Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 KHAOLO EA 18

Bohlale bo ka Hare ho “Lentsoe la Molimo”

Bohlale bo ka Hare ho “Lentsoe la Molimo”

1, 2. Jehova o re ngoletse “lengolo” lefe, hona hobane’ng?

NA U hopola lekhetlo la ho qetela ha u ne u fumana lengolo le tsoang ho motho eo u mo ratang ea lulang hōle? Ke lintho tse seng kae feela tse re tlisetsang thabo joaloka lengolo le nang le molaetsa o tlohang botebong ba pelo le tsoang ho motho eo re mo ratang. Re thabela ho utloa hore na o phela joang, liphihlelo tsa hae le merero ea hae. Puisano e joalo e re atametsa ho batho bao re ba ratang, le haeba ba le hōle.

2 Joale, ke’ng e ka re tlisetsang thabo e fetang ea ho amohela molaetsa o ngotsoeng o tsoang ho Molimo eo re mo ratang? Ka kutloisiso e itseng, Jehova o re ngoletse “lengolo”—Lentsoe la hae, Bibele. Ka lona o re bolella seo a leng sona, seo a se entseng, seo a rerang ho se etsa le tse ling tse ngata. Jehova o re file Lentsoe la hae hobane a batla hore re be haufi le eena. Molimo oa rōna ea nang le bohlale bohle o ile a khetha ho buisana le rōna ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona le seo e se fupereng e bohlale hoo ho seng letho le ka bapisoang le eona.

Ke Hobane’ng ha a Sebelisitse Lentsoe le Ngotsoeng?

3. Jehova o ile a fa Moshe Molao ka tsela efe?

3 Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a sebelisa mokhoa o mong o ipiletsang haholoanyane—o kang oa ho bua a le leholimong—bakeng sa ho buisana le batho?’ Ke ’nete hore ka linako tse ling Jehova o ile a bua a le leholimong a sebelisa mangeloi e le baemeli. Ka mohlala, o ile a etsa seo ha a ne a fa Iseraele Molao. (Bagalata 3:19) Lentsoe le tsoang leholimong e ne e le le susumetsang tšabo e nang le tlhompho hoo Baiseraele ba tšohileng ba ileng ba kōpa hore Jehova a se ke a bua le bona ka tsela ena a mpe a buisane le bona ka Moshe.  (Exoda 20:18-20) Kahoo Moshe o ile a fuoa Molao, o nang le litaelo tse 600, ka molomo, lentsoe ka lentsoe.

4. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha neheletsano ea puo ea molomo e ne e sa tl’o ba tsela e tšepahalang ea ho fetisa melao ea Molimo.

4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba Molao oo o ne o sa ka oa ngoloa? Na Moshe o ne a tla khona ho hopola mantsoe a buuoeng ka ho toba a molao oo o nang le makolopetso a mangata le ho a fetisetsa ho sechaba joalokaha a le joalo? Ho thoe’ng ka meloko e tlang? Na e ne e tla tlameha ho itšetleha ka puo ea molomo feela? Eo e ne e tla ba tsela e sa tšepahaleng ea ho fetisa melao ea Molimo. Nahana ka se neng se ka etsahala haeba u ne u ka bolella mokoloko o molelele oa batho pale e itseng ka ho bolella motho oa pele ebe eena o bolella ea latelang joalo-joalo. E ka ’na eaba seo motho ea qetellong ea mokoloko a neng a tla se utloa se ne se tla be se fapane hōle le se boletsoeng qalong. Mantsoe a Molao oa Molimo a ne a se kotsing eo.

5, 6. Jehova o ile a laela Moshe hore a etse’ng ka mantsoe a Hae, hona ke hobane’ng ha e le tlhohonolofatso hore ebe re na le Lentsoe la Jehova le ngotsoeng?

