Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 9

“Kreste ke Matla a Molimo”

“Kreste ke Matla a Molimo”

1-3. (a) Ke phihlelo efe e tšosang eo barutuoa ba ileng ba e-ba le eona Leoatleng la Galilea, hona Jesu o ile a etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha ka nepo Jesu a bitsoa ‘Kreste matla a Molimo’?

BARUTUOA ba ne ba tšohile. Ba ne ba tšela Leoatle la Galilea ka sekepe ha ka tšohanyetso ba hlaseloa ke sefefo. Ha ho pelaelo hore ba ne ba kile ba bona lifefo letšeng lena—etsoe ba bang ba bona e ne e le batšoasi ba litlhapi ba nang le phihlelo. * (Matheu 4:18, 19) Empa sena e ne e le “sefefo se seholo se matla,” ’me ka ho panya ha leihlo feela se ile sa baka ho loebehlana ho hoholo leoatleng. Banna bao ba ile ba soka sekepe ka lehlaphahlapha, empa sefefo seo se ne se le matla haholo. Maqhubu a befileng a ne a “khahlellana ka sekepeng,” se neng se se se qala ho tlala metsi. Ho sa tsotellehe lephehlophehlo leo, Jesu o ne a khalehile karolong e ka morao ea sekepe, a khathetse ka mor’a ho ruta matšoele letsatsi lohle. Ba amehile ka bophelo ba bona, barutuoa baa mo tsosa, ’me baa ipiletsa: “Morena, re pholose, re makhatheng a ho timela!”—Mareka 4:35-38; Matheu 8:23-25.

2 Jesu o ne a sa tšoha. Ka kholiseho e feletseng, o ile a khalemela sefefo le leoatle ka matla: “Thōla! Khutsa!” Hang-hang, sefefo le leoatle tsa mamela—sefefo se matla sa emisa, maqhubu a leoatle a kokobela, ’me “khutso e khōlō ea e-ba teng.” Joale barutuoa ba ile ba apareloa ke tšabo e khōlō. Ba botsana ka ho hoeshetsa: “Ha e le hantle enoa ke mang?” Ha e le hantle, ke mang ea ka khonang ho khalemela sefefo le leoatle joalokaha eka o khalemela ngoana ea thibaneng litsebe?—Mareka 4:39-41; Matheu 8:26, 27.

3 Empa Jesu e ne e se motho feela tjee. O ne a thusoa ke matla  a Jehova ’me a a bonahatsa ka litsela tse sa tloaelehang. Ke ka nepo moapostola Pauluse ea bululetsoeng a neng a ka bolela hore “Kreste ke matla a Molimo.” (1 Bakorinthe 1:24) Matla a Molimo a bonahalitsoe ho Jesu joang? Hona ho sebelisa ha Jesu matla ho ka re ama joang bophelong?

Matla a Mora oa Molimo ea Tsoetsoeng a ’Notši

4, 5. (a) Jehova o ile a fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši matla le bolaoli bofe? (b) Mora eo o ile a hlomelloa ho phetha merero ea Ntate oa hae ea pōpo joang?

4 Nahana ka matla ao Jesu a neng a e-na le ’ona pele e e-ba motho oa nama. Jehova o ile a sebelisa ‘matla a hae a ka ho sa feleng’ ha a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo hamorao a ileng a tsebahala e le Jesu Kreste. (Baroma 1:20; Bakolose 1:15) Hamorao, Jehova o ile a fa Mora enoa matla le bolaoli bo boholo haholo, a mo khethela ho phetha merero ea Hae ea pōpo. Ha e bua ka Mora, Bibele e re: “Lintho tsohle li bile teng ka eena, ’me kantle ho eena ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.”—Johanne 1:3.

