Zakaria 12:1-14
12 Phatlalatso:
“Lentsoe la Jehova malebana le Iseraele,” ho bolela Jehova, Ea otlollang maholimo+ le ho beha motheo oa lefatše+ le ho etsa moea+ oa motho ka hare ho eena.
2 “Bonang! ke etsa Jerusalema+ sekotlolo se bakang ho thekesela ho lichaba tsohle tse pota-potileng;+ ’me khahlanong le Juda o tla ba thibellong, esita le khahlanong le Jerusalema.+
3 Letsatsing leo+ ke tla etsa Jerusalema lejoe le boima+ ho lichaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengoapo e tebileng; ’me ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa khahlanong le eona.+
4 Letsatsing leo,”+ ho bolela Jehova, “ke tla otla pere+ e ’ngoe le e ’ngoe ka pherekano ’me mopalami oa eona ke mo otle ka bohlanya;+ ke tla bula mahlo a ka holim ’a ba ntlo ea Juda,+ ’me pere e ’ngoe le e ’ngoe ea lichaba ke tla e otla ka ho se bone.
5 Baeta-pele+ ba Juda ba tla lokela ho re ka lipelong tsa bona, ‘Baahi ba Jerusalema ke matla ho ’na ka Jehova oa mabotho Molimo oa bona.’+
6 Letsatsing leo ke tla etsa hore baeta-pele ba Juda ba be joaloka pitsa ea mollo har’a lifate+ le joaloka serumula sa mollo lijo-thollong tse sa tsoa khuoa tse entseng mokoloko,+ ’me ba tla timetsa ka letsohong le letona le ka ho le letšehali lichaba tsohle tse ba pota-potileng;+ ’me Jerusalema e sa ntse e tla ba le baahi sebakeng sa eona, Jerusalema.+
7 “Ka sebele Jehova o tla pholosa litente tsa Juda pele, e le hore botle ba ntlo ea Davida le botle ba baahi ba Jerusalema bo se ke ba e-ba boholo haholo ho ba Juda.
8 Letsatsing leo Jehova e tla ba tšireletso ho pota baahi ba Jerusalema;+ ’me ea khoptjoang har’a bona letsatsing leo o tla ba joaloka Davida,+ ’me ntlo ea Davida e be joaloka Molimo,+ joaloka lengeloi la Jehova ka pel’a bona.+
9 Ka letsatsi leo ke tla batla ho felisa lichaba tsohle tse futuhelang Jerusalema.+
10 “Ke tla tšollela moea oa kamohelo+ le likōpo tse tiileng+ holim ’a ntlo ea Davida le holim ’a baahi ba Jerusalema, ’me ka sebele ba tla talima Eo ba mo hlabileng,+ ’me ka sebele ba tla Mo bokollela joalokaha ho bokolleloa mora ea mong; ho tla ba le sello se bohloko ka lebaka la hae joalokaha ho e-ba le sello se bohloko ka lebaka la mora oa letsibolo.+
11 Letsatsing leo ho bokolla ho tla ba hoholo Jerusalema, joaloka ho bokolla ha Hadadrimone thoteng ea Megido.+
12 Ka sebele naha e tla bokolla,+ lelapa le leng le le leng; lelapa la ntlo ea Davida, le basali ba lona;+ lelapa la ntlo ea Nathane,+ le basali ba lona;
13 lelapa la ntlo ea Levi,+ le basali ba lona; lelapa la Bashimei,+ le basali ba lona;
14 malapa ’ohle a siiloeng, lelapa le leng le le leng, le basali ba lona.+