Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balebeli ba potoloho ba chesehang ba ne ba sebetsa hammoho le Mor’abo rōna Russell

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1916

Lilemong Tse Lekholo Tse Fetileng—1916

MATHOASONG a 1916, ho ne ho se ho fetile selemo Ntoa e Khōlō e kupa, eo hamorao e ileng ea bitsoa Ntoa ea I ea Lefatše. Batho ba bangata ba ile ba shoa ntoeng eo.

Molula-Qhooa oa January 1, 1916, o ile oa re: “Ntoa e entse hore batho ba bangata e be balumeli, ’me ba khathatsehile ka bokamoso ba bona.” O ile oa phaella ka ho re: “A re beng sebete ’me re chesehele ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo.”

Temana ea selemo ea 1916 e neng e thehiloe ho Baroma 4:20 (King James Version) e ile ea khothalletsa barab’abo rōna ho lula ba le “matla tumelong.” Liithuti tse ngata tsa Bibele li ile tsa etsa joalo, ’me Jehova a li hlohonolofatsa haholo.

Balebeli ba Potoloho ba Ile ba Khothatsa Barab’abo Rōna

Baemeli ba Mokhatlo oa Watch Tower ba neng ba etela liphutheho ba ile ba ea litoropong tse fapaneng, ba khothatsa le ho laea Liithuti Tsa Bibele. Ka 1916, barab’abo rōna ba ka bang 69 ba ile ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang milione, ba etsa mosebetsi ona.

 Kopanong e neng e tšoaretsoe Norfolk, Virginia, molebeli e mong oa potoloho e leng Walter Thorn, o ile a bapisa Ntoa e Khōlō e neng e loana le eo Bakreste ba leng ho eona, a re: “Ho hakanngoa hore masole a ntoeng a limilione tse 20 ho isa ho tse 30. . . . Empa ho na le masole a mang ao batho ba sa tsebeng ka ’ona. Ke masole a Morena, ’me ho tšoana le lebotho la mehleng ea Gideone, aa loana, empa eseng ka libetsa. A loanela ’nete le ho loka, ’me a loana ntoa e ntle ea tumelo.”

Ho Tsoela Pele ka Mosebetsi ho sa Tsotellehe Ntoa

Batho ba fetang milione ba ile ba lemala, ba bang ba bolaoa Ntoeng ea Pele ea Somme, Fora, e ileng ea loana ho elella qetellong ea 1916. Libakeng tse ling tsa Fora, barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ka thata ho tšehetsa lihlopha tse nyenyane tsa ho ithuta Bibele kapa liphutheho, le hoja ho ne ho se bonolo ka lebaka la ntoa. Molula-Qhooeng oa January 15, 1916, ho ile ha hlaha lengolo la Joseph Lefèvre, e leng Seithuti sa Bibele se ileng sa tlameha ho baleha motseng oa habo sona oa Denain, Fora, ha ho fihla mabotho a Jeremane ka 1914. O ile a balehela  Paris boroa, ’me a qala ho kopanela le sehlopha sa Liithuti Tsa Bibele sa moo. Ho sa tsotellehe maemo a hae a bophelo, e ne e se e le eena ea tšoarang liboka tsohle.

Hamorao, Théophile Lequime le eena o ile a baleha Denain, ’me a latela Joseph. Qalong, Mor’abo rōna Lequime o ile a ea Auchel, Fora, ’me a qala ho fetolela lihlooho tsa Molula-Qhooa le ho li romella barab’abo rōna ba likarolong tse ling tsa Fora, tseo masole a neng a e-s’o ka a fihla ho tsona. Leha ho le joalo, ba boholong sesoleng ba ile ba mo leleka Auchel, hobane ba belaetsoa ke mosebetsi oo a o etsang. Mor’abo rōna Lefèvre o ile a re Jehova o arabetse lithapelo tsa hae ka hore ebe Mor’abo rōna Lequime o ile a ea Paris.

