Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 25

“Qenehelo e Bonolo ea Molimo oa Rōna”

“Qenehelo e Bonolo ea Molimo oa Rōna”

1, 2. (a) Ka tloaelo ’mè o etsa’ng ha lesea la hae le lla? (b) Ke boikutlo bofe bo matla le ho feta ba qenehelo ea ’mè?

HAR’A mp’a bosiu, lesea lea lla. Hang-hang, ’m’a lona oa tsoha. Ha a sa ea le sephume sa boroko joaloka pele—haesale lesea la hae le e-ba teng. O ithutile ho khetholla ho lla ho sa tšoaneng ha lesea la hae. Kahoo, hangata a ka bolela ha leseanyana la hae le batla ho feptjoa, ho sikoa, kapa ho hlokomeloa ka tsela e itseng. Empa ho sa tsotellehe hore na lesea le llela’ng, ’mè o nka khato. Lerato leo a nang le lona le ke ke la mo lumella hore a hlokomolohe litlhoko tsa ngoana oa hae.

2 Qenehelo eo ’mè a bang le eona ho ngoana oa hae ke bo bong ba maikutlo a mofuthu ka ho fetisisa ao batho ba a tsebang. Leha ho le joalo, ho na le boikutlo bo bong bo matla haholo ho feta boo, e leng qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna, Jehova. Ho hlahloba tšobotsi ena e ratehang ho ka re thusa ho atamela haholoanyane ho Jehova. Joale, a re tšohleng hore na qenehelo ke eng le hore na Molimo o e bonahatsa joang.

Qenehelo ke Eng?

3. Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le “ho bontša mohau” kapa “ho hauhela” le bolela eng?

3 Ka Bibeleng, qenehelo e amahanngoa haufi le mohau. Mantsoe a ’maloa a Seheberu le Segerike a fetisa maikutlo a qenehelo e bonolo. Ka mohlala, nka leetsi la Seheberu ra·chamʹ, le atisang ho fetoleloa e le “ho bontša mohau” kapa “ho hauhela.” Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa hore leetsi ra·chamʹ “le senola boikutlo ba qenehelo bo tebileng le bo bonolo, bo kang bo tlisoang ke ho bona bao re ba ratang ba fokola kapa ba utloa bohloko kapa ba hloka thuso ea rōna.”  Lentsoe lena la Seheberu, leo Jehova a le sebelisang ho eena, le amana le lentsoe le bolelang “pōpelo” ’me le ka hlalosoa e le “qenehelo ea ’mè.” *Exoda 33:19; Jeremia 33:26.

“Na mosali a ka lebala . . . mora oa pōpelo ea hae?”

4, 5. Bibele e sebelisa maikutlo ao ’mè a nang le ’ona ka lesea la hae joang ho re ruta ka qenehelo ea Jehova?

4 Bibele e sebelisa boikutlo boo ’mè a nang le bona ka lesea la hae ho re ruta se boleloang ke qenehelo ea Jehova. Ho Esaia 49:15, rea bala: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang, hore a se ke a qenehela [ra·chamʹ] mora oa pōpelo ea hae? E, ba ka ’na ba lebala, empa ’na nke ke ka u lebala.” (The Amplified Bible) Tlhaloso eo e amang maikutlo e hatisa ho teba ha qenehelo eo Jehova a nang le eona ho batho ba hae. Joang?

5 Ho thata ho nahana hore ’mè a ka lebala ho fepa lesea la hae le anyang le ho le hlokomela. Etsoe lesea ha le khone ho iketsetsa letho; lesea le hloka tlhokomelo le lerato la ’m’a lona bosiu le motšehare. Leha ho le joalo, ka masoabi re utloa ka bo-’mè ba bang ba sa tsotelleng bana ba bona, haholo-holo ‘linakong tsena tse mahlonoko’ tse khetholloang ka ho haella ha “lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1, 3) “Empa” Jehova o re, “’Na, nke ke ka u lebala.” Qenehelo e bonolo eo Jehova a nang le eona ho bahlanka ba hae ke e sa feleng. E matla ho feta tekanyo ha e bapisoa le boikutlo ba tlhaho bo bonolo ka ho fetisisa boo re ka bo nahanang, e leng qenehelo eo ka tlhaho ’mè a bang le eona ho lesea la hae. Hase feela mohlalosi e mong a ileng a re ka Esaia 49:15: “Ena ke e ’ngoe ea liponahatso tse matla ka ho fetisisa tsa lerato la Molimo, haeba hase eona e matla ka ho fetisisa, ka Testamenteng ea Khale.”

