Lipesaleme 96:1-13
96 Binelang Jehova pina e ncha.+Binelang Jehova, lōna batho bohle ba lefatše.+
2 Binelang Jehova, le boke lebitso la hae.+Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae.+
3 Bolelang khanya ea hae har’a lichaba,+Le bolele mesebetsi ea hae e hlollang har’a batho bohle.+
4 Etsoe Jehova o moholo+ ’me o lokela ho rorisoa haholo.O tšabeha ho feta melimo e meng kaofela.+
5 Etsoe melimo eohle ea lichaba ke melimo ea lefeela;+Empa ha e le Jehova, o entse maholimo.+
6 Ho hlompheha le bokhabane li ka pel’a hae;+Matla le botle li sehalalelong sa hae.+
7 Isang ho Jehova, Lōna malapa a lichaba,+Isang khanya le matla ho Jehova.+
8 Isang ho Jehova khanya ea lebitso la hae;+Nkang mpho ’me le kene mabaleng a hae.+
9 Inamelang Jehova ka mokhabo o halalelang;+Utloang bohloko bo boholo ka lebaka la hae, lōna batho bohle ba lefatše.+
10 E-reng har’a lichaba: “Jehova ke morena.+Le naha e behang e tiisoa ka thata hoo e ke keng ea sisinngoa.+O tla buella nyeoe ea lichaba ka ho loka.”+
11 Maholimo a ke a thabe, le lefatše le nyakalle.+Leoatle le ke le lume le se tletseng ho lona.+
12 Naha e sabaletseng e ke e thabe le sohle se ho eona.+Ka nako e tšoanang lifate tsohle tsa moru li ke li tlerohe ka thabo+
13 Ka pel’a Jehova. Etsoe o tlile;+Etsoe o tlil’o ahlola lefatše.+O tla ahlola ka ho loka naha e behang+A ahlole lichaba ka botšepehi ba hae.+