Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 15

Jesu o ‘Beha Toka Lefatšeng’

Jesu o ‘Beha Toka Lefatšeng’

1, 2. Ke ketsahalong efe moo Jesu a ileng a halefa, hona hobane’ng?

JESU o ne a bonahala a halefile—’me e le ka lebaka le utloahalang. U ka ’na ua fumana ho le thata ho nahana ka eena ka tsela ena, kaha e ne e le motho ea maikutlo a bonolo. (Matheu 21:5) Ke ’nete hore o ile a ithiba ka tsela e phethahetseng, kaha khalefo ea hae e ne e le e lokileng. * Empa ke eng e neng e halefisitse motho eo ea ratang khotso hakaale? Ho hloka toka ho feteletseng.

2 Jesu o ne a rata tempele e Jerusalema haholo. E ne e le sona feela sebaka se halalelang lefatšeng lohle, se nehetsoeng borapeling ba Ntat’ae ea leholimong. Bajuda ba tsoang linaheng tse ngata ba ne ba nka maeto a malelele ho ea rapela moo. Le Balichaba ba tšabang Molimo ba ne ba e-tla teng, ba kena mabaleng a tempele a beheletsoeng ka thōko hore ba a sebelise. Empa qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a kena sebakeng sa tempele moo a ileng a khahlametsoa ke pono e nyonyehang. Motho o ne a ke ke a re sebaka seo ke ntlo ea borapeli e ne eka ke ’maraka! Se ne se tletse bahoebi le ba ananyang chelete. Joale ho hloka toka ho ne ho le hokae moo? Batho bana ba ne ba sebelisa tempele ea Molimo e le sebaka feela tjee sa ho tlatlapa batho—esita le ho ba hanyapetsa. Joang?—Johanne 2:14.

3, 4. Ke ho hanyapetsa hofe ho neng ho etsoa tlung ea Jehova, hona Jesu o ile a nka khato efe ho lokisa boemo?

3 Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba behile molao oa hore ke chelete e itseng ea tšepe feela e ka sebelisoang ha ho lefshoa lekhetho la tempele. Baeti ba ne ba lokela ho ananya chelete ea bona e le hore ba fumane chelete eo ea tšepe. Kahoo ba ananyang chelete ba ne ba hlomme litafole hona ka tempeleng, ba lefisa chelete  e itseng nako le nako ha ba ananya chelete. Khoebo ea ho rekisa liphoofolo le eona e ne e hlile e atleha. Baeti ba batlang ho nyehela mahlabelo ba ne ba ka ’na ba reka ho mohoebi leha e le ofe motseng, empa bahlokomeli ba tempele ba ne ba ka ’na ba hana linyehelo tsa bona ka le reng ha li tšoanelehe. Empa linyehelo tse rekoang moo sebakeng sa tempele tsona joang kapa joang li ne li tla amoheleha. Kaha batho ba ne ba le mohaung oa bona, ka linako tse ling bahoebi bao ba ne ba bitsa chelete e ngata haholo. * Sena se ne se le sebe le ho feta tsamaiso e silafetseng ea khoebo. Se ne se tšoana le bosholu ba likhoka!

“Tlosang lintho tsena mona!”

4 Jesu o ile a sitoa ho mamella ho hloka toka hoo. Eo e ne e le ntlo ea Ntat’ae! O ile a etsa sephali sa marapo ’me a lelekela mehlape ea likhomo le linku ka ntle ho tempele. A ntan’o ea ho ba ananyang chelete a phethola litafole tsa bona. Ak’u nahane feela ha chelete eo eohle ea tšepe e se e qhalakane hohle holim’a fuluru ea ’mabole! O ile a laela ba rekisang maeba ka tieo: “Tlosang lintho tsena mona!” (Johanne 2:15, 16) Ha ho bonahale eka ho na le ea ileng a iteta sefuba ho hanyetsa monna enoa ea sebete.

“Ngoana o Tšoana le Ntat’ae”

5-7. (a) Bophelo ba Jesu pele e e-ba motho oa nama bo ile ba susumetsa boikutlo ba hae ka toka joang, hona re ka ithuta eng ha re hlahloba mohlala oa hae? (b) Kreste o ile a loantša ho hloka toka ho amang bobusi ba Jehova le lebitso la hae joang?

