Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 19

“Bohlale ba Molimo Sephiring se Halalelang”

“Bohlale ba Molimo Sephiring se Halalelang”

1, 2. Ke ‘sephiri sefe se halalelang’ seo re lokelang ho se thahasella, hona hobane’ng?

LIPHIRI! Hangata batho ba thatafalloa ho li boloka e le pinyane hobane li hapa maikutlo, lia thahasellisa ebile lia makatsa. Leha ho le joalo, Bibele e re: “Khanya ea Molimo ke ho boloka taba e le sephiri.” (Liproverbia 25:2) E, kaha ke ’Musi Morena le ’Mōpi, ka nepo Jehova o boloka lintho tse ling e le sephiri ho batho ho fihlela ha e le nako ea hae e loketseng ea hore a ba senolele tsona.

2 Leha ho le joalo, ho na le sephiri se seng se thahasellisang, se hapang maikutlo seo Jehova a se senotseng ka Lentsoeng la hae. Se bitsoa “sephiri se halalelang sa thato ea [Molimo].” (Baefese 1:9) Ho ithuta sona ha ho na ho fella feela ka ho khotsofatsa takatso ea hao ea ho se tseba. Ho tseba sephiri sena ho ka u isa polokong le ho u fa leseli le itseng ka bohlale ba Jehova bo ke keng ba lekanngoa.

Se Senotsoe Hanyane ka Hanyane

3, 4. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15 bo ile ba fana ka tšepo joang, hona bo ne bo akarelletsa ‘sephiri sefe se halalelang’?

3 Ha Adama le Eva ba etsa sebe, e ka ’na eaba ho ile ha bonahala eka morero oa Jehova oa hore lefatše e be paradeise e ahiloeng ke batho ba phethahetseng o nyopile. Empa kapele-pele Molimo o ile a rarolla bothata boo! O ile a re: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao [noha] le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.”—Genese 3:15.

4 Mantsoe ana e ne e le qaka ebile e le sephiri. Mosali eo e ne e le mang? Noha e ne e le mang? “Peō” e neng e tla khoba noha hlooho e ne e le mang? Adama le Eva ba ne ba ka hakanya feela. Leha ho le joalo, mantsoe ao a Molimo a ne a  fana ka tšepo bakeng sa ngoana leha e le ofe ea tšepahalang oa banyalani bao ba sa tšepahaleng. Ho loka ho ne ho tla hlōla. Morero oa Jehova o ne o tla phethahala. Empa joang? Seo e ne e le sephiri! Bibele e re ke “bohlale ba Molimo sephiring se halalelang, bohlale bo patiloeng.”—1 Bakorinthe 2:7.

5. Bontša hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a senola sephiri sa hae hanyane ka hanyane.

5 Kaha ke “Mosenoli oa liphiri,” qetellong Jehova o ne a tla senola lintlha tse ling tse amanang le ho phethahala ha sephiri seo. (Daniele 2:28) Empa o ne a tla li senola butle-butle, hanyane ka hanyane. Ka mohlala, re ka ’na ra nahana ka tsela eo ntate ea lerato a arabelang ka eona ha moshanyana oa hae a botsa, “Ntate, hantle-ntle ke tsoa kae?” Ntate ea bohlale o fana feela ka boitsebiso bo lekaneng boo moshanyana a ka bo utloisisang. Ha moshanyana a ntse a hōla, ntate o mo bolella lintlha tse eketsehileng. Ka tsela e tšoanang, Jehova oa tseba ha batho ba hae ba se ba loketse ho senoleloa thato ea hae le morero oa hae.—Liproverbia 4:18; Daniele 12:4.

6. (a) Selekane, kapa tumellano, se phetha morero ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho ikhetha hore ebe Jehova o ne a ka etsa lilekane le batho?

6 Jehova o ile a senola hoo joang? O ile a sebelisa lilekane, kapa litumellano ho senola lintho tse ngata. E ka ’na eaba u kile ua etsa tumellano e itseng—mohlomong ea ho reka ntlo kapa ea ho alima kapa ho alimana ka chelete. Tumellano e joalo e ne e fana ka tiiso ea molao ea hore lintlha tseo ho lumellanoeng ka tsona li tla phethahatsoa. Empa ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Jehova a etse lilekane, kapa litumellano le batho? Ka sebele lentsoe la hae ke tiiso e lekaneng ea litšepiso tsa hae. Le hoja seo e le ’nete, maemong a ’maloa, ka mosa Molimo o ile a tšehetsa lentsoe la hae ka litumellano tsa molao. Litumellano tsena tse tiisitsoeng li fa rōna batho ba sa phethahalang motheo o tiileng le ho feta oa ho kholoa litšepiso tsa Jehova.—Baheberu 6:16-18.

