Lipesaleme 86:1-17
Thapelo ea Davida.
86 Jehova, sekeha tsebe. Nkarabe,+Etsoe ke hlorile ’me ke futsanehile.+
2 U lebele moea oa ka, etsoe kea tšepahala.+U Molimo oa ka—pholosa mohlanka oa hao ea u tšepileng.+
3 Mpontše mohau, Jehova,+Etsoe ke ntse ke hoeletsa ho uena letsatsi lohle.+
4 Thabisa moea oa mohlanka oa hao,+Etsoe, Jehova, ke phahamisetsa moea oa ka ho uena.+
5 Etsoe, Jehova, u molemo+ ’me u itokiselitse ho tšoarela;+Mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.+
6 Jehova, u mamele thapelo ea ka;+U ele hloko lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.+
7 Letsatsing la mahlomola a ka ke tla ipiletsa ho uena,+Etsoe u tla nkaraba.+
8 Ha ho le ea mong ea tšoanang le uena har’a melimo, Jehova,+Hape ha ho mesebetsi leha e le efe e tšoanang le ea hao.+
9 Lichaba tsohle tseo u li entseng li tla tla,+Li tla inama ka pel’a hao, Jehova,+Li tlotlise lebitso la hao.+
10 Etsoe u moholo ’me u etsa lintho tse makatsang;+U Molimo, uena u le mong.+
11 Jehova, nthupele ka tsela ea hao.+Ke tla tsamaea ’neteng ea hao.+Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.+
12 Kea u roka, Jehova Molimo oa ka, ka pelo ea ka eohle,+Ke tla tlotlisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang,
13 Etsoe mosa oa hao o lerato o moholo bakeng sa ka,+U lopolotse moea oa ka Sheole, sebakeng sa eona se tlaase-tlaase.+
14 Molimo, ba iketelletsang pele ba ntsohetse matla;+Phutheho ea bahatelli e batlile moea oa ka,+Ha baa u beha ka pel’a bona.+
15 Empa, Jehova, u Molimo ea mohau le ea mosa,+Ea liehang ho halefa+ le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.+
16 Retelehela ho ’na ’me u mpontše mohau.+U fe mohlanka oa hao matla a hao,+U pholose mora oa lekhabunyane la hao.+
17 Nketsetse pontšo e bolelang molemo,E le hore ba ntlhoileng ba ka e bona ’me ba hlajoe ke lihlong.+Etsoe Jehova, u nthusitse ’me u ntšelisitse.+