Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 14

Jehova o Fana ka “Thekollo e le Phapanyetsano Bakeng sa ba Bangata”

Jehova o Fana ka “Thekollo e le Phapanyetsano Bakeng sa ba Bangata”

1, 2. Bibele e hlalosa boemo boo moloko oa batho o leng ho bona joang, hona tsela feela ea ho tsoa ho bona ke efe?

“PŌPO eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Ka mantsoe ao moapostola Pauluse o hlalosa boemo bo utloisang bohloko boo re iphumanang re le ho bona. Ho ea ka pono ea motho, ho bonahala eka ha ho na tsela ea ho lokoloha bohlokong, sebeng le lefung. Empa Jehova ha a na likhaello tseo batho ba nang le tsona. (Numere 23:19) Molimo oa toka o re lokiselitse tsela ea ho tsoa matšoenyehong a rōna. E bitsoa thekollo.

2 Thekollo ke mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Jehova a e fileng moloko oa batho. E khona ho re lopolla sebeng le lefung. (Baefese 1:7) Ke motheo oa tšepo ea bophelo bo sa feleng, ebang ke leholimong kapa lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Johanne 3:16; 1 Petrose 1:4) Empa ha e le hantle thekollo ke eng? E re ruta’ng ka toka ea Jehova e phahameng ka ho fetisisa?

Se Bakileng Tlhokahalo ea Thekollo

3. (a) Ke hobane’ng ha thekollo e ile ea hlokahala? (b) Ke hobane’ng ha Molimo a ne a ke ke a fa bana ba Adama kotlo e ’ngoe e bobebe ho fapana le kotlo ea lefu?

3 Thekollo e ile ea hlokahala ka lebaka la sebe sa Adama. Ka ho se mamele Molimo, Adama o ile a fetisetsa baneng ba hae lefa la ho kula, masoabi, bohloko le lefu. (Genese 2:17; Baroma 8:20) Molimo o ne a ke ke a nkoa ke maikutlo ebe o fana ka kotlo e ’ngoe e bobebe ho fapana le kotlo ea lefu. Ho etsa joalo e ne e tla be e le ho hlokomoloha molao oa hae: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Haeba Jehova a ne a ka fetola litekanyetso tsa hae tsa toka, ho ne ho tla rena pherekano le ho hloka molao bokahohleng!

4, 5. (a) Satane o ile a etselletsa Molimo joang, hona ke hobane’ng ha Jehova a ne a tlameha ho araba liqoso tseo? (b) Satane o ile a qosa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ka eng?

 4 Joalokaha re bone Khaolong ea 12, bofetoheli ba Edene bo ile ba hlahisa litseko tse tebileng le ho feta. Satane o ile a silafatsa lebitso la Molimo le letle. Ha e le hantle, o ile a qosa Jehova ka hore ke raleshano le mohatelli ea sehlōhō ea amohang libōpuoa tsa hae bolokolohi. (Genese 3:1-5) Kaha ho ne ho bonahala eka o atlehile ho ferekanya morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka batho ba lokileng, Satane o ile a boela a qosa Molimo ka hore o hlōlehile. (Genese 1:28; Esaia 55:10, 11) Haeba Jehova a ne a tloheletse liqoso tsena li sa arajoa, libōpuoa tsa hae tse ngata tse bohlale li ne li ka ’na tsa felloa ke tšepo bobusing ba hae.

5 Satane o ile a boela a etselletsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, a ba qosa ka hore ba Mo sebeletsa feela hobane ba habile lipakane tsa boithati le hore haeba ba ka ba tlas’a khatello, ha ho le ea mong oa bona ea ka lulang a tšepahala ho Molimo. (Jobo 1:9-11) Liqoso tsena e ne e le tsa bohlokoa haholo ho feta maqakabetsi ao batho ba leng ho ’ona. Ka nepo Jehova o ile a ikutloa a tlameha ho araba liqoso tsa Satane tsa bohata. Empa Molimo o ne a ka rarolla liqoso tsee a ba a boloka moloko oa batho joang?

Thekollo—E Tšoanang Hantle

6. Tse ling tsa lipolelo tse sebelisoang ka Bibeleng ha ho hlalosoa tokisetso ea Molimo ea ho pholosa moloko oa batho ke life?

