Liproverbia 1:1-33
1 Maele+ a Solomone+ mora oa Davida,+ morena oa Iseraele,+
2 hore motho a tsebe bohlale+ le taeo,+ a lemohe lipolelo tsa kutloisiso,+
3 a amohele taeo+ e fanang ka temohisiso,+ ho loka+ le kahlolo+ le bokhabane,+
4 ho fa ba se nang phihlelo masene,+ ho fa mohlankana tsebo+ le matla a ho nahana.+
5 Motho ea bohlale o tla mamela ’me a amohele taeo e eketsehileng,+ ’me motho ea nang le kutloisiso ke ea fumanang tataiso e bohlale,+
6 ho utloisisa maele le polelo e tsietsang,+ mantsoe a batho ba bohlale+ le lilotho+ tsa bona.
7 Ho tšaba Jehova ke tšimoloho ea tsebo.+ Maoatla a nyelisitse bohlale le taeo.+
8 Mora oa ka, u mamele taeo ea ntat’ao,+ ’me u se ke ua furalla molao oa ’m ’ao.+
9 Etsoe ke moqhaka o khahlehang hloohong+ ea hao le sefaha se setle molaleng oa hao.+
10 Mora oa ka, haeba baetsalibe ba leka ho u eka, u se ke ua lumela.+
11 Haeba ba ntse ba re: “Tsamaea le rōna. A re lalleng bakeng sa mali.+ A re luleng moo ho patehileng bakeng sa batho ba hlokang molato ntle ho lebaka leha e le lefe.+
12 A re ba metseng ba phela+ feela joaloka Sheole,+ ba ntse ba feletse, joaloka ba theohelang ka sekoting.+
13 A re fumaneng matlotlo a bohlokoa a mefuta eohle.+ A re tlatseng matlo a rōna ka thepa e hapuoeng.+
14 U tšoanela ho lahlela lotho ea hao har’a rōna. Ho ke ho be le mokotla o le mong feela oa rōna bohle”+—
15 mora oa ka, u se ke ua tsamaea tseleng eo le bona.+ Thiba leoto la hao tseleng ea bona.+
16 Etsoe maoto a bona a mathela bobeng,+ ’me ba ntse ba potlakela ho ea tšolla mali.+
17 Etsoe ke ha lefeela letlooa le aloang ka pel’a mahlo a ntho leha e le efe e nang le mapheo.+
18 Ka lebaka leo ba lalla bakeng sa mali a bona;+ ba lula moo ho patehileng bakeng sa meea ea bona.+
19 Litsela tsa e mong le e mong ea etsang phaello e sa lokang li joalo.+ E nka moea oa beng ba eona.+
20 Bohlale+ ba ’nete bo ntse bo hoeletsa haholo seterateng.+ Bo ntse bo ntša lentsoe la bona mapatlelong.+
21 Bo hoeletsa pheletsong e ka holimo ea literata tse lerata.+ Bo bolela lipolelo tsa bona menyakong ea liheke tse kenang motseng:+
22 “Lōna ba se nang phihlelo le tla ’ne le rate ho se be le phihlelo halelele hakae,+ ’me lōna basomi le tla lakatsa ho soma ho totobetseng halelele hakae,+ ’me lōna ba hlokang kelello le tla ’ne le hloee tsebo halelele hakae?+
23 Khutlang ha ke le khalemela.+ Joale ke tla etsa hore moea oa ka o phallele ho lōna;+ ke tla le tsebisa mantsoe a ka.+
24 Kahobane ke hoelelitse empa le ntse le hana,+ ke otlolotse letsoho la ka empa ha ho ea elang hloko,+
25 ’me le ntse le hlokomoloha keletso eohle ea ka,+ ’me ha lea amohela khalemelo ea ka,+
26 le ’na ke tla tšeha koluoa ea lōna,+ ke tla soma ha seo le se tšabang se tla,+
27 ha seo le se tšabang se tla feela joaloka sefefo, le koluoa ea lōna e fihla mona feela joaloka moea oa sefefo,+ ha le tleloa ke mahlomola le linako tse thata.+
28 Ka nako eo ba tla ’ne ba mpitse, empa nke ke ka araba;+ ba tla ’ne ba mpatle, empa ba ke ke ba mphumana,+
29 ka lebaka la hore ba hloile tsebo,+ ’me ha baa ka ba khetha ho tšaba Jehova.+
30 Ha baa ka ba lumela keletso ea ka;+ ba hlompholotse khalemelo eohle ea ka.+
31 Kahoo ba tla ja litholoana tsa tsela ea bona,+ ’me ba tla khora merero ea bona haholo.+
32 Etsoe bokoenehi+ ba ba se nang phihlelo ke bona bo tla ba bolaea,+ ’me ho nka lintho habobebe ha ba hlokang kelello ke hona ho tla ba timetsa.+
33 Ha e le ea ’mamelang, o tla lula a sireletsehile+ ’me a ke ke a khathatsoa ke ho tšaba tlokotsi.”+