5 Re ke ke ra utloisisa ka ho feletseng ho pharalla ha kabelo eo. Ak’u nahane ka matla a ileng a hlokahala ho bōpa mangeloi a matla a limilione, bokahohle bo bonahalang bo nang le lihlopha tsa linaleli tse limilione tse likete le lefatše le tletseng mefuta-futa ea lintho tse phelang. E le hore a phethe mesebetsi eo, Mora ea tsoetsoeng a ’notši o ne a e-na le tokelo ea ho sebelisa matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng—e leng moea o halalelang oa Molimo. Mora enoa o ne a thabela haholo ho ba Mosebetsi ea Hloahloa, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho bōpa lintho tse ling tsohle.—Liproverbia 8:22-31.

6. Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae lefatšeng, Jesu o ile a fuoa matla le bolaoli bofe?

6 Na Mora ea tsoetsoeng a ’notši o ne a ka fuoa matla le bolaoli bo bong bo eketsehileng? Ka mor’a lefu la hae le tsoho ea hae lefatšeng, Jesu o ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” (Matheu 28:18) E, Jesu o filoe bokhoni le tokelo ea ho sebelisa matla bokahohleng. E le “Morena oa marena le Khosi ea likhosi,” o laetsoe hore a etse “puso eohle le bolaoli bohle le matla lefeela”—tse bonahalang le tse sa bonahaleng— tse khahlanong le Ntate oa hae. (Tšenolo 19:16; 1 Bakorinthe 15:24-26) Molimo “ha aa ka a tlohela letho le [se] tlas’a” Jesu—ke hore haese eena Jehova feela.—Baheberu 2:8; 1 Bakorinthe 15:27.

7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore le ka mohla Jesu a ke ke a sebelisa matla ao Jehova a mo fileng ’ona hampe?

7 Na re lokela ho tšoenyeha ka hore Jesu a ka ’na a sebelisa matla a hae hampe? Le hanyenyane! Jesu o rata Ntat’ae haholo ’me le ka mohla a ke ke a etsa ntho leha e le efe e sa mo khahliseng. (Johanne 8:29; 14:31) Jesu o tseba hantle hore ha ho mohla Jehova a sebelisang matla ’ohle a hae hampe. Jesu o ’nile a iponela hore Jehova o batla menyetla ea hore “a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Ha e le hantle, Jesu o rata moloko oa batho joalokaha Ntat’ae a o rata, kahoo re ka kholiseha hore kamehla Jesu o tla sebelisa matla a hae ka tsela e molemo. (Johanne 13:1) Jesu o ile a iketsetsa tlaleho e se nang sekoli ntlheng ena. A re hlahlobeng matla ao a neng a e-na le ’ona ha a le lefatšeng le kamoo a ileng a susumelletseha ho a sebelisa kateng.

O ne a le “Matla . . . Lentsoeng”

8. Ka mor’a hore a tlotsoe, Jesu o ile a fuoa matla a ho etsa eng, hona o ile a sebelisa matla a hae joang?

8 Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu ha aa ka a etsa mehlolo ha e sa le moshemane a ntse a hōla Nazaretha. Empa seo se ile sa fetoha ka mor’a hore a kolobetsoe ka 29 C.E., ha a le lilemo tse ka bang 30. (Luka 3:21-23) Bibele ea re bolella: “Molimo . . . a mo tlotsa ka moea o halalelang le matla, ’me a pholletsa le naha a etsa se molemo ’me a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose.” (Liketso 10:38) O ne a “etsa se molemo”—na hoo ha ho bontše hore Jesu o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e nepahetseng? Ka mor’a hore a tlotsoe, e ile ea e-ba “moprofeta ea matla mosebetsing le lentsoeng.”—Luka 24:19.

9-11. (a) Jesu o ile a qeta boholo ba nako a rutela hokae, hona o ile a tobana le phephetso efe? (b) Ke hobane’ng ha bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea Jesu ea ho ruta?

