Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 21

Jesu o Senola “Bohlale bo Tsoang ho Molimo”

Jesu o Senola “Bohlale bo Tsoang ho Molimo”

1-3. Bao e kileng ea e-ba baahelani ba Jesu ba ile ba arabela joang ho seo a se rutang, hona ba ile ba hlōleha ho hlokomela eng ka eena?

BAMAMELI ba ne ba hloletsoe. Mohlankana Jesu o ne a eme ka pel’a bona ka synagogeng a ruta. Ba ne ba mo tseba—o ne a hōletse motseng oa habo bona, ’me a qetile lilemo har’a bona a sebetsa e le ’metli oa mapolanka. Mohlomong ba bang ba bona ba ne ba lula matlong ao Jesu a kentseng letsoho ho a haheng, kapa mohlomong ba ne ba lema masimo a bona ka mehoma le lijoko tseo a li entseng ka matsoho a hae. * Empa ba ne ba tla arabela joang thutong ea motho enoa eo e kileng ea e-ba ’metli oa mapolanka?

2 Ba bangata ba neng ba mametse ba ile ba hlolloa, ba botsa: ‘Monna eo o fumane bohlale boo hokae?’ Empa ba boetse ba re: “Enoa ke ’metli oa mapolanka mora oa Maria.” (Matheu 13:54-58; Mareka 6:1-3) Ka masoabi, bao e kileng ea e-ba baahelani ba Jesu ba ile ba re, ‘’Metli enoa oa mapolanka ke motho feela tjee joaloka rōna.’ Ho sa tsotellehe bohlale ba seo a se buang, ba ile ba hana ho mo amohela. Seo ba neng ba sa se tsebe ke hore bohlale boo a ba bolellang bona e ne e se ba hae.

3 Jesu o ne a fumane bohlale boo hokae? O ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu “ho rōna [o fetohile] bohlale bo tsoang ho Molimo.” (1 Bakorinthe 1:30) Bohlale ba Jehova bo senoloa ke Mora oa hae, Jesu. Ha e le hantle, sena e ne e le ’nete hoo Jesu a neng a ka re: “’Na le Ntate re bang.” (Johanne 10:30) A re hlahlobeng likarolo tse tharo tseo Jesu a ileng a bonahatsa “bohlale bo tsoang ho Molimo” ho tsona.

 Seo a Neng a se Ruta

4. (a) Sehlooho sa molaetsa oa Jesu e ne e le sefe, hona ke hobane’ng ha e ne e le sa bohlokoa haholo? (b) Ke hobane’ng ha kamehla keletso ea Jesu e sebetsa ebile e le molemong oa bamameli ba hae?

4 Taba ea pele, nahana ka seo Jesu a neng a se ruta. Sehlooho sa molaetsa oa hae e ne e le “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Luka 4:43) E ne e le sa bohlokoa haholo ka lebaka la karolo eo ’Muso oo o neng o tla e phetha ho tloseng qoso bobusing ba Jehova le ho tlisetseng batho litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng. Thutong ea hae, Jesu o ile a boela a fana ka keletso e bohlale bakeng sa bophelo ba letsatsi le letsatsi. O ile a ipaka ho ba “Moeletsi ea Hlollang” ea boletsoeng esale pele. (Esaia 9:6) Ka sebele, ke joang keletso ea hae e neng e ke ke ea e-ba e hlollang? O ne a e-na le tsebo e tebileng ea Lentsoe la Molimo le thato ea hae, a utloisisa ka ho feletseng sebōpeho sa batho, a bile a rata batho ka ho tebileng. Kahoo, kamehla keletso ea hae e ne e sebetsa ebile e le molemong oa bamameli ba hae. Jesu o ne a bua “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” Ka sebele, ha keletso ea hae e lateloa, e isa polokong.—Johanne 6:68.