6 Tharollo ea Jehova e ne e le mohau ka ho fetisisa ebile e e-na le toka ka ho feletseng—e le eo ho seng motho ea neng a ka e nahana. Leha ho le joalo, e ne e le bonolo ka tsela e hlollang. E hlalosoa ka litsela tse fapaneng e le ho reka, poelano, topollo le ho koahela libe. (Pesaleme ea 49:8; Daniele 9:24; Bagalata 3:13; Bakolose 1:20; Baheberu 2:17) Empa polelo e batlang e hlalosa taba hamolemo ka ho fetisisa ke e builoeng ke Jesu ka boeena. O ile a re: “Mor’a motho [ha aa] ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo [lyʹtron, ka Segerike] e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”—Matheu 20:28.

7, 8. (a) Lentsoe “thekollo” le bolela eng ka Mangolong? (b) Thekollo e akarelletsa ho tšoana hantle ka tsela efe?

 7 Thekollo ke eng? Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le tsoa leetsing le bolelang “ho fasolla, ho lokolla.” Lentsoe lena le ne le sebelisetsoa ho hlalosa chelete e lefuoang e le phapanyetsano ho lokolla batšoaruoa ba ntoa. Ka hona, ha e le hantle, thekollo e ka hlalosoa e le tefo e lefuoang ho rekolla ho itseng. Ka Mangolong a Seheberu, lentsoe “thekollo” (koʹpher) le tsoa leetsing le bolelang “ho koahela.” Ka mohlala, Molimo o ile a bolella Noe hore a “koahele” (e leng sebōpeho se seng sa lentsoe le tšoanang) areka ka sekontiri. (Genese 6:14) Sena se re thusa ho utloisisa hore thekollo e boetse e bolela ho koahela libe.—Pesaleme ea 65:3.

8 Ho hlokomelehang ke hore Theological Dictionary of the New Testament e hlalosa hore lentsoe lena (koʹpher) “kamehla le bolela se tšoanang,” kapa se lekanang hantle. Kahoo, sekoahelo sa areka ea selekane se ne se bōpehile joaloka areka ka boeona. Ka ho tšoanang, e le hore tefo e lefuoang e rekolle, kapa e koahele sebe, e tlameha ho lekana hantle le tšenyo e bakiloeng ke sebe, kapa e e koahele ka ho feletseng. Kahoo, Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o re: “Moea o tla ba bakeng sa moea, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino, letsoho bakeng sa letsoho, leoto bakeng sa leoto.”—Deuteronoma 19:21.

9. Ke hobane’ng ha banna ba tumelo ba ne ba etsa mahlabelo a liphoofolo, hona Jehova o ne a talima mahlabelo ao joang?

9 Ho tloha ka Abele ho ea pele, banna ba tumelo ba ’nile ba etsetsa Molimo mahlabelo a liphoofolo. Ka ho etsa joalo, ba ne ba bontša hore ba ela sebe hloko le hore ho hlokahala topollo, ’me ba ne ba bontša hore ba lumela tšepiso ea Molimo ea ho ba lokolla ka “peō” ea hae. (Genese 3:15; 4:1-4; Levitike 17:11; Baheberu 11:4) Jehova o ile a ananela mahlabelo ao ’me a fa barapeli bao boemo bo botle. Leha ho le joalo, mahlabelo a liphoofolo e ne e mpa e le pontšo feela ea ho itseng. Ha e le hantle, liphoofolo li ne li hlile li ke ke tsa koahela libe tsa batho,  kaha li ka tlaasana ho batho. (Pesaleme ea 8:4-8) Kahoo, Bibele e re: “Ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe.” (Baheberu 10:1-4) Mahlabelo ao a ne a mpa a tšoantšetsa sehlabelo sa sebele sa thekollo seo e neng e le hona se tlang.

“Thekollo e Lekanang”

10. (a) Ea rekollang o ne a lokela ho lekana le mang, hona hobane’ng? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala sehlabelo sa motho a le mong feela?

10 Moapostola Pauluse o ile a re: “Ka Adama bohle [baa] shoa.” (1 Bakorinthe 15:22) Kahoo thekollo e ne e lokela ho kenyelletsa lefu la motho ea tšoanang hantle le Adama—motho ea phethahetseng. (Baroma 5:14) Ha ho sebōpuoa sa mofuta o mong se neng se ka khotsofatsa se hlokoang ke toka. Ke motho ea phethahetseng feela, ea seng tlas’a kotlo ea Adama ea lefu, ea neng a ka fana ka “thekollo e lekanang”—e leng motho ea lekanang le Adama ka ho phethahetseng. (1 Timothea 2:6) Ho ne ho sa tl’o hlokahala hore batho ba limilione-milione ba etsoe sehlabelo e le hore ho be le ea lekanang le setloholo se seng le se seng sa Adama. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe.” (Baroma 5:12) ’Me “kaha lefu le teng ka motho,” Molimo o ile a lokisetsa hore topollo ea moloko oa batho “e [be] teng ka motho.” (1 Bakorinthe 15:21) Joang?