6. Batho ba bangata ba sa phethahalang ba ’nile ba talima ho ba le qenehelo ka tsela efe, empa Jehova o re tiisetsa eng?

6 Na qenehelo e bonolo ke pontšo ea bofokoli? Batho ba  bangata ba sa phethahalang ba ’nile ba nahana joalo. Ka mohlala, rafilosofi oa Moroma Seneca, ea phetseng mehleng ea Jesu eo e neng e bile e le mohlalefi ea hlaheletseng Roma, o ne a ruta hore “khauho ke bofokoli ba kelello.” Seneca e ne e le ’muelli oa filosofi ea Bastoike, e leng filosofi e neng e hatella hore motho a lule a khobile matšoafo a sa bontše maikutlo. Seneca o ne a re motho ea bohlale a ka ’na a thusa ba mahlomoleng, empa o ne a sa tlameha ho itumella ho hauha, kaha boikutlo boo bo ne bo tla mo hlokisa khutso. Ho ba le pono eo ea boithati ka bophelo ho ne ho sa fane ka sebaka sa ho ba le qenehelo e tsoang pelong. Empa Jehova ha a joalo! Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re tiisetsa hore “o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau [ha e le hantle, “o na le qenehelo”].” (Jakobo 5:11) Joalokaha re tla bona, qenehelo hase bofokoli empa ke tšobotsi ea bohlokoa, e matla. A re hlahlobeng hore na Jehova, joaloka motsoali ea lerato, o e bonahatsa joang.

Ha Jehova a ne a Qenehela Sechaba

7, 8. Baiseraele ba ile ba e-ba mahlomoleng joang Egepeta, hona Jehova o ile a nka khato efe ka mahlomola a bona?

7 Qenehelo ea Jehova e bonahala ka ho hlaka tseleng eo a ileng a sebetsana le sechaba sa Iseraele ka eona. Qetellong ea lekholo la bo16 la lilemo B.C.E., Baiseraele ba limilione ba ne ba le bokhobeng Egepeta ea boholo-holo, moo ba neng ba hateletsoe ka thata. Baegepeta “ba ’na ba hlokofatsa bophelo ba bona ka bokhoba bo boima ka ho etsa seretse sa letsopa le litene.” (Exoda 1:11, 14) Mahlomoleng a bona, Baiseraele ba ile ba hoeletsa ho Jehova hore a ba thuse. Molimo oa qenehelo e bonolo o ile a arabela joang?

8 Pelo ea Jehova e ile ea ameha. O ile a re: “Ntle ho pelaelo ke bone mahloreho a sechaba sa ka se Egepeta, ’me ke utloile mohoo oa sona ka lebaka la ba se qobellang ho sebetsa; hobane ke tseba hantle bohloko boo se bo utloang.”  (Exoda 3:7) Jehova o ne a ke ke a bona mahlomola a sechaba sa hae kapa a utloa mehoo ea sona feela eaba ha a se utloele bohloko. Joalokaha re bone Khaolong ea 24 ea buka ena, Jehova ke Molimo ea nang le kutloelo-bohloko. Kutloelo-bohloko—ho utloa bohloko boo ba bang ba bo utloang—e amana haufi-ufi le qenehelo. Empa Jehova ha aa ka a utloela sechaba sa hae feela; o ile a susumelletseha ho nka khato molemong oa sona. Esaia 63:9 e re: “Leratong la hae le qenehelong ea hae o ile a ba rekolla.” Jehova o ile a lopolla Baiseraele Egepeta ka “letsoho le matla.” (Deuteronoma 4:34) Ka mor’a moo, o ile a ba fa lijo ka mohlolo le ho ba kenya naheng ea bona e behang litholoana.

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lopolla Baiseraele khafetsa ka mor’a hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng? (b) Jehova o ile a lopolla Baiseraele khatellong efe mehleng ea Jafeta, hona ke eng e ileng ea mo susumelletsa ho etsa seo?

