Lipesaleme 80:1-19
Ho motsamaisi malebana le Likhahla.+ Khopotso. Ea Asafe.+ Pina ea thoriso.
80 Uena Molisa oa Iseraele, u mamele,+Uena ea tsamaisang Josefa feela joaloka mohlape.+Uena ea lutseng holim’a likerubime,+ u khanye.+
2 U tsose matla a hao ka pel’a Efraime le Benjamine le Manase,+U re boloke.+
3 Molimo, u re khutlise;+U khantše sefahleho sa hao, e le hore re ka pholoha.+
4 Jehova Molimo oa mabotho, u tla halefela thapelo ea batho ba hao halelele hakae?+
5 U ba jesitse bohobe ba meokho,+U ntse u ba noesa meokho e mengata ka tekanyo e khōlō.+
6 U etsa hore re qabane le baahelani ba rōna,+Lira tsa rōna li ntse li re fetola litšeho kamoo li ratang.+
7 Molimo oa mabotho, u re khutlise;+Khantša sefahleho sa hao, e le hore re ka pholoha.+
8 U ile ua etsa hore sefate sa morara se tlohe Egepeta.+Ua ’na ua leleka lichaba, e le hore u ka se lema.+
9 U ile ua hleka sebaka ka pel’a sona,+ e le hore se ka mela ka metso ’me sa tlala naha.+
10 Lithaba li ne li koahetsoe ke moriti oa sona,Likedare tsa Molimo li koahetsoe ke makala a sona.+
11 Butle-butle sa ntšetsa metso ea sona leoatleng,+Sa ntšetsa makala a sona Nōkeng.+
12 Ke hobane’ng ha u helelitse marako a sona a majoe,+Ke hobane’ng ha ba fetang ka tsela ba se khile?+
13 Kolobe-moru e tsoang merung e ntse e se ja,+Mehlape ea liphoofolo tsa naha e sabaletseng e ntse e iphepa ka sona.+
14 Molimo oa mabotho, ka kōpo khutla;+Talima tlaase u le leholimong u bone ’me u hlokomele sefate sena sa morara,+
15 Le semela seo letsoho la hao le letona le se lemmeng,+U talime mora eo u imatlafalelitseng eena.+
16 Se chesoa ka mollo, sea khaoloa.+Ba timela ka khalemelo e matla ea sefahleho sa hao.+
17 Letsoho la hao le ke le be holim’a motho oa letsoho la hao le letona,+Holim’a mora oa moloko oa batho eo u imatlafalelitseng eena,+
18 Re ke ke ra u furalla.+E se eka u ka re boloka re phela, e le hore re ka ipiletsa lebitsong la hao.+
19 Jehova Molimo oa mabotho, u re khutlise;+Khantša sefahleho sa hao, e le hore re ka pholoha.+