Lipesaleme 64:1-10
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
64 Molimo, utloa lentsoe la ka ha ke tšoenyehile.+E se eka u ka sireletsa bophelo ba ka ho sera se tšabehang.+
2 E se eka u ka mpatela lekunutu la baetsi ba bobe,+Ua mpatela morusu oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+
3 Ba leolitseng maleme a bona feela joaloka sabole,+Ba korotseng ka motsu oa bona, puo e sehlōhō,+
4 Hore ba fule ea sa tšoauoeng phoso ba le libakeng tse patehileng.+Ka tšohanyetso baa mo fula ’me ha ba tšabe.+
5 Ba tiea puong e mpe;+Ba bua ka ho pata lifi.+Ba itse: “Ke mang ea li bonang?”+
6 Ba ntse ba phenya lintho tse sa lokang;+Ba patile morero oa bolotsana o bohlale o hlahlobisisitsoeng,+Setho se ka hare sa e mong le e mong, pelo ea hae, se tebile.+
7 Empa Molimo o tla ba fula ka motsu ka tšohanyetso.+Ba tsoile maqeba,+
8 Ba etsa hore motho a khoptjoe.+Empa maleme a bona a khahlanong le bona.+Bohle ba ba talimang ba tla sisinya lihlooho,+
9 Batho bohle ba lefatše ba tla tšoha;+Ba tla bolela mosebetsi oa Molimo,+Ka sebele ba tla ba le temohisiso mosebetsing oa hae.+
10 Ea lokileng o tla ithabela ho Jehova ’me o tla tšabela ho eena;+Bohle ba lipelo li lokileng ba tla ithorisa.+