Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 30

“Le Tsoele Pele ho Tsamaea Leratong”

“Le Tsoele Pele ho Tsamaea Leratong”

1-3. Ho ba le liphello life ha re etsisa mohlala oa Jehova oa ho bontša lerato?

“HO FANA ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Mantsoe ao a Jesu a hatisa ’nete ena ea bohlokoa: Lerato le se nang boithati lea putsa. Le hoja ho e-na le thabo e khōlō ho amoheleng lerato, ho na le thabo e eketsehileng le ho feta ho faneng kapa ho bontšeng lerato ho ba bang.

2 Ha ho ea tsebang sena hamolemo ho feta Ntate oa rōna oa leholimo. Joalokaha re bone likhaolong tse fetileng tsa karolo ena, Jehova ke mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa lerato. Ha ho ea bontšitseng lerato ka litsela tse khōlō kapa ka nako e telele ho mo feta. Kahoo, na ke ho makatsang ha Jehova a bitsoa “Molimo ea thabileng”?—1 Timothea 1:11.

3 Molimo oa rōna ea lerato o batla hore re leke ho tšoana le eena, haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea ho bontša lerato. Baefese 5:1, 2 ea re bolella: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.” Ha re etsisa mohlala oa Jehova oa ho bontša lerato, re ba le thabo e eketsehileng e tlisoang ke ho fana. Re boetse re ba le khotsofalo ea ho tseba hore re thabisa Jehova, kaha Lentsoe la hae le re phehella “ho ratana.” (Baroma 13:8) Empa ho na le mabaka a mang hape ao ka ’ona re lokelang ho ‘tsoela pele re tsamaea leratong.’

Lebaka Leo ka Lona Lerato e Leng la Bohlokoa

4, 5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša lerato le nang le boitelo ho balumeli-’moho le rōna?

4 Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bontše lerato ho balumeli-’moho le rōna? Ka mantsoe a bonolo, lerato ke motheo oa Bokreste ba ’nete. Kantle ho lerato re ke ke ra ba le kamano e haufi le Bakreste-’moho le rōna, ’me habohlokoa le ho  feta, re ba ba se nang thuso mahlong a Jehova. Hlokomela kamoo Lentsoe la Molimo le totobatsang linnete tsena kateng.

5 Bosiung ba ho qetela ba bophelo ba hae lefatšeng, Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; le lōna le ratane feela joalokaha ke le ratile. Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) “Feela joalokaha ke le ratile”—ha e le hantle, re laeloa hore re bontše lerato le kang leo Jesu a le bontšitseng. Khaolong ea 29, re bone hore Jesu o fane ka mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa ho bontša lerato le nang le boitelo ka ho beha litlhoko le lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa hae. Le rōna ka ho tšoanang re lokela ho bonahatsa lerato le se nang boithati, ’me re lokela ho le bonahatsa ka ho hlaka hoo lerato la rōna le totobalang esita le ho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. Ka sebele, lerato la bara ba motho le nang le boitelo ke letšoao leo ka lona re khetholloang re le balateli ba ’nete ba Kreste.

6, 7. (a) Re tseba joang hore Lentsoe la Jehova le totobatsa bohlokoa ba ho bontša lerato? (b) Mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho 1 Bakorinthe 13:4-8 a tšohla karolo efe ea lerato?

6 Ho thoe’ng haeba re se na lerato? Moapostola Pauluse o ile a re: “Haeba . . . ke se na lerato, ke fetohile sekotoana sa brase se lumang kapa cymbala e otlanngoang.” (1 Bakorinthe 13:1) Cymbala e otlanngoang e etsa molumo o hlohlontšang litsebe. Ho thoe’ng ka sekotoana sa brase se lumang? Liphetolelo tse ling li re “tšepe e lerata” kapa “tšepe e etsang molumo o ipheta-phetang.” Ke lipapiso tse loketseng hakaakang! Motho ea se nang lerato o joaloka seletsa sa ’mino se lerata, se etsang molumo o lelekang batho ho fapana le ho ba hohela. Ke joang motho ea joalo a ka thabelang kamano e haufi le ba bang? Pauluse o ile a boela a re: “Haeba ke e-na le tumelo eohle hore ke tlose lithaba ho li isa sebakeng se seng, empa ke se na lerato, ha ke letho.” (1 Bakorinthe 13:2) Ak’u nahane feela, motho ea se nang lerato “ke motho feela tjee ea se nang thuso,” ho sa tsotellehe mesebetsi leha e le efe eo a ka ’nang a e etsa! (The Amplified Bible) Na ha ho hlake hore Lentsoe la Jehova le hatisa bohlokoa ba ho bontša lerato?

