Liproverbia 9:1-18
9 Bohlale+ ba ’nete bo hahile ntlo ea bona;+ bo betlile litšiea tsa bona tse supileng.
2 Bo hlophisitse ho itlhabela nama; bo tsoakile veine ea bona; ho feta moo, bo tekile tafole ea bona.+
3 Bo romile makhabunyane a bona, e le hore bo ka hoeletsa holim ’a libaka tse phahameng tsa motse:
4 “Mang kapa mang ea se nang phihlelo, a ke a fapohele mona.”+ Mang kapa mang eo pelo ea hae e haelloang+—o itse ho eena:
5 “Tloong, le je bohobe ba ka ’me le kopanele ho noeng veine eo ke e tsoakileng.+
6 Tlohelang ba se nang phihlelo ’me le ’ne le phele,+ hape le tsamaee ka kotloloho tseleng ea kutloisiso.”+
7 Ea khalemelang mosomi o inkela ho se hlomphehe,+ le ea fanang ka khalemelo ho motho ea khopo—o inkela sekoli ho eena.+
8 U se ke ua khalemela mosomi, e le hore a se ke a u hloea.+ Fana ka khalemelo ho motho ea bohlale ’me o tla u rata.+
9 Fa motho ea bohlale ’me o tla hlalefa haholo.+ Fa motho ea lokileng tsebo ’me o tla eketsa ho ithuta.
10 Ho tšaba Jehova ke qalo ea bohlale,+ ’me ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.+
11 Etsoe ka ’na matsatsi a hao a tla ngatafala,+ ’me u tla ekeletsoa lilemo tsa bophelo.+
12 Haeba u hlalefile, u hlalefile molemong oa hao;+ ’me haeba u somile, u tla ho jara, uena u le mong feela.+
13 Mosali ea hlokang kelello o morusu.+ Ke sethoto ’me ha a tsebe letho ho hang.+
14 O lutse monyako oa ntlo ea hae, holim ’a setulo, libakeng tse phahameng tsa motse,+
15 hore a hoeletse ba fetang ka tsela, ba tsamaeang ka ho toba litseleng tsa bona:+
16 “Mang kapa mang ea se nang phihlelo, a ke a fapohele mona.”+ Mang kapa mang eo pelo ea hae e haelloang+—o itse le ho eena:
17 “Metsi a utsoitsoeng a monate,+ le bohobe bo jeloang sephiring—bo monate.”+
18 Empa ha a tsebe hore ba se nang matla lefung ba moo, hore ba bitsoang ke eena ba libakeng tse ka tlaase tsa Sheole.+