5. Lintlha tse ling tseo Jesu a ileng a li akarelletsa Thutong ea Thabeng ke life?

5 Thuto ea Thabeng ke mohlala o mong o ikhethang oa bohlale boo ho seng bo ka bapisoang le bona bo fumanoang lithutong tsa Jesu. Ho ka ’na ha nka metsotso e ka bang 20 feela ho fana ka thuto ena, joalokaha e tlalehiloe ho Matheu 5:3–7:27. Leha ho le joalo, keletso eo e e fupereng hase ea nakoana e itseng feela—e sa sebetsa le kajeno joalokaha e ne e sebetsa ha e ne e qala ho fanoa. Jesu o ile a akaretsa lintlha tse ngata, tse akarelletsang tsela ea ho ntlafatsa likamano le ba bang (5:23-26, 38-42; 7:1-5,12), tsela ea hore motho a lule a hloekile boitšoarong (5:27-32) le ho phela bophelo bo nang le morero (6:19-24;7:24-27). Empa Jesu ha aa ka a bolella bamameli ba hae feela hore na tsela e bohlale ke efe; o ile a ba bontša eona ka ho ba hlalosetsa eona, ho ba behela mabaka le ho ba fa bopaki.

6-8. (a) Jesu o fana ka mabaka afe a kholisang a hore re qobe ho tšoenyeha? (b) Ke’ng e bontšang hore keletso ea Jesu e bonahatsa bohlale bo tsoang holimo?

 6 Ka mohlala, nahana ka keletso e bohlale eo Jesu a faneng ka eona mabapi le kamoo ho ka sebetsanoang ka katleho kateng le ho tšoenyeha ka lintho tse bonahalang, e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 6. Jesu oa re eletsa: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng.” (Temana ea 25) Lijo le liaparo ke litlhoko tsa motheo, ’me ke ho utloahalang ho tšoenyeha ka ho fumana lintho tsena. Empa Jesu o re re ‘khaotse ho tšoenyeha’ ka lintho tsena. * Hobane’ng?

7 Mamela ha Jesu a fana ka mabaka a kholisang. Kaha Jehova o re file bophelo le ’mele, na a ka sitoa ho re fa lijo ho baballa bophelo boo le liaparo ho apesa ’mele eo? (Temana ea 25) Haeba Molimo a fepa linonyana ’me a apesa lipalesa botle, ruri o tla hlokomela batho ba hae ba mo rapelang! (Temana ea 26,28-30) Ha e le hantle, ho tšoenyeha ho sa hlokahaleng ha ho thuse letho. Ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba rōna leha e se e le ka motsotsoana feela. * (Temana ea 27) Re ka qoba ho tšoenyeha joang? Jesu oa re eletsa: Le ’ne le etelletse pele borapeli ba Molimo bophelong ba lōna. Ba etsang seo ba ka kholiseha hore litlhoko tsohle tsa bona tsa letsatsi le letsatsi ba “tla li ekeletsoa” ke Ntat’a bona oa leholimo. (Temana ea 33) Ha a lihela likhala, Jesu o etsa tlhahiso e sebetsang ka ho fetisisa—shebana le letsatsi le le leng ka nako. Ke hobane’ng ha u ka phaella matšoenyeho a hosasane ho a kajeno? (Temana ea 34) Ho feta moo, ke hobane’ng ha u ka khathatseha ka ho sa hlokahaleng ka lintho tse ka ’nang tsa se ke tsa etsahala ho hang? Ho sebelisa  keletso ena e bohlale ho ka re qobisa masisa-pelo a mangata lefatšeng lena le sithabetsang.

8 Ho hlakile hore keletso eo Jesu a faneng ka eona e sa ntse e sebetsa le kajeno feela joalokaha e ne e sebetsa ha a ne a fana ka eona lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Na boo hase bopaki ba bohlale bo tsoang holimo? Esita le keletso e molemo ka ho fetisisa eo baeletsi ba batho ba fanang ka eona e atisa ho felloa ke nako ’me e se neng e ntlafatsoe kapa e nkeloe sebaka ke e ’ngoe. Leha ho le joalo, lithuto tsa Jesu li pakiloe e le ’nete li bile li sebetsa esita le ka mor’a nako e telele. Empa seo ha sea lokela ho re makatsa, kaha Moeletsi enoa ea Hlollang o ne a bua “lipolelo tsa Molimo.”—Johanne 3:34.