 Selekane le Abrahama

7, 8. (a) Jehova o ile a etsa selekane sefe le Abrahama, hona se ne se fana ka leseli lefe ka sephiri se halalelang? (b) Jehova o ile a hlakisa lesika la Peō e tšepisitsoeng hanyane ka hanyane joang?

7 Lilemo tse fetang tse likete tse peli ka mor’a hore motho a lelekoe Paradeiseng, Jehova o ile a bolella mohlanka oa hae ea tšepahalang Abrahama: “Ruri ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo . . . ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao ka lebaka la hore u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:17, 18) Ena e ne e se tšepiso feela tjee; Jehova o ile a e etsetsa selekane sa molao ’me a e tšehetsa ka kano ea hae e sa fetoheng. (Genese 17:1, 2; Baheberu 6:13-15) Ke ho ikhethang hakaakang hore ebe ha e le hantle ’Musi Morena o ile a etsa tumellano ea ho hlohonolofatsa moloko oa batho!

“Ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa maholimo”

8 Selekane sa Abrahama se ile sa senola hore Peō e tšepisitsoeng e ne e tla tla e le motho oa nama, kaha e ne e tla ba setloholo sa Abrahama. Empa motho eo e ne e tla ba mang? Ka nako e loketseng, Jehova o ile a senola hore ho bara ba Abrahama, Isaka ke eena eo e neng e tla ba moholo-holo oa Peō. Ho bara ba Isaka ba babeli, ho ile ha khethoa Jakobo. (Genese 21:12; 28:13, 14) Hamorao, Jakobo o ile a bua mantsoe ana a boprofeta ho e mong oa bara ba hae ba 12: “Lere la borena le ke ke la sutha ho Juda, leha e le lere la molaoli pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo [“Eo e Leng la Hae”] a tla; ’me lichaba li tla mo mamela.” (Genese 49:10) Ka nako eo ho ile ha tsebahala hore Peō e ne e tla ba morena, ea tsoang lesikeng la Juda!

Selekane le Iseraele

9, 10. (a) Jehova o ile a etsa selekane sefe le sechaba sa Iseraele, hona selekane seo se ile sa fana ka tšireletso efe? (b) Molao o ile oa totobatsa joang hore batho ba hloka thekollo?

9 Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a etsa tokisetso e ileng ea betla khoro bakeng sa tšenolo e tsoelang pele ea sephiri se halalelang. O ile a etsa selekane le litloholo tsa Abrahama, e leng sechaba sa Iseraele. Le hoja hona joale se se se sa sebetse, selekane  seo sa Molao oa Moshe e ne e le karolo ea bohlokoa ea morero oa Jehova oa ho hlahisa Peō e tšepisitsoeng. Joang? Hlahloba litsela tsena tse tharo. Ea pele, Molao o ne o tšoana le lebota le sireletsang. (Baefese 2:14) Litaelo tsa oona tse lokileng li ne li sebeletsa e le mokoallo mahareng a Bajuda le Balichaba. Kahoo Molao o ile oa thusa ho boloka lesika la Peō e tšepisitsoeng. Ka lebaka la tšireletso eo, sechaba se ne se ntse se le teng ha nako ea Molimo e loketseng e fihla ea hore Mesia a tsoalloe molokong oa Juda.

10 Tsela ea bobeli ke hore Molao o ile oa totobatsa hore moloko oa batho o hloka thekollo. Kaha e ne e le Molao o phethahetseng, o ile oa senola hore batho ba baetsalibe ba hlōleha ho o khomarela ka ho feletseng. Kahoo o ile oa sebeletsa “ho bonahatsa litlōlo, ho fihlela ho ka fihla peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona.” (Bagalata 3:19) Molao o ne o e-na le tokisetso ea ho koahela libe ka nakoana ka mahlabelo a liphoofolo. Empa kaha, joalokaha Pauluse a ile a ngola, “ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe,” mahlabelo ana a ne a mpa a tšoantšetsa sehlabelo sa Kreste sa thekollo. (Baheberu 10:1-4) Kahoo, ho Bajuda ba tšepahalang selekane seo e ile ea e-ba ‘motataisi ea isang ho Kreste.’—Bagalata 3:24.

