Numere 30:1-16
30 Joale Moshe a bua le lihlooho+ tsa meloko ea bara ba Iseraele, a re: “Lena ke lentsoe leo Jehova a le laetseng:
2 Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a hlapanya ka kano+ e tlamang moea oa hae ka boitlamo ba ho ithiba,+ a se ke a koenehela lentsoe la hae.+ O lokela ho etsa tumellanong le sohle se tsoileng molomong oa hae.+
3 “Haeba mosali a etsa boitlamo ho Jehova+ kapa a itlama ka boitlamo ba ho ithiba ka tlung ea ntat’ae bocheng ba hae,
4 ’me ntat’ae a fela a utloa boitlamo ba hae kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona ’me ntat’ae a sa re letho ho eena, boitlamo bohle ba hae le bona bo tla ema bo tiile, ’me boitlamo bo bong le bo bong ba ho ithiba+ boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile.
5 Empa haeba ntat’ae a mo hanetse letsatsing leo a utloang boitlamo bohle ba hae ka lona kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona, bo ke ke ba ema bo tiile, empa Jehova o tla mo tšoarela, hobane ntat’ae o mo hanetse.+
6 “Leha ho le joalo, haeba a e-na le monna, ’me boitlamo ba hae bo holim ’a hae+ kapa tšepiso e entsoeng ka ho se nahane ea molomo oa hae e tlamme moea oa hae,
7 ’me monna oa hae a fela a bo utloa ’me a sa re letho ho eena letsatsing leo a bo utloang ka lona, boitlamo ba hae le bona bo tla ema bo tiile kapa boitlamo ba hae ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile.+
8 Empa haeba monna oa hae letsatsing leo a bo utloang ka lona a mo hanela,+ o boetse o hlakotse boitlamo ba hae bo holim ’a hae kapa tšepiso e entsoeng ka ho se nahane ea molomo oa hae eo a tlammeng moea oa hae ka eona, ’me Jehova o tla mo tšoarela.+
9 “Tabeng ea boitlamo ba mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a tlammeng moea oa hae ka eona e tla ema khahlanong le eena.
10 “Leha ho le joalo, haeba ke ka tlung ea monna oa hae a itlammeng kapa a tlammeng moea oa hae ka boitlamo ba ho ithiba+ ka kano,
11 ’me monna oa hae a bo utloile ’me a sa re letho ho eena, ha aa mo hanela; ’me boitlamo bohle ba hae bo tla ema bo tiile kapa boitlamo leha e le bofe ba ho ithiba boo a tlammeng moea oa hae ka bona bo tla ema bo tiile.
12 Empa haeba monna oa hae a bo hlakotse ka ho feletseng letsatsing leo ka lona a utloang polelo leha e le efe ea molomo oa hae e le boitlamo ba hae kapa e le boitlamo ba moea oa hae ba ho ithiba, bo ke ke ba ema bo tiile.+ Monna oa hae o bo hlakotse, ’me Jehova o tla mo tšoarela.+
13 Boitlamo leha e le bofe kapa kano leha e le efe ea boitlamo ba ho ithiba bo etselitsoeng ho hlorisa moea,+ monna oa hae o tla bo tiisa kapa monna oa hae o tla bo hlakola.
14 Empa haeba monna oa hae a sa re letho ho eena ka ho feletseng letsatsi le leng le le leng, o boetse o tiisitse boitlamo bohle ba hae kapa boitlamo bohle ba hae ba ho ithiba bo holim ’a hae.+ O bo tiisitse hobane ha aa ka a re letho ho eena letsatsing leo a bo utloang ka lona.
15 Haeba a bo hlakola ka ho feletseng ka mor’a ho bo utloa, ka sebele o tla boela a jare phoso ea hae.+
16 “Ena ke melao ea tsamaiso eo Jehova a e laetseng Moshe pakeng tsa monna le mosali oa hae,+ pakeng tsa ntate le morali oa hae bocheng ba hae ka tlung ea ntat’ae.”+