“Thekollo e lekanang bakeng sa bohle”

11. (a) Morekolli o ne a tla “latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong” joang? (b) Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ne ba ke ke ba rua molemo thekollong? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

11 Jehova o ile a lokisetsa hore ho be le motho ea phethahetseng ea ithaopelang ho tela bophelo ba hae hore e be sehlabelo. Ho ea ka Baroma 6:23, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” Ka ho tela bophelo ba hae hore e be sehlabelo, morekolli o ne a tla “latsoa lefu bakeng sa motho e mong le e mong.” Ka mantsoe a mang, o ne a tla lefella sebe sa Adama moputso. (Baheberu 2:9; 2 Bakorinthe 5:21; 1 Petrose 2:24) Sena se ne se tla ba le liphello tse tebileng tsa molao. Ka ho felisa kotlo ea  lefu baneng ba Adama ba mamelang, thekollo e ne e tla tlosa matla a senyang a sebe hona mohloling oa ’ona. *Baroma 5:16.

12. Bontša hore na ke joang ho lefa sekoloto se le seng ho ka ruisang batho ba bangata molemo kateng.

12 Ka mohlala: Nka hore u lula motseng oo baahi ba oona ba bangata ba sebetsang fekthering ea moo e khōlō. Uena le baahelani le amohela moputso o motle kahoo le phela ka boiketlo. Empa ka letsatsi le leng fektheri ea koaloa. Lebaka? Mookameli oa fektheri o entse bomenemene, o lihile khoebo eo. Ha mosebetsi o se o felile, uena le baahelani le se le sitoa ho lefa likoloto. Balekane ba lenyalo, bana le batho ba kolotoang ba hula ka thata ka lebaka la bomenemene ba motho a le mong. Na tharollo e teng? E, e teng! Morui e mong ea pelo e ntle o etsa qeto ea ho thusa. O bona bohlokoa ba k’hamphani eo. O utloela le basebetsi ba eona ba bangata le ba malapa a bona bohloko. Kahoo, o lokisetsa ho lefa sekoloto sa k’hamphani eo le ho bula fektheri hape. Ho hlakoloa ha sekoloto seo ho tlisetsa basebetsi ba bangata le ba malapa a bona le batho ba kolotoang tokoloho. Ka ho tšoanang, ho hlakoloa ha sekoloto sa Adama ho ruisa batho ba limilione tse se nang palo molemo.

Ke Mang ea Fanang ka Thekollo?

13, 14. (a) Jehova o ile a fana ka thekollo molemong oa moloko oa batho joang? (b) Thekollo e lefuoa ho mang, hona ke hobane’ng ha tefo eo e hlokahala?

13 Ke Jehova feela ea neng a ka fana ka “Konyana . . . e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29) Empa Molimo ha aa ka a romela lengeloi leha e le lefe feela tjee ho pholosa moloko oa batho. Ho e-na le hoo, o ile a romela Ea neng a ka fana ka karabo  e feletseng le ea makhaola-khang qosong ea Satane ho bahlanka ba Jehova. E, Jehova o ile a etsa sehlabelo se phahameng ka ho fetisisa ha a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, “eo a neng a mo rata ka ho khethehileng.” (Liproverbia 8:30) Ka boithatelo, Mora oa Molimo “o ile a ikhokhotha” sebōpeho sa hae sa leholimo. (Bafilipi 2:7) Jehova o ile a fetisetsa bophelo le botho ba Mora oa hae oa letsibolo pōpelong ea moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria ka tsela ea mohlolo ho tloha leholimong. (Luka 1:27, 35) Ha e se e le motho oa nama, o ne a tla bitsoa Jesu. Empa ka kutloisiso ea molao, o ne a ka bitsoa Adama oa bobeli, kaha o ne a lekana le Adama ka ho phethahetseng. (1 Bakorinthe 15:45, 47) Kahoo, Jesu o ne a ka itela hore e be sehlabelo sa thekollo molemong oa moloko oa batho oa baetsalibe.

