Matheu 2:1-23
2 Ka mor’a hore Jesu a tsoalloe Bethlehema+ ea Judea matsatsing a Morena Heroda,+ bonang! linohe tsa linaleli+ tse tsoang likarolong tse ka bochabela tsa tla Jerusalema,
2 li re: “O kae ea tsoetsoeng e le morena+ oa Bajuda? Etsoe re ile ra bona naleli+ ea hae ha re ne re le ka bochabela, ’me re tlil’o mo inamela.”
3 Ha Morena Heroda a utloa sena a ferekana, hammoho le Jerusalema eohle;
4 ’me ha a bokella baprista bohle ba ka sehloohong le bangoli ba sechaba a qala ho ba botsisisa hore na Kreste o ne a lokela ho tsoalloa hokae.
5 Ba re ho eena: “Bethlehema+ ea Judea; etsoe ke ka mokhoa oo ho ngoliloeng ka oona ka moprofeta,
6 ‘’Me uena, Bethlehema+ oa naha ea Juda, ho hang ha u motse o nyatsehang haholo har’a babusisi ba Juda; kaha ho uena ho tla tsoa ea busang,+ ea tla lisa+ sechaba sa ka, sa Iseraele.’”
7 Joale Heroda ka sephiri a bitsa linohe tsa linaleli ’me ka hloko a netefatsa ho tsona nako ea ho bonahala ha naleli eo;
8 ’me, ha a li romela Bethlehema, a re: “E-eang le batle ka hloko ngoana eo e monyenyane, ’me ha le mo fumane le khutle le ntlalehele, e le hore le ’na nka ea ’me ka mo inamela.”+
9 Ha li utloile morena, tsa tsamaea; ’me, bonang! naleli eo li neng li e bone ha li ne li le ka bochabela+ ea li etella pele, ho fihlela e ema holim ’a moo ngoana eo e monyenyane a neng a le teng.
10 Ha li bona naleli tsa thaba haholo ka sebele.
11 ’Me ha li kena ka tlung tsa bona ngoana e monyenyane le ’m ’ae Maria, ’me, ha li itihela fatše, tsa mo inamela. Hape tsa bula matlotlo a tsona ’me tsa mo neha limpho, khauta le libano tse tšoeu le myra.
12 Leha ho le joalo, kahobane li ile tsa fuoa temoso+ ea bomolimo torong hore li se ke tsa khutlela ho Heroda, tsa tloha tsa ea naheng ea habo tsona ka tsela e ’ngoe.
13 Ka mor’a hore li tlohe, bonang! lengeloi+ la Jehova la bonahala ho Josefa torong, le re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m ’ae u balehele Egepeta, ’me u lule moo ho fihlela ke u laela; etsoe Heroda o haufi le ho batla ngoana eo e monyenyane hore a mo timetse.”
14 Kahoo a tsoha ’me a nka ngoana e monyenyane le ’m ’ae bosiu ’me a tloha ho ea Egepeta,
15 ’me a lula moo ho fihlela Heroda a shoa, hore ho phethahale+ se ileng sa buuoa ke Jehova ka moprofeta oa hae, ha a re: “Ke bitsitse mora oa ka Egepeta.”+
16 Joale Heroda, ha a bona hore linohe tsa linaleli li mo sebelitse ka mano, a halefa haholo, eaba oa romeletsa ’me o etsa hore bashanyana bohle ba Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona ba bolaoe, ho tloha ho ba lilemo tse peli le ka tlaase, ho ea ka nako eo a neng a e netefalitse ka hloko ho linohe tsa linaleli.+
17 Joale ha phethahala se ileng sa buuoa ka moprofeta Jeremia, ha a re:
18 “Lentsoe le utloahetse Rama,+ ho lla le ho bokolla haholo; e ne e le Ragele+ a llela bana ba hae, ’me a sa rate ho tšeliseha, kahobane ha ba sa le eo.”
19 Ha Heroda a se a shoele, bonang! lengeloi la Jehova la bonahala ho Josefa torong+ Egepeta
20 ’me la re: “Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m ’ae ’me u tsamaee u kene naheng ea Iseraele, kaha ba neng ba batla moea oa ngoana e monyenyane ba shoele.”
21 Kahoo a ema a nka ngoana e monyenyane le ’m ’ae ’me a kena naheng ea Iseraele.
22 Empa ha a utloa hore Arkelause o ne a busa e le morena oa Judea sebakeng sa ntat’ae Heroda, a tšaba ho tloha ho ea moo. Ho feta moo, kaha o ne a filoe temoso ea bomolimo torong,+ a tloha ho ea kena sebakeng sa Galilea,+
23 eaba oa tla ’me o lula motseng o bitsoang Nazaretha,+ e le hore ho ka phethahala se ileng sa buuoa ka baprofeta: “O tla bitsoa Monazaretha.”+