 7 Leha ho le joalo, re ka bonahatsa tšobotsi ee joang litšebelisanong tsa rōna le ba bang? Ho araba potso eo, a re hlahlobeng mantsoe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe 13:4-8. Litemana tsena ha li hatise lerato la Molimo ho rōna kapa lerato la rōna ho Molimo. Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a tšohla tsela eo re lokelang ho bontšana lerato ka eona. O ile a hlalosa seo lerato le leng sona le seo le seng sona.

Seo Lerato le Leng Sona

8. Ho tiisetsa ho ka re thusa joang litšebelisanong tsa rōna le ba bang?

8 “Lerato lea tiisetsa.” Ho tiisetsa ho bolela ho mamella ba bang ka ho se fele pelo. (Bakolose 3:13) Na re hloka mamello e joalo? Kaha re tšoarisane mosebetsi re le libōpuoa tse sa phethahalang, ke ho utloahalang ho lebella hore nako le nako, barab’abo rōna ba Bakreste ba ka ’na ba re khopisa ’me le rōna ra ba khopisa. Empa ho se fele pelo le ho ithiba ho ka re thusa ho  sebetsana ka katleho le likhopiso le liqabang tse sa reng letho tse bang teng litšebelisanong tsa rōna le ba bang—re sa luke khotso ea phutheho.

9. Re ka bontša mosa ho ba bang ka litsela life?

9 “Lerato . . . le mosa.” Mosa o bontšoa ka liketso tse molemo le ka mantsoe a nahanelang. Lerato le re susumelletsa ho batla litsela tsa ho bontša mosa, haholo-holo ho ba hlokang. Ka mohlala, e ka ’na eaba molumeli-’moho le rōna ea seng a hōlile o jeoa ke bolutu ’me o hloka ea mo etelang ho mo khothatsa. ’Mè ea se nang molekane kapa morali’abo rōna ea lulang lelapeng le arohaneng bolumeling a ka ’na a hloka thuso e itseng. Motho ea kulang kapa ea thulaneng le bothata bo tebileng a ka ’na a hloka ho utloa mantsoe a mosa a motsoalle ea tšepahalang. (Liproverbia 12:25; 17:17) Ha re bontša mosa ka litsela tsena, re bonahatsa bonnete ba lerato la rōna.—2 Bakorinthe 8:8.

10. Lerato le re thusa ho emela ’nete le ho e bua joang, esita le ha ho se bonolo ho etsa seo?

10 “Lerato . . . le thabela ’nete.” Phetolelo e ’ngoe e re: “Lerato . . . le emela ’nete ka thabo.” Lerato le re susumelletsa ho emela ’nete le ho ‘bolellana ’nete.’ (Zakaria 8:16) Ka mohlala, haeba motho eo re mo ratang a kopanetse sebeng se tebileng, lerato ho Jehova—le ho mofosi—le tla re thusa ho khomarela litekanyetso tsa Molimo ho e-na le ho leka ho pata phoso, ho beha mabaka a e emelang, esita le hona ho qala leshano ka eona. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba thata ho amohela ’nete boemong boo. Empa haeba re amehile ka lithahasello tsa eo re mo ratang, re tla batla hore a amohele pontšo ea taeo e lerato ea Molimo le hore a e sebelise. (Liproverbia 3:11, 12) Joaloka Bakreste ba lerato, re boetse re lakatsa “ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Baheberu 13:18.

11. Kaha lerato “le jara lintho tsohle,” re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa’ng ka mefokolo ea balumeli-’moho le rōna?

11 “Lerato . . . le jara lintho tsohle.” Ha e le hantle polelo eo e bolela hore “le koahela lintho tsohle.” (Kingdom Interlinear) Petrose oa Pele 4:8 e re: “Lerato le koahela libe tse ngata haholo.” E, Mokreste ea tataisoang ke lerato ha a tjantjelle ho pepesa ho se phethahale le mefokolo eohle ea barab’abo ba Bakreste.  Maemong a mangata, liphoso tsa balumeli-’moho le rōna le mefokolo ea bona ke tse sa tebang ’me li ka koaheloa ke lerato.—Liproverbia 10:12; 17:9.

Lerato le re susumelletsa ho bontša hore re tšepa barab’abo rōna

12. Moapostola Pauluse o ile a bontša joang hore o lumela hore Filemone o tla etsa se molemo, hona re ka ithuta eng mohlaleng oa Pauluse?