Mokhoa oa Hae oa ho Ruta

9. Masole a mang a ile a re’ng ka ho ruta ha Jesu, hona ke hobane’ng ha hoo e ne e se ho feteletsa taba?

9 Karolo ea bobeli eo Jesu a bonahalitseng bohlale ba Molimo ho eona ke mokhoa oa hae oa ho ruta. Ka lekhetlo le leng, masole a neng a rometsoe ho ea mo tšoara a ile a khutla a ntse a le joalo, a re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Johanne 7:45, 46) A ne a sa feteletse taba. Ho batho bohle ba kileng ba phela, Jesu, ea neng a “tsoa libakeng tse holimo,” o ne a e-na le mohloli o moholo ka ho fetisisa oa tsebo le phihlelo. (Johanne 8:23) Ka sebele o ne a ruta ka tsela eo ho seng motho ea neng a ka ruta ka eona. Ak’u nahane ka mekhoa e ’meli feela eo Mosuoe enoa ea bohlale a neng a e sebelisa.

“Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta”

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha re sa ome mathe ha re tsota ho sebelisa ha Jesu lipapiso? (b) Lipapiso ke’ng, hona ke mohlala ofe o bontšang lebaka leo ka lona lipapiso tsa Jesu li rutang ka katleho hakaale?

10 Ho sebelisa lipapiso ka katleho. Rea bolelloa: ‘Jesu o ile a bua le bongata ka lipapiso. Ka sebele, o ne a sa bue le bona kantle ho papiso.’ (Matheu 13:34) Ha re ome mathe ha re tsota bokhoni ba hae boo ho seng bo ka bapisoang le bona ba ho ruta linnete tse tebileng a sebelisa lintho tse tloaelehileng. Lihoai tse jalang peō, basali ba lokisetsang ho apeha bohobe, bana ba bapalang ’marakeng, batšoasi ba litlhapi ba akhelang matlooa, balisa ba batlang linku tse lahlehileng—tsena ke lintho  tseo bamameli ba hae ba neng ba tloaetse ho li bona. Ha linnete tsa bohlokoa li amahanngoa le lintho tse tloaelehileng, linnete tseo li thophothela ka potlako le ka ho teba kelellong le pelong.—Matheu 11:16-19; 13:3-8, 33, 47-50; 18:12-14.

11 Jesu o ne a atisa ho sebelisa lipapiso le lipale tse khutšoaane tse rutang linnete tsa boitšoaro kapa tsa moea. Kaha ho batla ho le bonolo ho utloisisa le ho hopola lipale ho feta ho nahana ka lintho tseo motho a ke keng a khona ho li bona, lipapiso li ne li thusa ho etsa hore seo Jesu a se rutang se hopolehe. Jesu o ile a hlalosa Ntate oa hae ka litšoantšo tse hlakileng tse ke keng tsa lebaleha habonolo, a sebelisa lipapiso tse ngata. Ka mohlala, ke mang ea ke keng a utloisisa ntlha e rutoang ke papiso ea mora ea lehlasoa—hore ha ea khelohileng a bontša pako ea sebele, Jehova o tla mo hauhela ’me a boele a mo amohele ka lerato?—Luka 15:11-32.

12. (a) Jesu o ne a sebelisa lipotso ka tsela efe ha a ruta? (b) Jesu o ile a khutsisa ba neng ba belaella matla a hae a ho etsa lintho joang?

12 Ho sebelisa lipotso ka bohlale. Jesu o ne a sebelisa lipotso ho etsa hore bamameli ba hae ba iketsetse liqeto, ba hlahlobe mabaka ao ba etsang lintho ka ’ona, kapa ba etse liqeto. (Matheu 12:24-30; 17:24-27; 22:41-46) Ha baeta-pele ba bolumeli ba ne ba mo botsa hore na Molimo o mo file matla a ho etsa lintho kapa che, Jesu o ile a araba: “Na kolobetso ea Johanne e ne e tsoa leholimong kapa ho batho?” Ba emisitsoe lihlooho ke potso eo, ba buisana ba re: “Haeba re re, ‘E tsoa leholimong,’ o tla re ho rōna, ‘Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’ Leha ho le joalo, haeba re re, ‘E tsoa ho batho,’ re tšaba bongata, kaha kaofela bo nka Johanne e le moprofeta.” Qetellong ba araba ba re: “Ha re tsebe.” (Mareka 11:27-33; Matheu 21:23-27) Ka potso eo e bonolo feela, Jesu o ile a ba koala molomo a ba a senola bolotsana bo ka lipelong tsa bona.