9 Jesu o ne a le matla lentsoeng joang? O ne a atisa ho rutela  libakeng tse bulehileng—mabōpong a matša le mesikong ea maralla esita le literateng le libakeng tsa ’maraka. (Mareka 6:53-56; Luka 5:1-3; 13:26) Bamameli ba hae ba ne ba ka itsamaela ka bolokolohi haeba mantsoe a hae a ne a sa hape thahasello ea bona. Mehleng ea pele ho khatiso ea libuka, bamameli ba ananelang ba ne ba lokela ho ipolokela mantsoe a hae likelellong le lipelong. Kahoo ho ruta ha Jesu ho ne ho lokela ho ipiletsa ka ho feletseng, ho utloisiseha le ho hopoleha habonolo. Empa phephetso ena ha ea ka ea hlahisetsa Jesu bothata ba letho. Ka mohlala, nahana ka Thuto ea hae ea Thabeng.

10 Hoseng ho hong mathoasong a 31 C.E., bongata bo ile ba bokana mosikong oa leralla haufi le Leoatle la Galilea. Ba bang ba ne ba e-tsoa Judea le Jerusalema, tse leng bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ho isa ho tse 110. Ba bang ba ne ba e-tsoa tikolohong e lebōpong la Tyre le Sidone, tse ka leboea. Ba bangata ba kulang ba ile ba atamela Jesu hore ba mo ame, ’me a ba folisa kaofela. Ha ho se ho se le ea mong har’a bona ea kulang haholo, o ile a qala ho ba ruta. (Luka 6:17-19) Hamorao ha a se a qetile ho bua, ba ne ba hloletsoe ke seo ba se utloileng. Hobane’ng?

11 Lilemo hamorao, e mong ea neng a mametse thuto eo o ile a ngola: “Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta; kaha o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le matla.” (Matheu 7:28, 29) Jesu o ne a bua ka matla ao ba neng ba ka a utloa. O ne a emela Molimo ’me a tšehetsa seo a se rutang ka matla a Lentsoe la Molimo. (Johanne 7:16) Lipolelo tsa Jesu li ne li hlakile, likhothatso tsa hae li susumetsa, ’me a fana ka mabaka a ke keng a hanyetsoa. Mantsoe a hae a ne a fihla khubung ea taba esita le lipelong tsa bamameli ba hae. O ne a ba ruta kamoo ba ka fumanang thabo, ba rapela, ba batla ’Muso oa Molimo le ho haha bokamoso bo sireletsehileng kateng. (Matheu 5:3–7:27) Mantsoe a hae a ne a hlasimolla lipelo tsa ba lapetseng ’nete le ho loka. Batho bao ba ne ba ikemiselitse ho ‘itatola’ le ho tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba mo sale  morao. (Matheu 16:24; Luka 5:10, 11) Ke bopaki bo matla hakaakang ba matla a mantsoe a Jesu!

O ne a le “Matla Mosebetsing”

12, 13. Jesu o ne a le “matla mosebetsing” ka kutloisiso efe, hona mehlolo eo a neng a e etsa e ne e fapa-fapane joang?

12 Jesu o ne a boetse a le “matla mosebetsing.” (Luka 24:19) Likosepele li tlaleha mehlolo e tobileng e fetang 30 eo a e entseng—kaofela e le ka “matla a tsoang ho Jehova.” * (Luka 5:17) Mehlolo eo Jesu a e entseng e ile ea ama bophelo ba batho ba likete. Mehlolo e ’meli feela—oa ho fepa banna ba 5 000 ’me hamorao ba 4 000 “ntle ho basali le bana ba banyenyane”—e ne e akarelletsa batho ba ka bang 20 000 kaofela!—Matheu 14:13-21; 15:32-38.

“Ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle”

13 Jesu o ne a etsa mehlolo e fapa-fapaneng. O ne a e-na le matla a ho laela bademona, a ba leleka habonolo. (Luka 9:37-43) O ne a e-na le matla a ho laela lintho tsa tlhaho, o ile a fetola metsi veine. (Johanne 2:1-11) O ile a tsamaea holim’a Leoatle la Galilea le neng le puputloa ke moea, e leng ho ileng ha makatsa barutuoa ba hae. (Johanne 6:18, 19) O ne a khona ho fenya maloetse, a phekola likholofalo tsa ’mele, maloetse a sa foleng le a sokelang bophelo. (Mareka 3:1-5; Johanne 4:46-54) O ile a phekola maloetse ao ka litsela tse fapaneng. Ba bang Jesu o ile a ba phekola ba le hōle, ha ba bang ba ile ba utloa ha a ba ama. (Matheu 8:2, 3, 5-13) Ba bang ba ile ba folisoa hang-hang, ba bang ba folisoa butle-butle.—Mareka 8:22-25; Luka 8:43, 44.

