Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 22

Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

Na “Bohlale bo Tsoang Holimo” bo Tataisa Bophelo ba Hao?

1-3. (a) Solomone o ile a bonahatsa bohlale bo tsotehang joang tseleng eo a ileng a rarolla qaka ea hore na ’m’a lesea ke mang? (b) Jehova o tšepisa ho re fa eng, hona ho hlaha lipotso life?

E NE e le qaka—basali ba babeli ba ne ba tseka lesea. Basali bao ba ne ba lula ka tlung e le ’ngoe, ’me ka bobeli ba bile le bana ba bashemane, ba sieanang ka matsatsi feela. Lesea le leng le ile la shoa, ’me joale e mong le e mong oa basali bana o ne a re ke eena ’m’a lesea le phelang. * Ho ne ho se na batho ba bang ba ka pakang se etsahetseng. E ka ’na eaba lekhotla le tlaasana le ne le ile la mamela nyeoe eo empa le hlōtsoe ho e rarolla. Qetellong, nyeoe eo e ile ea isoa ho Solomone, morena oa Iseraele. Na o ne a tla khona ho utolla ’nete?

2 Ka mor’a ho qeta nakoana a mametse ho ngangisana ha basali bao, Solomone o ile a re ho tlisoe sabole. A bonahala a lomahantse meno, a laela hore ngoana eo a aroloe likoto tse peli, mosali ka mong a fuoe sekoto se seng. Hang-hang, eo e hlileng e leng ’m’a ngoana a kōpa morena hore a fe mosali e mong lesea leo—ngoan’a hae eo a mo ratang. Empa mosali e mong eena a tsitlallela hore ngoana a aroloe likoto tse peli. Joale Solomone o ne a tseba seo e leng ’nete. O ne a tseba kamoo ’mè a nang le qenehelo e mofuthu kateng ngoaneng ea tsoang pōpelong ea hae, ’me o ile a sebelisa tsebo eo ho rarolla qaka ena. Ak’u nahane kamoo ’mè eo a ileng a nyakalla kateng ha Solomone a mo neha lesea ’me a re: “Ke ’m’ae.”—1 Marena 3:16-27.

3 Na boo e ne e se bohlale bo tsotehang? Ha batho ba utloa  kamoo Solomone a ahlotseng nyeoe eo kateng, ba ile ba tsota, “kaha ba ne ba bone hore bohlale ba Molimo bo ho eena.” E, bohlale ba Solomone e ne e le mpho e tsoang ho Molimo. Jehova o ne a mo file “pelo e bohlale le e nang le kutloisiso.” (1 Marena 3:12, 28) Empa ho thoe’ng ka rōna? Na le rōna re ka fumana bohlale ba bomolimo? E, hobane Solomone o ile a ngola tjena a le tlas’a pululelo: “Jehova o fana ka bohlale.” (Liproverbia 2:6) Jehova o tšepisa ho fana ka bohlale—bokhoni ba ho sebelisa tsebo, kutloisiso le temoho ka tsela e molemo—ho ba bo kōpang ka tieo. Re ka fumana bohlale bo tsoang holimo joang? Hona re ka bo sebelisa joang bophelong ba rōna?

“Fumana Bohlale”—Joang?

4-7. Ho hlokahala lintlha life tse ’nè e le hore re fumane bohlale?

4 Na re tlameha ho ba bohlale ka tlhaho kapa ho ruteha e le hore re fumane bohlale ba bomolimo? Che. Jehova o ikemiselitse ho re fa bohlale ba hae ho sa tsotellehe maemo a rōna le thuto eo re nang le eona. (1 Bakorinthe 1:26-29) Empa re lokela ho nka khato ea pele, kaha Bibele e re phehella hore re ‘fumane bohlale.’ (Liproverbia 4:7) Re ka bo fumana joang?

5 Ntlha ea pele, re lokela ho tšaba Molimo. Liproverbia 9:10 e re: “Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale [“ke khato ea pele e lebisang bohlaleng,” The New English Bible].” Ho tšaba Molimo ke motheo oa bohlale ba ’nete. Hobane’ng? Hopola hore bohlale bo akarelletsa bokhoni ba ho sebelisa tsebo ka katleho. Ho tšaba Molimo hase ho tlakasela ka pel’a hae, empa ke ho ikokobelletsa eena ka tšabo e nang le tlhompho le ho mo tšepa. Tšabo eo e molemo ebile ke tšusumetso e matla. E re susumelletsa ho fetola bophelo ba rōna hore bo lumellane le seo re se tsebang ka thato ea Molimo le litsela tsa hae. Ke eona tsela feela e bohlale eo re ka e khethang, kaha kamehla litekanyetso tsa Jehova li ruisa ba li latelang molemo o moholo ka ho fetisisa.

