Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Phutheho ea Surabaya ka 1954

 INDONESIA

Baromuoa ba Gileade Baa Fihla

Baromuoa ba Gileade Baa Fihla

Ka July 1951, phutheho e nyenyane ea Jakarta e ile ea bokana ho tla amohela Peter Vanderhaegen, e leng moromuoa oa pele ea tsoang sekolong sa Gileade ea ileng a fihla Indonesia. Ha selemo seo se fela, ho ne ho se ho e-na le baromuoa ba 13 ba tsoang Australia, Germany le Netherlands, ’me palo ea bona e imena habeli ha e bapisoa le ea bahoeletsi ba Indonesia.

Moromuoa e mong oa Modache e leng Fredrika Renskers, o re: “Ke ne ke nahana hore ke tla sebelisa matsoho ha ke bua le batho, kaha ke ne ke sa tsebe puo ea bona. Empa kaha batho ba bangata ba ne ba bua Sedache, hangata ke ne ke bolela litaba tse molemo ka sona.” Ronald Jacka, ea tsoang Australia, o re: “Re ne re paka ka karete e ngotsoeng molaetsa o mo khutšoanyane oa Bibele ka Seindonesia. Ke ne ke sheba karete eo pele ke kokota, e le hore ke leke ho bua molaetsa oo ka hlooho.”

Baromuoa ba ne ba sebetsa ka thata, kahoo, palo ea bahoeletsi e ile ea tloha ho 34 ho ea ho 91 ka selemo se le seng feela. Ka la 1 September, 1951, ho ile ha thehoa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ha mor’abo rōna André Elias, Central Jakarta. Ronald Jacka o ile a khethoa ho ba mohlanka oa lekala.

Litaba Tse Molemo li Fihla le Libakeng Tse Ling

Ka November 1951, Peter Vanderhaegen o ile a abeloa ho ea sebeletsa Manado, North Sulawesi, moo Theo Ratu le mosali oa hae ba neng ba thehile sehlopha se senyenyane. Batho ba bangata ba moo ba ne ba ipolela hore ke Bakreste, ’me ba hlompha Lentsoe la Molimo. Ba ne ba kōpa Lipaki hore li tl’o ba hlalosetsa lithuto tsa Bibele. Ha re qala re ne re buisana le batho ba leshome, ebe ka mor’a metsotso e 15, baa  eketseha ba ba 50. Ha hora e fela, ba ne ba qetella ba le 200 ’me ho se ho hlokahala hore re ee sebakeng se seholoanyane.

Maqalong a 1952, Albert le Jean Maltby ba ile ba lula lehaeng la baromuoa Surabaya, East Java, e leng toropo ea bobeli e khōlō ka ho fetisisa Indonesia. Hamorao ho ile ha fihla baralib’abo rōna ba tšeletseng ba baromuoa, e leng Gertrud Ott, Fredrika Renskers, Susie le Marian Stoove, Eveline Platte le Mimi Harp. Fredrika Renskers o re: “Batho ba bangata ba moo e ne e le Mamosleme, empa ba ne ba re mamela ba bile  ba le botsoalle. Ho ne ho bonahala eka ba se ntse ba re emetse, kahoo, ho ne ho le bonolo hore re qalise lithuto tsa Bibele. Ka mor’a lilemo tse tharo, Phutheho ea Surabaya e ne e se e e-na le bahoeletsi ba 75.”