5 Ho hlakile hore bahoebi bao ba ile ba khutla. Lilemo tse ka bang tharo hamorao, Jesu o ile a sebetsana le ho hloka toka ho tšoanang, lekhetlong lena a qotsa mantsoe a Jehova ha a ne a nyatsa ba entseng ntlo ea Hae “lehaha la masholu.” (Matheu 21:13; Jeremia 7:11) Ha e le hantle, ha Jesu a bona batho ba hanyapetsoa le tempele ea Molimo e silafatsoa, o ile a ikutloa joaloka  Ntat’ae. ’Me seo ha se makatse! Jesu o ne a rutiloe ke Ntat’ae oa leholimo ka lilemo tse limilione tse se nang palo. Ka hona, o ne a susumetsoa ka ho teba ke boikutlo ba Jehova ba toka. E bile mohlala o phelang oa polelo e reng, “Ngoana o tšoana le ntat’ae.” Kahoo haeba re batla ho bona tšobotsi ea Jehova ea toka ka ho hlaka, tsela e molemohali ea ho etsa seo ke ho nahanisisa ka mohlala oa Jesu Kreste.—Johanne 14:9, 10.

6 Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova o ne a le teng ha ka ho hloka toka Satane a bitsa Jehova Molimo raleshano ’me a belaella ho loka ha puso ea Hae. Eo e ne e le tšenyo e kaakang ea lebitso! Hamorao Mora o ile a boela a utloa phephetso ea Satane ea hore ha ho motho ea tla sebeletsa Jehova ka ho hloka boithati, a susumetsoa ke lerato. Ka sebele liqoso tsena tsa bohata li ne li utloisa pelo e lokileng ea Mora bohloko. E tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha a tseba hore o ne a tla phetha karolo ea bohlokoa ho shanofatseng mashano ao! (2 Bakorinthe 1:20) O ne a tla etsa seo joang?

7 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 14, Jesu Kreste o ile a fana ka karabo e feletseng le ea makhaola-khang qosong ea Satane ea hore libōpuoa tsa Jehova ha li tšepahale. Ka tsela eo Jesu o ile a rala motheo oa ho tlosa qoso ka ho feletseng bobusing ba Jehova le oa ho halaletsa lebitso la Hae. E le ’Muelli e Moholo oa Jehova, Jesu o tla sebelisa toka ea Molimo hohle bokahohleng. (Liketso 5:31) Tsela eo a phetseng ka eona ha a le lefatšeng le eona e ne e bonahatsa toka ea Molimo. Jehova o ile a re ka eena: “Ke tla beha moea oa ka holim’a hae, ’me o tla hlakisetsa lichaba toka.” (Matheu 12:18) Jesu o ile a phethahatsa mantsoe ao joang?

Jesu o Hlakisa “Toka”

8-10. (a) Lineano tse sa ngoloang tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda li ile tsa khothalletsa ho khesa bao e seng Bajuda le basali joang? (b) Melao e sa ngoloang e ile ea fetola molao oa Jehova oa Sabatha moroalo joang?

8 Jesu o ne a rata Molao oa Jehova ’me a phela ka oona. Empa  baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae ba ne ba sotha Molao ’me ba o sebelisa hampe. Jesu o ile a re ho bona: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! . . . Le hlokomolohile litaba tse tōma haholo tsa Molao, e leng, toka le mohau le botšepehi.” (Matheu 23:23) Ka ho hlakileng, mesuoe eo ea Molao oa Molimo e ne e sa hlakise “toka.” Ho e-na le hoo, e ne e etsa hore toka ea Molimo e se ke ea bonahala ka ho hlaka. Joang? Nahana ka mehlala e seng mekae.