5 Ka bohlale Jehova o ile a khetha hore mantsoe a hae a ngoloe. O ile a laela Moshe: “Ingolle mantsoe ana, hobane ke tumellanong le mantsoe ana ke hlabang selekane le uena le Iseraele.” (Exoda 34:27) Kahoo Bibele e ile ea qala ho ngoloa ka 1513 B.C.E. Lilemong tse fetang 1 610 tse ileng tsa latela, Jehova ‘o ile a bua ka makhetlo a mangata le ka litsela tse ngata’ le batho ba ka bang 40 ba ileng ba ngola Bibele. (Baheberu 1:1) Ha nako e ntse e ea, bakopitsi ba inehetseng ba ile ba e kopitsa ka hloko ho hlahisa likopi tse nepahetseng e le hore ba boloke Mangolo.—Esdrase 7:6; Pesaleme ea 45:1.

6 Ruri Jehova o re hlohonolofalitse ka ho buisana le rōna ka lengolo. Na u kile ua fumana lengolo leo u le ratang haholo—mohlomong hobane le u fa matšeliso ao u a hlokang—hoo u ileng ua le boloka ’me ua le bala khafetsa-khafetsa? Ho joalo le ka “lengolo” leo Jehova a re ngoletseng lona. Kaha Jehova o re  ngoletse mantsoe a hae, re khona ho a bala kamehla le ho thuisa ka seo a se bolelang. (Pesaleme ea 1:2) Re ka fumana “matšeliso a tsoang Mangolong” neng le neng ha re a hloka.—Baroma 15:4.

Ke Hobane’ng ha le Ngotsoe ke Batho?

7. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang tabeng ea ho sebelisa ha hae batho hore ba ngole?

7 Ka bohlale ba hae, Jehova o ile a sebelisa batho ho ngola Lentsoe la hae. Nahana ka sena: Haeba Jehova a ne a ile a sebelisa mangeloi ho ngola Bibele, na e ne e tla ’ne e ipiletse ka tsela e tšoanang? Ke ’nete hore mangeloi a ne a ka hlalosa Jehova ho ea ka pono ea ’ona e phahameng, a hlalosa boinehelo ba ’ona ho eena le ho tlaleha ka bahlanka ba Molimo ba tšepahalang. Empa na re ne re tla hle re khone ho utloisisa pono ea libōpuoa tseo tse phethahetseng tsa moea, tse re phahametseng hōle ka tsebo, phihlelo le matla?—Baheberu 2:6, 7.

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo”

8. Bangoli ba Bibele ba ile ba lumelloa ho sebelisa matla a bona a kelello joang? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

8 Ka ho sebelisa batho e le bangoli, Jehova o re file sona seo re se hlokang, e leng tlaleho e ‘bululetsoeng ke Molimo’ empa e e-na le tšobotsi ea botho. (2 Timothea 3:16) O finyeletse see joang? Ho totobetse hore maemong a mangata o ile a lumella bangoli hore ba sebelise matla a bona a kelello ‘ho fumana mantsoe a thabisang le ho ngola mantsoe a nepahetseng a ’nete.’ (Moeklesia 12:10, 11) Sena se hlalosa litsela tse sa tšoaneng tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona; libuka tsa eona li bonahatsa semelo le botho ba bangoli ka bomong. * Leha ho le joalo, banna bana “ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:21) Kahoo, ka sebele seo ba se hlahisitseng se qeteletse e le “lentsoe la Molimo.”—1 Bathesalonika 2:13.

9, 10. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa ha batho e le bangoli ho tlatsetsa mofuthung le ho ipiletseng ha Bibele?

 9 Ho sebelisoa ha batho e le bangoli ho etsa hore Bibele e be mofuthu ’me e be e ipiletsang ka tsela e tsotehang. Bangoli ba eona e ne e le batho ba nang le maikutlo a joaloka a rōna. Kaha ba ne ba sa phethahala, ba ile ba tobana le liteko le likhatello tse kang tseo re tobanang le tsona. Ka linako tse ling, moea oa Jehova o ile oa ba bululela hore ba ngole ka maikutlo le mathata a bona. (2 Bakorinthe 12:7-10) Kahoo ba ile ba ngola se etsahetseng ho bona ka seqo, ka mantsoe ao ho seng lengeloi le neng le ka a bua.