6 Ntlha ea bobeli, re lokela ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa.  Bohlale ba bomolimo bo ke ke ba e-ba teng ntle le ho ikokobetsa le ho inyenyefatsa. (Liproverbia 11:2) Hobane’ng? Haeba re ikokobetsa re bile re inyenyefatsa, re lumela habonolo hore ha re tsebe ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hore ka linako tse ling likhopolo tsa rōna e ba tse fosahetseng le hore ho hlokahala hore re tsebe kelello ea Jehova tabeng. Jehova o “hanyetsa ba ikhohomosang,” empa o thabela ho fa ba ikokobelitseng pelong bohlale.—Jakobo 4:6.

E le hore re fumane bohlale ba bomolimo, re lokela ho etsa boiteko bo matla ba ho bo batla

7 Ntlha ea boraro e hlokahalang ke ho ithuta Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Bohlale ba Jehova bo senotsoe ka Lentsoeng la hae. E le hore re fumane bohlale boo, re lokela ho etsa boiteko ba ho bo batla. (Liproverbia 2:1-5) Ntlha ea bone e hlokahalang ke thapelo. Haeba re kōpa Molimo bohlale ka tieo, o tla re fa bona ka seatla se bulehileng. (Jakobo 1:5) Ha re kōpa thuso ea moea oa hae ka thapelo o tla re araba. Moea oa hae o ka re nolofalletsa ho fumana matlotlo a ka Lentsoeng la hae a ka re thusang ho rarolla mathata, ho qoba kotsi le ho etsa liqeto tse bohlale.—Luka 11:13.

8. Haeba re hlile re fumane bohlale ba bomolimo, hoo ho tla bonahala joang?

8 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 17, bohlale ba Jehova boa sebetsa. Kahoo, haeba re hlile re fumane bohlale ba bomolimo, bo tla totobala tseleng eo re itšoarang ka eona. Morutuoa Jakobo o ile a hlalosa litholoana tsa bohlale ba bomolimo ha a ne a ngola: “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile, hape bo na le khotso, kahlolo e molemo, bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo, ha bo khetholle ka leeme, ha bo na boikaketsi.” (Jakobo 3:17) Ha re ntse re tšohla litšobotsi tsena tsa bohlale ba bomolimo ka bomong, re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke tataisoa ke bohlale bo tsoang holimo bophelong ba ka?’

“Bo Hloekile, Hape bo na le Khotso”

9. Ho hloeka ho bolela eng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng?

9 “Pele ho tsohle bo hloekile.” Ho hloeka ho bolela ho se be le sekoli le ho se silafale eseng feela ponahalong ea ka ntle empa  le ka hare. Bibele e amahanya bohlale le pelo, empa bohlale ba leholimo bo ke ke ba kena pelong e silafalitsoeng ke mehopolo, litakatso le litšusumetso tse khopo. (Liproverbia 2:10; Matheu 15:19, 20) Leha ho le joalo, haeba lipelo tsa rōna li hloekile—ke hore, ho isa bohōleng boo ho bona batho ba sa phethahalang ba ka khonang—re tla “furalla se sebe ’me [re] etse se molemo.” (Pesaleme ea 37:27; Liproverbia 3:7) Na hase ho loketseng hore ebe bohloeki ke eona tšobotsi ea pele ea bohlale e thathamisitsoeng? Etsoe haeba re sa hloeka boitšoarong le moeeng, re ka bonahatsa litšobotsi tse ling tsa bohlale bo tsoang holimo ka tieo joang?

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be batho ba nang le khotso? (b) Haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena, u ka iponahatsa u le motho ea nang le khotso joang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

10 “Hape bo na le khotso.” Bohlale ba leholimo bo re susumelletsa ho phehella khotso, e leng tholoana ea moea oa Molimo. (Bagalata 5:22) Re leka ka matla ho qoba ho senya ‘tlamo ea khotso’ e kopanyang batho ba Jehova. (Baefese 4:3) Re boetse re etsa sohle se matleng a rōna ho tsosolosa khotso ha e lukehile. Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? Bibele e re: “Le tsoele pele . . . ho phela ka khotso; ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.” (2 Bakorinthe 13:11) Kahoo hafeela re ntse re phela ka khotso, Molimo oa khotso o tla ba le rōna. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rōna ka eona e ama kamano ea rōna le Jehova ka ho toba. Re ka iponahatsa re le batho ba nang le khotso joang? Nahana ka mohlala ona.