9 Jehova o ne a laetse batho ba hae hore ba ikarole lichabeng tsa bohetene tse ba potolohileng. (1 Marena 11:1, 2) Leha ho le joalo, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba chesehang ka ho feteletseng ba ne ba khothalletsa sechaba ho khesa batho bohle bao e seng Bajuda. Mishnah e ne e bile e e-na le molao o reng: “Likhomo ha lia lokela ho siuoa matlong a baeti a balichaba kaha ba belaelloa ka hore ba robala le liphoofolo.” Lehloeo le joalo ho bohle bao e seng Bajuda le ne le hloka toka le bile le sa tsamaisane le sepheo sa Molao oa Moshe. (Levitike 19:34) Melao e meng e entsoeng ke batho e ne e nyenyefatsa basali. Molao o mong o sa ngoloang o ne o re mosali o lokela ho tsamaea a setse monna oa hae morao, eseng a bapile le eena. Monna o ne a lemosoa hore a se buisane le mosali phatlalatsa, esita le mosali oa hae. Basali ba ne ba tšoana le makhoba, ba sa lumelloa ho fana ka bopaki ka khotla. Ho ne ho bile ho e-na le thapelo e hlophisitsoeng eo ka eona banna ba neng ba leboha Molimo ka hore ebe hase basali.

10 Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba pupelitse Molao oa Molimo ka letoto la melao le melaoana e behiloeng ke batho. Ka mohlala, molao oa Sabatha o ne o thibela feela ho sebetsa ka Sabatha, o behella letsatsi leo ka thōko e le la ho rapela, ho ikhatholla moeeng le ho phomola. Empa Bafarisi ba ile ba etsa hore molao oo e be moroalo. Ba ile ba ipha mosebetsi oa ho etsa qeto ea hore na ha e le hantle “mosebetsi” ke’ng. Ba ile ba bolela lintho tse 39 tseo ba neng ba re ke mosebetsi, tse kang ho kotula le ho tsoma. Sena se ile sa hlahisa letoto le sa feleng la lipotso. Ha motho a bolaea letsetse ka Sabatha, na o ne a tsoma? Ha motho a kha lijo-thollo tse seng kae tseo a li jang a ntse a tsamaea, na o ne a kotula? Ha a phekola motho ea kulang, na  o ne a sebetsa? Lipotso tseo li ile tsa arajoa ka melao e thata, e qanolotsoeng.

11, 12. Jesu o ile a hanyetsa lineano tsa Bafarisi tseo e seng tsa Mangolo joang?

11 Jesu o ne a tla thusa batho ho utloisisa seo toka e leng sona boemong boo joang? O ile a hanyetsa baeta-pele bao ba bolumeli ka sebete ka lithuto tsa hae le ka tsela eo a neng a phela ka eona. Pele, nahana ka tse ling tsa lithuto tsa hae. O ile a nyatsa phatlalatsa melao ea bona e mengata-ngata e entsoeng ke batho, a re: “Le etsa lentsoe la Molimo lefeela ka neano ea lōna eo le ileng la e fetisa.”—Mareka 7:13.

12 Jesu o ile a ruta ka matla hore Bafarisi ba fositse tabeng ea molao oa Sabatha—hore ha e le hantle, ba ne ba sa utloisise sepheo sohle sa molao oo. O ile a hlalosa hore Mesia ke “Morena oa sabatha,” kahoo o na le tokelo e feletseng ea ho phekola batho ka Sabatha. (Matheu 12:8) Ho hatisa ntlha eo, o ile a phekola batho ka mohlolo ka Sabatha. (Luka 6:7-10) Ho phekola hoo e ne e le selelekela sa pholiso eo a tla e etsa lefatšeng lohle nakong ea Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete. Lilemo tseo tse Sekete ka botsona e tla ba Sabatha e feletseng, ha batho bohle ba tšepahalang qetellong ba tla phomola ka mor’a lilemo tse makholo-kholo ba kibakiba ka moroalo oa sebe le lefu.

13. Ke molao ofe o ileng oa qala ho sebetsa e le litholoana tsa tšebeletso ea Kreste lefatšeng, hona o ne o fapane joang le o bileng teng pele ho oona?