14. Jesu o ile a bontša hore o na le matla a ho etsolla lefu maemong afe?

14 Ka ho ikhethang, Jesu o ne a e-na le matla a ho etsolla lefu. Liketsahalong tse tharo tse tlalehiloeng, o ile a tsosa bafu, a khutlisetsa ngoanana ea lilemo li 12 ho batsoali ba hae, ngoana ea ’notši ho ’m’ae oa mohlolohali le khaitseli e ratoang ho likhaitselie. (Luka 7:11-15; 8:49-56; Johanne 11:38-44) Ha ho  boemo leha e le bofe bo ileng ba ipaka bo le thata haholo. O ile a tsosa ngoanana ea lilemo li 12 betheng eo a shoetseng ho eona nakoana feela ka mor’a hore a shoe. O ile a tsosa mora oa mohlolohali a le mojarong oa bafu, ntle ho pelaelo hona letsatsing leo a shoeleng ka lona. ’Me o ile a tsosa Lazaro lebitleng ka mor’a matsatsi a mane a shoele.

Ho Sebelisa Matla ka Tsela e se Nang Boithati, e Nang le Boikarabelo le e Nahanelang

15, 16. Ho na le bopaki bofe ba hore Jesu o ne a se na boithati ha a sebelisa matla a hae?

15 Na u ka inahanela kamoo matla a neng a ka sebelisoa hampe kateng haeba matla a Jesu a ne a ka fuoa ’musi ea sa phethahalang? Empa Jesu eena o ne a se na sebe. (1 Petrose 2:22) O ile a hana ho silafatsoa ke boithati, takatso ea botumo le meharo, e leng lintho tse susumelletsang batho ba sa phethahalang ho sebelisa matla a bona ho ntša ba bang kotsi.

16 Jesu o ne a se na boithati ha a sebelisa matla a hae, ho ne ho se mohla a a sebelisetsang ho itsoela molemo. O ile a hana ho iphetolela majoe bohobe ha a ne a lapile. (Matheu 4:1-4) Lintho tse seng kae tseo a neng a e-na le tsona e ne e le bopaki ba hore o ne a sa sebelise matla a hae ho ithuisa ka lintho tse bonahalang. (Matheu 8:20) Ho na le bopaki bo bong bo bontšang hore o ne a etsa mesebetsi e matla ka sepheo se se nang boithati. Ha a ne a etsa mehlolo, o ne a lahleheloa ke ho itseng. Ha a ne a folisa ba kulang, matla a ne a e-tsoa ho eena. O ne a utloa ha matla ana a tsoa, esita le ha a folisitse motho a le mong feela. (Mareka 5:25-34) Leha ho le joalo, o ile a lumella batho ba bangata ho mo ama, ’me ba fola. (Luka 6:19) Oo ke moea o motle hakaakang oa ho se be le boithati!

17. Jesu o ile a bontša joang hore o sebelisa matla a hae ka tsela e nang le boikarabelo?

17 Jesu o ne a sebelisa matla a hae ka tsela e nang le boikarabelo. Ha ho mohla a kileng a etsa mesebetsi e matla ho etsa mponeng feela tjee kapa hona ho etsa lintho tse se nang morero tse etsetsoang ho hapa tlhokomelo. (Matheu 4:5-7) O ile a hana ho etsa lipontšo ho khotsofatsa bohelehele ba Heroda  bo tletseng sepheo se sebe. (Luka 23:8, 9) Ho e-na le ho ipolelisa matla, khafetsa Jesu o ile a laela batho bao a ba folisitseng hore ba se ke ba bolella motho leha e le ofe. (Mareka 5:43; 7:36) O ne a sa batle hore batho ba etse liqeto ka eena motheong oa litlaleho tse etsoang ka ho nkeha maikutlo.—Matheu 12:15-19.

