Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 23

“O Ile a re Rata Pele”

“O Ile a re Rata Pele”

1-3. Lintlha tse ling tse etsang hore lefu la Jesu e be le fapaneng le a mang kaofela historing ke life?

KA LETSATSI le leng nakong ea selemo lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, monna e mong ea se nang molato o ile a qosoa, a ahloleloa litlōlo tsa molao tseo a sa li etsang, a ntan’o hlokofatsoa ho isa lefung. Eo e ne e se polao ea pele e sehlōhō le e leeme historing; ’me ka masoabi e ne e bile e se ea ho qetela. Leha ho le joalo, lefu leo le ne le fapane le a mang kaofela.

2 Ha monna eo a ntse a mameletse bohloko lihoreng tsa hae tsa ho qetela tse hlomolang, se ileng sa etsahala leholimong se ile sa tšoaea bohlokoa ba ketsahalo eo. Le hoja e ne e le har’a mp’a motšehare, ka tšohanyetso naha e ile ea apareloa ke lefifi. Joalokaha rahistori e mong a hlalosa, “khanya ea letsatsi e ile ea fela.” (Luka 23:44, 45) Joale, ha monna eo a le makhatheng a ho shoa, o ile a bua mantsoe ana a sa lebaleheng: “Ho phethehile!” Ka sebele, o ile a finyella ho hong ho babatsehang ka ho tela bophelo ba hae. Sehlabelo sa hae e bile ketso e khōlō ka ho fetisisa e lerato e kileng ea etsoa ke motho leha e le ofe.—Johanne 15:13; 19:30.

3 Ha e le hantle, motho eo e ne e le Jesu Kreste. Mahlomola a hae le lefu la hae letsatsing leo le bosula, la la 14 Nisane, 33 C.E., a tsebahala hohle. Leha ho le joalo, ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa e atisang ho hlokomolohuoa. Le hoja Jesu a ile a utloa bohloko bo tebileng, ho na le e mong ea ileng a utloa bohloko le ho feta. Ha e le hantle, motho e mong o ile a etsa sehlabelo se seholo le ho feta letsatsing leo—seo e leng eona ketso e khōlō ka ho fetisisa e lerato e kileng ea etsoa ke motho leha e le ofe bokahohleng. Ketso eo e ne e le efe? Karabo ke selelekela se loketseng sa taba ea bohlokoa ka ho fetisisa: lerato la Jehova.

 Ketso e Khōlō ka ho Fetisisa e Lerato

4. Lesole la Moroma le ile la hlokomelisoa ke eng hore Jesu e ne e se motho feela tjee, hona lesole leo le ile la etsa qeto efe?

4 Molaoli oa lekholo oa Moroma ea neng a tsamaisa polao ea Jesu o ile a hlolloa ke lefifi le ileng la e-ba teng pele Jesu a e shoa le tšisinyeho e matla ea lefatše e ileng ea latela. O ile a re: “Ka sebele enoa e ne e le Mor’a Molimo.” (Matheu 27:54) Ho hlakile hore Jesu e ne e se motho feela tjee. Lesole leo le ne le kentse letsoho polaong ea Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa! Ha e le hantle, Mora eo e ne e le oa bohlokoa hakae ho Ntat’ae?

5. Nako e telele eo Jehova le Mora oa hae ba e qetileng ba le ’moho leholimong e ka tšoantšoa joang?

5 Bibele e bitsa Jesu “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) Ak’u nahane feela—Mora oa Jehova o bile teng pele bokahohle bo bonahalang bo e-ba teng. Joale, Ntate le Mora ba bile ’moho halelele hakae? Bo-rasaense ba bang ba hakanya hore bokahohle bo qetile lilemo tse limilione tse likete tse 13 bo le teng. Na u ka khona ho lekanya nako e telele hakaalo? Ho thusa batho ho utloisisa nako eo bo-rasaense ba hakanyang hore bokahohle bo bile teng ka eona, setsi se seng sa ho lekola lipolanete se entse mola o bolelele ba limithara tse 110 o lekanyang nako. Ha baeti ba ntse ba tsamaea moleng oo o lekanyang nako, mohato o mong le o mong oo ba o nkang o emela lilemo tse ka bang limilione tse 75 tsa nako eo bokahohle bo bileng teng ka eona. Qetellong ea mola oo o lekanyang nako, histori eohle ea batho e emeloa ke letheba le le leng feela le lekanang le qoba e le ’ngoe ea moriri oa motho ka botenya! Leha ho le joalo, esita le haeba khakanyo ena e nepahetse, mola oo kaofela o lekanyang nako o ne o ke ke oa e-ba molelele ka ho lekaneng ho emela nako eo Mora oa Jehova a e phetseng! O ne a ntse a etsa’ng ka lilemo-lemo tseo tsohle?