9 Qenehelo ea Jehova ha ea ka ea fella moo. Ha Iseraele e se e kene Naheng e Tšepisitsoeng, khafetsa e ne e oela ho se tšepahaleng ebe e utloa bohloko ka lebaka leo. Empa hamorao ebe sechaba sea hlaphoheloa ’me se hoeletsa ho Jehova. Nako le nako o ne a se lopolla. Hobane’ng? “Hobane o ne a qenehela batho ba hae.”—2 Likronike 36:15; Baahloli 2:11-16.

10 Nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Jafeta. Kaha Baiseraele ba ne ba retelehetse ho sebeletseng melimo ea bohata, Jehova o ile a lumella Baammone hore ba ba hatelle ka lilemo tse 18. Qetellong, Baiseraele ba ile ba baka. Bibele ea re bolella: “Ba qala ho tlosa melimo esele har’a bona le ho sebeletsa Jehova, hoo moea oa hae o ileng oa fela pelo ka lebaka la khathatso ea Baiseraele.” * (Baahloli 10:6-16) Hang ha batho ba hae ba bonahatsa pako ea sebele, Jehova o ne  a ke ke a hlola a mamella ho ba bona ba utloa bohloko. Kahoo Molimo oa qenehelo e bonolo o ile a matlafatsa Jafeta hore a lopolle Baiseraele matsohong a lira tsa bona.—Baahloli 11:30-33.

11. Re ithuta eng ka qenehelo litšebelisanong tsa Jehova le Baiseraele?

11 Litšebelisano tsa Jehova le sechaba sa Iseraele li re ruta eng ka qenehelo e bonolo? Har’a tse ling, rea hlokomela hore hase feela ho utloela batho bohloko ka lebaka la ho elelloa mathata ao ba fetang har’a ’ona. Hopola mohlala ola oa ’mè eo qenehelo ea hae e mo susumelletsang hore a etse ho hong ha lesea la hae le lla. Ka tsela e tšoanang, Jehova ha a hlokomolohe mehoo ea batho ba hae. Qenehelo ea hae e bonolo e mo susumelletsa ho ba lopolla mahlomoleng a bona. Ho feta moo, tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Baiseraele ka eona e re ruta hore ho ba le qenehelo hase bofokoli, kaha tšobotsi ena e bonolo e ile ea mo susumelletsa hore a nke khato e matla le e tiileng lebitsong la sechaba sa hae. Empa na Jehova o qenehela bahlanka ba hae e le sehlopha feela?

Qenehelo ea Jehova ho Batho ka Bomong

12. Molao o ile oa bontša joang hore Jehova o qenehela batho ka bomong?

12 Molao oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele o ne o bontša qenehelo ea hae ho batho ka bomong. Ka mohlala, nahana ka kameho ea hae ka mafutsana. Jehova o ne a tseba hore ho ka ’na ha hlaha maemo a sa lebelloang a ka khannelang Moiseraele bofutsaneng ka tšohanyetso. Mafutsana a ne a lokela ho tšoaroa joang? Jehova o ile a laela Baiseraele ka thata-thata: “Le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna kapa la ba lekhonatha ho mor’abo lōna oa mofutsana. Ruri le lokela ho mo fa, ’me lipelo tsa lōna ha lia lokela ho ba lekhonatha ha le mo fa, hobane ke ka lebaka lena Jehova Molimo oa lōna a tlang ho le hlohonolofatsa  ketsong e ’ngoe le e ’ngoe ea lōna.” (Deuteronoma 15:7, 10) Ho feta moo Jehova o ne a laetse Baiseraele hore ba se ke ba kotula meeli ea masimo a bona ka ho feletseng kapa ba khoahlapisa tse setseng. Lijalo tseo tse setseng e ne e lokela ho ba tsa mafutsana. (Levitike 23:22; Ruthe 2:2-7) Ha sechaba se ne se latela molao oo o nahanelang mafutsana a har’a sona, bahloki ba ne ba sa tlamehe ho qela lijo Iseraeleng. Na seo se ne se sa bontše qenehelo e bonolo ea Jehova?

13, 14. (a) Mantsoe a Davida a re tiisetsa joang hore Jehova o amehile ka ho teba ka e mong le e mong oa rōna? (b) Ho ka bontšoa joang hore Jehova o haufi le “ba lipelo li robehileng” kapa “ba sithabetseng moeeng”?