12 “Lerato . . . le lumela lintho tsohle.” Phetolelo ea Moffatt e re lerato le “labalabela ho lumela se molemo ka linako tsohle.” Ha re belaelle balumeli-’moho le rōna ho sa hlokahale, ha re phenya-phenye lebaka le leng le le leng leo ba etsang lintho ka lona. Lerato le re thusa “ho lumela se molemo” ka barab’abo rōna le ho ba tšepa. * Hlokomela mohlala o lengolong la Pauluse le eang ho Filemone. Pauluse o ne a ngola ka sepheo sa ho khothalletsa Filemone ho amohela ka mosa lekhoba le balehileng Onesimase ha le khutla, leo e neng e se e le Mokreste. Ho e-na le ho leka ho susutlella Filemone, Pauluse o ile a ipiletsa ka lerato. O ile a bontša hore o tšepa hore Filemone o tla etsa se nepahetseng, a re: “Ke u ngolla ke tšepile hore u tla lumellana le sena, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang lintho tseo ke li bolelang.” (Temana ea 21) Ha lerato le re susumelletsa ho bontša hore re tšepa barab’abo rōna joalo, re ba susumelletsa hore ba hlahise botle bo ka ho bona.

13. Re ka bontša joang hore re tšepa hore ho tla etsahala se molemo ka barab’abo rōna?

13 “Lerato . . . le tšepa lintho tsohle.” Lerato lea tšepa, ebile le tletse tšepo. Kaha re susumetsoa ke lerato, re tšepa hore ho tla etsahala se molemo ka barab’abo rōna. Ka mohlala, haeba mor’abo rōna “a nka mohato o fosahetseng pele a o hlokomela,” re tšepa hore o tla arabela hantle boitekong bo lerato ba ho mo khutlisetsa tseleng. (Bagalata 6:1) Re boetse re tšepa hore ba fokolang tumelong ba tla hlaphoheloa. Ha re ba felle pelo, re etsa sohle se matleng a rōna ho ba thusa ho tiea tumelong. (Baroma 15:1; 1 Bathesalonika 5:14) Esita le ha ea ratoang a kheloha, ha re lahle tšepo ea hore ka le leng o tla hlaphoheloa ’me a  khutlele ho Jehova, joaloka mora ea lehlasoa oa papisong ea Jesu.—Luka 15:17, 18.

14. Mamello ea rōna e ka ’na ea lekoa ka litsela life ka phuthehong, hona lerato le tla re thusa ho itšoara joang?

14 “Lerato . . . le mamella lintho tsohle.” Mamello e re nolofalletsa ho ema re tiile ha re thulana le maemo a nyahamisang kapa mathata. Liteko tsa mamello ha li hlahe ka ntle ho phutheho feela. Ka linako tse ling re ka ’na ra lekoa hona ka hare ho phutheho. Ka lebaka la ho se phethahale, ka linako tse ling re ka ’na ra soetsoa ke barab’abo rōna. Re ka ’na ra utloisoa bohloko ke puo e sa nahaneleng. (Liproverbia 12:18) Kapa taba e ’ngoe e itseng ka phuthehong ha e sebetsoe ka tsela eo re nahanang hore e lokela ho sebetsoa ka eona. Tsela eo mor’abo rōna ea itseng ea hlomphehang a etsang lintho ka eona e ka ’na ea re khopisa, ea etsa hore re ipotse, ‘Mokreste a ka etsa ntho e tjee joang?’ Ha re tobane le maemo a kang ao, na re tla ikhula phuthehong ebe re khaotsa ho sebeletsa Jehova? Eseng haeba re e-na le lerato! Ka sebele, lerato le re thibela ho foufatsoa ke mefokolo ea mor’abo rōna hoo re seng re ke ke ra hlola re bona molemo leha e le ofe ho eena kapa ho phutheho ka kakaretso. Lerato le re nolofalletsa ho lula re tšepahala ho Molimo re bile re tšehetsa phutheho ho sa tsotellehe seo motho e mong ea sa phethahalang a ka ’nang a se bua kapa a se etsa.—Pesaleme ea 119:165.