6. (a) Mora oa Jehova o ne a ntse a etsa’ng pele e e-ba motho oa nama? (b) Ke tlamo ea mofuta ofe e teng pakeng tsa Jehova le Mora oa hae?

6 Mora o ile a sebeletsa ka thabo e le “mosebetsi ea hloahloa” oa Ntat’ae. (Liproverbia 8:30) Bibele e re: “Kantle ho [Mora] ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.” (Johanne 1:3) Kahoo Jehova le Mora ba ile ba sebetsa ’moho ho hlahisa lintho tse ling kaofela. Ba ile ba e-ba le nako e monate le e thabisang hakaakang! Ba  bangata ba tla lumela hore lerato le pakeng tsa motsoali le ngoana le matla ka ho hlollang. ’Me lerato “ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:14) Joale ke mang ho rōna ea ka utloisisang matla a tlamahano e bileng teng ka nako e telele joalo? Ho hlakile hore Jehova Molimo le Mora oa hae ba kopantsoe ke tlamo e matla ka ho fetisisa ea lerato e kileng ea e-ba teng.

7. Jehova o ile a tsebahatsa maikutlo a hae ka Mora oa hae joang ha Jesu a kolobetsoa?

7 Leha ho le joalo, Ntate o ile a romela Mora oa hae lefatšeng hore a tl’o tsoaloa e le lesea. Seo se ne se bolela hore Jehova o ne a tla tela botsoalle bo haufi le Mora oa hae ea ratoang leholimong ka lilemo tse mashome a ’maloa. O ile a shebella ka thahasello e khōlō a le leholimong ha Jesu a hōla e ba motho ea phethahetseng. Jesu o ile a kolobetsoa ha a le lilemo tse ka bang 30. Ha ho hlokahale hore re nohe hore na Jehova o ile a ikutloa joang ka eena. Ntate o ile a bua ka seqo a le leholimong a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Kaha ka botšepehi Jesu o ile a etsa sohle se neng se profetiloe, e leng sohle se neng se lebeletsoe ho eena, e tlameha ebe Ntate o ne a thabile haholo!—Johanne 5:36; 17:4.

8, 9. (a) Ke eng seo Jesu a ileng a feta ho sona ka la 14 Nisane, 33 C.E., hona Ntate oa hae oa leholimo o ile a ameha joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Mora oa hae ho utloa bohloko le ho shoa?

8 Leha ho le joalo, Jehova o ile a ikutloa joang ka la 14 Nisane, 33 C.E.? O ile a ikutloa joang ha Jesu a ekoa ’me hamorao a tšoaroa ke mahoohoo bosiung boo? Ha metsoalle ea Jesu e mo siea kherehloa le ha a etsetsoa nyeoe e seng molaong? Ha a ntse a songoa, a tšoeloa ka mathe le ha a otloa ka lifeisi? Ha a ntse a shapuoa, mokokotlo oa hae o hlenhlane ke ho tleroa? Ha a ntse a khokhotheloa matsoho le maoto thupeng ’me a siuoa a leketlile moo ha batho ba ntse ba mo nyefola? Ntate o ile a ikutloa joang ha Mora oa hae ea ratoang a ipiletsa ho eena a le bohlokong bo otlang pelo? Jehova o ile a ikutloa joang ha Jesu a e-shoa, ’me ka lekhetlo la pele ho tloha tšimolohong ea pōpo eohle, Mora oa Hae ea ratoang a e-ba sieo?—Matheu 26:14-16, 46, 47, 56, 59, 67; 27:38-44, 46; Johanne 19:1.

