Lipesaleme 94:1-23
94 Molimo oa liketso tsa phetetso, Jehova,+Molimo oa liketso tsa phetetso, u khanye!+
2 Ema, Moahloli oa lefatše.+Khutlisetsa tefetso holim’a ba ikhohomosang.+
3 Ba khopo ba tla thaba halelele hakae, Jehova,+Ba khopo ba tla thaba halelele hakae?+
4 Ba ntse ba bua ba sa khaotse, ba ntse ba bua ba sa ithibe;+Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ntse ba ithorisa.+
5 Jehova, ba ntse ba hatella batho ba hao,+Ba ntse ba hlorisa lefa la hao.+
6 Ba bolaea mohlolohali le mojaki,+Ba bolaea bashanyana ba se nang bo-ntate.+
7 Ba ntse ba re: “Jah ha a bone;+Molimo oa Jakobo ha a ho utloisise.”+
8 Utloisisang, lōna ba sa nahaneng har’a batho;+Ha e le lōna ba se nang kelello, le tla ba le temohisiso neng?+
9 Ea hlomang tsebe, na a ke ke a utloa?+Kapa Ea etsang leihlo, na a ke ke a talima?+
10 Ea khalemelang lichaba, na a ke ke a khalemela,+Eena Ea rutang batho tsebo?+
11 Jehova o tseba menahano ea batho, hore e joaloka pululo.+
12 Jah, ho thaba monna ea shahlileng eo u mo khalemelang,+Le eo u mo rutang ho tsoa molaong oa hao,+
13 E le ho mo fa khutso matsatsing a tlokotsi,+Ho fihlela ea khopo a epeloa sekoti.+
14 Etsoe Jehova a ke ke a furalla batho ba hae,+Kapa a tlohela lefa la hae.+
15 Etsoe qeto ea boahloli e tla khutlela ho lokeng,+Bohle ba lipelo li lokileng ba tla e latela.
16 Ke mang ea tla nkemela khahlanong le baetsi ba bobe?+Ke mang ea tla nkemela khahlanong le ba tloaetseng ho etsa se kotsi?+
17 Hoja Jehova a se ke a nthusa,+Ka mor’a nakoana moea oa ka o ka be o lutse ka khutso.+
18 Ha ke re: “Ka sebele leoto la ka le tla therekela,”+Jehova, mosa oa hao o lerato o ile oa ’na oa ntšehetsa.+
19 Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na,+Matšeliso a hao a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.+
20 Na terone e bakang litsietsi e tla kena selekaneng le uena+Ha e ntse e rera khathatso ka molao-taelo?+
21 Ba hlasela ka matla moea oa ea lokileng+Ba phatlalatsa hore esita le mali a ea hlokang molato a khopo.+
22 Empa Jehova e tla ba sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na,+Molimo oa ka e be lefika la setšabelo sa ka.+
23 O tla khutlisetsa bobe ba bona holim’a bona+O tla ba khutsisa ka tlokotsi ea bona.+Jehova Molimo oa rōna o tla ba khutsisa.+