11. Selekane sa Molao se ile sa fa Iseraele tebello efe e khanyang, empa ke hobane’ng ha sechaba seo ka kakaretso se ile sa lahleheloa ke monyetla oo?

11 Tsela ea boraro ke hore selekane seo se ile sa fa sechaba sa Iseraele tebello e khanyang. Jehova o ile a se bolella hore haeba se ipaka se tšepahala selekaneng seo, se tla fetoha “’muso oa baprista le sechaba se halalelang.” (Exoda 19:5, 6) Qetellong, Iseraele ea nama e ile ea hlahisa litho tsa pele tsa ’muso oa leholimo oa baprista. Leha ho le joalo, Iseraele e le sechaba e ile ea roba selekane sa Molao, ea hana ho amohela Peō ea Bomesia, ’me ea lahleheloa ke tebello eo. Joale, ke bo-mang ba neng ba tla tlatselletsa ’muso oo oa baprista? Hona sechaba seo se hlohonolofalitsoeng se ne se tla amana joang le Peō e tšepisitsoeng? Likarolo tseo tsa sephiri se halalelang li ne li tla senoloa ka nako ea Molimo e loketseng.

 Selekane sa ’Muso le Davida

12. Jehova o ile a etsa selekane sefe le Davida, hona se ile sa fana ka leseli lefe mabapi le sephiri se halalelang sa Molimo?

12 Lekholong la bo11 la lilemo B.C.E., Jehova o ile a fana ka leseli le eketsehileng ka sephiri se halalelang ha a etsa selekane se seng. O ile a tšepisa Morena Davida ea tšepahalang: “Ka sebele ke tla hlahisa peō ea hao ka mor’a hao, . . . ruri ke tla tiisa ’muso oa hae ka thata. . . . Ka sebele ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (2 Samuele 7:12, 13; Pesaleme ea 89:3) Joale lesika la Peō e tšepisitsoeng le ile la tobisoa tlung ea Davida. Empa na motho feela tjee o ne a ka busa “ho isa nakong e sa lekanyetsoang”? (Pesaleme ea 89:20, 29, 34-36) Hona na morena eo oa motho o ne a ka pholosa moloko oa batho sebeng le lefung?

13, 14. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 110, Jehova o tšepisa Morena oa hae ea tlotsitsoeng eng? (b) Baprofeta ba Jehova ba ile ba sebelisoa ho senola lintho life tse eketsehileng ka Peō e tlang?

13 Davida o ile a ngola tjena a le tlas’a pululelo: “Polelo ea Jehova ho Morena oa ka ke hore: ‘Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao joaloka setuloana sa maoto a hao.’ Jehova o hlapantse (a ke ke a ikutloa a soabile): ‘U moprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke!’” (Pesaleme ea 110:1, 4) Mantsoe ao a Davida a ne a lebisitsoe ka ho toba ho Peō e tšepisitsoeng, kapa Mesia. (Liketso 2:35, 36) Morena enoa o ne a sa tl’o busa a le Jerusalema, empa o ne a tla busa a le leholimong ka ‘letsohong le letona’ la Jehova. Seo se ne se sa tl’o mo fa matla a ho laola naha ea Iseraele feela empa a ho laola le lefatše lohle. (Pesaleme ea 2:6-8) Ho ile ha senoloa ho hong ho eketsehileng mona. Hlokomela hore Jehova o ile a hlapanya ka kano hore Mesia e ne e tla ba “moprista . . . ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke.” Ho tšoana le Melkizedeke, ea neng a sebeletsa e le morena le moprista mehleng ea Abrahama, Peō e tlang e ne e tla khethoa ke Molimo ka ho toba hore e sebeletse e le Morena le Moprista!—Genese 14:17-20.

14 Ha lilemo li ntse li feta, Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho senola sephiri sa hae se halalelang ka ho eketsehileng.  Ka mohlala, Esaia o ile a senola hore Peō e ne e tla shoa lefu la sehlabelo. (Esaia 53:3-12) Mikea o ile a bolela esale pele sebaka seo Mesia a neng a tla tsoalloa ho sona. (Mikea 5:2) Daniele o ile a ba a profeta nako e tobileng ea ho hlahella ha Peō le ea ho shoa ha eona.—Daniele 9:24-27.

Sephiri se Halalelang Sea Senoloa!

15, 16. (a) Ho tlile joang hore Mora oa Jehova a ‘tsoe ho mosali’? (b) Jesu o ile a fumana eng ho batsoali ba hae ba batho, hona o ile a fihla neng e le Peō e tšepisitsoeng?