‘Molimo o . . . ile a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši’

9 Ruri re haelloa ke mantsoe a ka hlalosang seo. Kaha Jehova o na le maikutlo, bohloko boo a ileng a bo utloa ha Mora oa hae a  shoa ke boo re ke keng ra bo hlalosa ka mantsoe. Seo re ka se hlalosang ke se ileng sa susumelletsa Jehova hore a lumelle seo ho etsahala. Ke hobane’ng ha Ntate a ile a itumella ho utloa seo? Jehova o re senolela ho hong ho tsotehang ho Johanne 3:16—e leng temana ea Bibele eo e leng ea bohlokoa hoo e ’nileng ea bitsoa Kosepele e nyenyane. E re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Kahoo Jehova o ne a susumetsoa ke sena: lerato. Mpho ea Jehova—ea ho romela Mora oa hae hore a tl’o utloa bohloko le ho re shoela—e bile ketso e khōlō ka ho fetisisa e lerato e kileng ea etsoa.

Lerato la Molimo le Hlalositsoe

10. Batho ba hloka eng, hona ho etsahetse’ng ka se boleloang ke lentsoe “lerato”?

10 Lentsoe “lerato” le bolela’ng? Lerato le ’nile la hlalosoa e le ntho eo batho ba e hlokang ka ho fetisisa. Batho ba batla ho ratoa ho tloha boseeng ho isang lefung, baa atleha ka lebaka la mofuthu oa lona, baa sareloa esita le ho shoa ha le haella. Leha ho le joalo, ho makatsang ke hore ho thata ho le hlalosa. Ke ’nete hore batho ba atisa ho bua ka lerato. Ho na le libuka, lipina le lithothokiso tse ngata tse buang ka lona. Hase kamehla liphello li hlakisang seo lerato le se bolelang. Ha e le hantle, lentsoe leo le sebelisoa hangata hoo ho bonahalang eka ho ntse ho e-ba thata le ho feta ho utloisisa seo le hlileng le se bolelang.

11, 12. (a) Ke hokae moo re ka ithutang ho hongata ka lerato, hona ke hobane’ng ha re ithuta ka lona moo? (b) Puo ea boholo-holo ea Segerike e qoolla mefuta efe ea lerato, hona ke lentsoe lefe le sebelisitsoeng ka ho fetisisa ka Mangolong a Segerike a Bakreste bakeng sa “lerato”? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.) (c) A·gaʹpe ke eng?

11 Leha ho le joalo, Bibele e ruta ka lerato ka ho hlaka. Expository Dictionary of New Testament Words ea Vine e re: “Lerato le ka tsejoa feela ka liketso tseo le li susumetsang.” Tlaleho ea liketso tsa Jehova e ka Bibeleng e re ruta ho hongata ka lerato la hae—kameho e mosa le e mofuthu eo a nang le eona bakeng sa libōpuoa tsa hae. Ka mohlala, ke’ng e ka senolang tšobotsi ee haholoanyane ho feta ketso e phahameng ka ho fetisisa e lerato eo Jehova a e entseng e hlalositsoeng pejana? Likhaolong tse latelang, re tla  bona mehlala e meng e mengata e bontšang lerato la Jehova ka tsela ea sebele. Ho feta moo, re ka fumana leseli le itseng mantsoeng a sebelisitsoeng qalong bakeng sa “lerato” ka Bibeleng. Segerike sa boholo-holo se ne se e-na le mantsoe a mane bakeng sa “lerato.” * Har’a ’ona, le sebelisitsoeng ka ho fetisisa ka Mangolong a Segerike a Bakreste ke a·gaʹpe. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re ke “lona lentsoe le matla ka ho fetisisa le ka nahanoang bakeng sa lerato.” Hobane’ng?