10 Ka mohlala, nahana ka Morena Davida oa Iseraele. Ka mor’a hore a etse libe tse tebileng, Davida o ile a qapa pesaleme eo a ileng a tšolla se ka pelong ea hae ka eona, a kōpa Molimo hore a mo tšoarele. O ile a ngola: “U ntlhoekise esita le sebeng sa ka. Etsoe ke tseba litlōlo tsa ka, sebe sa ka se ka pel’a ka kamehla. Bona! Ke ile ka tsoalloa phosong ka bohloko ba pelehi, ’Mè a nkemolela sebeng. U se ke ua ntahlela hōle le sefahleho sa hao; u se ke ua tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na. Mahlabelo a eang ho Molimo ke moea o robehileng; Molimo, u ke ke ua nyelisa pelo e robehileng le e sithabetseng.” (Pesaleme ea 51:2, 3, 5, 11, 17) Na u utloa bohloko boo mongoli a bo utloang? E ka ba mang e mong haese feela motho ea sa phethahalang ea ka hlalosang maikutlo ao a tsoang pelong?

Ke Hobane’ng ha e le Buka e Buang ka Batho?

11. Ke mehlala ea lintho life tse etsahetseng bophelong ba sebele e ngotsoeng ka Bibeleng “ho re laea”?

11 Ho na le ho hong ho tlatsetsang ho ipiletseng ha Bibele. Ke buka e buang haholo ka batho—batho ba sebele—ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng. Re bala ka maemo le mathata ao ba fetileng ho ’ona, le lintho tse ileng tsa ba thabisa. Re bona liphello tsa lintho tseo ba ileng ba li khetha bophelong. Litlaleho tseo li ile tsa ngolloa “ho re laea.” (Baroma 15:4) Jehova o re ruta ka tsela e re amang lipelo ka mehlala ea lintho tsena tse etsahetseng bophelong ba sebele. Nahana ka mehlala e seng mekae.

12. Litlaleho tsa Bibele tse buang ka batho ba sa tšepahaleng li re thusa ka tsela efe?

 12 Bibele e bua ka batho ba sa tšepahaleng le ba khopo le ka se ileng sa ba hlahela. Litlaleho tsena li bontša litšobotsi tse sa lakatseheng tse bonahalang liketsong tsa bona, e leng ho re nolofalletsang ho li utloisisa. Ka mohlala, ke taelo efe e neng e ka khalemela ho hloka botšepehi ho feta mohlala o phelang oa tšobotsi ee ho Judase ha a ne a ntšetsa pele morero oa hae oa ho eka Jesu? (Matheu 26:14-16, 46-50; 27:3-10) Litlaleho tse kang ena li ama lipelo tsa rōna ka tsela e atlehang haholoanyane, li re thusa ho bona le ho lahla litšobotsi tse mpe.

13. Bibele e re thusa ho utloisisa litšobotsi tse lakatsehang ka tsela efe?

13 Bibele e boetse e hlalosa bahlanka ba bangata ba Molimo ba tšepahalang. Re bala ka boinehelo le botšepehi ba bona. Re bona mehlala e phelang ea litšobotsi tseo re lokelang ho li hlaolela e le hore re atamele ho Molimo. Ka mohlala, nahana ka tumelo. Bibele e re hlalosetsa tumelo ’me e re bolella kamoo e hlokahalang kateng hore re khahlise Molimo. (Baheberu 11:1, 6) Empa Bibele e boetse e na le mehlala e hlakileng ea ho bontša tumelo. Nahana ka tumelo eo Abrahama a ileng a e bontša ha a ne a leka ho nyehela Isaka. (Genese, khaolo ea 22; Baheberu 11:17-19) Ka litlaleho tse kang eo, lentsoe “tumelo” le ba le moelelo o eketsehileng ’me ho ba bonolo ho le utloisisa. Ke bohlale bo bokaakang hore ebe Jehova ha a re eletse feela hore re hlaolele litšobotsi tse lakatsehang empa hore ebe o boetse o re fa mehlala ea sebele ea ba li bontšitseng!