13-15. Papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e bonahatsa bohlale ba Jesu joang?

13 Ka linako tse ling Jesu o ne a kopanya mekhoa ena ka ho kenyelletsa lipotso tse etsang hore motho a nahane lipapisong tsa hae. Ha ramolao e mong oa Mojuda a ne a botsa Jesu hore na ho hlokahala eng hore a fumane bophelo bo sa feleng, Jesu o  ile a mo isa Molaong oa Moshe, o laelang hore motho a rate Molimo le moahelani. Kaha monna eo o ne a batla ho iponahatsa a lokile, o ile a botsa: “Ha e le hantle moahelani oa ka ke mang?” Jesu a mo araba ka ho mo phetela pale. Monna e mong oa Mojuda o ne a tsamaea a le mong ha a tla hlaseloa ke masholu, a ileng a mo siea a le makhatheng a lefu. Ha ntan’o feta Bajuda ba babeli, oa pele e le moprista ’me e mong e le Molevi. Ka bobeli ba mo hlokomoloha. Ha ntan’o fihla Mosamaria. A susumelitsoe ke khauho, ka mosa o ile a tlamisa maqeba a monna eo ea hlasetsoeng ’me ka lerato a mo isa tlung ea baeti e sireletsehileng moo a ka hlaphoheloang a le teng. Ha a qetella pale eo, Jesu a botsa mong’a potso: “Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani oa monna eo ea ileng a oela har’a masholu?” Monna eo o ile a tlameha ho araba ka ho re: “Ea ileng a mo etsa ka mohau.”—Luka 10:25-37.

14 Papiso ee e bonahatsa bohlale ba Jesu joang? Mehleng ea Jesu, Bajuda ba ne ba nka hore “moahelani” ke motho ea bolokang lineano tsa bona feela—ha e le hantle eseng Basamaria. (Johanne 4:9) Haeba Jesu a ne a ile a pheta pale eo ho eona Mosamaria e neng e le eena ea hlasetsoeng ’me a thusitsoe ke Mojuda, na o ne a tla felisa leeme leo? Jesu o ile a qapa pale eo ka bohlale e le hore Mosamaria e be eena ea hlokomelang Mojuda ka lerato. Hape, hlokomela potso eo Jesu a ileng a e botsa qetellong ea pale ena. O ile a tlosa khatiso ho lentsoe “moahelani.” Ha e le hantle, ramolao enoa o ne a ile a botsa: ‘Ke mang eo ke lokelang ho mo bontša lerato la boahelani?’ Empa Jesu o ile a botsa: “Ke mang ho ba bararo baa eo ho uena a bonahalang eka o ikentse moahelani?” Jesu ha aa ka a hatisa hore na ke mang ea ileng a etsoa ka mosa, empa o ile a hatisa hore na ke mang ea bontšitseng mosa, e leng Mosamaria. Moahelani oa sebele o nka khato ea pele ea ho bontša ba bang lerato ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe. Ha ho tsela e molemo ho feta ena eo Jesu a neng a ka hlakisa ntlha eo a e bolelang ka eona.

15 Na ke ho makatsang hore ebe batho ba ile ba hlolloa “ke tsela ea [Jesu] ea ho ruta” le hore ebe ba ile ba huleloa ho eena? (Matheu 7:28, 29) Ka lekhetlo le leng “bongata bo boholo” bo ile ba lula le eena matsatsi a mararo, bo se na le lijo!—Mareka 8:1, 2.