11 U lokela ho etsa’ng haeba u lemoha hore u khopisitse morapeli-’moho le uena? Jesu o ile a re: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) U ka sebelisa keletso eo ka ho nka khato ea pele ea ho ea ho mor’eno. Ka sepheo sefe? Sa ho ea “etsa khotso” le  eena. * Hore u finyelle seo, u ka ’na ua lokela ho lumela hore o hlabehile maikutlo, ho e-na le hore u hane. Haeba u e-ea ho eena ka sepheo sa ho tsosolosa khotso ’me u boloka boikutlo boo, mohlomong le ka rarolla ho se utloisisane leha e le hofe, motho ka mong a kōpa tšoarelo ’me le tšoarelana. Ha u nka bohato ba pele ba ho etsa khotso, u bontša hore u tataisoa ke bohlale ba bomolimo.

‘Bo na le Kahlolo e Molemo, bo Itokiselitse ho Mamela’

12, 13. (a) Lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho ba le kahlolo e molemo’ ho Jakobo 3:17 le bolela eng? (b) Re ka bontša joang hore re na le kahlolo e molemo?

12 ‘Bo na le kahlolo e molemo.’ Ho ba le kahlolo e molemo ho  bolela’ng? Ho latela litsebi, ho thata ho fetolela lentsoe la qalong la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho ba le kahlolo e molemo’ ho Jakobo 3:17. Bafetoleli ba bang ba ’nile ba sebelisa mantsoe a kang “bonolo,” “mamello” le “ho nahanela.” Ha e le hantle lentsoe leo la Segerike le bolela “ho tenyetseha.” Re ka bontša joang hore re tataisoa ke tšobotsi ee ea bohlale bo tsoang holimo?

13 Bafilipi 4:5 e re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “E-bang le botumo ba ho ba ba nang le kahlolo e molemo.” (The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips) Hlokomela hore hase hakaalo taba ea hore na rōna re italima joang; ke taba ea hore na ba bang ba re talima joang, hore na re tsebahala ka eng. Motho ea nang le kahlolo e molemo ha a tsitlallele ho latela se ngotsoeng molaong kapa hore lintho li etsoe ka tsela ea hae ka linako tsohle. Ho e-na le hoo, o ikemiselitse ho mamela ba bang, ’me o tsamaisana le maikutlo a bona ha ho loketse. Hape o bonolo, ha a khahlapetse ba bang kapa hona ho ba hatella, ha a sebelisana le bona. Le hoja hona e le habohlokoa ho Bakreste bohle, ke habohlokoa ka ho khetheha ho ba sebeletsang e le baholo. Bonolo boa hohela, bo etsa hore baholo ba atamelehe. (1 Bathesalonika 2:7, 8) Bohle re lokela ho ipotsa: ‘Na ke tsebahala ke le motho ea nahanelang, ea tenyetsehang le ea bonolo?’

14. Re ka bontša joang hore re “itokiselitse ho mamela”?

14 “Bo itokiselitse ho mamela.” Ha ho kae kapa kae hape ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bo itokiselitse ho mamela” le fumanoang teng. Ho latela setsebi se seng, lentsoe lena “le atisa ho sebelisoa thupelong ea sesole.” Le fana ka maikutlo a ho “susumetseha habonolo” le a “ho ba ea ikokobelitseng.” Motho ea tataisoang ke bohlale bo tsoang holimo o itokiselitse ho ikokobelletsa seo Mangolo a se bolelang. Hase motho ea tsebahalang ka hore ha a ile a etsa qeto a ke ke a fetoha leha ho ka hlaha linnete tse sa lumellaneng le eena. Ho e-na le hoo, o potlakela ho fetoha ha a bontšoa bopaki bo hlakileng ba Mangolo ba hore o hatile ka leoto lesele kapa hore o entse liqeto tse fosahetseng. Na ke kamoo ba bang ba u tsebang kateng?

 “Bo Tletse Mohau le Litholoana Tse Molemo”

15. Mohau ke’ng, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore “mohau” o matahanngoe le “litholoana tse molemo” ho Jakobo 3:17?