Mosebetsi oo ba ileng ba o etsa Paris o ile oa hlohonolofatsoa haholo. Mor’abo rōna Lefèvre o ile a tlaleha a re: “Hona joale sehlopha sa rōna se se se e-na le batho ba ka bang 45 . . . Batho ba bangata ba hlokometse hore ke habohlokoa ho re ba inehele, ’me ba tsoela pele ho matlafatsa kamano ea bona le Jehova. Boholo ba bona, ba ba teng sebokeng sa bopaki sa beke le beke (e leng seboka seo ba neng ba arolelana liphihlelo ho sona).”

Ha Baa ka ba Kenela Sesole

Ha ntoa e ntse e tsoela pela, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tobana le mathata hobane ba hana ho ea sesoleng. Naheng ea Brithani, ho ile ha thehoa Molao oa Tšebeletso ea Sesole, o neng o re banna bohle ba lilemo li 18 ho ea ho 40 ba lokela ho kenela sesole. Empa Liithuti tse ngata Tsa Bibele li ile tsa hana.

Ka mohlala, Molula-Qhooeng oa April 15, 1916, ho ile ha hlaha lengolo la W. O. Warden oa Scotland. O ile a re: “Mora oa ka e mong o se a le lilemo li 19. O se a tšepahetse ho Morena ho tla fihlela joale, ka hore a se ke a ngolisa sesoleng, ’me le haeba ba batla ho mo bolaea ka lebaka la seo, ke tšepa hore Morena o tla mo thusa hore a lule a tšepahala.”

James Frederick Scott, e leng pula-maliboho ea mocha lilemong oa Edinburgh, Scotland, o ile a qosoa hobane a hana ho ingolisetsa sesole. Empa ka mor’a hore lekhotla le mamele  nyeoe ea Mor’abo rōna Scott, le ile “la mo lumella hore a se ke a ea sesoleng, ’me la mo fumana a se molato.”

Empa ba bang bona ha baa ka ba lumelloa. Molula-Qhooa oa October 15, 1916 o ile oa tlaleha hore ka September hona selemong seo, barab’abo rōna ba 264 ba ile ba kōpa hore ba se ke ba ea sesoleng, empa ke ba 23 feela ba ileng ba fuoa mesebetsi e sa amaneng le sesole. Ba setseng “ba ile ba fuoa likotlo tse sa tšoaneng,” ba abeloa ho etsa “Tšebeletso ea Sechaba, e kang ho etsa litsela, ho thuha majoe, joalo-joalo.” Ke barab’abo rōna ba bahlano feela ba ileng ba lumelloa hore ba se ke ba ea sesoleng.

Lefu la Charles Taze Russell

Ka October 16, 1916, Charles Taze Russell, ea neng a etella Liithuti Tsa Bibele pele ka nako eo, o ile a kena leetong la ho ruta batho Bibele bophirimela ho United States. Ha aa ka a hlola a khutla. Motšehare oa mantsiboea, ka Labobeli la la 31 October, Mor’abo rōna Russell o ile a hlokahalla ka tereneng Pampa, Texas, a le lilemo li 64.

Barab’abo rōna ba ne ba bona ho se motho ea ka khonang ho etsa mosebetsi oa Mor’abo rōna Russell. O ne a ngotse lengolo le hlalosang seo a lakatsang hore se etsahale ka mosebetsi oo a ’nileng a o etella pele ka lilemo, ’me lengolo leo le ile la hlaha Molula-Qhooeng oa December 1, 1916. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ne ba ntse ba ipotsa hore na ke mang ea tla mo hlahlama.

Potso eo e ile ea arajoa sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, se ileng sa tšoaroa mathoasong a 1917. Ba neng ba le teng sebokeng seo ba ile ba vouta, ’me bohle ba e-ba ntsoe-leng. Empa likhoeling tse latelang ho ile ha hlaka hore tumellano eo e ne e le ea nakoana, kaha barab’abo rōna ba ile ba tobana le liteko tse matla ka mor’a moo.