 Tsela ea Hae ea Bophelo

16. Jesu o ile a fana ka “bopaki bo sebetsang” ba hore o tataisoa ke bohlale ba bomolimo joang?

16 Karolo ea boraro eo Jesu a bonahalitseng bohlale ba Jehova ho eona ke tsela ea hae ea bophelo. Bohlale boa sebetsa; bo hlahisa litholoana tse molemo. Morutuoa Jakobo o ile a botsa: “Ke mang ea bohlale har’a lōna?” Eaba o araba potso eo ea hae, ka ho re: “Boitšoaro ba hae bo botle a bo ke bo fane ka bopaki bo sebetsang ba seo.” (Jakobo 3:13, The New English Bible) Tsela eo Jesu a ileng a itšoara ka eona e fana ka “bopaki bo sebetsang” ba hore o ne a tataisoa ke bohlale ba bomolimo. A re hlahlobeng kamoo a ileng a bonahatsa kahlolo e molemo kateng tseleng ea hae ea bophelo le litšebelisanong tsa hae le ba bang.

17. Ke lintho life tse bontšang hore Jesu o ne a leka-lekane ka ho phethahetseng bophelong?

17 Na u hlokometse hore batho ba se nang kahlolo e molemo ba atisa ho fetelletsa lintho? E, ho hlokahala bohlale ho ba ea leka-lekaneng. Kaha o ne a bonahatsa bohlale ba bomolimo, Jesu o ne a leka-lekane ka ho phethahetseng. Ka holim’a tsohle, o ne a etelletsa lintho tsa moea pele bophelong ba hae. O ne a tšoarehile haholo mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo. O ile a re: “Ke tsoile ka morero ona.” (Mareka 1:38) Ha ho pelaelo hore lintho tse bonahalang e ne e se tsa bohlokoa hakaalo ho eena; ho bonahala eka o ne a e-na le lintho tse seng kae tse bonahalang. (Matheu 8:20) Leha ho le joalo, o ne a sa itšoara ka thata-thata. Joaloka Ntat’ae, “Molimo ea thabileng,” Jesu e ne e le motho ea thabileng ’me a tlatsetsa thabong ea ba bang. (1 Timothea 1:11; 6:15) Ha a ne a ile moketeng oa lenyalo—ketsahalong eo ho eona ka tloaelo ho bang le ’mino, ho binoang ho bileng ho nyakalloang—o ne a sa ea moo ho ea sulafaletsa ba bang bophelo. Ha veine e fela, o ile a fetola metsi veine e monate, seno se “thabisang pelo ea motho ea shoang.” (Pesaleme ea 104:15; Johanne 2:1-11) Jesu o ile a amohela limemo tse ngata tsa hore a be teng lijong, ’me o ne a atisa ho sebelisa liketsahalo tseo ho ruta.—Luka 10:38-42; 14:1-6.

18. Jesu o ile a bonahatsa hore o na le kahlolo e ntle joang ha a sebelisana le barutuoa ba hae?

 18 Jesu o ne a bonahatsa kahlolo e ntle litšebelisanong tsa hae le ba bang. Ho utloisisa ha hae sebōpeho sa batho ho ne ho etsa hore a tsebe barutuoa ba hae hantle. O ne a tseba hantle hore ha baa phethahala. Leha ho le joalo, o ne a lemoha litšobotsi tsa bona tse ntle. O ne a hlokomela bokhoni boo banna bana bao Jehova a ba hutseng ba neng ba e-na le bona. (Johanne 6:44) Le hoja ba ne ba e-na le mefokolo, Jesu o ile a bontša hore o ne a ikemiselitse ho ba tšepa. Ho bontša hore oa ba tšepa, o ile a fa barutuoa ba hae boikarabelo bo boima. O ile a ba fa thōmo ea ho bolela litaba tse molemo, ’me o ne a kholisehile hore ba tla khona ho phetha thōmo eo. (Matheu 28:19, 20) Buka ea Liketso e tiisa hore ka botšepehi ba ile ba etsa mosebetsi oo a neng a ba laetse hore ba o etse. (Liketso 2:41, 42; 4:33; 5:27-32) Ka hona, ho hlakile hore Jesu o ne a bile bohlale ka ho ba tšepa.