15 “Bo tletse mohau le litholoana tse molemo.” * Mohau ke tšobotsi ea bohlokoa ea bohlale bo tsoang holimo, kaha ho boleloa hore bohlale bo joalo “bo tletse mohau.” Hlokomela hore “mohau” o matahanngoa le “litholoana tse molemo.” Hona ho loketse, hobane hangata ka Bibeleng mohau o bolela ho ameha ka ba bang ka ho nka khato e itseng, ho ba le qenehelo e lebisang liketsong tse ngata tse mosa. Buka e ’ngoe ea litšupiso e hlalosa mohau e le “ho sareloa ka lebaka la bothata ba motho e mong le ho leka ho etsa ho hong ka bona.” Ka hona, bohlale ba bomolimo hase bo hlokang maikutlo, bo sehlōhō, kapa bo bontšang tsebo ea ka hloohong feela. Ho e-na le hoo, bo tletse mofuthu le kutloelo-bohloko ebile boa nahanela. Re ka bontša joang hore re tletse mohau?

16, 17. (a) Ho phaella ho rateng Molimo, ke’ng e re susumelletsang ho kopanela mosebetsing oa boboleli, hona hobane’ng? (b) Re ka bontša hore re tletse mohau ka litsela life?

16 Ka sebele tsela ea bohlokoa ke ho arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ke’ng e re susumelletsang ho etsa mosebetsi oo? Lebaka le ka sehloohong ke ho rata Molimo. Empa re boetse re susumetsoa ke mohau, kapa ho ba le qenehelo ho batho ba bang. (Matheu 22:37-39) Ba bangata kajeno ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Ba siiloe kherehloa le ho foufatsoa moeeng ke balisa ba bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ha ba tsebe tataiso e bohlale e fumanoang Lentsoeng la Molimo kapa litlhohonolofatso tseo ’Muso oo o tla li tlisa lefatšeng lena haufinyane. Ka hona ha re nahana ka litlhoko tsa moea tsa batho ba re potolohileng, qenehelo ea rōna e tlohang pelong e re susumelletsa ho etsa sohle se matleng a rōna ho ba bolella ka morero o lerato oa Jehova.

Ha re bontša mohau, kapa qenehelo, ho ba bang, re bonahatsa “bohlale bo tsoang holimo”

17 Re ka bontša ka litsela life hape hore re tletse mohau?  Hopola papiso ea Jesu ea Mosamaria ea ileng a fumana motho e mong ea neng a le leetong a rapaletse ka thōko ho tsela, a utsoelitsoe a bile a khakhathiloe. Mosamaria eo a susumelitsoe ke qenehelo, o ile a “etsa ka mohau,” a tlamisa maqeba a motho eo ea hlasetsoeng le ho mo hlokomela. (Luka 10:29-37) Na see ha se bontše hore mohau o akarelletsa ho fa ba hlokang thuso e sebetsang? Bibele e re re ‘sebetse se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagalata 6:10) Nahana ka menyetla e meng. Molumeli-’moho le rōna ea seng a hōlile a ka ’na a hloka sepalangoang ha a e-ea libokeng tsa Bokreste le ha a khutla. Mohlolohali ka phuthehong a ka ’na a hloka ho thusoa ho lokisa lintho tse itseng lapeng la hae. (Jakobo 1:27) E ka ’na eaba motho ea nyahameng o hloka “lentsoe le molemo” le ka mo hlasimollang. (Liproverbia 12:25) Ha re bontša mohau ka litsela tse joalo, re bontša hore re tataisoa ke bohlale bo tsoang holimo.

“Ha bo Khetholle ka Leeme, ha bo na Boikaketsi”

18. Haeba re tataisoa ke bohlale bo tsoang holimo, ke eng eo re lokelang ho leka ka matla ho e ntša ka metso lipelong tsa rōna, hona hobane’ng?

18 “Ha bo khetholle ka leeme.” Bohlale ba bomolimo bo phahametse lehloeo la morabe le boikhohomoso ba bochaba. Kaha re tataisoa ke bohlale bo joalo, re leka ka matla ho ntša ka metso tšekamelo leha e le efe e bontšang leeme lipelong tsa rōna. (Jakobo 2:9) Ha re tšoare ba bang ka tsela e khethehileng ka lebaka la boemo ba bona ba thuto, ba lichelete, kapa hobane ba e-na le boikarabelo bo itseng ka phuthehong; ebile ha re khelle barapeli-’moho le rōna leha e le bafe fatše, ho sa tsotellehe hore na ba ka ’na ba bonahala e le ba tlaase hakae. Haeba Jehova o entse hore batho bao ba amohele lerato la hae, ka sebele re lokela ho ba nka e le ba tšoaneloang ke lerato la rōna.

