Lipesaleme 95:1-11
95 Tloong re hoeletseng ka thabo ho Jehova!+A re hooeng ka tlhōlo ho Lefika la rōna la poloko.+
2 A re tleng ka pel’a hae ka liteboho;+A re hoeletseng ka tlhōlo ho eena ka lipina tsa thoriso.+
3 Etsoe Jehova ke Molimo e moholo+Le Morena e moholo holim’a melimo e meng eohle,+
4 Eena eo ka letsohong la hae ho nang le botebo bo tlaase-tlaase ba lefatše+Le eo litlhōrō tsa lithaba e leng tsa hae;+
5 Eo leoatle, leo a le entseng, e leng la hae+Le eo matsoho a hae a entseng naha e omileng.+
6 Kenang, re rapele ’me re iname;+A re khumameng+ ka pel’a Jehova Moetsi oa rōna.+
7 Etsoe ke eena Molimo oa rōna, ’me re batho ba lekhulo la hae le linku tsa letsoho la hae.+Kajeno haeba le mamela lentsoe la hae,+
8 Le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna joaloka Meriba,+Joaloka letsatsing la Masa lefeelleng,+
9 Ha baholo-holo ba lōna ba mpeha tekong;+Ba ile ba ntlhahloba, ba boela ba bona mosebetsi oa ka.+
10 Ka lilemo tse mashome a mane ke ile ka ’na ka nyonya moloko oo,+Eaba ke re:“Ke batho ba lipelo li khelohileng,+Ha ba tsebe litsela tsa ka”;+
11 Oo ke ileng ka hlapanya bohaleng ba ka malebana le oona:+“Ba ke ke ba kena sebakeng sa ka sa phomolo.”+