14, 15. Bibele e re bolella’ng ka mosali e mong ea neng a tlile tempeleng, hona re ithuta’ng ka Jehova tlalehong ee?

14 Hangata litlaleho tsa lintho tse etsahetseng bophelong ba sebele tse fumanoang ka Bibeleng li re ruta ho hong ka botho ba Jehova. Nahana ka seo re se balang ka mosali eo Jesu a ileng a mo bona ka tempeleng. Jesu o ne a lutse haufi le matlōle a polokelo, a shebeletse ha batho ba ntse ba akhela menehelo ea bona. Barui ba bangata ba ne ba e-tla, ba fana “ho tsoa botlallong ba bona.” Empa mahlo a Jesu a ile a tsepama ho mohlolohali e mong ea futsanehileng. O ile a akhela “licheletana tse peli tsa tšepe, tsa boleng bo bonyenyane haholo.” *  E ne e le chelete ea ho qetela eo a nang le eona. Jesu ea neng a bonahatsa ka ho phethahetseng pono ea Jehova litabeng, o ile a re: “Mohlolohali enoa oa mofutsana o akhetse ho fetang ha bohle ba akhelang chelete ka matlōleng a polokelo ea matlotlo.” Ho latela mantsoe ao, o ne a noketse chelete e fetang ea ba bang bohle ha e kopane.—Mareka 12:41-44; Luka 21:1-4; Johanne 8:28.

15 Na hase habohlokoa hore ebe har’a batho bao bohle ba neng ba tlile tempeleng letsatsing leo, mohlolohali eo o ile a qoolloa le ho boleloa ka Bibeleng? Ka mohlala ona, Jehova o re ruta hore ke Molimo ea ananelang. O thabela ho amohela limpho tsa rōna tse fanoang ka moea oohle, ho sa tsotellehe hore na li joang ha li bapisoa le tseo ba bang ba fanang ka tsona. Ka sebele Jehova o fumane tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho re ruta ’nete ena e thabisang!

Seo Bibele e se Siileng ka Thōko

16, 17. Bohlale ba Jehova bo bonahala joang esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thōko Lentsoeng la hae?

16 Ha u ngolla motho eo u mo ratang lengolo, u ka akarelletsa lintho tse itseng feela. Kahoo u sebelisa temoho ho khetha seo u se ngolang. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a khetha ho bua ka batho ba itseng le liketsahalo tse itseng ka Lentsoeng la hae. Empa Bibele ha e qaqise makolopetso ’ohle litlalehong tsena. (Johanne 21:25) Ka mohlala, boitsebiso boo Bibele e fanang ka bona ha e bua ka kahlolo ea Molimo bo ka ’na ba se ke ba araba potso e ’ngoe le e ’ngoe eo re ipotsang eona. Bohlale ba Jehova bo bonoa esita le ho seo a khethileng ho se siea ka thōko Lentsoeng la hae. Joang?

17 Tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e sebeletsa ho lekola se ka lipelong tsa rōna. Baheberu 4:12 e re: “Lentsoe [kapa molaetsa] la Molimo lea phela ’me le fana ka matla ’me le bohale ho  feta sabole leha e le efe e sehang ka nģa tse peli ’me le phunyeletsa esita le ho ea fihla moo ho arohanang moea le boikutlo . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” Molaetsa oa Bibele o phunyeletsa ho ea tlaase, o senola monahano le maikutlo a rōna a sebele. Ba e balang ba e-na le boikutlo ba ho nyatsa-nyatsa ba atisa ho khopisoa ke litlaleho tse se nang boitsebiso bo lekaneng ho ba khotsofatsa. Batho bao ba ka ’na ba belaella le hore na Jehova o hlile o lerato, o bohlale le hore o na le toka.