Lehae la baromuoa le Jakarta

Ka nako eo, monna oa Momosleme ea bitsoang Azis oa Padang, West Sumatra, o ile a ngolla ofisi ea lekala a kōpa ho romeloa motho ea tla ithuta Bibele le eena. Azis o ne a ithutile Bibele le bo-pula-maliboho ba Australia ka bo-1930, empa a lahlehelana le bona nakong ea puso ea Majapane. Joale, o ile a thola bukana e ’ngoe e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Azis o re: “Eitse ha ke bona aterese ea Jakarta bukaneng eo, ka thabela hore ke tl’o boela ke ithuta Bibele!” Ho e-s’o ee kae, ofisi ea lekala e ile ea romela molebeli oa potoloho ea bitsoang Frans van Vliet, Padang. O ile a hlokomela hore Azis o boleletse moahisani oa hae Nazar Ris ka litaba tsa Bibele. Banna bao hammoho le malapa a bona e ile ea e-ba Lipaki. Mor’abo rōna Azis e ile ea e-ba moholo. Nazar Ris eena ea e-ba pula-maliboho ea khethehileng, ’me boholo ba bana ba hae ke Lipaki tse chesehang.

Frans van Vliet le khaitseli ea hae Nel

Nakoana ka mor’a moo, Frans van Vliet o ile a etela mor’abo rōna e mong oa Modache ea neng a khaolitse ho sebeletsa Jehova, ea neng a tsosolosa feme e hloekisang oli Balikpapan, East Kalimantan. Frans o ile a ea tšebeletsong ea tšimo le eena ’me a mo khothalletsa hore a ithute Bibele le batho ba thahasellang. Pele mor’abo rōna eo a khutlela Netherlands, o ne a se a thehile sehlopha se senyenyane Balikpapan.

Hamorao, morali’abo rōna e mong ea neng a sa tsoa kolobetsoa, e leng Titi Koetin, o ile a fallela Banjarmasin, South Kalimantan. O ile a pakela beng ka eena ba Madayak, ’me a thusa ba bangata hore ba ithute ’nete ea Bibele. Ba bang ba neng ba sa tsoa ithuta Bibele ba ile ba khutlela metseng e mahaeng ea Kalimantan, ’me ba theha lihlopha tseo hamorao e ileng ea e-ba liphutheho tse matla.

 Ho Hatisoa Lingoliloeng ka Seindonesia

Kaha mosebetsi oa boboleli o ne o nama ka potlako, barab’abo rōna ba ne ba hloka lingoliloeng tse eketsehileng tsa Seindonesia. Ka 1951, buka ea “Let God Be True” e ile ea fetoleloa ka Seindonesia, empa ba boholong ba ile ba fetola tsela eo Seindonesia se ngoloang ka eona, ’me ha hlokahala hore buka eo e ntlafatsoe. * Qetellong ha e lokolloa, e ile ea etsa hore batho ba bangata ba Indonesia ba thahaselle ho ithuta Bibele.

Ka 1953, ofisi ea lekala e ile ea hatisa likopi tse 250 tsa Molula-Qhooa ka Seindonesia, e leng limakasine tsa pele tse ileng tsa hatisoa ka mor’a thibelo e nkileng lilemo tse 12. Qalong, makasine eo e maqephe a 12 e ne e e-na le lihlooho tse ithutoang feela. Lilemo tse tharo hamorao, e ile ea eketsoa ea e-ba maqephe a 16. Ofisi ea lekala e ne e hatisa limakasine tse 10 000 ka khoeli e sebelisa k’hamphani e hatisang.

Ka 1957, ofisi ea lekala e ile ea qala ho hatisa Tsoha! ea Seindonesia khoeli le khoeli. Ho e-s’o ee kae, ho ne ho se ho hatisoa likopi tse 10 000. Kaha pampiri ea ho hatisa lingoliloeng e ne e haella naheng ka bophara, barab’abo rōna ba ile ba kōpa laesense ea ho reka pampiri. Mosebeletsi oa ’muso  ea neng a sebetsana le kōpo ea bona o ile a re: “Ke nka Menara Pengawal (Molula-Qhooa) e le e ’ngoe ea limakasine tsa bohlokoa ka ho fetisisa Indonesia, ’me ke thabela ho le thusa hore le fumane laesense eo.”

^ par. 13 Tsela eo Seindonesia se ngoloang ka eona e se e fetotsoe ka makhetlo a mabeli ho tloha ka 1945, e le ho fetola mokhoa oa ho ngola oa Sedache.