14 Thekollo eo e ne e tla lefuoa ho mang? Pesaleme ea 49:7 e bolela ka ho khetheha hore thekollo e lefuoa ho “Molimo.” Empa na Jehova hase eena ea lokisetsang thekollo ho tloha sethathong? E, ke eena, empa sena ha se etse hore thekollo e be phapanyetsano feela tjee e se nang morero—ea ho phetha molao—e kang ho ntša chelete ka pokothong e ’ngoe ebe u e kenya ka ho e ’ngoe. Re lokela ho utloisisa hore thekollo hase phapanyetsano ea sebele, empa ke khato ea molao. Ka ho lefella thekollo, le hoja e bile ka tahlehelo e khōlō ho eena, Jehova o ipakile a khomarela toka ea hae e phethahetseng a sa thekesele.—Genese 22:7, 8, 11-13; Baheberu 11:17; Jakobo 1:17.

15. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a utloe bohloko a be a shoe?

15 Nakong ea selemo ka 33 C.E., ka boithatelo Jesu Kreste o ile a mamella masetla-libete a ileng a lebisa ho lefshoeng ha thekollo. O ile a itumella ho tšoareloa liqoso tsa bohata, ho ahloloa hore o molato, le ho khokhotheloa thupeng ea polao. Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore Jesu a utloe bohloko bo bokaalo? E, hobane ho ne ho lokela ho rarolloa tseko ea botšepehi ba bahlanka ba Molimo. Ka ho hlokomelehang, Molimo ha aa ka a lumella Heroda ho bolaea lesea Jesu. (Matheu 2:13-18) Empa ha Jesu a se a hōlile, o ile a khona ho ema a tiile khahlanong  le litlhaselo tse matla tsa Satane a e-na le kutloisiso e feletseng ea se tsekoang. * Ka ho lula e le “ea tšepahalang, ea se nang mano, ea sa silafalang, ea arohileng ho baetsalibe” ho sa tsotellehe tšoaro e sehlōhō, Jesu o ile a paka ka hohle hore Jehova o fela a e-na le bahlanka ba lulang ba tšepahala le ha ba le tlas’a teko. (Baheberu 7:26) Ke kahoo ha a le mothating oa ho shoa, Jesu a ileng a hooa ka tlhōlo: “Ho phethehile!”—Johanne 19:30.

O Phetha Mosebetsi oa Hae oa Topollo

16, 17. (a) Jesu o ile a ntšetsa pele mosebetsi oa hae oa topollo joang? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jesu a hlahe “ka pel’a Molimo bakeng sa rōna”?

16 Jesu o ne a e-s’o phethe mosebetsi oa hae oa topollo. Matsatsi a mararo ka mor’a lefu la Jesu, Jehova o ile a mo tsosa bafung. (Liketso 3:15; 10:40) Ka ketso ena ea bohlokoa, Jehova ha aa ka a putsa Mora oa hae bakeng sa tšebeletso ea hae e tšepahalang feela empa o ile a mo fa monyetla oa ho phetha mosebetsi oa hae oa topollo e le Moprista ea Phahameng oa Molimo. (Baroma 1:4; 1 Bakorinthe 15:3-8) Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Ha Kreste a tla e le moprista ea phahameng . . . ha aa ka a kena ka mali a lipōli le a lipohoana, empa o kene ka mali a hae, hang le ka ho ke keng ha phetoa sebakeng se halalelang ’me a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna. Etsoe Kreste ha aa ka a kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho, seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele, empa o kene leholimong, joale ho hlaha ka pel’a Molimo bakeng sa rōna.”—Baheberu 9:11, 12, 24.

17 Kreste o ne a ke ke a ea le mali a hae a sebele leholimong.  (1 Bakorinthe 15:50) Ho e-na le hoo, o ile a nka se neng se tšoantšetsoa ke mali ao: e leng bohlokoa boo bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho bo entsoeng sehlabelo bo nang le bona molaong. Joale, o ile a hlahisa ka molao bohlokoa ba bophelo boo ka pele ho Molimo e le thekollo eo e leng phapanyetsano molemong oa moloko oa batho oa baetsalibe. Na Jehova o ile a amohela sehlabelo seo? E, o ile a se amohela, ’me sena se ile sa totobala ka Pentekonta ea 33 C.E., ha moea o halalelang o tšolleloa ho barutuoa ba ka bang 120 ba neng ba le Jerusalema. (Liketso 2:1-4) Le hoja ketsahalo eo e ne e le e thabisang haholo, e ne e le hona thekollo e qalang ho hlahisa melemo e babatsehang.

Melemo ea Thekollo

18, 19. (a) Ke lihlopha life tse peli tsa batho tse ruang molemo poelanong e tlisitsoeng ke mali a Kreste? (b) Melemo e meng ea thekollo e teng hona joale le e tla ba teng nakong e tlang ho ba “bongata bo boholo” ke efe?