12 A·gaʹpe e bolela lerato le tataisoang ke molao-motheo. Kahoo hase feela ho ikutloa ka tsela e itseng ka seo motho e mong a se buang kapa a se etsang. E akarelletsa ho hongata, e thehiloe ho nahanisiseng le ho rereng ka hloko. Ka holim’a tsohle, a·gaʹpe ha e na boithati ho hang. Ka mohlala, ak’u shebe Johanne 3:16 hape. “Lefatše” leo Molimo a le ratileng haholo hoo a ileng a le fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši ke lefe? Ke lefatše la moloko oa batho o ka rekolloang. Le akarelletsa batho ba bangata ba phehellang tsela ea boetsalibe bophelong. Na Jehova o rata e mong le e mong joaloka motsoalle oa hae, joalokaha a ne a rata Abrahama ea tšepahalang? (Jakobo 2:23) Che, empa Jehova o atolosetsa molemo ho bohle ka lerato, esita le haeba eena a lahleheloa haholo. O batla hore bohle ba bake ’me ba fetole litsela tsa bona. (2 Petrose 3:9) Ba bangata ba etsa seo. Bana o ba amohela ka thabo e le metsoalle ea hae.

13, 14. Ke’ng e bontšang hore hangata a·gaʹpe e akarelletsa kameho e mofuthu?

13 Leha ho le joalo, ba bang ba na le khopolo e fosahetseng ka a·gaʹpe. Ba nahana hore e bolela lerato le se nang botsoalle, le susumetsoang ke tsebo ea ka hloohong feela. ’Nete ke hore hangata a·gaʹpe e akarelletsa kameho e mofuthu ea botho. Ka mohlala,  ha Johanne a ne a ngola a re, “Ntate o rata Mora,” o ile a sebelisa motso oa lentsoe a·gaʹpe. Na lerato leo ha le na kameho e mofuthu? Hlokomela hore Jesu o ile a re, “Ntate o rata Mora,” a sebelisa motso oa lentsoe phi·leʹo. (Johanne 3:35; 5:20) Hangata lerato la Jehova le akarelletsa kameho e lerato le e mofuthu. Leha ho le joalo, le ka mohla lerato la hae ha le laoloe ke maikutlo feela. Ka linako tsohle le tataisoa ke melao-motheo ea hae e bohlale le e lokileng.

14 Joalokaha re se re bone, litšobotsi tsohle tsa Jehova li phahame ka ho fetisisa, li phethahetse, ebile lia ipiletsa. Empa lerato ke lona le ipiletsang ka ho fetisisa. Ha ho ntho leha e le efe e ’ngoe e re susumelletsang ho atamela ho Jehova ka matla joaloka lona. Ka thabo, hape lerato ke eona tšobotsi ea hae e hlahelletseng ka ho fetisisa. Re tseba seo joang?

“Molimo ke Lerato”

15. Bibele e re’ng ka tšobotsi ea Jehova ea lerato, hona polelo ee e ikhetha ka tsela efe? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

15 Bibele e bua ho hong ka lerato hoo e sa ho bueng ka litšobotsi tse ling tsa Jehova tse ka sehloohong. Mangolo ha a re Molimo ke matla kapa Molimo ke toka esita le hona ho re Molimo ke bohlale. O na le litšobotsi tseo, ke mohloli oa tsona o phahameng ka ho fetisisa, ’me ha ho mang kapa mang ea ka bapisoang le eena litšobotsing tseo tse tharo. Leha ho le joalo, mabapi le tšobotsi ena ea bone, ho boleloa ntho e ’ngoe e ikhethang: “Molimo ke lerato.” * (1 Johanne 4:8) Seo se bolela’ng?

16-18. (a) Ke hobane’ng ha Bibele e re “Molimo ke lerato”? (b) Ke hobane’ng ha har’a libōpuoa tsohle tse teng lefatšeng, motho e le eena ea tšoantšetsang tšobotsi ea Jehova ea lerato ka ho loketseng?

16 Ho re “Molimo ke lerato” hase ho etsa papiso e bonolo feela, ho tšoana le ho re, “Molimo ke ntho e le ’ngoe le lerato.” Re ke ke  ra fetola polelo eo ka nepo hore e re “lerato ke Molimo.” Jehova o fapane hōle le tšobotsi e sa bonahaleng. Ke motho ea nang le maikutlo le litšobotsi tse ngata tse sa tšoaneng ho phaella ho lerato. Leha ho le joalo, lerato le susumetsa Jehova linthong tsohle. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re ka temana ena: “Motheo oa Molimo kapa sebōpeho sa hae ke lerato.” Ha re akaretsa taba, re ka ’na ra nahana ntlha ena ka tsela ena: Matla a Jehova a mo nolofalletsa ho etsa lintho. Toka ea hae le bohlale ba hae li laola tsela eo a etsang lintho ka eona. Empa lerato la Jehova le mo susumelletsa ho etsa lintho. Kamehla o bontša lerato tseleng eo a sebelisang litšobotsi tsa hae tse ling ka eona.