19. Jesu o ile a bontša joang hore o na le ‘maikutlo a bonolo ’me o ikokobelitse pelong’?

19 Joalokaha re hlokometse Khaolong ea 20, Bibele e amahanya boikokobetso le bonolo le bohlale. Ke ’nete hore Jehova o beha mohlala o motle ka ho fetisisa ntlheng ena. Empa ho thoe’ng ka Jesu? Ke ho amang maikutlo ho hlokomela boikokobetso boo Jesu a ileng a bo bontša ha a sebelisana le barutuoa ba hae. Kaha e ne e le motho ea phethahetseng, o ne a ba  phahametse. Leha ho le joalo, o ne a sa khelle barutuoa ba hae fatše. Le ka mohla o ne a sa batle ho etsa hore ba ikutloe ba fokola kapa ba sa tšoanelehe. Ho e-na le hoo, o ne a nahanela mefokolo ea bona a bile a mamella liphoso tsa bona. (Mareka 14:34-38; Johanne 16:12) Na hase ho thahasellisang hore ebe esita le bana ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le Jesu? Ka sebele ba ne ba huleloa ho eena kahobane ba ne ba hlokomela hore o na le ‘maikutlo a bonolo ’me o ikokobelitse pelong.’—Matheu 11:29; Mareka 10:13-16.

20. Jesu o ile a bontša ho ba le kahlolo e molemo joang ha a sebelisana le mosali oa Molichaba eo morali oa hae a neng a hlasetsoe ke bademona?

20 Jesu o ile a bontša boikokobetso ba bomolimo ka tsela e ’ngoe hape ea bohlokoa. O ne a e-na le kahlolo e molemo, kapa a tenyetseha, ha mohau o ne o bontša hore ho loketse ho etsa joalo. Ka mohlala, hopola hore ka nako e ’ngoe mosali oa Molichaba o ile a mo kōpa hore a phekole morali oa hae ea neng a hlasetsoe hampe ke bademona. Qalong Jesu o ile a bontša ka litsela tse tharo tse sa tšoaneng hore ha a na ho mo thusa—ea pele, ka ho se mo arabe; ea bobeli, ka ho mo bolella ka ho toba hore ha aa romeloa ho Balichaba, empa o rometsoe ho Bajuda; ’me ea boraro, ka ho mo etsetsa papiso e hlakisang ntlha eo ka mosa. Leha ho le joalo, mosali eo o ile a mo qophella, a bonahatsa tumelo e ikhethang. Jesu o ile a arabela joang boemong boo bo ikhethang? O ile a etsa sona seo a neng a itse ha a na ho se etsa. O ile a phekola morali oa mosali eo. (Matheu 15:21-28) Na boo e ne e se boikokobetso bo tsotehang? Hopola hore boikokobetso ke motheo oa bohlale ba sebele.

21. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikemisetsa ho etsisa botho, lipuo le litsela tsa Jesu?

21 Re ka leboha hakaakang hore ebe Likosepele li re senolela lipuo le liketso tsa motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela! A re hopoleng hore Jesu e ne e le seipone se phethahetseng sa Ntat’ae. Ka ho etsisa botho ba Jesu, lipuo tsa hae le liketso tsa hae, re tla be re hlaolela bohlale bo tsoang holimo. Khaolong e latelang, re tla bona kamoo re ka sebelisang bohlale ba bomolimo kateng bophelong ba rōna.

^ ser. 1 Mehleng ea Bibele, babetli ba mapolanka ba ne ba haha matlo, ba etsa thepa ea ka tlung le lisebelisoa tsa masimong. Justin Martyr, oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a ngola tjena ka Jesu: “O ne a tloaetse ho betla mapolanka ha a le har’a banna, a etsa mehoma le lijoko.”

^ ser. 6 Leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tšoenyeha” le bolela “ho faposa kelello.” Joalokaha le sebelisitsoe ho Matheu 6:25, le bolela tšabo e faposang kelello kapa e ngamolang hlooho, e hlokisang motho thabo bophelong.

^ ser. 7 Ha e le hantle, phuputso ea saense e bontšitse hore ho khathatseha ho feteletseng le ho sithabela ho ka re beha kotsing ea boloetse ba pelo le methapo ea mali le maloetse a mang a mangata a ka khutsufatsang bophelo.