19, 20. (a) Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le tsoa hokae? (b) Re bontša “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi” joang, hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?

19 “Ha bo na boikaketsi.” Lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ka bolela “motšoantšisi ea bapalang karolo e itseng.” Mehleng ea boholo-holo, batšoantšisi ba Bagerike le  ba Baroma ba ne ba roala lifahleho tse khōlō tsa maiketsetso ha ba tšoantšisa. Kahoo, lentsoe la Segerike bakeng sa “moikaketsi” le ile la bolela motho ea ikhakanyang, kapa ea iketsang seo a seng sona. Tšobotsi ena ea bohlale ba bomolimo ha ea lokela ho susumetsa tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rōna ka eona feela empa esita le tsela eo re ikutloang ka eona ka bona.

20 Moapostola Petrose o ile a re “ho mamela ha [rōna] ’nete” ho lokela ho hlahisa “lerato la bara ba motho le se nang boikaketsi.” (1 Petrose 1:22) E, lerato la rōna ho barab’abo rōna ha ea lokela ho ba la mponeng feela. Ha re roale lifahleho tsa maiketsetso kapa ho iketsa seo re seng sona ho thetsa ba bang. Lerato la rōna e lokela ho ba la sebele, le tlohang pelong. Ha re etsa seo, balumeli-’moho le rōna ba tla re tšepa, kaha ba tla tseba hore re fela re le seo re bonahalang re le sona. Ho tiea ho joalo ho betla tsela ea hore ho be le kamano e tiileng le e tšepahalang pakeng tsa Bakreste ’me ho thusa ho etsa hore ho tšepana ho be teng ka phuthehong.

 “Sireletsa Bohlale bo Sebetsang”

21, 22. (a) Solomone o ile a hlōleha ho sireletsa bohlale joang? (b) Re ka sireletsa bohlale joang, hona re tla rua molemo joang ha re etsa joalo?

21 Bohlale ba bomolimo ke mpho e tsoang ho Jehova, eo re lokelang ho e sireletsa. Solomone o ile a re: “Mora oa ka, . . . sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.” (Liproverbia 3:21) Ka masoabi, Solomone ka boeena o ile a hlōleha ho etsa seo. O ile a lula a le bohlale nakong ea ha a ntse a e-na le pelo e mamelang. Empa qetellong, basali ba hae ba bangata ba balichaba ba ile ba khelosa pelo ea hae borapeling bo hloekileng ba Jehova. (1 Marena 11:1-8) Qetello ea Solomone e bontša hore tsebo hase ea bohlokoa hakaalo haeba re sa e sebelise hamolemo.

22 Re ka sireletsa bohlale bo sebetsang joang? Hase feela hore re lokela ho bala Bibele kamehla le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” empa hape re lokela ho ikitlaelletsa ho sebelisa seo re ithutang sona. (Matheu 24:45) Re na le mabaka ’ohle a ho sebelisa bohlale ba bomolimo. Bo re thusa ho phela ka tsela e molemo hona joale. Bo re nolofalletsa ho “tšoara ka tieo bophelo ba sebele”—bophelo lefatšeng le lecha la Molimo. (1 Timothea 6:19) Habohlokoa le ho feta, ho hlaolela bohlale bo tsoang holimo ho re atametsa mohloling oa bohlale bohle, Jehova Molimo.

^ ser. 1 Ho ea ka 1 Marena 3:16, basali bao ba babeli e ne e le matekatse. Insight on the Scriptures e re: “E ka ’na eaba basali bana e ne e se matekatse a etsang khoebo, empa e le basali ba entseng bohlola, ebang e ne e le basali ba Bajuda kapa mohlomong e le ba lichaba lisele.”—E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.

^ ser. 11 Poleloana ea Segerike e fetoletsoeng e le “etsa khotso” e tsoa leetsing le bolelang “‘ho lokisa, ho fapanyetsana,’ kahoo, ‘ho boelana.’” Kahoo sepheo sa hao ke ho fetola, ho tlosa bora pelong ea motho ea khopisitsoeng, ha ho khoneha.—Baroma 12:18.

^ ser. 15 Phetolelo e ’ngoe e fetolela poleloana ena e le “bo tletse qenehelo le liketso tse molemo.”—A Translation in the Language of the People, ea Charles B. Williams.