13 Jesu o ile a boela a hlakisa seo toka e leng sona ha molao o mocha, e leng “molao oa Kreste,” o qala ho sebetsa ka mor’a hore a qete tšebeletso ea hae lefatšeng. (Bagalata 6:2) Ho fapana le o neng o le teng pele ho oona, e leng Molao oa Moshe, molao ona o mocha o ne o sa itšetleha haholo ka letoto la litaelo tse ngotsoeng, empa o ne o itšetlehile ka melao-motheo. Leha ho le joalo, o ne o akarelletsa litaelo tse seng kae tse tobileng. E ’ngoe ea tsona ke eo Jesu a ileng a e bitsa “taelo e ncha.” Jesu o ile a ruta balateli ba hae kaofela hore ba ratane joalokaha a ba ratile. (Johanne 13:34, 35) Ha e le hantle, lerato le nang le boitelo e ne e lokela ho ba letšoao le ka sehloohong la bohle ba phelang ka “molao oa Kreste.”

 Mohlala o Phelang oa Toka

14, 15. Jesu o ile a bontša joang hore o elelloa meeli ea matla a hae a bolaoli, hona ke hobane’ng ha see se khothatsa?

14 Jesu ha aa ka a ruta ka lerato feela. O ne a phela ka “molao oa Kreste.” O ne o laola tsela eo a phelang ka eona. Nahana ka litsela tse tharo tseo ka tsona mohlala oa Jesu o ileng oa hlakisa toka.

15 Ea pele, Jesu o ne a le hlokolosi ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e hlokang toka. Mohlomong u hlokometse hore liketso tse ngata tse hlokang toka li bakoa ke ha batho ba sa phethahalang ba ikhohomosa ’me ba tlōla meeli e loketseng ea bolaoli ba bona. Jesu ha aa ka a etsa seo. Ketsahalong e ’ngoe, monna e mong o ile a tla ho Jesu ’me a re: “Mosuoe, bolella mor’eso hore a nkarolele lefa.” Jesu o ile a arabela joang? “Monn’a heso, ke mang ea mpehileng moahloli kapa moaroleli oa lōna?” (Luka 12:13, 14) Na seo hase se babatsehang? Matla a Jesu a ho nahana, bokhoni ba hae ba ho ahlola, esita le matla a bolaoli ao Molimo a mo fileng ’ona a ne a feta a motho leha e le ofe lefatšeng; empa o ile a hana ho itšunya-tšunya tabeng ena, kaha o ne a sa fuoa matla a ho etsa seo. Jesu o ’nile a inyenyefatsa ka tsela ena, esita le lilemong tse likete tseo a li phetseng pele e e-ba motho oa nama. (Juda 9) ’Nete ea hore ka boikokobetso Jesu o tšepa hore Jehova o tla etsa qeto ka seo e leng toka e senola ho hongata ka eena.

16, 17. (a) Jesu o ile a bontša toka joang ha a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo? (b) Jesu o ile a bontša joang hore boikutlo ba hae ka toka bo ne bo tletse mohau?

16 Ea bobeli, Jesu o ile a bonahatsa toka ka tsela eo a neng a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka eona. O ne a sa bontše khethollo. Ho e-na le hoo, o ne a ikitlaelletsa ho finyella batho ba mefuta eohle, ebang ke barui kapa mafutsana. Ka lehlakoreng le leng, Bafarisi ba ne ba qhelela mafutsana ka thōko, ba bitsa batho feela tjee ka tsela e eisang ba re ke ʽam-ha·ʼaʹrets, kapa “batho ba naha.” Ka sebete Jesu o ile a lokisa ho hloka toka hoo. Ha a ne a ruta batho litaba tse molemo—kapa, maemong a mang ha a ne a e-ja le batho, a ba  fepa, a ba phekola, esita le hona ho ba tsosa bafung—o ne a phahamisa toka ea Molimo ea batlang ho finyella “batho ba mefuta eohle.” *1 Timothea 2:4.

