Liproverbia 4:1-27
4 Lōna bara, le mamele taeo ea ntate+ ’me le ele hloko, e le hore le tsebe kutloisiso.+
2 Etsoe ka sebele ke tla le fa taeo e molemo.+ Le se ke la tlohela molao oa ka.+
3 Etsoe ke ne ke le mora oa sebele ho Ntate,+ ke le ea bonolo le ea mong feela ho ’Mè.+
4 Ntate o ne a ntaela+ a re ho ’na: “E se eka pelo+ ea hao e ka lula e tšoere mantsoe a ka ka tieo.+ Boloka litaelo tsa ka ’me u tsoele pele u phela.+
5 Fumana bohlale,+ fumana kutloisiso.+ U se ke ua lebala, ’me u se ke ua kheloha lipolelo tsa molomo oa ka.+
6 U se ke ua bo tlohela, ’me bo tla u boloka. Bo rate, ’me bo tla u sireletsa.
7 Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.+ Fumana bohlale; ’me hammoho le sohle seo u se fumanang, fumana kutloisiso.+
8 Bo nke e le ba bohlokoa haholo, ’me bo tla u phahamisa.+ Bo tla u tlotlisa hobane ua bo amohela.+
9 Bo tla fa hlooho ea hao mofapa-hlooho o khahlehang;+ bo tla u roesa moqhaka oa botle.”+
10 Mora oa ka, utloa ’me u amohele lipolelo tsa ka.+ Joale lilemo tsa bophelo li tla u atela.+
11 Ke tla u rupela esita le ka tsela ea bohlale;+ ke tla etsa hore u hate litseleng tse lokileng.+
12 Ha u tsamaea, mehato ea hao e ke ke ea patisana;+ ’me haeba u matha, u ke ke ua khoptjoa.+
13 Tšoara taeo;+ u se ke ua e tlohela.+ E sireletse, etsoe ke bophelo ba hao.+
14 U se ke ua kena tseleng ea ba khopo,+ ’me u se ke ua tsamaea ka kotloloho ho kena tseleng ea ba babe.+
15 E qobe,+ u se ke ua feta ka eona;+ e khelohe, ’me u fetele pele.+
16 Etsoe ha ba robale ntle le hore ba etse bobe,+ ’me boroko ba bona bo hloibitsoe ntle le hore ba etse hore motho a khoptjoe.+
17 Kaha ba iphepile bohobe ba bokhopo,+ ’me ba noa veine ea liketso tse mabifi.+
18 Empa tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.+
19 Tsela ea ba khopo e joaloka lefifi;+ ha baa ka ba tseba hore na ba ntse ba khoptjoa ke eng.+
20 Mora oa ka, u ele hloko mantsoe a ka.+ U sekehele lipolelo tsa ka tsebe.+
21 E se eka li ke ke tsa tloha mahlong a hao.+ U li boloke ka har’a pelo ea hao.+
22 Etsoe ke bophelo ho ba li fumanang+ le bophelo bo botle nameng eohle ea bona.+
23 Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao,+ kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.+
24 Tlosa puo e khopameng ho uena;+ ’me u suthisetse molomo o mano hōle le uena.+
25 Ha e le mahlo a hao, a lokela ho talima pele ka ho toba,+ e, mahlo a hao a khanyang a lokela ho talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.+
26 Batalatsa tsela ea leoto la hao,+ ’me e se eka litsela tsohle tsa hao li ka tiisoa ka thata.+
27 U se ke ua sekamela ka letsohong le letona kapa ka ho le letšehali.+ Tlosa leoto la hao ho se sebe.+