Lipesaleme 73:1-28
Pina ea thoriso ea Asafe.+
73 Molimo o molemo ho Iseraele, ho ba lipelo li hloekileng.+
2 Ha e le ’na, maoto a ka a ne a batlile a kheloha,+Mehato ea ka e ne e batlile e thellisoa.+
3 Etsoe ke ile ka honohela baithorisi,+Ha ke ne ke bona khotso ea batho ba khopo.+
4 Etsoe ha ba na bohloko ba lefu;+Limpa tsa bona li tenya.+
5 Ha ba khathatsong ea motho ea shoang,+Ha ba otloe ho tšoana le batho ba bang.+
6 Ka hona boikhohomoso ke sefaha ho bona;+Pefo e ba koahela joaloka seaparo.+
7 Mahlo a bona a rotohile ka lebaka la monono;+Ba fetisitse menahano ea pelo.+
8 Baa soma ’me ba bua ka se sebe;+Ba bua ka mokhoa o phahameng ka bolotsana.+
9 Ba behile melomo ea bona maholimong,+Maleme a bona a tsamaea lefatšeng.+
10 Ka hona o khutlisetsa batho ba hae sebakeng sena,Ba minyelletsoa metsi a se tletseng.
11 Ba itse: “Molimo o tsebile joang?+Na ho na le tsebo ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa?”+
12 Bonang! Bana ke ba khopo, ba lulang boiketlong ka nako e sa lekanyetsoang.+Ba ekelitse seo ba iphelisang ka sona.+
13 Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka+Le hore ebe ke hlatsoa matsoho a ka ka ho hloka molato.+
14 Ke ile ka otloa letsatsi lohle,+Ke khalemeloa hoseng ho hong le ho hong.+
15 Hoja ke ne ke itse: “Ke tla bolela pale e joaloka eo,”Bonang! nka be ke entse ka bolotsana+Khahlanong le moloko oa bara ba lōna.
16 Ke ile ka ’na ka nahana e le hore nka tseba sena;+E ne e le khathatso mahlong a ka,
17 Ho fihlela ke kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo.+Ke ne ke batla ho lemoha bokamoso ba bona.+
18 Ka sebele u ba beha fatše moo ho thellang.+U ba lihetse tšenyehong.+
19 Ba fetohile ntho e makalloang hakaakang joalokaha eka ke ka motsotsoana!+Ba felile hakaakang, ba felisitsoe ka matšabeho a tšohanyetso!
20 Joaloka toro ka mor’a ho tsoha, Jehova,+Ka ho tšoanang ha u tsoha u tla nyelisa setšoantšo sa bona.+
21 Etsoe pelo ea ka e ne e utloile bohloko+Ke ne ke utloa bohloko bo hlabang liphiong tsa ka,+
22 Ke ne ke sa nahane ’me ke ne ke sa tsebe;+Ke ile ka ba joaloka liphoofolo ponong ea hao.+
23 Empa ke na le uena kamehla;+U tšoere letsoho la ka le letona.+
24 U tla ntsamaisa ka keletso ea hao,+Ka mor’a moo u tla nkisa khanyeng.+
25 Ke mang eo ke nang le eena maholimong?+Ntle ho uena ha ho ntho e ’ngoe eo ke e thabelang lefatšeng.+
26 ’Mele oa ka le pelo ea ka li feletsoe ke matla.+Molimo ke lefika la pelo ea ka le kabelo ea ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
27 Etsoe, bona! ba u qobang ba tla timela.+Ka sebele u tla khutsisa e mong le e mong eo ka boitšoaro bo sa amoheleheng a u sieang.+
28 Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na.+Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova,+E le ho bolela mesebetsi eohle ea hao.+