Matheu 3:1-17
3 Matsatsing ao Johanne Mokolobetsi+ a tla a bolela lefeelleng+ la Judea,
2 a re: “Bakang,+ kaha ’muso oa maholimo o atametse.”+
3 Enoa, ha e le hantle, ke eo ho builoeng ka eena ka moprofeta+ Esaia ka mantsoe ana: “Mamelang! E mong oa hoeletsa lefeelleng, ‘Lokisang+ tsela ea Jehova! Otlollang mebila ea hae.’”
4 Empa Johanne o ne a apere liaparo tsa boea+ ba kamele ’me a itlamme lethekeng ka senyepa+ sa letlalo; lijo tsa hae le tsona e ne e le litsie+ le mahe a linotši+ a naheng.
5 Joale Jerusalema le Judea eohle le naha eohle e potolohileng Jordane ea leba ho eena,
6 ’me batho ba kolobetsoa ke eena Nōkeng ea Jordane,+ ba bolela libe tsa bona pepenene.
7 Ha a re heli! ’me a bona Bafarisi le Basaduse+ ba bangata ba tla kolobetsong, a re ho bona: “Lōna malinyane a bo-marabe,+ ke mang ea le tsebisitseng hore le balehele khalefo+ e tlang?
8 Kahoo joale hlahisang litholoana tse tšoanelang pako;+
9 ’me le se ke la ithetsa ka ho ipolella ho re, ‘Ntat’a rōna ke Abrahama.’+ Etsoe ke re ho lōna Molimo o khona ho hlahisetsa Abrahama+ bana ka majoe ana.
10 Selepe+ se se se le metsong ea lifate; joale, sefate se seng le se seng se sa hlahiseng litholoana tse ntle se tla rengoa+ ’me se lahleloe mollong.+
11 ’Na, ke le kolobetsa ka metsi+ ka lebaka la pako+ ea lōna; empa ea tlang+ ka mor’a ka o matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleheng ho mo rōlisa+ meqathatso. Eo o tla le kolobetsa ka moea o halalelang+ le ka mollo.+
12 Kharafu ea hae ea ho olōsa e letsohong la hae, ’me o tla hloekisa seotlo sa hae ka ho feletseng, ’me o tla bokellela koro ea hae ka tlung ea polokelo,+ empa ’mōkō o tla o chesa+ ka mollo o ke keng oa tima.”
13 Joale Jesu a tsoa Galilea+ a tla Jordane ho Johanne, e le hore a kolobetsoe+ ke eena.
14 Empa Johanne a leka ho mo thibela, a re: “Ke ’na ea hlokang ho kolobetsoa ke uena, ’me uena u tla ho ’na?”
15 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Tlohela ho be joalo, lekhetlong lena, etsoe ka tsela eo ho re loketse ho phetha sohle se lokileng.”+ Joale a khaotsa ho mo thibela.
16 Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe kapele-pele a nyoloha a tsoa ka metsing; ’me, bonang! maholimo a buleha,+ ’me a bona moea oa Molimo o theoha joaloka leeba+ o tla holim ’a hae.+
17 Bonang! Hape, ha e-ba le lentsoe+ le tsoang maholimong le reng: “Enoa ke Mora+ oa ka, ea ratoang,+ eo ke mo amohetseng.”+