18-20. (a) Ke eng e neng e susumetsa tsela eo Jesu a sebelisang matla a hae ka eona? (b) U ikutloa joang ka tsela eo Jesu a ileng a folisa monna e mong ea sa utloeng litsebeng ka eona?

18 Motho enoa ea matla, Jesu, o ne a fapane hōle le babusi bao ka ho se tsotelle ba ’nileng ba hlokomoloha litlhoko le mahlomola a ba bang ha ba sebelisa matla. Jesu o ne a tsotella batho. Ho bona feela batho ba le mahlomoleng ho ne ho mo ama habohloko hoo a neng a susumelletseha ho ba imolla bohloko ba bona. (Matheu 14:14) O ne a nahanela maikutlo le litlhoko tsa bona, ’me kameho ena e mofuthu e ne e susumetsa tsela eo a sebelisang matla a hae ka eona. Mohlala oa sena o amang maikutlo o fumanoa ho Mareka 7:31-37.

19 Ketsahalong ena, bongata bo ile ba fumana Jesu ’me ba mo tlisetsa batho ba bangata ba kulang, ’me a ba folisa kaofela. (Matheu 15:29, 30) Empa Jesu o ile a fa monna e mong tlhokomelo e khethehileng. Monna enoa o ne a sa utloe litsebeng a bile a sa khone ho bua hantle. Mohlomong ka ho khetheha Jesu o ile a hlokomela ho tšoha kapa ho hlajoa ke lihlong ha monna enoa. Ka ho nahanela, Jesu o ile a mo nkela thōkoana—thōko le bongata—ba ea sebakeng se poteletseng. Eaba Jesu o sebelisa matšoao a itseng ho bontša monna enoa seo a neng a le mothating oa ho se etsa. O ile a “kenya menoana ka litsebeng tsa monna eo ’me, ka mor’a ho tšoela mathe, a ama leleme la hae.” * (Mareka 7:33) Jesu a ntan’o lelala a sheba leholimong ’me a rapela ka ho feheloa. Ho etsa sena ho ne ho tla  bolella monna eo hore, ‘Seo ke leng mothating oa ho u etsetsa sona ke se etsa ka matla a tsoang ho Molimo.’ Qetellong, Jesu o ile a re: “Buleha.” (Mareka 7:34) Eaba monna eo o khona ho utloa le ho bua hantle.

20 Ke ho amang maikutlo hakaakang ho hopola hore esita le ha a ne a sebelisa matla a hae ao a a filoeng ke Molimo ho folisa ba mahlomoleng, Jesu o ne a bontša ho ameha ka maikutlo a bona! Na hase ho khothatsang ho tseba hore Jehova o behile ’Muso oa Bomesia matsohong a ’Musi ea nang le kutloelo-bohloko le ea nahanelang hakaalo?

Pontšo ea Lintho Tse Tlang

21, 22. (a) Mehlolo e entsoeng ke Jesu e ne e le pontšo ea eng? (b) Kaha Jesu o na le matla a ho laola matla a tlhaho, re ka lebella eng pusong ea hae ea ’Muso?

21 Mesebetsi e matla eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng e ne e le tlhasenyana feela ea litlhohonolofatso tse enneng haholoanyane tse tlang ho ba teng pusong ea hae ea borena. Lefatšeng le lecha la Molimo, Jesu o tla boela a etse mehlolo—empa lefatšeng ka bophara! Nahana ka litebello tse ling tse hlollang tse larileng ka pele.

22 Jesu o tla busetsa kamano ea lintho tse phelang lefatšeng le tikoloho ea tsona boemong ba eona bo phethahetseng. Hopola hore o ile a bonahatsa bokhoni ba ho laola matla a tlhaho ka ho khutsisa sefefo. Ka sebele, ka nako eo, pusong ea ’Muso ea Kreste, ho ke ke ha hlola ho hlokahala hore batho ba tšohe ho ntšoa kotsi ke maholiotsoana, litšisinyeho tsa lefatše, ho foqoha ha seretse se chesang, kapa litlokotsi tse ling tsa tlhaho. Kaha Jesu ke Mosebetsi ea Hloahloa, eo Jehova a ileng a mo sebelisa ho bōpa lefatše le tsohle tse phelang ho lona, o utloisisa ka ho feletseng tsela eo lefatše le entsoeng ka eona. O tseba ho sebelisa mehloli ea lona ea matlotlo ka ho loketseng. Pusong ea hae, lefatše lena lohle le tla fetoha Paradeise.—Luka 23:43.

