Lipesaleme 92:1-15
Pina ea thoriso, pina, bakeng sa letsatsi la sabatha.
92 Ke ntho e ntle ho leboha Jehova+Le ho binela lebitso la hao lipina tsa thoriso, Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa;+
2 Ho bolela mosa oa hao o lerato hoseng+Le botšepehi ba hao bosiu,+
3 Ka seletsa se nang le likhoele tse leshome le ka lute,+Ka ho letsa ’mino ka harepa.+
4 Etsoe u nthabisitse, Jehova, ka lebaka la mosebetsi oa hao;Ke hoeletsa ka thabo ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.+
5 Mesebetsi ea hao e meholo hakaakang, Jehova!+Menahano ea hao e tebile haholo.+
6 Ha ho motho ea sa nahaneng ea ka e tsebang,+Ha ho ea hlokang kelello ea ka utloisisang sena.+
7 Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela+Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya,Ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.+
8 Empa u phahame ho isa nakong e sa lekanyetsoang, Jehova.+
9 Etsoe, bona! lira tsa hao, Jehova,+Etsoe, bona! lira tsa hao li tla timela;+Bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba tla aroloa e mong ho e mong.+
10 Empa u tla phahamisa lenaka la ka joaloka la poho e hlaha;+Ke tla ikolobisa ka oli e ncha.+
11 Leihlo la ka le tla talima lira tsa ka;+Litsebe tsa ka li tla utloa ka ba ntsohelang matla, baetsi ba bobe.
12 Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema;+Joaloka kedare Lebanone, o tla ba moholo.+
13 Ba lenngoeng ka tlung ea Jehova,+Mabaleng a Molimo oa rōna,+ ba tla hlahisa lithunthung.
14 Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa,+Ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha,+
15 Ba bolele hore Jehova o lokile.+Ke Lefika la ka,+ leo ho lona ho se nang ho se loke.+