18 Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o hlalosa hore Molimo o ile a bona ho le molemo hore a sebelise Kreste hore a boelanye lintho tse ling tsohle le Eena ka ho etsa khotso ka mali a Jesu a tšolotsoeng thupeng ea tlhokofatso. Pauluse o boetse o hlalosa hore poelano ena e ama lihlopha tse peli tse arohaneng tsa batho, e leng “lintho tse maholimong” le “lintho tse lefatšeng.” (Bakolose 1:19, 20; Baefese 1:10) Sehlopha sa pele se entsoe ka Bakreste ba 144 000 ba nang le tšepo ea ho sebeletsa e le baprista leholimong le ho busa hammoho le Kreste Jesu e le marena holim’a lefatše. (Tšenolo 5:9, 10; 7:4; 14:1-3) Ba tla sebelisoa ho fetisetsa melemo ea thekollo butle-butle ho moloko oa batho o mamelang nakong ea lilemo tse sekete.—1 Bakorinthe 15:24-26; Tšenolo 20:6; 21:3, 4.

19 “Lintho tse lefatšeng” ke batho ba mocheng oa ho thabela bophelo bo phethahetseng Paradeiseng lefatšeng. Tšenolo 7:9-17 e ba hlalosa e le “bongata bo boholo” bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang. Empa ha baa tlameha ho emela nako eo e le hore ba thabele melemo ea thekollo. Ba se ba ntse  “ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufalitse maling a Konyana.” Kaha ba bontša tumelo thekollong, esita le hona joale ba fumana melemo ea moea tokisetsong eo e lerato. Ba boletsoe ba lokile e le metsoalle ea Molimo! (Jakobo 2:23) Motheong oa sehlabelo sa Jesu, ba ka ‘atamela ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang.’ (Baheberu 4:14-16) Ha ba fosa, ba tšoareloa e le kannete. (Baefese 1:7) Le hoja ba sa phethahala, ba thabela letsoalo le hloekileng. (Baheberu 9:9; 10:22; 1 Petrose 3:21) Kahoo ho boelana le Molimo hase feela ntho eo ho tšeptjoang hore e tla etsahala, empa ke ntho ea sebele e etsahalang hona joale! (2 Bakorinthe 5:19, 20) Nakong ea Lilemo tse Sekete, butle-butle ba tla “lokolloa bokhobeng ba ho bola” ’me qetellong ba tla ba “le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.

20. Ho nahanisisa ka thekollo ho u ama joang?

20 “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste” bakeng sa thekollo! (Baroma 7:25) Molao-motheo oa thekollo o bonolo, empa o tebile ka ho lekaneng ho re tlatsa tšabo e nang le tlhompho. (Baroma 11:33) Ha re nahanisisa ka kananelo ka thekollo, e re ama lipelo, e re atametsa haholoanyane ho Molimo oa toka. Ho tšoana le mopesaleme, re na le mabaka ’ohle a ho rorisa Jehova e le ea ‘ratang ho loka le toka.’—Pesaleme ea 33:5.

^ ser. 11 Adama le Eva ba ne ba ke ke ba rua molemo thekollong. Molao oa Moshe o ile oa fana ka molao-motheo ona mabapi le ’molai oa ka boomo: “Le se ke la nka thekollo bakeng sa moea oa ’molai ea tšoanelang ho shoa.” (Numere 35:31) Ho hlakile hore Adama le Eva ba ne ba tšoanela ho shoa kahobane ha baa ka ba mamela Molimo ka boomo le hoja ba ne ba e-na le tsebo. Kahoo, ba ile ba lahla monyetla oa bona oa ho phela ka ho sa feleng.

^ ser. 15 E le hore a etsolle sebe sa Adama, Jesu o ne a sa lokela ho shoa e le ngoana ea phethahetseng, empa o ne a lokela ho shoa e le motho ea phethahetseng. Hopola hore sebe sa Adama e ne e le sa ka boomo, hore o se entse a tseba hantle ho teba ha ketso eo le liphello tsa eona. Kahoo e le hore Jesu e be “Adama oa ho qetela” ’me a koahele sebe seo, o ne a lokela ho ikhethela ho boloka botšepehi ho Jehova e le motho ea hōlileng ea nang le tsebo. (1 Bakorinthe 15:45, 47) Kahoo, tsela eohle ea bophelo ba Jesu ba botšepehi—ho akarelletsa le lefu la hae la sehlabelo—e ile ea sebeletsa e le “ketso e le ’ngoe ea tokafatso.”—Baroma 5:18, 19.