Zakaria 2:1-13
2 Ka phahamisa mahlo ka talima; ’me, bonang! ho ne ho e-na le monna, ’me letsohong la hae a e-na le ropo ea ho lekanya.+
2 Kahoo ka re: “U ea hokae?”
Eaba o re ho ’na: “Ho ea lekanya Jerusalema, e le hore ke bone hore na bophara ba eona bo bokae le hore na bolelele ba eona bo bokae.”+
3 Bonang! Lengeloi le neng le bua le ’na le ne le tsamaea, ’me ho ne ho e-na le lengeloi le leng le neng le tloha ho ea le khahlanyetsa.
4 Joale la re ho lona: “Matha, u bue le mohlankana eane, u re, ‘“Joaloka naha e ka thōko e sabaletseng, Jerusalema e tla ba le baahi,+ ka lebaka la letšoele la batho le liphoofolo tse ruuoang tse leng ka har’a eona.+
5 ’Na,” ho bolela Jehova, “ke tla fetoha ho eona lerako la mollo le pota-potileng ka hohle,+ ’me ke tla fetoha khanya ka har’a eona.”’”+
6 “Helang! Helang! Joale, balehang naheng ea leboea,”+ ho bolela Jehova.
“Etsoe ke le hasantse hohle ka nģ’a meea e mene ea leholimo,”+ ho bolela Jehova.
7 “Hela, Sione!+ Baleha, uena ea lulang le morali oa Babylona.+
8 Etsoe sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka mor’a khanya+ o nthometse ho lichaba tse neng li le tlatlapa;+ kaha ea le amang+ o ama leihlo la ka.+
9 Etsoe bonang! ke tsoka letsoho la ka khahlanong le bona,+ ’me ho makhoba a bona ba tla lokela ho fetoha thepa e hapuoeng.’+ Ka sebele le tla tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile.+
10 “Hoeletsa ka lentsoe le phahameng ’me u thabe, Uena morali oa Sione;+ etsoe bona! kea tla,+ ’me ke tla lula ka hare ho uena,”+ ho bolela Jehova.
11 “Ka sebele lichaba tse ngata li tla kopanngoa le Jehova letsatsing leo,+ ’me li tla fetoha batho ba ka;+ ’me ke tla lula ka hare ho uena.” U tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthomile ho uena.+
12 Ka sebele Jehova o tla rua Juda e le kabelo ea hae holim ’a mobu o halalelang,+ ’me o sa ntse a tla khetha Jerusalema.+
13 Khutsa, nama eohle, ka pel’a Jehova,+ etsoe o tsohile+ sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.+