18, 19. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha haeba tlaleho e itseng ea Bibele e hlahisa lipotso tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang? (b) Ho hlokahala eng hore re utloisise Lentsoe la Molimo, hona see ke bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo joang?

18 Ka lehlakoreng le leng, ha re ithuta Bibele ka hloko ka lipelo tse tšepahalang, re bona kamoo Bibele ka kakaretso e hlalosang Jehova kateng. Kahoo, ha re tšoenyehe haeba tlaleho e itseng e hlahisa lipotso tse itseng tseo re sitoang ho li fumanela likarabo hang-hang. Ka mohlala: Ha re kopanya likhechana tsa morabaraba o moholo o bapaloang ka ho kopanya litšoantšo, re ka ’na ra se ke ra fumana sekhechana se seng qalong kapa ra sitoa ho bona hore na se itseng se kena hokae. Leha ho le joalo, re ka ’na ra bokella tse ngata ka ho lekaneng hore re utloisise hore na setšoantšo se feletseng se lokela ho shebahala joang. Ka ho tšoanang, ha re ithuta Bibele, hanyane ka hanyane re ithuta hore na Jehova ke Molimo oa mofuta ofe, ’me re qala ho ba le setšoantšo se hlakileng. Le haeba qalong re sitoa ho utloisisa tlaleho e itseng kapa ho bona hore na e kopana joang le botho ba Molimo, ho ithuta ha rōna Bibele ho se ho ntse ho re rutile ka Jehova ka ho lekaneng ho re nolofalletsa ho bona hore ka sebele ke Molimo ea lerato, ea sa eeng ka tšobotsi le ea nang le toka.

19 Ka hona, e le hore re utloisise Lentsoe la Molimo, re tlameha ho le bala le ho ithuta lona ka pelo e tšepahalang le ka kelello e se nang leeme. Na boo hase bopaki ba bohlale ba Jehova bo boholo? Batho ba masene ba khona ho ngola libuka tse ka utloisisoang ke batho “ba bohlale le ba nang le kelello” feela. Empa ho ba mongoli oa buka e ka utloisisoang ke ba susumetsoang ke lipelo tse lokileng feela—hoo ho hloka bohlale ba Molimo!—Matheu 11:25.

 Buka e Nang le “Bohlale bo Sebetsang”

20. Ke hobane’ng ha e le Jehova feela ea ka re bolellang tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela, hona Bibele e na le eng e ka re thusang?

20 Jehova o re bolella tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela Lentsoeng la hae. Kaha ke ’Mōpi oa rōna, o tseba litlhoko tsa rōna ho re feta. ’Me litlhoko tsa batho tsa motheo—tse akarelletsang takatso ea ho ratoa, ho thaba le ho ba le likamano tse atlehileng—ha lia fetoha. Bibele e na le letlotlo la “bohlale bo sebetsang” bo ka re thusang ho phela bophelo bo nang le morero. (Liproverbia 2:7) Karolo ka ’ngoe bukeng ena e na le khaolo e bontšang kamoo re ka sebelisang keletso e bohlale ea Bibele kateng, empa a re hlahlobeng mohlala o le mong feela mona.

21-23. Ke keletso efe e bohlale e ka re thusang ho qoba ho koetla khalefo le tlhonamo?

21 Na u kile ua hlokomela hore batho ba koetlang likhopiso le tlhonamo ba atisa ho qetella ba intšitse kotsi? Tlhonamo ke moroalo o boima oo motho a ka o jarang bophelong. Ha re e koetla, e re imetsa likelellong, e re amoha khotso le thabo. Liphuputso tsa saense li bontša hore ho koetla khalefo ho ka eketsa monyetla oa hore re tšoaroe ke boloetse ba pelo le maloetse a mang a mangata a sa foleng. Nako e telele pele ho liphuputso tseo tsa saense, ka bohlale Bibele e ile ea re: “Tlohela bohale ’me u lese khalefo.” (Pesaleme ea 37:8) Empa re ka etsa seo joang?