Seo Lerato le Seng Sona

15. Mōna ke eng, hona lerato le re thusa ho qoba boikutlo boo bo kotsi joang?

15 “Lerato ha le boulele [“ha le na mōna,” Bibele ea Sesotho].” Mōna o ka re etsa hore re honohele seo ba bang ba nang le sona—thepa, litokelo, kapa bokhoni boo ba nang le bona. Mōna o joalo ke boikutlo ba boithati, bo kotsi, boo ha bo sa laoloe bo ka senyang khotso ea phutheho. Ke eng e tla re thusa ho hanela “tšekamelo ea ho ba mohono”? (Jakobo 4:5) Ke lerato. Tšobotsi ena ea bohlokoa e ka re nolofalletsa ho thaba le bao ho bonahalang ba e-na le menyetla e itseng bophelong eo rōna re se nang eona. (Baroma 12:15) Lerato le re thusa  hore re se ke ra nka hore ha motho e mong a rorisoa ka lebaka la bokhoni bo itseng bo ikhethang kapa katleho eo a e finyeletseng hoo ke ho re qholotsa.

16. Haeba re hlile re rata barab’abo rōna, ke hobane’ng ha re ka qoba ho ithorisa ka seo re se etsang tšebeletsong ea Jehova?

16 “Lerato . . . ha le ithorise, ha le ikhohomose.” Lerato le re thibela ho etsa mponeng ka litalenta tsa rōna kapa ka seo re se finyeletseng. Haeba re hlile re rata barab’abo rōna, ke joang re ka lulelang ho ithorisa ka seo re atlehileng ho se finyella tšebeletsong kapa ka litokelo tseo re nang le tsona ka phuthehong? Ho ithorisa ho joalo ho ka nyahamisa ba bang, ha ba etsa hore ba ikutloe ba le tlaase ha ba bapisoa le rōna. Lerato ha le re lumelle ho ithorisa ka seo Molimo a re lumellang hore re se etse tšebeletsong ea hae. (1 Bakorinthe 3:5-9) Ho feta moo, lerato “ha le ikhohomose,” kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e beha taba, ha le “thabele ho ikakasa ka bohlokoa ba lona.” Lerato le re thibela ho inka re le ba phahameng.—Baroma 12:3.

17. Lerato le re susumelletsa ho bontša ho nahanela ba bang joang, hona re lokela ho qoba boitšoaro ba mofuta ofe?

17 “Lerato . . . ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng.” Motho ea itšoarang ka mokhoa o sa hlompheheng o etsa lintho tse tsoileng tseleng kapa tse khopisang. Boitšoaro bo joalo bo bontša ho hloka lerato, kaha bo bontša ho se tsotelle maikutlo le boiketlo ba ba bang ka ho feletseng. Ka lehlakoreng le leng, lerato le na le tlhompho le mosa tse re susumelletsang ho bontša ho nahanela ba bang. Lerato le thusa ho hlahisa mekhoa e metle, boitšoaro ba bomolimo le ho hlompha balumeli-’moho le rōna. Ka hona, lerato le ke ke la re lumella ho kopanela ‘boitšoarong bo hlabisang lihlong’—ha e le hantle, boitšoarong leha e le bofe bo tla nyarosa kapa bo khopise barab’abo rōna ba Bakreste.—Baefese 5:3, 4.

18. Ke hobane’ng ha motho ea nang le lerato a sa tsitlallele hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela ea hae?

18 “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.” Phetolelo e ’ngoe mona e re: “Lerato ha le tsitlallele hore lintho li be ka tsela ea lona.” Motho ea nang le lerato ha a tsitlallele hore  ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsoe ka tsela ea hae, joalokaha eka likhopolo tsa hae li lula li nepahetse kamehla. Ha a hule ba bang ka nko, ka ho sebelisa matla a hae a ho susumetsa ho hatella ba nang le maikutlo a fapaneng le a hae ho fihlela ba inehela. Manganga a joalo a bontša ho ikakasa ho itseng, ’me Bibele e re: “Boikakaso bo etella ho oa pele.” (Liproverbia 16:18) Haeba re hlile re rata barab’abo rōna, re tla hlompha maikutlo a bona, ’me ha ho khoneha, re tla bontša hore re ikemiselitse ho tenyetseha. Boikutlo ba ho tenyetseha bo lumellana le mantsoe a Pauluse: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

19. Lerato le re thusa hore re itšoare joang ha ba bang ba re khopisa?

19 “Lerato . . . ha le halefe . . . ha le boloke tlaleho ea bobe.” Lerato ha le halefisoe feela-feela tjee ke seo ba bang ba se buang kapa ba se etsang. Ke ’nete hore ke ha tlhaho ho hlabeha ha ba bang ba re khopisa. Empa le haeba re halefisoa ke lebaka le utloahalang, lerato ha le re lumelle hore re lule re halefile. (Baefese 4:26, 27) Ha re na ho boloka tlaleho ea mantsoe kapa liketso tse khopisang, joalokaha eka re li ngola bukeng ea likoloto e le hore re tle re se ke ra li lebala. Ho e-na le hoo, lerato le re susumelletsa ho etsisa Molimo oa rōna ea lerato. Joalokaha re bone Khaolong ea 26, Jehova oa tšoarela ha ho e-na le lebaka le utloahalang la hore a tšoarele. Ha a tšoarela, oa lebala, e leng ho bolelang hore a ke ke a re ahlolela libe tseo nakong e tlang. Na ha re thabe hore ebe Jehova ha a boloke tlaleho ea bobe?