17 Hangata ho boleloa hore Jehova ke mothofatso oa lerato. Ka hona, haeba re batla ho ithuta ka lerato le tataisoang ke melao-motheo, re tlameha ho ithuta ka Jehova. Ke ’nete hore re ka ’na ra bona tšobotsi ena e babatsehang le ho batho. Empa ke hobane’ng ba e-na le eona? Kamoo ho bonahalang kateng Jehova o ne a bua la Mora oa hae, nakong ea pōpo, ha a bua mantsoe ana: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.” (Genese 1:26) Ho libōpuoa tsohle tsa lefatše, ke banna le basali feela ba ka khethang ho rata, kahoo ba etsisa Ntate oa bona oa leholimo. Hopola hore Jehova o ile a sebelisa libōpuoa tse sa tšoaneng ho tšoantšetsa litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong. Empa Jehova o ile a khetha sebōpuoa sa hae se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng, e leng motho, ho tšoantšetsa tšobotsi ea Hae e hlahelletseng ka ho fetisisa, lerato.—Ezekiele 1:10.

18 Ha re e-na le lerato le se nang boithati, le tataisoang ke melao-motheo, re bonahatsa tšobotsi ea Jehova e hlahelletseng ka ho fetisisa. Ho joalokaha moapostola Johanne a ile a ngola: “Ha e le rōna, rea rata, hobane o ile a re rata pele.” (1 Johanne 4:19) Empa ke ka litsela life Jehova a re ratileng pele?

Jehova o Nkile Khato Pele

19. Ke hobane’ng ha re ka re lerato le ile la phetha karolo ea bohlokoahali mosebetsing oa Jehova oa pōpo?

19 Lerato hase ntho e ncha. Etsoe, ke’ng e susumelelitseng Jehova hore a qale ho bōpa? Hase hore o ne a jeoa ke bolutu ’me a hloka botsoalle. Jehova o phethehile ’me ha a hloke letho, ha ho letho leo motho e mong a ka mo etsetsang lona. Empa ha ho  pelaelo hore lerato la hae, e leng tšobotsi e hlahisang ketso, le ile la mo susumelletsa hore a batle ho arolelana thabo ea bophelo le libōpuoa tse ling tse bohlale tse ka ananelang mpho eo. “Tšimoloho ea pōpo ea Molimo” e bile Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. (Tšenolo 3:14) Joale Jehova o ile a sebelisa Mosebetsi enoa ea Hloahloa ho etsa hore lintho tse ling tsohle li be teng, ho qala ka mangeloi. (Jobo 38:4, 7; Bakolose 1:16) Li hlohonolofalitsoe ka bolokolohi, bohlale le boikutlo, libōpuoa tsena tse matla tsa moea li ne li e-na le monyetla oa ho iketsetsa maqhama a lerato—mahareng a tsona, ’me ka holim’a tsohle, pakeng tsa tsona le Jehova Molimo. (2 Bakorinthe 3:17) Kahoo, li ile tsa rata hobane li ile tsa ratoa pele.

20, 21. Adama le Eva ba ne ba e-na le bopaki bofe ba hore Jehova oa ba rata, empa ba ile ba itšoara joang?

20 Ho ile ha e-ba joalo le ka moloko oa batho. Li sa tloha feela, Adama le Eva ba ile ba apareloa ke lerato. Hohle moo ba neng ba talima teng lehaeng la bona la Paradeise le Edene, ba ne ba ka bona bopaki ba lerato la Ntat’a bona bakeng sa bona. Hlokomela seo Bibele e se bolelang: “Jehova Molimo a lema serapa Edene, ka nģ’a bochabela, ’me moo a beha motho eo a mo entseng.” (Genese 2:8) Na u kile ua ea serapeng se setle haholo sa lipalesa kapa sa boikhathollo? U ile ua khahloa ke eng ka ho khetheha? Khanya e phunyelletsang makhasing a moriti o sebakeng se ka thōko? Botle bo tsotehang ba mebala-bala serapeng sa lipalesa? Ho utloa ho phorosela ha phororo, ho bina ha linonyana le melumo ea likokoanyana? Ho thoe’ng ka monko oa lifate, litholoana le lithunthung? Leha ho le joalo, kajeno ha ho sa na serapa se ka bapisoang le se neng se le Edene. Hobane’ng?