22 Lentsoe la Molimo le fana ka keletso ena e bohlale: “Ka sebele temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” (Liproverbia 19:11) Temohisiso ke bokhoni ba ho bona se patehileng, ho bona se sa totobalang. Temohisiso e tlisa kutloisiso, kaha e ka re thusa ho lemoha hore na ke hobane’ng ha motho e mong a ile a bua kapa a itšoara ka tsela e itseng. Ho leka ho utloisisa mabaka ao a hlileng a etsang lintho ka ’ona, maikutlo le maemo a hae ho ka ’na ha re thusa ho leleka monahano le maikutlo a mabe ka eena.

23 Bibele e fana ka keletso ena e eketsehileng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi.” (Bakolose 3:13)  Poleloana “tsoelang pele le mamellana” e fana ka maikutlo a ho se felle ba bang pelo, ho mamella lintho tseo re ka ’nang ra fumana li khopisa. Ho ba le mamello e joalo ho ka re thusa ho qoba ho koetla likhopiso tse sa reng letho. “Ho tšoarelana” ho fetisa khopolo ea ho se jarane ka lipelo. Molimo oa rōna ea bohlale oa tseba hore re lokela ho tšoarela ba bang ha ho e-na le motheo o utloahalang oa ho etsa joalo. Sena ha se feela molemong oa bona empa hape le molemong oa khotso ea rōna kelellong le pelong. (Luka 17:3, 4) Ke bohlale bo bokaakang bo fumanoang Lentsoeng la Molimo!

24. Ho etsahala’ng ha re fetola bophelo ba rōna tumellanong le bohlale ba Molimo?

24 A susumelitsoe ke lerato la hae le se nang meeli, Jehova o ile a batla ho buisana le rōna. O ile a khetha tsela e molemo ka ho fetisisa e ka khonehang, e leng “lengolo” le ngotsoeng ke batho ba neng ba tataisoa ke moea o halalelang. Ka lebaka leo, bohlale ba Jehova bo fumanoa maqepheng a lona. Bohlale bona bo ‘tšepahala haholo.’ (Pesaleme ea 93:5) Ha re ntse re fetola bophelo ba rōna tumellanong le bona ’me re bo abela ba bang, ha ho pelaelo hore re atamela ho Molimo oa rōna ea nang le bohlale bohle. Khaolong e latelang, re tla tšohla mohlala o mong o ikhethang oa bohlale ba Jehova bo bonelang hōle: bokhoni ba hae ba ho bolela bokamoso esale pele le ba ho phethahatsa morero oa hae.

^ ser. 8 Ka mohlala, Davida, ea neng a lisa, o sebelisa mehlala e nkiloeng bophelong ba ho lisa. (Pesaleme ea 23) Matheu, eo e neng e le ’mokelli oa lekhetho, o bolela lipalo le lichelete khafetsa. (Matheu 17:27; 26:15; 27:3) Luka, eo e neng e le ngaka, o sebelisa mantsoe a bontšang tsebo ea hae ea phekolo ea meriana.—Luka 4:38; 14:2; 16:20.

^ ser. 14 Chelete e le ’ngoe licheleteng tsena tsa tšepe e ne e le lepton, e leng chelete ea Bajuda e nyenyane ka ho fetisisa ea tšepe e neng e sebelisoa ka nako eo. Li-lepton tse peli li ne li lekana le karolo e le ’ngoe ho tse 64 ea moputso oa letsatsi. Lichelete tsena tse peli tsa tšepe li ne li bile li sa lekane le ho reka serobele se le seng, e leng nonyana e theko e tlaase ka ho fetisisa e neng e jeoa ke mafutsana.