Lipesaleme 75:1-10
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Pina ea thoriso. Ea Asafe.+ Pina.
75 Rea u leboha, Molimo; rea u leboha,+Lebitso la hao le haufi.+Batho ba lokela ho bolela mesebetsi ea hao e makatsang.+
2 “Etsoe ke ile ka nka nako e behiloeng;+Ka qala ho ahlola ka ho loka.+
3 Lefatše le baahi bohle ba lona ba ne ba ntse ba qhibiliha,+Ke ’na ea ileng a tsitsisa litšiea tsa lona.”+ Selah.
4 Ke ile ka re ho maoatla: “Le se ke la ba maoatla,”+Ka re ho ba khopo: “Le se ke la phahamisa lenaka.+
5 Le se ke la phahamisetsa manaka a lōna holimo.Le se ke la bua ka melala e ikakasang.+
6 Etsoe bophahamo ha bo tsoe bochabela kapa bophirimela,Kapa boroa.
7 Etsoe Molimo ke moahloli.+O kokobetsa enoa, ’me o phahamisa eane.+
8 Etsoe ho na le senoelo letsohong la Jehova,+Veine ea phophoma, e tletse motsoako.Ka sebele o tla tšolla litšifa tsa eona tse leng ho sona;Bohle ba khopo ba lefatše ba tla li tlhotla, ba li noe.”+
9 Empa ha e le ’na, ke tla ho bolela ho isa nakong e sa lekanyetsoang;Ke tla binela Molimo oa Jakobo lipina tsa thoriso.+
10 “Ke tla poma manaka ’ohle a ba khopo.”+Manaka a ea lokileng a tla phahamisoa.+