13 Le kajeno, Molimo oa rōna ea lerato o amehile ka ho teba ka e mong le e mong oa rōna. Re ka kholiseha hore o elelloa ka hohle mahlomola leha e le afe ao re ka ’nang ra feta ho ’ona. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “Mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, o sekehela mohoo oa bona o kōpang thuso tsebe. Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:15, 18) Mabapi le ba hlalosoang ke mantsoe ana, mohlalosi e mong oa Bibele o re: “Ke ba lipelo li robehileng le ba hlomohileng moeeng, ke hore, ba ikokobelitseng ka lebaka la sebe, ba inyenyefalitseng; ba ikhellang tlaase le ba sa itšepeng.” Batho bao ba ka ’na ba nahana hore Jehova o hōle le bona le hore ba tlaase haholo hore a ka ba tsotella. Empa ha ho joalo. Mantsoe a Davida a re tiisetsa hore Jehova ha a lahle “ba ikhellang tlaase.” Molimo oa rōna ea nang le qenehelo oa tseba hore re mo hloka ho feta leha e le neng pele ka linako tse joalo, ’me o haufi.

14 Nahana ka phihlelo ena. ’Mè e mong United States o ile a potlakisetsa mora oa hae ea lilemo li peli sepetlele a kula hampe a tšoeroe ke lefu la ’metso. Ka mor’a ho hlahloba moshemane eo, lingaka li ile tsa tsebisa ’mè oa hae hore li tla lokela ho mo robatsa sepetlele. ’Mè eo o ile a robala hokae  bosiung boo? Setulong kamoreng ea sepetlele, haufi le bethe ea mora! Moshanyana oa hae o ne a kula, ’me o ne a batla ho ba haufi le eena. Ka sebele re ka lebella ho fetang hoo ho Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato! Etsoe re entsoe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:26) Mantsoe a susumetsang a Pesaleme ea 34:18 a re bolella hore ha re le “ba lipelo li robehileng” kapa “ba sithabetseng moeeng,” Jehova, joaloka motsoali ea lerato, “o haufi”—o lula a re qenehela a bile a loketse ho re thusa.

15. Jehova o re thusa ka bomong ka litsela life?

15 Empa Jehova o re thusa joang ka bomong? Ha ho bolele hore o tlosa sesosa sa mahlomola a rōna. Empa Jehova o entse litokisetso tse ngata ho thusa ba ipiletsang ho eena ba kōpa thuso. Lentsoe la hae, Bibele, le fana ka keletso e sebetsang e ka etsang phapang e khōlō. Ka phuthehong, Jehova o fana ka balebeli ba tšoanelehang moeeng, ba lekang ho bonahatsa qenehelo ea hae ha ba thusa barapeli-’moho le bona. (Jakobo 5:14, 15) Kaha ke “Ea Utloang thapelo,” o fana ka ‘moea o halalelang ho ba mo kōpang.’ (Pesaleme ea 65:2; Luka 11:13) Moea oo o ka re fa “matla a fetang se tloaelehileng” e le hore re tiisetse ho fihlela ’Muso oa Molimo o tlosa mathata ’ohle a hatellang. (2 Bakorinthe 4:7) Na ha re ananele litokisetso tsee tsohle? A re se keng ra lebala hore li bonahatsa qenehelo e bonolo ea Jehova.

16. Mohlala o moholo ka ho fetisisa oa qenehelo ea Jehova ke ofe, hona o re ama joang ka bomong?

16 Ha e le hantle, mohlala o moholo ka ho fetisisa oa qenehelo ea Jehova ke oa ho fana ha hae ka Eo a mo ratang ka ho fetisisa hore e be thekollo ea rōna. Jehova o ile a etsa sehlabelo se lerato, ’me a re bulela tsela e isang polokong. Hopola hore tokisetso ea thekollo e sebetsa ho rōna ka bomong. Ka ho utloahalang, ntat’a Johanne Mokolobetsi, Zakaria, o ile a bolela esale pele hore tokisetso ena e bonahatsa “qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna.”—Luka 1:78.

 Ha Jehova a Khaotsa ho ba le Qenehelo

17-19. (a) Bibele e bontša joang hore qenehelo ea Jehova e na le moeli? (b) Ke eng e ileng ea etsa hore qenehelo ea Jehova ho batho ba hae e fele?

17 Na re lokela ho nka hore qenehelo e bonolo ea Jehova ha e na moeli? Che, Bibele e bontša ka ho hlaka hore ha e le batho ba hanyetsang litsela tsa hae tse lokileng, ka nepo Jehova o khaotsa ho ba qenehela. (Baheberu 10:28) Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha a etsa joalo, hopola mohlala oa sechaba sa Iseraele.

