleho ea bona. Ba ne ba bile ba laetsoe hore ba tšoare lipelesa ka mosa le ho li nahanela.—Exoda 23:6; Levitike 19:14, 33, 34; Deuteronoma 22:4, 10; 24:17, 18.

23. Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a susumelletseha ho etsa’ng, hona re ka ikemisetsa ho etsa’ng?

23 Ke sechaba sefe se seng se hlohonolofalitsoeng ka lethathamo le joalo la melao? Hase feela mopesaleme a ileng a ngola: “Molao oa hao ke o rata hakaakang!” Leha ho le joalo, lerato la hae e ne e se boikutlo feela tjee. Le ne le mo susumelletsa ho nka khato, kaha o ne a ikitlaelletsa ho mamela molao oo le ho phela ka oona. Ho feta moo, o ile a tsoela pele: “Ke nahanisisa ka [molao oa hao] letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:11, 97) Ha e le hantle, o ne a qeta nako a ithuta melao ea Jehova kamehla. Ha ho pelaelo hore ha a ntse a ithuta eona, o ile a e rata ka ho eketsehileng. Ka nako e tšoanang, lerato la hae ho Mofani oa Molao, Jehova Molimo, le lona le ile la hōla. Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta molao oa Molimo, e se eka le uena u ka atamela haholoanyane ho Jehova, Mofani e Moholo oa Molao le Molimo oa toka.

^ ser. 8 Ka mohlala, ho fetile lilemo tse makholo pele lichaba tse ling li e-ba le melao e reng mantle a motho a epeloe, motho ea kulang a aroloe ho ba bang le hore motho leha e le ofe ea thetsitseng setopo a hlape.—Levitike 13:4-8; Numere 19:11-13, 17-19; Deuteronoma 23:13, 14.

^ ser. 9 Le hoja litempele tsa Bakanana li ne li e-na le likamore tse beheletsoeng ka thōko bakeng sa ho kopanela liphate, Molao oa Moshe o ne o laela hore ba sa hloekang le ho kena feela ba se ke ba kena ka tempeleng. Kahoo, kaha ho kopanela liphate ho ne ho tlisa nako e itseng ea ho se hloeke, ho ne ho se le ea mong eo ka molao a neng a ka etsa ho kopanela liphate karolo ea borapeli ka tlung ea Jehova.

^ ser. 10 Morero o ka sehloohong oa Molao e ne e le ho ruta. Ha e le hantle, Encyclopaedia Judaica e re lentsoe la Seheberu bakeng sa “molao,” e leng toh·rahʹ, le bolela “thupelo.”

^ ser. 17 Molao o ne o botsa o sa hlathe koana le koana: “Na sefate sa naha ke motho hore le se lika-liketse?” (Deuteronoma 20:19) Setsebi sa Mojuda sa lekholong la pele la lilemo, Philo, se ile sa bua ka molao ona, sa hlalosa hore Molimo o ho nka e le “ho hloka toka hore ha ho halefetsoe batho ho intšetsoe malokobe linthong tse sa etsang bobe ba letho.”