17 Ea boraro, boikutlo ba Jesu ka toka bo ne bo tletse mohau o tebileng. O ne a etsa boiteko ba ho thusa baetsalibe. (Matheu 9:11-13) O ne a sa tsilatsile ho thusa batho ba se nang matla a ho itšireletsa. Ka mohlala, Jesu ha aa ka a imatahanya le baeta-pele ba bolumeli ha ba khothalletsa ho se tšepe Balichaba bohle. Ka mohau o ile a thusa ba bang ba bona le ho ba ruta, le hoja thōmo ea hae e ka sehloohong e ne e le ea ho thusa sechaba sa Bajuda. O ile a lumela ho phekola ka mohlolo molaoli oa lebotho la Roma, a re: “Ha ho eo ke fumaneng tumelo e khōlō hakaalo ho eena Iseraele.”—Matheu 8:5-13.

18, 19. (a) Jesu o ile a phahamisa seriti sa basali ka litsela life? (b) Mohlala oa Jesu o re thusa joang ho bona kamano e teng pakeng tsa sebete le toka?

18 Ka ho tšoanang, Jesu o ne a sa tšehetse likhopolo tse atileng ka basali. Ho e-na le hoo, ka sebete o ne a etsa se lokileng. Basali ba Basamaria ba ne ba nkoa ba sa hloeka joaloka Balichaba. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a qeaqea ho bolella mosali oa Mosamaria molaetsa selibeng sa Sikare. Ha e le hantle, ke ho mosali enoa moo Jesu a ileng a itsebahatsa phatlalatsa ka lekhetlo la pele hore ke eena Mesia ea tšepisitsoeng. (Johanne 4:6, 25, 26) Bafarisi ba ne ba re basali ba se ke ba rutoa Molao oa Molimo, empa Jesu o ile a sebelisa nako e ngata le matla a ruta basali. (Luka 10:38-42) Le hoja neano e ne e ruta hore basali ba ke ke ba tšepeloa ho fana ka bopaki bo tšepahalang, Jesu o ile a hlompha basali ba ’maloa ka ho ba fa tokelo ea hore e be bona ba pele ba mo bonang ka mor’a hore a tsohe bafung. O ile a ba a ba bolella hore ba ee ho  barutuoa ba hae ba banna ba ba bolelle ka ketsahalo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa!—Matheu 28:1-10.

19 Ka sebele, Jesu o ile a hlakisetsa lichaba toka. Maemong a mangata o ne a etsa seo ka ho ipeha kotsing e khōlō. Mohlala oa Jesu o re thusa ho bona hore ho phahamisa toka ea ’nete ho hloka sebete. Ka ho loketseng, o bitsoa “Tau ea moloko oa Juda.” (Tšenolo 5:5) Hopola hore tau e tšoantšetsa toka e tletseng sebete. Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla tlisa toka ka tekanyo e khōlō le ho feta. O tla tlisa “toka lefatšeng” ka kutloisiso e feletseng.—Esaia 42:4.

Morena oa Bomesia o ‘Beha Toka Lefatšeng’

20, 21. Morena oa Bomesia o phahamisitse toka lefatšeng ka bophara le ka hare ho phutheho ea Bokreste joang mehleng ee ea rōna?

20 Ho tloha ha Jesu e e-ba Morena oa Bomesia ka 1914, o ile a phahamisa toka lefatšeng. Joang? O jere boikarabelo ba ho phethahatsa boprofeta ba hae bo ho Matheu 24:14. Balateli ba Jesu ba lefatšeng ba rutile batho ba linaha tsohle ’nete e mabapi le ’Muso oa Jehova. Joaloka Jesu, ba ’nile ba bolela ba sa ee ka tšobotsi ba bile ba sebelisa toka, ba batla ho fa motho e mong le e mong—mocha kapa motho e moholo, morui kapa mofutsana, monna kapa mosali—monyetla oa ho tseba Jehova, Molimo oa toka.

21 Jesu o boetse o phahamisa toka ka phuthehong ea Bokreste, eo e leng Hlooho ea eona. Joalokaha ho profetiloe, o fana ka “limpho tseo e leng banna,” e leng baholo ba tšepahalang ba Bakreste ba etellang phutheho pele. (Baefese 4:8-12) Ha ba alosa mohlape oa Molimo oo e leng oa bohlokoa, banna bao ba latela mohlala oa Jesu Kreste oa ho phahamisa toka. Ba lula ba hopola hore Jesu o batla hore linku tsa hae li tšoaroe ka toka—ho sa tsotellehe maemo, botumo kapa lintho tse bonahalang.