21 Serapa seo se ne se lenngoe ke Jehova ka ho toba! E tlameha ebe se ne se le setle ka ho tsotehang. Se ne se e-na le sefate se seng le se seng se setle se khabisang kapa se hlahisang litholoana tse hlabosang. Serapa seo se ne se noselitsoe hantle, se le seholo, ’me se e-na le liphoofolo tse sa tšoaneng tse thahasellisang. Adama le Eva ba ne ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsang hore bophelo ba bona e be bo thabisang le bo khotsofatsang, ho akarelletsa mosebetsi o putsang le botsoalle bo phethahetseng. Jehova o ile a ba rata pele, ’me ba ne ba e-na le mabaka ’ohle a ho mo  rata ka ho tšoanang. Empa ba ile ba hlōleha ho etsa seo. Ho fapana le hore ka lerato ba mamele Ntate oa bona oa leholimo, ka boithati ba ile ba mo fetohela.—Genese, khaolo ea 2.

22. Tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le bofetoheli ka eona Edene e ile ea paka joang hore lerato la hae ke le tšepahalang?

22 E tlameha ebe seo se ile sa utloisa Jehova bohloko hakaakang! Empa na bofetoheli boo bo ile ba hlonamisa pelo ea hae e lerato? Che! “Mosa oa hae o lerato [kapa, “lerato le tšepahalang,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 136:1) Kahoo, hang-hang o ile a rera ho etsa litokisetso tse lerato tsa ho lopolla ngoana leha e le ofe oa Adama le Eva ea sekametseng ho lokeng. Joalokaha re bone, litokisetso tseo li ne li akarelletsa sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae ea ratoang, se ileng sa bakela Ntate tahlehelo e khōlō.—1 Johanne 4:10.

23. Lebaka le leng leo ka lona Jehova e leng “Molimo ea thabileng” ke lefe, hona ho tla tšohloa potso efe ea bohlokoa khaolong e latelang?

23 E, ho tloha qalong Jehova o ’nile a nka khato ea pele ea ho bontša lerato ho moloko oa batho. “O ile a re rata pele” ka litsela tse ngata haholo. Lerato le tlisa kutloano le thabo, ke kahoo Jehova a hlalosoang e le “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11) Leha ho le joalo, ho hlaha potso ea bohlokoa. Na Jehova o hlile o re rata re le batho ka bomong? Khaolo e latelang e tla tšohla taba ena.

^ ser. 11 Leetsi phi·leʹo, le bolelang “ho ba le kameho e mofuthu ka, ho ba le maikutlo a lerato, kapa ho rata (ho kang boikutlo boo motho a ka bang le bona ka motsoalle ea haufi kapa ngoan’abo),” le sebelisitsoe ka makhetlo ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Mofuta o mong oa lentsoe stor·geʹ, kapa lerato la batho ba tsoalanang haufi, o sebelisitsoe ho 2 Timothea 3:3 ho bontša hore lerato leo le ne le tla haella haholo matsatsing a ho qetela. Eʹros, kapa lerato le susumetsoang ke khoheli e teng pakeng tsa batho ba bong bo fapaneng, ha e eo ka Mangolong a Segerike a Bakreste, le hoja ho buuoa ka lerato la mofuta oo ka Bibeleng.—Liproverbia 5:15-20.

^ ser. 15 Lipolelo tse ling ka Mangolong le tsona li ngotsoe ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, “Molimo ke leseli” hape “Molimo . . . ke mollo o timetsang.” (1 Johanne 1:5; Baheberu 12:29) Empa lipolelo tsena li lokela ho utloisisoa e le mokhabo-puo, kaha li tšoantša Jehova le lintho tse ka bonoang. Jehova o tšoana le leseli, hobane oa halalela ebile o lokile. Ho eena ha ho “lefifi,” kapa ho se hloeke. Hape a ka tšoantšoa le mollo ha a sebelisa matla a hae a ho timetsa.