Lipesaleme 97:1-12
97 Jehova ke morena!+ Lefatše le ke le thabe.+Lihlekehleke tse ngata li nyakalle.+
2 Maru le botšo bo boholo li mo pota-potile ka hohle;+Ho loka le kahlolo ke sebaka se tiisitsoeng sa terone ea hae.+
3 Ka pel’a hae ho tsoa mollo,+O timetsa bahanyetsi ba hae ka hohle.+
4 Mahalima a hae a khantšitse naha e behang;+Lefatše le ile la bona ’me la utloa bohloko bo boholo.+
5 Lithaba tsa qhibiliha feela joaloka boka ba linotši ka lebaka la Jehova,+Ka lebaka la Morena oa lefatše lohle.+
6 Maholimo a boletse ho loka ha hae,+Lichaba tsohle li bone khanya ea hae.+
7 Bohle ba sebeletsang setšoantšo leha e le sefe se betliloeng ba ke ba hlajoe ke lihlong,+Ba ithorisang ka melimo ea lefeela.+Mo inameleng, lōna melimo eohle.+
8 Sione e ile ea utloa ’me ea qala ho nyakalla,+Metse e itšetlehileng ka Juda ea qala ho thaba+Ka lebaka la liqeto tsa hao tsa boahloli, Jehova.+
9 Etsoe, Jehova, ke uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle;+U phahame haholo bophahamong ba hao holim’a melimo e meng eohle.+
10 Lōna ba ratang Jehova,+ hloeang se sebe.+O lebela meea ea ba tšepahalang ba hae;+O ba lopolla matsohong a ba khopo.+
11 Leseli le khanyelitse ea lokileng,+Le thabo e khanyelitse ba lipelo li lokileng.+
12 Ithabeleng ho Jehova, Lōna ba lokileng,+Le lebohe sehopotso sa hae se halalelang.+