15 Hore na boprofeta bona bo ne bo tla phethahala joang e ile ea e-ba sephiri ho fihlela ha Peō e itlhahisa. Bagalata 4:4 e re: “Ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae, ea tsoileng ho mosali.” Ka selemo sa 2 B.C.E., lengeloi le ile la re ho moroetsana oa Mojuda ea bitsoang Maria: “Bona! u tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida . . . Moea o halalelang o tla theohela holim’a hao, ’me matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.”—Luka 1:31, 32, 35.

16 Hamorao, Jehova o ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo fetisetsa ka pōpelong ea Maria, e le hore a tsoe ho mosali. Maria e ne e le mosali ea sa phethahalang. Empa, Jesu ha aa ka a futsa ho se phethahale ha hae, kaha e ne e le “Mor’a Molimo.” Ka nako e tšoanang, kaha batsoali ba Jesu ba batho e ne e le litloholo tsa Davida, ba ile ba Mo fa tokelo ea tlhaho le ea molao ea ho ba mojalefa oa Davida. (Liketso 13:22, 23) Ha Jesu a kolobetsoa ka 29 C.E., Jehova o ile a mo tlotsa ka moea o halalelang ’me a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang.” (Matheu 3:16, 17) Qetellong, Peō e ne e fihlile! (Bagalata 3:16) E ne e le nako ea hore ho senoloe ho eketsehileng ka sephiri se halalelang.—2 Timothea 1:10.

17. Ho ile ha khantšoa leseli joang ho se boleloang ke Genese 3:15?

17 Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a tsebahatsa noha e ho Genese 3:15 e le Satane ’me peō ea noha e le balateli  ba Satane. (Matheu 23:33; Johanne 8:44) Hamorao, ho ile ha senoloa kamoo kaofela ha bona ba neng ba tla silakanngoa ka ho feletseng kateng. (Tšenolo 20:1-3, 10, 15) ’Me mosali o ile a tsebahatsoa e le “Jerusalema oa holimo,” mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo oa libōpuoa tsa moea o joaloka mosali. *Bagalata 4:26; Tšenolo 12:1-6.

Selekane se Secha

18. Morero oa “selekane se secha” ke ofe?

18 Mohlomong tšenolo e hlollang ka ho fetisisa ke e ileng ea senoloa bosiung ba pele Jesu a e-shoa ha a ne a bolella barutuoa ba hae ba tšepahalang ka “selekane se secha.” (Luka 22:20) Ho tšoana le se bileng teng pele ho sona, e leng selekane sa Molao oa Moshe, selekane sena se secha se ne se lokela ho hlahisa “’muso oa baprista.” (Exoda 19:6; 1 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, selekane sena se ne se sa tl’o theha sechaba sa nama, empa se ne se tla theha sechaba sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo,” e entsoeng ka ho feletseng ka balateli ba Kreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng. (Bagalata 6:16) Litho tsena tsa selekane se secha li ne li tla kopanela le Jesu ho hlohonolofatseng moloko oa batho!

19. (a) Ke hobane’ng ha selekane se secha se atleha ho hlahisa “’muso oa baprista”? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba bitsoa “pōpo e ncha,” hona ke ba bakae ba tla sebeletsa le Kreste maholimong?

19 Empa ke hobane’ng ha selekane se secha se atleha ho hlahisa “’muso oa baprista” o tla hlohonolofatsa moloko oa batho? Hobane ho e-na le hore se ahlole barutuoa ba Kreste e le baetsalibe, se ba nolofalletsa ho tšoareloa libe ka sehlabelo sa hae. (Jeremia 31:31-34) Hang ha ba se ba le boemong bo botle ka pel’a Jehova, o ba amohela lelapeng la hae la leholimo ’me o ba tlotsa ka moea o halalelang. (Baroma 8:15-17; 2 Bakorinthe  1:21) Kahoo ba fumana ‘tsoalo e ncha ho tla tšepong e phelang . . . e bolokiloeng maholimong.’ (1 Petrose 1:3, 4) Kaha boemo bo phahameng joalo ke bo bocha ka ho feletseng ho batho, Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoetsoeng ka moea ba bitsoa “pōpo e ncha.” (2 Bakorinthe 5:17) Bibele e senola hore qetellong ba 144 000 ba tla kopanela ho buseng moloko oa batho o lopolotsoeng ba le leholimong.—Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4.

