Lipesaleme 68:1-35
Ho motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso, pina.
68 Molimo a ke a tsohe,+ lira tsa hae li ke li hasane,+Ba mo hloileng haholo ba balehe ka lebaka la hae.+
2 Joalokaha mosi o fokela hōle, e se eka u ka ba leleka;+Joalokaha boka ba linotši bo qhibiliha ka lebaka la mollo,+Ba khopo ba ke ba timele ka pel’a Molimo.+
3 Empa ha e le ba lokileng, ba ke ba thabe,+Ba ke ba nyakalle ka pel’a Molimo,+Ba thabe ka ho fetisisa ka nyakallo.+
4 Binelang Molimo, le binele lebitso la hae lipina tsa thoriso;+Binelang Ea kallang ho pholletsa le lithota tsa mahoatata lipina+E le Jah, e leng lebitso la hae;+ le thabe ka pel’a hae;
5 Molimo ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate ’me ke moahloli oa bahlolohali+Sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.+
6 Molimo o etsa hore batho ba metoaitoai ba lule ka tlung;+O atlehisa batšoaruoa ka ho feletseng.+Leha ho le joalo, ha e le ba manganga, ba lokela ho lula naheng e omeletseng.+
7 Molimo, ha u tloha ka pel’a batho ba hao,+Ha u tsamaea ho pholletsa le lehoatata+—Selah—
8 Lefatše le ile la reketla,+Leholimo le lona la rotha ka lebaka la Molimo;+Sinai ena ea reketla ka lebaka la Molimo,+ Molimo oa Iseraele.+
9 Molimo, u ile ua qala ho nesa pula ea litloebelele;+Lefa la hao, esita leha le ne le tepeletse—u ile ua boela ua le matlafatsa.+
10 Motse oa hao oa litente+—ba lutse ho oona;+Ka molemo oa hao u ile ua o lokisetsa ea hlorileng, Uena Molimo.+
11 Jehova o fana ka polelo;+Basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo.+
12 Esita le marena a mabotho aa baleha, aa baleha.+Ha e le mosali ea lulang hae, o kopanela thepeng e hapuoeng.+
13 Le hoja le ne le ntse le robetse pakeng tsa lithotobolo tsa liahelo,Ho tla ba le mapheo a leeba a koahetsoeng ka sileveraLe masiba a lona a koahetsoeng ka khauta e botala bo bosehla.+
14 Ha Ea Matla ’Ohle a hasanya hohle marena a ho eona,+Lehloa le ile la qala ho khetheha Zalmone.+
15 Sebaka se lithaba sa Bashane+ ke thaba ea Molimo;+Sebaka se lithaba sa Bashane ke thaba ea litlhōrō.+
16 Lōna lithaba tsa litlhōrō, ke hobane’ng ha le ntse le talima ka mohonoThaba eo Molimo a lakalitseng ho itulela ho eona?+Jehova o tla lula moo ka ho sa feleng.+
17 Likoloi tsa ntoa tsa Molimo ke tse mashome a likete, ke tse likete-kete.+Jehova o tlohile Sinai ho kena sebakeng se halalelang.+
18 U nyolohetse holimo;+U nkile baholehuoa;+U nkile limpho tseo e leng banna,+E, esita le ba manganga,+ hore ba lule har’a bona,+ Uena Jah Molimo.
19 Ho bokoe Jehova, eo letsatsi le leng le le leng a re jarelang mojaro,+Molimo oa ’nete oa poloko ea rōna.+ Selah.
20 Ho rōna Molimo oa ’nete ke Molimo oa liketso tse pholosang;+Litsela tsa ho tsoa lefung+ ke tsa Jehova ’Musi+ Morena.
21 Molimo o tla pshatla lihlooho tsa lira tsa hae,+A pshatle hlooho e nang le moriri ea mang kapa mang ea tsamaeang molatong oa hae.+
22 Jehova o itse: “Ke tla ba khutlisa Bashane,+Ke tla ba khutlisa botebong ba leoatle,+
23 E le hore u ka hlatsoa leoto la hao maling,+E le hore maleme a lintja tsa hao a ka ba le kabelo ho lira.”+
24 Ba bone mekoloko ea hao, Molimo,+Mekoloko ea Molimo oa ka, Morena oa ka, ha a kena sebakeng se halalelang.+
25 Libini li ile tsa tsamaea ka pele, ba letsang liletsa tse likhoele ba le ka mor’a tsona;+Lipakeng e ne e le baroetsana ba letsang meropa e menyenyane.+
26 Le boke Molimo, Jehova, matšoeleng a phuthehileng,+Lōna ba tsoang Mohloling oa Iseraele.+
27 Ho na le Benjamine e monyenyane ea li busang,+Likhosana tsa Juda hammoho le bongata ba tsona bo hooang,Likhosana tsa Zabulone, likhosana tsa Nefthali.+
28 Molimo oa hao o laetse matla a hao.+U bontše matla, Molimo, uena ea nkileng bohato bakeng sa rōna.+
29 Ka lebaka la tempele ea hao e Jerusalema,+Marena a tla u tlisetsa limpho.+
30 Khalemela ka matla sebata sa mahlaka,+ phutheho ea lipoho,+Hammoho le manamane a lichaba, e ’ngoe le e ’ngoe e hatakela likotoana tsa silevera.+O hasantse lichaba tse khahloang ke lintoa.+
31 Lintho tsa bronze li tla tsoa Egepeta;+Ka potlako Kushe e tla otlolla matsoho a eona ka limpho tse eang ho Molimo.+
32 Lōna mebuso ea lefatše, le binele Molimo,+Le binele Jehova lipina tsa thoriso—Selah—
33 Ea kallang leholimo la maholimo a boholo-holo.+Utloang! O ntša molumo ka lentsoe la hae, lentsoe le matla.+
34 Isang matla ho Molimo.+Boemo ba hae bo phahameng bo holim’a Iseraele ’me matla a hae a marung.+
35 Molimo oa tšabeha sehalalelong sa hao se seholo.+Ke eena Molimo oa Iseraele, ea fang batho matla, esita le bonatla.+Ho bokoe Molimo.+