20. Re lokela ho itšoara joang ha molumeli-’moho le rōna a oela phosong ’me seo se mo hlahisetsa mathata?

20 “Lerato . . . ha le thabele ho se loke.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena mona: “Lerato . . . ha le thabisoe ke libe tsa batho ba bang.” Phetolelo ea Moffatt e re: “Lerato ha le thabe ha ba bang ba etsa phoso.” Lerato ha le thabele ho se loke, kahoo ha re iphapanyetse boitšoaro leha e le bofe bo litšila. Re itšoara joang ha molumeli-’moho le rōna a oela sebeng ’me seo se mo hlahisetsa mathata? Lerato le ke ke la re lumella ho thaba, joalokaha eka re re ‘Eke! O laehile!’ (Liproverbia 17:5) Leha ho  le joalo, rea thaba ha mor’abo rōna oa mofosi a nka mehato e loketseng e le hore a hlaphoheloe ho oeng ha hae moeeng.

“Tsela e Fetisisang”

21-23. (a) Pauluse o ne a bolela eng ha a re “lerato ha le fele le ka mohla”? (b) Ho tla tšohloa eng khaolong e qetellang?

21 “Lerato ha le fele le ka mohla.” Pauluse o ne a bolela eng ka mantsoe ao? Joalokaha taba e potolohileng e bontša, o ne a bua ka lineo tsa moea tseo Bakreste ba pele ba neng ba e-na le tsona. Lineo tseo li ne li sebeletsa e le pontšo ea hore Molimo o amohela phutheho e sa tsoa thehoa. Empa e ne e se Bakreste bohle ba neng ba ka folisa, ba profeta kapa ba bua maleme. Leha ho le joalo, seo se ne se sa tsotellehe; qetellong lineo tsa mohlolo li ne li tla khaotsa ho ba teng. Empa ho na le ntho e ’ngoe e neng e tla sala, eo Mokreste e mong le e mong a neng a ka e hlaolela. Ke e ikhethang haholo, e tšoarellang  ho feta neo leha e le efe ea mohlolo. Ha e le hantle, Pauluse o ile a e bitsa “tsela e fetisisang.” (1 Bakorinthe 12:31) ‘Tsela ee e fetisisang’ ke efe? Ke tsela ea lerato.

Batho ba Jehova ba khetholloa ka ho ratana

22 Ha e le hantle, lerato la Bokreste leo Pauluse a le hlalosang “ha le fele le ka mohla,” ke hore, le ke ke la khaotsa ho ba teng le ka mohla. Le kajeno, balateli ba ’nete ba Jesu ba ntse ba khetholloa ka lerato la bara ba motho le nang le boitelo. Na ha re bone bopaki ba lerato lee liphuthehong tsa barapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara? Lerato leo le tla tšoarella ka ho sa feleng, kaha Jehova o tšepisa bahlanka ba hae ba tšepahalang bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 37:9-11, 29) E se eka re ka tsoela pele ho etsa sohle se matleng a rōna ‘hore re tsoele pele ho tsamaea leratong.’ Ka ho etsa joalo, re tla fumana thabo e khōloanyane e tlisoang ke ho fana. Ho feta moo, re ka tsoela pele re phela—ha e le hantle, re ka tsoela pele re bontša lerato—ka ho sa feleng, re etsisa Molimo oa rōna ea lerato, Jehova.

23 Khaolong ena e phethelang karolo e buang ka lerato, re tšohlile tsela eo re ka bontšanang lerato ka eona. Empa ha re nahana ka litsela tse ngata tseo re ruang molemo ka tsona leratong la Jehova—esita le matleng a hae, tokeng ea hae le bohlaleng ba hae—re lokela ho ipotsa, ‘Nka bontša Jehova joang hore ke hlile kea mo rata?’ Potso ena e tla tšohloa khaolong ea rōna e qetellang.

^ ser. 12 Ke ’nete hore lerato la Bokreste ha le ee le khongoana holimo. Bibele ea re phehella: “Le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa . . . , ’me le ba qobe.”—Baroma 16:17.