22. Jehova o ikutloa joang ka ho hloka toka ho atileng lefatšeng kajeno, hona o khethile Mora oa hae hore a etse’ng ka hona?

22 Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla tlisa toka lefatšeng ka tsela eo ho e-song ho be le e tšoanang le eona. Ho hloka  toka ho atile lefatšeng lena le silafetseng. Ngoana e mong le e mong ea bolaoang ke tlala ke phofu ea ho hloka toka ho se nang mabaka, haholo-holo ha re nahana ka chelete le nako tse senngoang ho hlahisoa libetsa tsa ntoa ho bile ho khotsofatsoa litakatso tse se nang meeli tsa boithati tsa ba batlang menyaka. Ho shoa ha batho ba limilione ho sa hlokahale selemo le selemo ke o mong feela oa mefuta ea ho hloka toka, eo kaofela e qholotsang khalefo ea Jehova e lokileng. O khethile Mora oa hae bakeng sa ho loantša tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho e le hore a felise ho hloka toka hohle ka ntoa e lokileng.—Tšenolo 16:14, 16; 19:11-15.

23. Kreste o tla phahamisa toka ka ho sa feleng joang ka mor’a Armagedone?

23 Leha ho le joalo, ho phethahatsa toka ea Jehova ha ho hloke hore ho felisoe ba khopo feela. O boetse o khethile Mora oa hae hore a buse e le “Khosana ea Khotso.” Ka mor’a ntoa ea Armagedone, puso ea Jesu e tla tlisa khotso lefatšeng lohle, ’me o tla busa “ka toka.” (Esaia 9:6, 7) Ka nako eo Jesu o tla thabela ho etsolla ho hloka toka hohle ho bakileng mesarelo le masoabi a mangata hakana lefatšeng. Ka botšepehi o tla phahamisa toka ea Jehova e phethahetseng ka ho sa feleng. Kahoo, ke habohlokoa hore re batle ho etsisa toka ea Jehova hona joale. A re boneng hore na re ka etsa seo joang.

^ ser. 1 Ha a bontša khalefo e lokileng, Jesu o ne a etsisa Jehova ea ‘nang le tšekamelo ea ho halefisoa’ ke bokhopo bohle. (Nahume 1:2) Ka mohlala, ka mor’a hore Jehova a bolelle batho ba hae ba tsoileng tseleng hore ba entse ntlo ea hae “lehaha feela la masholu,” o ile a re: “Bohale ba ka le khalefo ea ka li tšolleloa sebakeng sena.”—Jeremia 7:11, 20.

^ ser. 3 Ho ea ka Mishnah, lilemo tse seng kae hamorao ho ile ha e-ba le boipelaetso ka tefiso e holimo ea maeba a rekisoang tempeleng. Tefiso eo e ile ea fokotsoa hang-hang ka hoo e ka bang ka karolo ea 99 lekholong! Ke bo-mang ba neng ba fumana phaello khoebong ee e ruisang? Bo-rahistori ba bang ba bolela hore beng ba limmaraka tsa tempele e ne e le ba ntlo ea Moprista ea Phahameng, Anase, ’me e ne e le tsona tse neng li hlahisa karolo e khōlō ea leruo le lengata la lelapa la moprista eo.—Johanne 18:13.

^ ser. 16 Bafarisi ba ne ba nka hore batho ba tlaase, ba sa rutehang Molaong, ke “ba rohakiloeng.” (Johanne 7:49) Ba ne ba re motho ha aa lokela ho ruta batho bao kapa ho etsa khoebo le bona kapa ho ja le bona kapa hona ho rapela le bona. Ha motho a ne a ka lumella morali oa hae ho nyaloa ke e mong oa bona, hoo ho ne ho tla ba hobe ho feta ho mo nehella libatana. Ba ne ba nka tšepo ea tsoho e sa akarelletse batho ba tlaase joalo.