20. (a) Ho ile ha senoloa eng ka sephiri se halalelang ka 36 C.E.? (b) Ke bo-mang ba tla thabela litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng Abrahama?

20 Batlotsuoa bana hammoho le Jesu e ba “peō ea Abrahama.” * (Bagalata 3:29) Ba pele ba ileng ba khethoa e ne e le Bajuda ba nama. Empa ka 36 C.E., ho ile ha senoloa karolo e ’ngoe ea sephiri se halalelang: Balichaba, kapa batho bao e seng Bajuda, le bona ba ne ba tla ba le tšepo ea leholimo. (Baroma 9:6-8; 11:25, 26; Baefese 3:5, 6) Na Bakreste ba tlotsitsoeng e ne e tla ba bona feela ba tla thabela litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng Abrahama? Che, kahobane sehlabelo sa Jesu se tsoela lefatše lohle molemo. (1 Johanne 2:2) Ka nako e loketseng, Jehova o ile a senola hore “bongata bo boholo” bo se nang palo bo ne bo tla pholoha bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Satane. (Tšenolo 7:9, 14) Matšoele a mang a eketsehileng a ne a tla tsosoa bafung a e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng!—Luka 23:43; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 20:11-15; 21:3, 4.

Bohlale ba Molimo le Sephiri se Halalelang

21, 22. Sephiri se halalelang sa Jehova se bonahatsa bohlale ba hae ka litsela life?

21 Sephiri se halalelang ke ponahatso e hlollang ea “bohlale ba Molimo bo fapa-fapaneng haholo.” (Baefese 3:8-10) Jehova o ile a bonahatsa bohlale bo bokaakang ha a etsa sephiri see le ha a se senola butle-butle! Ka bohlale o ile a nahanela mefokolo ea batho, a ba lumella ho bonahatsa boemo ba ’nete ba lipelo tsa bona.—Pesaleme ea 103:14.

 22 Jehova o ile a boela a bonahatsa bohlale bo ke keng ba lekanngoa ha a khethela Jesu ho ba Morena. Mora oa Jehova o tšepahala ho feta sebōpuoa leha e le sefe bokahohleng. Jesu o ile a thulana le litsietsi tsa mefuta-futa bophelong ba hae e le motho oa nama le mali. O utloisisa mathata a batho ka ho feletseng. (Baheberu 5:7-9) Ho thoe’ng ka babusi-’moho le Jesu? Ho ile ha tlotsoa banna le basali—ba merabe eohle, lipuo tsohle le limelo tsohle—ha makholo a lilemo a ntse a feta. Ha ho bothata leha e le bofe boo batho ka bomong har’a bona ba sa kang ba feta ho bona le ho bo hlōla. (Baefese 4:22-24) Ho phela tlas’a puso ea marena le baprista bana ba mohau e tla ba ho nyakallisang!

23. Bakreste ba na le tokelo efe mabapi le sephiri se halalelang sa Jehova?

23 Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Sephiri se halalelang se neng se patiloe ho tloha litsamaisong tsa lintho tse fetileng le ho tloha melokong e fetileng . . . se bonahalitsoe ho bahalaleli ba hae.” (Bakolose 1:26) E, bahalaleli ba Jehova ba tlotsitsoeng ba se ba utloisisa ho hongata ka sephiri seo se halalelang, ’me ba abetse ba bang ba limilione tsebo eo. Ke tokelo e kaakang eo kaofela ha rōna re nang le eona! Jehova o “ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea hae.” (Baefese 1:9) A re abeleng ba bang sephiri sena se babatsehang, re ba thuse hore le bona ba nyarele bohlaleng ba Jehova Molimo bo ke keng ba lekanngoa!

^ ser. 17 “Sephiri se halalelang sa boinehelo . . . ba bomolimo” se ile sa boela sa senoloa ka Jesu. (1 Timothea 3:16) E ne e bile sephiri hore na motho leha e le ofe o ne a ka lula a tšepahala ka ho phethahetseng ho Jehova kapa che. Jesu o ile a senola karabo. O ile a lula a tšepahala tlas’a teko e ’ngoe le e ’ngoe eo Satane a ileng a mo tlisetsa eona.—Matheu 4:1-11; 27:26-50.

^ ser. 20 Jesu o ile a boela a etsa “selekane . . . sa ’muso” le sehlopha seo. (Luka 22:29, 30) Ha e le hantle, Jesu o ile a etsa tumellano le “mohlatsoana” ea hore o buse le eena leholimong e le karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama.—Luka 12:32.