23. E le Morena, Jesu o tla khotsofatsa litlhoko tsa batho joang?

23 Ho thoe’ng ka litlhoko tsa moloko oa batho? Bokhoni ba Jesu ba ho fepa ba likete ka lijonyana tse seng kae feela hore ba khore, bo re tiisetsa hore pusong ea hae ho ke ke ha e-ba le tlala.  Ka sebele, ha lijo li le ngata ’me li ajoa ka toka, tlala e tla fella ruri. (Pesaleme ea 72:16) Ho khona ha hae ho fenya ho kula le boloetse ho re bolella hore batho ba kulang, ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng, ba khaohileng litho le ba holofetseng ba tla folisoa—ka hohle-hohle. (Esaia 33:24; 35:5, 6) Bokhoni ba hae ba ho tsosa bafu bo tiisa hore matla a hae e le Morena oa leholimo a akarelletsa matla a ho tsosa ba limilione tse se nang palo bao Ntat’ae a ikemiselitseng ho ba hopola.—Johanne 5:28, 29.

24. Ha re ntse re nahana ka matla a Jesu, re lokela ho hopola eng, hona hobane’ng?

24 Ha re ntse re nahana ka matla a Jesu, a re ’ne re hopoleng hore Mora enoa o etsisa Ntat’ae ka tsela e phethahetseng. (Johanne 14:9) Ho sebelisa ha Jesu matla ka tsela eo ho re fa setšoantšo se hlakileng sa kamoo Jehova a sebelisang matla kateng. Ka mohlala, nahana ka tsela e mosa eo Jesu a ileng a folisa molepera e mong ka eona. A susumelitsoe ke kutloelo-bohloko, Jesu o ile a ama monna eo ’me a re: “Kea batla.” (Mareka 1:40-42) Ha e le hantle, ka litlaleho tse kang ena, Jehova o re: ‘Ena ke eona tsela eo ke sebelisang matla a ka ka eona!’ Na ha u susumelletsehe ho rorisa Molimo oa rōna ea matla ’ohle le ho mo leboha ka hore ebe o sebelisa matla a hae ka tsela e lerato tjee?

^ ser. 1 Lifefo tse tlang ka tšohanyetso li tloaelehile Leoatleng la Galilea. Ka lebaka la boemo bo tlaase ba leoatle (limithara tse ka bang 200 ka tlaase ho bophahamo ba leoatle), moea o batla o futhumetse ho feta libakeng tse ling tse ka thōko, ’me sena se etsa hore boemo ba leholimo bo feto-fetohe. Meea e matla e fokela Phuleng ea Jordane e tsoa Thabeng ea Hermone e ka leboea. Ka motsotso ona ho ka ’na ha khutsa empa ka o latelang ha foka sefefo se matla.

^ ser. 12 Ho phaella moo, ka linako tse ling Likosepele li kopanya mehlolo e mengata ka tlhaloso e le ’ngoe feela e akaretsang. Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe “motse oohle” o ile oa tla ho tla mo bona, ’me a phekola “ba bangata” ba kulang.—Mareka 1:32-34.

^ ser. 19 Ho tšoela mathe e ne e le mokhoa kapa pontšo ea ho folisa e neng e amoheloa ke Bajuda le Balichaba, ’me tšebeliso ea mathe phekolong e tlalehiloe mengolong ea bo-rabi. Mohlomong Jesu o ile a tšoela mathe e le feela ho tsebisa monna eo hore o mothating oa ho folisoa. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Jesu o ne a sa sebelise mathe e le moriana oa tlhaho.