Lipesaleme 65:1-13
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida. Pina.
65 Ho na le thoriso bakeng sa hao—khutso—, Molimo, Sione;+Ho uena boitlamo bo tla phethoa.+
2 Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.+
3 Lintho tse phoso li bile matla ho mpheta.+Ha e le litlōlo tsa rōna, u tla li koahela.+
4 Ho thaba eo u mo khethang le ho etsa hore a atamele,+E le hore a ka lula mabaleng a hao.+Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao,+Sebaka se halalelang sa tempele ea hao.+
5 U tla re araba ka ho loka ka lintho tse tšabehang,+Uena Molimo oa poloko ea rōna,+Tšepo ea meeli eohle ea lefatše le ba leng hōle leoatleng.+
6 O tiisa maholimo ka thata ka matla a hae;+Ka sebele o itlamile ka bonatla.+
7 O khutsisa lerata la maoatle,+Lerata la maqhubu a ’ona le morusu oa lihlopha tsa lichaba.+
8 Baahi ba lipheletsong ba tla tšaba lipontšo tsa hao;+U etsa hore ho hlaha ha meso le shoalane ho hoeletse ka thabo.+
9 U lebisitse tlhokomelo ea hao lefatšeng, e le hore u ka le fa nala;+U le entša haholo.Molapo o tsoang ho Molimo o tletse metsi.+U lokisetsa lijo-thollo tsa bona,+Etsoe ke tsela eo u lokisang lefatše ka eona.+
10 Litsela tsa lona tsa mehoma lia tlala, makote a lona aa batalatsoa;+U le nolofatsa ka lipula tsa melupe; u hlohonolofatsa mahlōmela a lona.+
11 U roesitse selemo moqhaka oa molemo oa hao,+Litsela tsa hao li rotha monono.+
12 Makhulo a lefeella a ntse a rotha,+Maralla a itlama ka nyakallo.+
13 Makhulo a apere mehlape,+Likhohlo li koahetsoe ka lijo-thollo.+Li hooa ka tlhōlo, e, lia bina.+