18 Le hoja Jehova a ile a lopolla Baiseraele ka makhetlo lireng tsa bona, qetellong qenehelo ea hae e ile ea fela. Sechaba seo se manganga se ne se rapela litšoantšo, se bile se isa melimo ea sona e manyala ea litšoantšo ka tempeleng ea Jehova! (Ezekiele 5:11; 8:17, 18) Ho feta moo, rea bolelloa: “Ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae, ho fihlela khalefo ea Jehova e tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.” (2 Likronike 36:16) Baiseraele ba ile ba fihla boemong boo ho bona ho neng ho se ho se na motheo leha e le ofe o loketseng oa ho ba qenehela, ’me ba qholotsa khalefo ea Jehova e lokileng. Ka phello efe?

19 Jehova o ne a se a ke ke a qenehela batho ba hae. O ile a phatlalatsa: “Nke ke ka bontša qenehelo, kapa ka sareloa, ’me nke ke ka ba le mohau oa hore ke se ke ka ba felisa.” (Jeremia 13:14) Kahoo, Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa timetsoa, ’me Baiseraele ba isoa botlamuoeng Babylona. E ba tlokotsi e kaakang ha batho ba baetsalibe e ba marabele hoo ba etsang hore qenehelo ea Molimo e fihle moo e fellang teng!—Lillo Tsa Jeremia 2:21.

20, 21. (a) Ho tla etsahala eng ha qenehelo ea Molimo e fela mehleng ea rōna? (b) Ho tla tšohloa tokisetso efe ea Jehova e nang le qenehelo khaolong e latelang?

20 Ho thoe’ng kajeno? Jehova ha aa fetoha. Ka lebaka la qenehelo, o laetse Lipaki tsa hae hore li bolele ‘litaba tse  molemo tsa ’muso’ lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matheu 24:14) Ha batho ba lipelo li lokileng ba arabela, Jehova o ba thusa ho utloisisa molaetsa oa ’Muso. (Liketso 16:14) Empa mosebetsi ona ha o na ho tsoela pele ka ho sa feleng. E ne e tla ba ho hloka qenehelo hore Jehova a lumelle lefatše lena le khopo, le aparetsoeng ke masisa-pelo le mahlomola, hore le tsoele pele ka nako e sa lekanyetsoang. Ha qenehelo ea hae e fela, Jehova o tla liha kahlolo tsamaisong ena ea lintho. Le nakong eo, o tla be a susumetsoa ke qenehelo—a qenehela “lebitso la [hae] le halalelang” le bahlanka ba hae ba inehetseng. (Ezekiele 36:20-23) Jehova o tla tlosa bokhopo ’me a tlise lefatše le lecha la ho loka. Mabapi le ba khopo, Jehova oa phatlalatsa: “Leihlo la ka le ke ke la utloela bohloko, kapa ke bontše qenehelo. Ka sebele tsela ea bona ke tla e tlisa lihloohong tsa bona.”—Ezekiele 9:10.

21 Ho fihlela nakong eo, Jehova o qenehela batho, esita le ba tobaneng le timetso. Batho ba baetsalibe ba bakileng e le kannete ba ka rua molemo ho e ’ngoe ea litokisetso tsa Jehova tse nang le qenehelo ka ho fetisisa, e leng ea ho tšoarela. Khaolong e latelang, re tla tšohla lipapiso tse ling tsa Bibele tse ipiletsang tse bontšang hore Jehova o tšoarela ka tsela e feletseng.

^ ser. 3 Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore ho Pesaleme ea 103:13, leetsi la Seheberu ra·chamʹ le na le maikutlo a mohau, kapa a qenehelo, eo ntate a e bontšang ho bana ba hae.

^ ser. 10 Poleloana ‘moea oa hae o ile oa fela pelo’ ha e le hantle e bolela hore “moea oa hae o ile oa khutsufala; mamello ea hae e ile ea fela.” The New English Bible e baleha tjena: “O ne a ke ke a hlola a mamella ho bona tlokotsi ea Iseraele.” Tanakh—A New Translation of the Holy Scriptures e e beha tjena: “O ne a ke ke a tiisetsa masisa-pelo a Iseraele.”